Dumella Melao le Melaomotheo ya Modimo Hore e Kwetlise Letswalo la Hao
“Ke nahanisisa ka dikgopotso tsa hao.”—PES. 119:99.
1. Keng e etsang hore re fapane le diphoofolo?
NTHO e etsang hore batho ba phahamele diphoofolo, ke hobane ba bopelletswe le letswalo. Haesale ho le jwalo ho tloha ha batho ba ne ba boptjwa. Ka mora hore Adama le Eva ba tlole molao wa Modimo, ba ile ba ipata. Sena e ne e le bopaki ba hore letswalo la bona le ne le ba tshetshetha.
2. Letswalo le ka tshwana le compass jwang? (Sheba setshwantsho se qalong.)
2 Batho ba nang le letswalo le sa kwetliswang, ba ka tshwantswa le sekepe se tsamayang ka compass e sa sebetseng hantle. Ho qala leeto ka compass e jwalo ho ka ba kotsi. Difefo le meya e matla ya lewatle, di ka kgelosa sekepe habonolo. Compass e sebetsang hantle e ka thusa mokganni wa sekepe hore a se ke a lahleha. Letswalo le ka tshwantshwa le compass e re tataisang ditabeng tsa boitshwaro. Ke boikutlo bo ka hare, bo re thusang ho utlwisisa phapang pakeng tsa dintho tse ntle le tse mpe, e le hore re tsamaye ka tseleng e lokileng. Empa e le hore letswalo la
rona le sebetse hantle, le hloka ho kwetliswa.3. Ditlamorao e ka ba dife ha letswalo le sa kwetliswa hantle?
3 Ha letswalo la motho le sa kwetliswa hantle, le ke ke la mo thibela ho etsa dintho tse mpe. (1 Tim. 4:1, 2) Letswalo le jwalo le ka re thetsa, ra bona eka “bobe ke botle.” (Esa. 5:20) Jesu o ile a lemosa balatedi ba hae a re: “Hora e a tla ya ha e mong le e mong ya le bolayang a tla nahana hore o etseditse Modimo tshebeletso e halalelang.” (Joh. 16:2) Ke sona seo babolai ba morutuwa Setefane ba ileng ba se etsa. (Lik. 6:8, 12; 7:54-60) Batho bana ba tjhesehelang bodumedi ka tsela e feteletseng, ba nahana hore ba kgahlisa Modimo eo ba reng ba a mo rapela ka ho bolaya batho. (Ex. 20:13) Ho hlakile hore matswalo a bona ke dicompass tse bolotsana.
4. Re ka etsang hore letswalo la rona le dule le sebetsa hantle?
4 Re ka etsa jwang hore letswalo la rona le dule le sebetsa hantle? Melao le melaomotheo e ka Lentsweng la Modimo e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho, bakeng sa ho laya ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Ka hoo, ha re ithuta Bibele, re nahanisisa ka seo re se balang le ho se sebedisa bophelong ba rona, re ka kgona ho kwetlisa letswalo la rona hore ebe compass e sebetsang hantle. A re ke re hlahlobeng hore na melao le melaomotheo ya Jehova, e ka re thusa jwang hore re kwetlise letswalo la rona.
DUMELLA MELAO YA MODIMO HORE E O KWETLISE
5, 6. Re rua molemo jwang ha re latela melao ya Modimo?
5 E le hore re rue molemo melaong ya Modimo, re lokela ho etsa se fetang feela ho e bala kapa ho e tseba. Re lokela ho tswela pele re rata melao ya Modimo le ho e hlompha. Bibele e re: “Hloyang se sebe, le rate se molemo.”(Amose 5:15) Empa re ka etsa seo jwang? Ntho e ka sehloohong e ka re thusang ke ho sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona. Ka mohlala, a re re o a hlobaela bosiu. Ebe ngaka ya hao e o kgothalletsa hore o fetole tsela eo o phelang ka yona, o ikwetlise o be o je hantle. Ka mora ho sebedisa keletso eo, o be o fumana hore e o tswetse molemo. Ha ho pelaelo hore o tla leboha ngaka ya hao hore ebe e o thusitse ho ntlafatsa bophelo ba hao.
