Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mmuso wa ka Hase Karolo ya Lefatshe Lena”

“Mmuso wa ka Hase Karolo ya Lefatshe Lena”

“Ke tswaletswe sena, mme ke tletse sena lefatsheng, hore ke pakele nnete.”—JOH. 18:37.

DIPINA: 15, 74

1, 2. (a) Ho tlile jwang hore batho ba hloyane hakaale? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong see?

HA MORADIWABO rona e mong ya dulang naheng e nngwe e ka borwa ba Europe a bua ka bophelo ba hae ba nakong e fetileng, o re: “Haesale ho na le leeme ho tloha ha ke hola. Ka hoo, ke ile ka etsa qeto ya ho se be karolo ya mekgatlo ya dipolotiki empa ka tshehetsa batho ba nang le pono ya ho hlabolla naha. Ha e le hantle ke ile ka qeta dilemo tse ngata ke ratana le sekgukguni.” Morabo rona e mong ya dulang naheng e borwa ya Africa, o ne a rata ntwa. O re: “Ka ha ke ne ke dumela hore morabe wa heso o phahametse e meng, ke ile ka kenella mekgatlong ya dipolotiki. Re ne re rutwa ho bolaya ba bang ka marumo, re bile re bolaya le ba morabe wa rona haeba ba tshehetsa mekgatlo e meng ya dipolotiki.” Moradiwabo rona e mong ya dulang naheng e nngwe e bohareng ba Europe, yena o re: “Ka ha ke ne ke kgethollwa, ke ile ka qetella ke hloile batho ba ditjhaba tse ding le ba neng ba le bodumeding bo fapaneng le ba ka.”

2 Mehlala ena e meraro e boletsweng ka hodimo, e bontsha ka ho hlaka hore mekgwa e mebe e ntse e ata kajeno. Mekgatlo e lwanelang boipuso e ntse e hola ka sekgahla se tshabehang. Ha e le dikarohano tse teng dipolotiking tsona, di ntse di ata le ho feta. Ka lebaka leo, mekgatlo ena e bontsha lehloyo le tshabehang ho batho ba tswang dinaheng tse ding. Bibele e boletse sena esale pele, hore batho ba matsatsing a ho qetela, e tla ba “ba sa bulehelang tumellano le ha e le efe.” (2 Tim. 3:1, 3) Empa Bakreste ba ka kgona ho boloka bonngwe jwang hara batho ba hloyaneng hakaale? Re ka ithuta ho hongata ha re hlahloba ka moo Jesu a ileng sebetsana le maemo kateng nakong ya merusu ya dipolotiki. A ke re hlahlobeng mabaka ana a mararo a bohlokwa: (1) Ke hobaneng ha Jesu a sa ka a tshehetsa batho ba neng ba ikemiseditse ho ketola puso? (2) Jesu o ile a bontsha jwang bohlokwa ba hore bahlanka ba Modimo ha ba a lokela ho tshehetsa dipolotiki? (3) Hona o ile a bontsha jwang hore ho fosahetse ho lwantsha batho ba bang?

TSELA EO JESU A TADIMANG MEKGATLO E LWANELANG BOIPUSO KA YONA

3, 4. (a) Bajuda ba mehleng ya Jesu ba ne ba lebeletse hore ho tla etsahalang? (b) Maikutlo ao a ile a ama barutuwa ba Jesu jwang?

3 Bajuda ba bangata bao Jesu a neng a ba ruta ka Modimo, ba ne ba lebeletse hore ba tla lokoloha tlasa mmuso wa Roma. Boikutlo bona bo ne bo susumetswa ke Bajuda ba neng ba tjhesehela morabe wa bona ho feta tekano. Boholo ba dingangele tsena, bo ne bo tshehetsa maikutlo le pono ya Mogalilea ya bitswang Judase. E ne e le mesia wa bohata wa mehleng ya baapostola ya neng a kgelosa batho ba bangata. Ha rahistori wa Mojuda Josephus a bua ka Judase, o ile a re: “Judase o ile a nyefola Bajuda ka hore ke makwala hobane ba ne ba lefa lekgetho ho Baroma, a ba a ba susumelletsa hore ba fetohele puso.” Baroma ba ile ba bolaya Judase. (Lik. 5:37) E le hore dingangele tsena tsa Bajuda di finyelle ditabatabelo tsa tsona, di ile tsa baka merusu.

