Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Lesedi la Lona le ke le Kganye” e le Hore le Tlotlise Jehova

“Lesedi la Lona le ke le Kganye” e le Hore le Tlotlise Jehova

Lesedi la lona le ke le kganye ka pela batho, e le hore . . . ba ka tlotlisa Ntata lona.’ —MAT. 5:16.

DIPINA: 77, 59

1. Re na le lebaka lefe le ikgethang la ho thaba?

RE THABA haholo ha re bona ka moo batho ba Jehova ba ntseng ba eketseha kateng. Selemong se fetileng, re ile ra ithuta Bibele le batho ba fetang 10 milione. Sena se bontsha hore ruri bahlanka ba Modimo ba kgantsha lesedi la bona. Ho phaella moo, batho ba dimilione ba ile ba tla Sehopotsong ho tla ithuta ka thekollo, e leng mpho e lerato eo Jehova a re fileng yona.—1 Joh. 4:9.

2, 3. (a) Ke eng e ke keng ya re thibela ho ‘kganya re le masedi’? (b) Ho latela mantswe a Jesu a ho Matheu 5:14-16, re tlo tshohla eng?

2 Bahlanka ba Jehova lefatsheng lohle ba bua dipuo tse ngata tse fapaneng. Empa sena ha se re thibele ho rorisa Ntate wa rona Jehova re momahane. (Tšen. 7:9) Ho sa tsotellehe hore na re bua puo efe kapa re dula hokae, re ka ‘kganya re le masedi lefatsheng.’—Bafil. 2:15.

3 Ha re ntse re eketseha, re le bonngweng ebile re dula re fadimehile, re tlotlisa Jehova. Sehloohong sena re tlo hlahloba hore na re ka finyella seo jwang.—Bala Matheu 5:14-16.

MEMA LE BA BANG

4, 5. (a) Ho phaella tabeng ya ho bolela ditaba tse molemo, re ka boela ra kgantsha lesedi la rona jwang? (b) Ke melemo efe e tliswang ke ho ba le boitshwaro bo botle? (Sheba setshwantsho se qalong.)

4 Sehlooho se reng “Kganya Lefifing,” se ileng sa hlaha ho Tora ya ho Lebela ya Sekgowa ya June 1, 1925, se ile sa re: “Ha ho motho ya ka tshepahalang ho Morena matsatsing ana . . . ntle le ha a ka ikitlaelletsa ho etsa hore lesedi la hae le kganye. O lokela ho etsa sena ka hore a bolelle batho lefatsheng ditaba tse molemo mme bophelo ba hae bo dumellane le ditsela tsa lesedi.” Ho hlakile hore re kgantsha lesedi ka ho bolela ditaba tse molemo le ho etsa barutuwa. (Mat. 28:19, 20) Ho phaella moo, re ka tlotlisa Jehova ka boitshwaro ba rona bo botle ba Bokreste. Beng ba matlo le batho ba iphetelang ka tsela ba hlokomela boitshwaro ba rona. Ka hoo, ha re dumedisa batho ka mofuthu ebile re bososela ka botswalle, re bonahala hantle hore na re rapela Modimo wa mofuta ofe.

5 Jesu o ile a re ho barutuwa ba hae: “Ha le kena ka tlung, le dumedise ba ntlo eo.” (Mat. 10:12) Sebakeng seo Jesu le barutuwa ba hae ba neng ba bolela molaetsa wa Bibele ho sona, ho ne ho tlwaelehile hore batho ba amohele baeti, esita le bao ba sa ba tsebeng. Empa kajeno, dibakeng tse ngata batho ha ba amohele baeti. Ho ntse ho le jwalo, ha o le botswalle o bile o hlalosetsa mongantlo hantle lebaka la ho mo etela, ho ka ba bonolo hore a o mamele a sa ipotse dipotso. Ho qala puisano ka ho bososela ho ka o thusa haholo. Ka mohlala, ha re dumedisa batho re bososela nakong eo re sebetsang ka diteroli, sena se etsa hore ba phutholohe ho nka dingolwa tsa rona. Le boitshwaro ba rona bo botle bo re thusa ho qadisa moqoqo.