6 Ka tsela e tshwanang, Mmopi wa rona o re file melao e ka re sireletsang hore re se ke ra etsa sebe le e re thusang hore re ntlafatse bophelo ba rona. Nahana ka moo, re ruang molemo kateng ha re latela melao ya Bibele e mabapi le ho bua leshano, ho qhekella, ho utswa, thobalano, ntwa le bodemona. (Bala Liproverbia 6:16-19; Tšen. 21:8) Ha re bona melemo ya ho etsa dintho ka tsela eo Jehova a batlang hore re di etse ka yona, re tla mo rata re be re rate melao ya hae le ho feta.
7. Ho bala le ho nahanisisa ka mehlala ya sebele e ka Bibeleng ho ka re thusa hore re etseng?
7 Re a thaba hore ebe ha re hloke ho utlwa bohloko pele, e le hore re ithute dintho tsa bohlokwa tse ka Lentsweng la Modimo. Re ka ithuta ho tswa mehlaleng e ka Bibeleng ya batho ba ileng ba tlola molao wa Modimo. Liproverbia 1:5 e re: “Motho ya bohlale o tla mamela mme a amohele tayo e eketsehileng.” Ka sebele re fumana tataiso ya bohlokwa e tswang ho Modimo ha re bala le ho nahanisisa ka mehlala ya sebele e ka Bibeleng. Ka mohlala, nahana ka bohloko boo Morena Davida a ileng a bo utlwa ka mora hore a tlole molao wa Jehova ka ho etsa bofebe le Bathesheba. (2 Sam. 12:7-14) Ha re ntse re bala le ho nahanisisa ka tlaleho ena, re ka nna ra ipotsa: ‘Ebe Morena Davida a ka be a ile a qoba masisapelo a tlisitsweng ke ho etsa bofebe le Bathesheba jwang? Haeba le nna ke ne ke le boemong boo, na ebe ke ne ke tla ba sebete sa ho qoba ketso eo? Ebe ke ne ke tla baleha jwalo ka Josefa, kapa ke ne ke tla inehela jwalo ka Davida?’ (Gen. 39:11-15) Ha re hlahlobisisa ditlamorao tsa sebe, re ka ba sebete mme ra ‘hloya se sebe.’
8, 9. (a) Mosebetsi wa letswalo ke ofe? (b) Melaomotheo ya Jehova e sebedisana jwang le letswalo la rona?
8 Re tla be re etsa hantle haeba re qoba ho etsa dintho tseo Modimo a di hloileng. Le ha ho le jwalo, ho na le dintho tse ding bophelong tseo mangolo a sa faneng ka molao o tobileng ho tsona. Maemong a jwalo, re ka nepisisa jwang se amohelehang le se thabisang Modimo? Ke hona mona moo he, ho sebetsang letswalo le kwetlisitsweng ka Bibele.
9 Ka lerato Jehova o re file melaomotheo e sebedisanang hantle le letswalo le kwetlisitsweng ka Bibele. Ke ka hoo a reng: “Nna, Jehova, ke Modimo wa hao, ke nna ya o rutang hore o itswele molemo, ya etsang hore o tsamaye tseleng eo o lokelang ho tsamaya ka yona.” (Esa. 48:17, 18) Ha re nahanisisa ka melaomotheo ya Bibele, re tla kgona ho lokisa, ho tataisa le ho bopa matswalo a rona. Ebile seo se tla re thusa hore re etse diqeto tse hantle.
DUMELLA MELAOMOTHEO YA MODIMO HORE E O TATAISE
10. Molaomotheo ke eng, hona Jesu o o sebedisitse jwang ha a ruta?
10 Molaomotheo ke “nnete ya bohlokwa kapa thuto ya motheo e sebediswang e le lebaka la ho etsa ntho e itseng.” E le hore re utlwisise molaomotheo o itseng, re lokela ho utlwisisa tsela eo Motho ya Fanang ka Molao a nahanang ka yona le mabaka a hae a ho fana ka melao. Ha Jesu a ntse a etsa boboledi, o ile a ruta balatedi ba hae dithuto tsa motheo tse neng di tla ba bontsha ditlamorao tsa mekgwa le diketso tse itseng. Ka mohlala, o ba rutile hore lehloyo le baka ntwa athe takatso ya thobalano yona e baka bofebe. (Mat. 5:21, 22, 27, 28) E le hore re be le letswalo le kwetlisitsweng hantle, re lokela ho dumella melaomotheo ya Modimo hore e re tataise mme ka hoo, re tlotlise Modimo.—1 Bakor. 10:31.