4 Ho fapana le batho bana ba feteletsang ditaba, Bajuda ba bang ba ne ba emetse Mesia ka tjantjello hore o tla lokisa ditaba tsa dipolotiki. Ho bolelang hore ba ne ba lebelletse hore ha Mesia a fihla, o tla ba hlohonolofatsa, a be a ba imolle jokong e boima ya Baroma. (Luka 2:38; 3:15) Ba bangata ba ne ba dumela hore Mesia o tla theha mmuso lefatsheng Iseraele. Ha seo se ne se ka etsahala, Bajuda ba dimilione ba neng ba hasane hohle lefatsheng ba ne ba tla kgutlela hae. Hopola hore le Johanne Mokolobetsi o ile a botsa Jesu a re: “Na o Ya Tlang, kapa re lokela ho lebella ya fapaneng?” (Mat. 11:2, 3) Ho ka etsahala hore ebe Johanne o ne a batla ho tseba hore na ho na le e mong ya tla tla a phethahatsa ditabatabelo tsohle tsa Bajuda na. Le barutuwa ba babedi ba ileng ba kopana le Jesu tseleng e yang Emmause le bona ba ne ba na le tabatabelo e tshwanang ka Mesia. (Bala Luka 24:21.) Nakwana ka mora moo, baapostola ba Jesu ba ile ba mo botsa ba re: “Morena, na o kgutlisetsa mmuso ho Iseraele nakong ee.”—Lik. 1:6.

5. (a) Ke hobaneng ha Bagalilea ba ne ba batla hore Jesu e be morena wa bona? (b) Jesu o ile a ba thusa jwang?

5 Ho bonahala hore pono ya Bagalilea e ile ya susumetswa ke ditabatabelo tseo ba neng ba na le tsona ka Mesia. Mohlomong ba ne ba nahana hore Jesu e tla ba morena ya loketseng, hobane tjhe e ne e hlile e le sebui se hlwahlwa. Hape ba shebile hore o tla finyella ditlhoko tsa bona tse kang ho ba fodisa le ho ba fepa. Ka mora hore Jesu a fepe banna ba ka bang 5 000, o ile a lemoha boikutlo boo batho ba neng ba na le bona. “Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tshwara hore ba mo etse morena, a boela a tloha a ya thabeng a le mong feela.” (Joh. 6:10-15) E ka nna yaba tjheseho ya bona e ne e se e batla e fokotsehile letsatsi le hlahlamang ha ba se ba le ka nqane ho Lewatle la Galilea. Yaba Jesu o hlalosetsa bongata bona hore na ha e le hantle mosebetsi wa hae o ka sehloohong ke ofe. Hore ha e le hantle o ne a tletse ho lokisa kamano ya bona le Modimo e seng ho ba hlokomela nameng. Jesu o ile a re: “Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse dulang ho isa bophelong bo sa feleng.”—Joh. 6:25-27.