6. Banyalani ba bang ba hodileng ba ile ba eketsa tshebeletso ya bona jwang?

6 Banyalani ba bang ba hodileng ba dulang England, ha ba kgone ho ya tshimong kamehla hobane ba a kula. Ka hoo, ba kgantsha lesedi la bona ka ho beha tafole ya dingolwa ka pela jarete ya bona. Ka ha ba dula pela sekolo, ba e beha nakong eo batswadi ba latang bana ka yona. Batswadi ba bangata ba ne ba nka dingolwa tse kang Lipotso—Bacha baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka 1 le 2 hammoho le dibukana tse ding. Moradiwabo rona e mong wa pulamadiboho o ne a sebetsa le bona. Motswadi e mong o ile a ba a dumela le ho ithuta Bibele le bona.

7. O ka thusa batho ba sa tswa fihla sebakeng sa heno jwang?

7 Dilemong tsa morao tjena dinaheng tse ngata, palo ya baphaphathehi e hola ka sekgahla. O ka thusa batho ba jwalo jwang hore ba tsebe Jehova le merero ya hae? Ke hobaneng ha o sa ithute ho dumedisa ka puo e buuwang ke batho ba sa tswa fihla sebakeng sa heno? App ya JW Language e ka o thusa ho etsa seo. Ho ekelletsa moo, ke hobaneng ha o sa ithute dipolelwana tse ka hapang thahasello ya bona? O ka boela wa sebedisa jw.org ho ba bontsha divideo le dingolwa tsa rona tse ngata tse fumanehang ka dipuo tsa bona.—Deut. 10:19.

8, 9. (a) Ke thuso efe eo re e fumanang sebokeng sa Bophelo le Tshebeletso? (b) Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba nke karolo ha ba le dibokeng?

8 Jehova o lokiseditse seboka sa Bophelo le Tshebeletso ho re thusa hore re atlehe tshebeletsong ya tshimo. Ditaelo tseo re di fumanang sebokeng sena di thusa ba bangata ho ba sebete ha ba etsa maeto a ho boela le ho qadisa dithuto.

9 Batho ba qalang ho tla dibokeng ba hlokometse hore le bana ba rona ba nka karolo ho tsona. Batswadi, thusang bana ba lona ho kgantsha lesedi la bona ka hore le ba rute ho araba ka mantswe a bona. Dikarabo tsa bona tse bonolo le tse tswang pelong, di susumeditse ba bangata ho ba Dipaki.—1 Bakor. 14:25.

PHEHELLA BONNGWE

10. Borapedi ba lelapa bo ka thusa lelapa jwang hore le momahane?

10 Re ka boela ra kgantsha lesedi la rona ka hore re be le bonngwe malapeng a rona le diphuthehong tsa habo rona. Tsela e nngwe eo batswadi ba ka etsang sena ka yona, ke ka hore ba be le Borapedi ba Lelapa kamehla. Ba bangata ba hlophisa hore hara kgwedi ba shebelle JW Broadcasting. Ka mora ho e shebella, ke hobaneng ha le sa buisane ka hore na le ka sebedisa dintlha tseo le ithutileng tsona jwang? Nakong ya borapedi ba lelapa, motswadi o lokela ho hopola hore tataiso eo ngwana e monyenyane a e hlokang e fapane le e hlokwang ke ngwana ya dilemong tsa botjha. Ka hoo, sebedisang seo le ithutang sona dingolweng tsa rona ka tsela e tla etsa hore e mong le e mong ka lapeng a rue molemo.—Pes. 148:12, 13.

Ho etsa setswalle le batho ba hodileng ho ka o matlafatsa (Sheba serapa sa 11)

11-13. Re ka etsa jwang hore ho be le bonngwe ka phuthehong?