11. Matswalo a batho a ka fapana jwang?
11 Bakreste ba babedi ba nang le matswalo a kwetlisitsweng ka Bibele, ba ka nna ba etsa diqeto tse fapaneng ditabeng tse itseng. Jwalo ka tabeng ya ho nwa jwala. Bibele ha e thibele batho ho nwa jwala ka tsela e itekanetseng. Le ha ho le jwalo, e nyatsa ho nwa jwala haholo kapa botahwa. (Liprov. 20:1; 1 Tim. 3:8) Na ebe ha feela Mokreste a sa nwelle ho tawa, ha ho sa na mabaka a mang ao a lokelang ho a sheba? Le letho. Le ha letswalo la hae le sa mo kgathatse, o lokela ho nahanela matswalo a ba bang.
12. Baroma 14:21 e re kgothalletsa ho hlompha matswalo a ba bang jwang?
12 Tabeng ya hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho hlompha matswalo a ba bang, Pauluse o ile a ngola a re: “Ho molemo ho se je nama kapa ho se nwe veine kapa ho se etse ntho le ha e le efe eo ka lebaka la yona moreno a kgoptjwang.” (Bar. 14:21) Na hobane feela o sa batle ho kgopisa moreno eo letswalo la hae le fapaneng le la hao, o ne o ka tlohela ho etsa ntho eo o nang le tokelo ya ho e etsa? Ee, o ne o tla tlohela. Ba bang ba barababo rona ba ne ba nwa jwala ho feta tekano pele ba ithuta Bibele mme hona jwale ba leka ka matla ho lwantshana le seo. Ha ho le ya mong wa rona ya batlang ho kenya letsoho nthong e ka etsang hore Mokrestemmoho le yena a kgutlele mekgweng ya hae ya kgale. (1 Bakor. 6:9, 10) E tla be e se ho bontsha lerato, ho qobella moreno hore a nwe jwala le hoja a se a o hlaloseditse hore ha a batle ho nwa.
13. Timothea o ile hlompha matswalo a ba bang jwang e le hore ba amohele ditaba tse molemo?
13 Ha Timothea a le dilemo tse ka bang 20, o ile a bolla, e le hore feela a qobe ho kgopisa Bajuda bao a neng a ilo ba bolella molaetsa wa Bibele. O ne a bona ditaba hantle feela jwalo ka moapostola Pauluse. (Lik. 16:3; 1 Bakor. 9:19-23) Na le wena jwalo ka Timothea, o ikemiseditse ho tela dintho tseo o di ratang bakeng sa ba bang?
‘HATELANG PELE KA MATLA KGOLONG E FELLETSENG’
14, 15. (a) Ho hatela pele ho akarelletsang? (b) Bakreste ba hodileng ka ho felletseng ba tshwara ba bang jwang?
14 Bakreste bohle ha ba a lokela ho thabela feela “thuto ya mathomo mabapi le Kreste,” empa ba lokela ho ‘hatela pele ka matla kgolong e felletseng.’ (Baheb. 6:1) Sena se ke ke sa iketsahalla feela tjee. Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re ‘hatele pele.’ Ho hatela pele kgolong e felletseng ho akarelletsa ho ba le tsebo e eketsehileng le temohisiso. Ke ka hoo kgafetsa re kgothalletswang ho bala karolo eitseng ya Bibele letsatsi le letsatsi. (Pes. 1:1-3) Na ebe o se o qalelletse ho etsa jwalo? Ha re etsa jwalo, re tla ba le tsebo e eketsehileng ka melao le melaomotheo ya Jehova le ho ba le kutlwisiso e tebileng ya Lentswe la hae.
