Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Dumedisa?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Dumedisa?

“DUMELA! O phela jwang?”

Ha ho pelaelo hore hangata o dumedisa batho ka tsela e jwalo. Ebile ho ka etsahala hore ebe ha o ba dumedisa o a ba haka kapa o ba tshwara ka letsoho. Mantswe le mekgwa e sebediswang e ka nna ya fapana ho ya ka dibaka, empa meelelo ya ditumediso hangata e a tshwana. Ebile ha motho a sa dumedise kapa a sa arabele ha a dumediswa, hangata batho ba nka hore ha a na mekgwa kapa ha a rate batho.

Empa ha se batho bohle ba ratang ho dumedisa. Ba bang ba tshaba ho dumedisa batho hobane ba dihlong kapa ba a inyatsa. Batho ba bang ba utlwa ho le thata ho dumedisa batho ba merabe le ditso tse ding kapa ba nang le boemo bo itseng setjhabeng. Le ha ho le jwalo, tumediso e kgutswanyane e ka ba molemo haholo.

O ka nna wa ipotsa: ‘Ho dumedisa batho ho na le melemo efe? Hona Lentswe la Modimo le ka nrutang mabapi le ho dumedisa batho?’

LE DUMEDISE “BATHO BA MEFUTA YOHLE”

Ha moapostola Petrose a amohela Moditjhaba wa pele e leng Korneliase phuthehong ya Bokreste, o ile a re: “Modimo ha a leeme.” (Lik. 10:34) Hamorao, Pauluse o ile re Modimo o “lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9) Re ka amahanya se buuwang ke mangolo ana le motho ya ntseng a ithuta Bibele. Empa Pauluse o ile a eletsa Bakreste a re: “Hlomphang batho ba mefuta yohle, le be le lerato bakeng sa mokgatlo wohle wa barababo rona.” (1 Pet. 2:17) Ke habohlokwa hore re dumedise batho ba bang ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofeng, setso sefeng kapa ba hodisitswe jwang. Sena se ne se tla bontsha hore re a ba hlompha ebile re a ba rata.

Moapostola Pauluse o ile a kgothalletsa phutheho ka hore: “Amohelanang, feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a re amohela.” (Bar. 15:7) Pauluse o ile a bua ka banna bao e ileng ya ba “thuso e matlafatsang” ho yena ka ho kgetheha. Ho hlakile hore bara le baradibabo rona kajeno, ba hloka ho kgothatswa ha ba ntse ba tobana le tlhaselo e matla ya Satane.—Bakol. 4:11; Tšen. 12:12, 17.

Mehlala e ka Bibeleng e bontsha hore tumediso e ke ntho ya bohlokwa.

KGODISEHO, KGOTHATSO LE LERATO

Ha nako ya hore Jesu a tle lefatsheng e fihla, Jehova o ile a romela lengeloi hore le bue le Maria. Lengeloi leo le ile la re: “Dumela, wena ya hauhetsweng haholo, Jehova o na le wena.” Maria o ne a ‘kgathatsehile haholo’ a sa tsebe hore na ke hobaneng ha lengeloi le ne le bua le yena. Lengeloi le ile la boela la re: “O se ke wa tshaba, Maria, ka ha o fumane kamohelo ho Modimo.” Le ile la mo hlalosetsa hore ke thato ya Modimo hore a tswale Mesia. Ho e na le hore a dule a kgathatsehile, ka boikokobetso Maria o ile a re: “Bona! Lekgabunyane la Jehova! E se eka ho ka nketsahalla ho ya ka polelo ya hao.”— Luka 1:26-38.

Lengeloi le ile la thabela ho sebediswa ke Jehova. Le ha ho le jwalo, ha le a ka la ipona le phahame haholo hore le ka se bue le motho ya sa phethahalang. Le ile la qala ka ho dumedisa. Re ka ithutang mohlaleng ona? Re lokela ho ikemisetsa ho dumedisa ba bang le ho ba kgothatsa. Re sebedisa mantswe a seng makae feela, re ka thusa ba bang le ho ba kgodisa hore le bona ke karolo ya bahlanka ba Jehova.

Pauluse o ne a tseba batho ba bangata diphuthehong tsa Asia Minor le Europe. Mangolo a hae a ne a na le ditumediso tse tobileng. Re bona sena ho Baroma kgaolo ya 16. Pauluse o ne a dumedisa Bakrestemmoho le yena ba bangata. O ile a bua ka Fibi “moradiwabo rona,” mme a kgothalletsa barababo rona hore ba ‘mo amohele Moreneng ka tsela e tshwanelang bahalaledi, le hore ba ka mo thusa tabeng le ha e le efe eo a ka e hlokang ho bona.’ Pauluse o ile a dumedisa Priska le Akuila ‘bao e neng e se yena feela ya ba lebohang empa le diphutheho tsohle tsa ditjhaba.’ O ile a dumedisa ba sa tsejweng haholo kajeno. Ka mohlala, o ile a re: “Epinitase wa ka ya ratwang” a ba a re: “Tryfina le Tryfosa, basadi ba sebetsang ka thata Moreneng.” Pauluse o ne a ikemiseditse ho dumedisa bara le baradibabo rona.—Bar. 16:1-16.