11 Batjha ba ka tlatsetsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong, ka hore ba kgothatse ba bang le ho ba thusa ho kgantsha lesedi la bona. Haeba o motjha wa Mokreste, ke hobaneng ha o sa etse setswalle le batho ba hodileng? Mohlomong o ka ba kopa hore ba o qoqele hore na keng e ba thusitseng hore ba se ke ba kgaotsa ho sebeletsa Jehova ho theosa le dilemo. O tla ithuta dintho tse ngata ho bona ebile le tla kgothatsana. Kaofela ha rona re ka etsa bonnete ba hore re amohela bohle ba re etelang dibokeng. Ho etsa jwalo ho tla etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong ebile le baeti ba tla susumelletseha ho kgantsha lesedi la bona ka ho nka karolo dibokeng. O ka boela wa thusa baeti ka ho ba dumedisa ka tsela e botswalle le ho ba bontsha moo ba ka dulang teng. Ho ba tsebisa ba bang ka phuthehong, ho tla etsa hore ba ikutlwe ba phutholohile.

12 Haeba o abetswe ho tshwara seboka sa tshimo, o ka thusa ba hodileng ka ho ba abela tshimo e haufi le bona. Ka dinako tse ding, barababo rona ba ka kopa mohweletsi e motjha hore a sebetse le ba hodileng. Ba ka boela ba nahanela bara le baradibabo rona, bao ka lebaka la ho kula ba sa kgoneng ho qeta nako e telele tshimong. Ho nahanela batho ba batjha le ba hodileng, ba nang le boiphihlelo le ba se nang bona, ho tla ba thusa hore ba thabele ho bolela ditaba tse molemo.—Lev. 19:32.

13 Mongodi e mong wa pesalema o kile a kgotsa a re: “Bonang! ka moo ho leng hotle le ka moo ho kgahlisang kateng ha bara ba motho ba dula hammoho bonngweng!” (Bala Pesaleme ya 133:1, 2.) Baiseraele ba ne ba rua molemo haholo ha ba ne ba bokane hammoho le ba bang ba rapelang Jehova. Bonngwe bona, bo ne bo tshwana le oli e tlotsang, e neng e kgatholla ebile e nkga hamonate. Ke hobaneng ha o sa ikemisetse ho thusa phutheho ya heno hore e be le bonngwe? Haeba o se o ntse o etsa jwalo, re a o babatsa. Na o ka ‘atoloha,’ ka hore, o etse seo haholwanyane?—2 Bakor. 6:11-13.

14. O ka etsang ho kgantsha lesedi sebakeng seo o dulang ho sona?

14 Ikitlaelletse ho kgantsha lesedi la nnete ya Bibele sebakeng seo o dulang ho sona. Ho bua le baahelani ka tsela e mosa, ho ka etsa hore ba batle ho ithuta nnete ka Modimo. O ka nna wa ipotsa: ‘Baahelani ba ka ba ntseba ke le motho ya jwang? Na ke etsa bonnete ba hore jarete ya ka e makgethe, mme e etsa hore sebaka seo ke dulang ho sona se be setle? Na ke thusa baahelani ba bang?’ Ha o ntse o qoqa le barabeno, mohlomong o ka ba botsa hore na mosa le boitshwaro ba bona di ile tsa ama ba malapa a bona, baahelani, basebetsimmoho kapa bana bao ba kenang sekolo le bona jwang. Ha ho pelaelo hore o tla ithuta dintho tse ngata ha o ntse o qoqa le bona.—Baef. 5:9.

LE DULE LE FADIMEHILE

15. Ke hobaneng ha e le habohlokwa hore re dule re fadimehile?

15 Haeba re ela hloko hore re phela mehleng ya ho qetela, seo se tla re thusa ho etsa bonnete ba hore lesedi la rona le dula le kganya. Jesu o ile a kgothalletsa balatedi ba hae ka ho phetapheta a re: “Le dule le lebetse.” (Mat. 24:42; 25:13; 26:41) Haeba re nahana hore “matshwenyeho a maholo” a tla fihla kgale re se re hlokahetse, seo se tla etsa hore re etse mosebetsi wa boboledi ka monyebe. (Mat. 24:21) Ho e na le hore lesedi la rona le kganye haholo ho baahelani ba rona, le tla ba lerotho kapa le nyamele ka ho feletseng.

16, 17. O ka etsang hore o dule o fadimehile?