15 Molao o ka sehloohong wa Bakreste ke molao wa lerato. Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuwa ba ka, haeba le na le lerato hara lona.” (Joh. 13:35) Jakobo ngwanabo Jesu o ile a re lerato ke “molao wa borena.” (Jak. 2:8) Pauluse o ile a re: “Lerato ke phethahatso ya molao.” (Bar. 13:10) Ha ho makatse hore ebe lerato le hatiswa ka tsela ena, hobane Bibele e re “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) Lerato leo Modimo a re ratang ka lona ha se boikutlo feela tjee. Johanne o ile a ngola a re: “Lerato la Modimo le ile la bonahatswa ho rona ka sena, hobane Modimo o ile a romela Mora wa hae ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng e le hore re ka fumana bophelo ka yena.” (1 Joh. 4:9) Ka sebele, Modimo o ile a susumetswa ke lerato hore a nke kgato. Ha re rata Jehova, Mora wa hae, Bakrestemmoho hammoho le batho ba bang, re bontsha hore re hodile ka ho felletseng jwalo ka Bakreste.—Mat. 22:37-39.
16. Ke hobaneng ha melaomotheo eba ya bohlokwa le ho feta ha re ntse re eba le tumelo e matla?
16 Ha tumelo ya hao e ntse e matlafala, melaomotheo e tla ba ya bohlokwa le ho feta ho wena. Lebaka ke hore melaomotheo e pharaletse athe melao yona e sebetsa maemong a itseng feela. Ka mohlala, ha ngwana a sa utlwisise dikotsi tsa ho ba le metswalle e mebe, batswadi ba lokela ho mo behela melao e le ho mo sireletsa. (1 Bakor. 15:33) Empa ha a ntse a hola, jwale o se a utlwisisa melaomotheo ya Bibele. Ka hona, melaomotheo ena e mo thusa hore a kgethe metswalle e hantle. (Bala 1 Bakorinthe 13:11; 14:20.) Ha re sebedisa melaomotheo ya Bibele, letswalo la rona le tla tshepahala, hobane jwale le tla be le dumellana le tsela eo Modimo nahanang ka yona.
17. Ke hobaneng ha re ka re re na le seo re se hlokang hore re etse diqeto tse hantle?
17 Na re na le sohle seo re se hlokang hore re etse diqeto tse tla thabisa Jehova? Ka sebele. Ha re sebedisa melao le melaomotheo e ka Bibeleng, re tla “tshwaneleha ka botlalo, [ra] hlomellwa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Tim. 3:16, 17) Ka lebaka leo, batlisisa melaomotheo ya Mangolo e le hore o kgone “ho lemoha seo thato ya Jehova e leng sona.” (Baef. 5:17) Sebedisa dithulusi tseo mokgatlo wa Modimo o fanang ka tsona tse kang, Watch Tower Publications Index, Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova, Watchtower Library, Laebrari e Inthaneteng ya Watchtower le JW Library app. Dithulusi tsena di etseditswe hore re di sebedise ha re ithuta re le bang kapa boprapeding ba lelapa.
LETSWALO LE KWETLISITSWENG KA BIBELE LE RUISA MOLEMO
18. Ke melemo efe e bang teng haeba re phela ka melao le melaomotheo ya Jehova?
18 Ha Pesaleme ya 119:97-100 e bua ka melemo e tliswang ke ho mamela melao le melaomotheo ya Jehova, e re: “Molao wa hao ke o rata hakaakang! Ke nahanisisa ka ona letsatsi lohle. Taelo ya hao e ntlhalefisa ho feta dira tsa ka, kahobane ke ya ka ho isa nakong e sa lekanyetswang. Ke na le temohisiso e fetang ya mesuwe yohle ya ka, kahobane ke nahanisisa ka dikgopotso tsa hao. Ke itshwara ka kutlwisiso ho feta banna ba baholo, kahobane ke bolokile ditaelo tsa hao.” Re tla etsa dintho ka bohlale, mme re be le temohisiso le kutlwisiso haeba re nka nako ho “nahanisisa ka” melao le melaomotheo ya Modimo. Ha re etsa boiteko bo felletseng ba hore letswalo la rona le tataiswe ke melao le melaomotheo ya Modimo, re ka kgona ho ba le kutlwisiso ho “isa tekanyong ya boholo ba botlalo ba Kreste.”—Baef. 4:13.