Nahana ka moo ba ileng ba thaba kateng ha ba hlokomela hore Pauluse o ntse a ba hopola. E tlameha ebe lerato leo ba neng ba rata Pauluse le badumedimmoho le bona ka lona le ile la tiya le ho feta. Re ka kgodiseha hore Bakreste ba bang ba ile ba kgothala ha ba utlwa ditumediso tseo, mme ha etsa hore ba dule ba le matla tumelong. Ho dumedisa batho le ho ba babatsa ka tsela e bontshang hore re ba thahasella e le kannete ho tla etsa hore setswalle sa rona le bona se tiye ebile ho tla etsa hore re be le bonngwe jwalo ka ha re le bahlanka ba Modimo.

Ha Pauluse a ne a fihla lebopong la Puteoli mme a leba Roma, Bakreste ba sebakeng seo ba ile ba tla ho mo kgahlanyetsa ba tswa borwa. Eitse ha Pauluse a ba bona ba sa tla le mane, “a leboha Modimo mme a ba sebete.” (Lik. 28:13-15) Ka dinako tse ding ha re dumedisana, re ka kgona feela ho bososela kapa ho phahamisa letsoho. Esita le ho etsa jwalo feela ho ka tsosa motho molota, haeba mohlomong a ne a nyahame kapa a utlwile bohloko.

SEO RE DUMELLANANG KA SONA

Morutuwa Jakobo o ne a hloka ho fana ka kgalemelo e matla. Bakreste ba bang ba ne ba etsa bofebe ka tsela ya tshwantshetso ha ba etsa metswalle le batho ba sa rateng Jehova. (Jak. 4:4) Empa ela hloko hore na Jakobo o ile a qala lengolo la hae jwang:

“Jakobo, lekgoba la Modimo le la Morena Jesu Kreste, ho meloko e leshome le metso e mmedi e hasahasaneng: Dumelang!” (Jak. 1:1) Ha ho pelaelo hore babadi ba hae ba ile ba nolofallwa ho amohela keletso eo, hobane ho tswa tumedisong ya hae, ba ile ba lemoha hore kaofela ke makgoba a Modimo. Ruri tumediso e bontshang boikokobetso e ka nolofatsa ho qadisa moqoqo, esita le puisano ya ditaba tse tebileng.

Ho sa tsotellehe hore na tumediso ya rona e kgutshwane hakae, re lokela ho e etsa ka lerato. Re lokela ho dumedisa batho ka lerato, le haeba re bona eka ha ba re e le hloko. (Mat. 22:39) Ka letsatsi le leng, moradiwabo rona ya dulang Ireland o ile a fihla Holong ya Mmuso pele seboka se qala. Eitse ha a kena a potlakile ka Holong, morabo rona e mong a bososela mme a re ho yena: “Dumela! Ruri ke thabetse ho o bona.” Moradiwabo rona o ile a itulela fatshe.

Dibeke tse mmalwa hamorao, a ya ho mora eo wabo rona, a mo bolella hore o ntse a sebetsana le boemo bo tepelletsang maikutlo lapeng. O ile a mo hlalosetsa a re: “Bosiung boo ke ne ke kwatile hoo ke ileng ka batla ke sa tle dibokeng. Ha ke sa hopola se neng se rutwa, ha e se hore o ile wa ntumedisa. Tumediso ya hao e ile ya etsa hore ke ikutlwe ke amohelehile. Ke a o leboha.”

Mora eo wabo rona o ne a sa hlokomela hore tumediso ya hae e kgutshwanyane e ne e le matla. O re: “Ha moradiwabo rona a mpolella ka moo mantswe ao a mmalwa a ileng a mo kgothatsa kateng, ke ile ka thaba hore e be ke ile ka mo dumedisa. O ile a etsa hore le nna ke ikutlwe ke thabile.”

Solomone o ile a ngola a re: “Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, ka ha ka mora matsatsi a mangata o tla boela o bo fumane” (Moek. 11:1) Ha re dumedisa batho haholoholo bakrestemmoho, re tla matlafala re be re matlafatse le ba bang. Ka hoo, a re se keng ra nkela taba ya ho dumedisa tlase.