16 Ha dinako tsena tse thata di ntse di mpefala le ho feta tjena, kaofela ha rona re hloka ho dula re fadimehile. Ha ho pelaelo hore mohlang Jehova a nkang kgato, e tla be e le ka nako e loketseng. (Mat. 24:42-44) Empa ha jwale, re lokela ho ba le mamello mme re dule re fadimehile. Bala Bibele kamehla mme o dule o fadimehile mabapi le dithapelo. (1 Pet. 4:7) Etsisa bara le baradibabo rona ba sebeleditseng Jehova ka dilemo tse ngata. Ka mohlala, o ka bala dipale tsa bophelo tse kang e ileng ya hlaha ho Tora ya ho Lebela ya April 15, 2012 leqephe la 18-21 e neng e na le sehlooho se reng: “Ke Itshwareletse Seaparong sa Mojuda ka Dilemo Tse 70.”

17 Dula o phathahane ka ho sebeletsa Jehova mme o qete nako le barabeno. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o dule o thabile mme o tla bona eka nako e tsamaya ka pele. (Baef. 5:16) Dilemong tse 100 tse fetileng, bahlanka ba Jehova ba ile ba sebetsa ka thata mme ba finyella dintho tse ngata tshebeletsong. Le kajeno, Jehova o ntse a re thusa hore re finyelle dintho tse ngata. Hona jwale lesedi la rona le kganya haholo ho feta ka moo re neng re nahanne kateng.

Maeto a bodisa a re fa monyetla wa ho fumana bohlale bo ka Lentsweng la Modimo (Sheba serapa sa 18, 19)

18, 19. Baholo ba ka re thusa jwang hore re dule re fadimehile? Fana ka mohlala.

18 Ho a thabisa ho tseba hore ho se phethahale ha rona ha ho re thibele ho sebeletsa Jehova ka tsela eo a e amohelang. Re lokela ho ananela baholo ka phuthehong ka ha ke “dimpho [tseo e leng] banna.” (Bala Baefese 4:8, 11, 12.) Ka hona, nakong e tlang ha moholo a o etetse, o mo mamele ka hloko mme o amohele keletso ya hae.

19 Ka letsatsi le leng, baholo ba babedi ba dulang England, ba kile ba etela banyalani ba neng ba na le mathata. Mosadi o ne a lla ka hore monna wa hae ha a etelle lelapa pele borapeding. Monna wa hae o ile a re yena ha a na bokgoni ba ho ruta, le hore o ne a sa lokisetse hore ho be le borapedi ba lelapa kamehla. Baholo ba ile ba re banyalani bao ba nahane ka mohlala wa Jesu. O ne a hlokomela balatedi ba hae a bile a nahanela ditlhoko tsa bona. Baholo ba ile ba kgothalletsa monna eo hore a etsise Jesu. Yaba ba kgothalletsa mosadi hore a be le mamello. Baholo ba ile ba boela ba fa banyalani bana ditlhahiso tseo ba ka di sebedisang ha ba tshwara borapedi ba lelapa le bana ba bona ba babedi. (Baef. 5:21-29) Hamorao baholo ba ile ba babatsa monna eo ka boikitlaetso ba hae. Ba ile ba mo kgothalletsa hore a mamelle a be a itshetlehe ka moya o halalelang e le hore o ka mo thusa hore e be hlooho ya lelapa e molemo. Lerato le tshehetso ya baholo di ile tsa thusa lelapa lena hore lesedi la bona le kganye.

20. Keng seo o ka se lebellang ha o ntse o kgantsha lesedi la hao?

20 Mongodi e mong wa pesalema o ile a bina a re: “Ho thaba e mong le e mong ya tshabang Jehova, ya tsamayang ditseleng tsa hae.” (Pes. 128:1) O tla thaba ha o etsa hore lesedi la hao le kganye. Ka hoo, ruta batho ba bang ka Modimo, o etse hore ho be le bonngwe lelapeng la hao le phuthehong ya heno mme o dule o fadimehile. Boitswaro ba hao bo botle bo ka susumetsa batho ba bangata hore ba lebise thoriso ho Ntate wa rona.—Mat. 5:16.