6. Jesu o totobaditse jwang hore o ne a sa tlela dipolotiki lefatsheng mona? (Sheba setshwantsho se qalong.)

6 Nakwana pele Jesu a shwa, o ile a lemoha hore ba bang ba barutuwa ba hae ba ne ba lebeletse hore o tla tla mme a hlome mmuso wa hae lefatsheng Jerusalema. O ile a lokisa mohopolo oo wa bona ka ho ba etsetsa papiso ya dimina. Papisong eo, Jesu o ile a bontsha hore “monna ya itseng wa tswalo ya borena” o ne a tla etela naheng e hole mme a nke nako pele a kgutla. (Luka 19:11-13, 15) Jesu o ile a boela a hlalosetsa ba boholong pusong ya Roma ka boemo ba hae ba ho se tshehetse mmuso. Ponse Pilato o ile a botsa Jesu a re: “Na o morena wa Bajuda?” (Joh. 18:33) Mohlomong mmusisi enwa o ne a tshaba hore Jesu a ka tloha a tsosa merusu dipolotiking, e leng yona ntho e ka sehloohong eo mmusisi a neng a tshwenyehile ka yona. Yaba Jesu o re: “Mmuso wa ka hase karolo ya lefatshe lena.” (Joh. 18:36) O ne a ke ke a kenela dipolotiki hobane Mmuso wa hae e ne e tla ba wa lehodimo. O ile a bolella Pilato hore mosebetsi oo a neng a o tletse lefatsheng e ne e le “hore [a] pakele nnete.”—Bala Johanne 18:37.

Na o dula o nahana ka mathata a lefatshe kapa ka Mmuso wa Modimo? (Sheba serapa sa 7)

7. Ke hobaneng ha e ka ba phephetso ho qoba ho tshehetsa mekgatlo e lwanelang boipuso esita le ha re sa bue ka ho toba?

7 Haeba re utlwisisa kabelo ya rona hantle feela jwalo ka Jesu, re tla qoba ho tshehetsa mekgatlo e lwanelang boipuso esita le ha re sa bue ka ho toba hore re a e tshehetsa. Empa ho ka nna ha se ke ha ba bonolo. Molebedi e mong wa potoloho o re: “Batho ba sebakeng seo re dulang ho sona ba ntse ba ba le lehloyo ho ya pele. Moya wa botjhaba o jele setsi mme boholo ba batho ba nahana hore tokoloho ya dipolotiki e ka ntlafatsa bophelo ba bona. Ho thabisang ke hore barababo rona bona ha ba kenelle dipolotiking, ho e na le hoo, ba sebetsa ka thata ho bolela molaetsa wa ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Ba na le tshepo ya hore ke Modimo feela ya ka lokisang mathata ao ba tobanang le ona le ho tlisa kgotso.”

MAIKUTLO A JESU E NE E LE AFE KA DIPOLOTIKI?

8. Fana ka mohlala o bontshang ka moo Bajuda ba mehleng ya baapostola ba neng ba le tlasa kgatello kateng.

8 Hangata leeme ke lona le fehlang merusu ya dipolotiki. Taba ya ho lefa lekgetho haesale e le qaka e kgolo dipolotiking mehleng ya Jesu. Ha e le hantle, borabele ba Judase wa Mogalilea eo re buileng ka yena qalong, bo ile ba hotetswa ke taba ena ya hore batho ba ne ba lokela ho lefa lekgetho ho Baroma. Bohle ba neng ba le tlasa puso ya Roma ho akarelletsa le ba neng ba mamela Jesu, ba ne ba tlameha ho lefa lekgetho la thepa, setsha le la matlo. Hape bobodu ba babokelli ba lekgetho bo ne bo bakela ba bang dikoloto tse boima. E ka nna yaba babokelli ba lekgetho ba ne ba ithekela boemo bo phahameng ho tsa thekiso difantising tsa batho bohle, ebe ba iketsetsa phaello ka se bokelletsweng. Zakiase eo e neng e le mmokelli ya ka sehloohong wa lekgetho Jeriko, o ile a iphumana e le morui ka ho qhekella batho ditjhelete tsa bona. (Luka 19:2, 8) Mekgwa ya hae e ne e tshwana hantle feela le ya ba bokelli ba bang kaofela.

9, 10. (a) Dira tsa Jesu di ile tsa leka jwang ho mo qhekella hore a kenelle ditabeng tsa dipolotiki? (b) Re ithutang tseleng eo Jesu a ileng a arabela ka yona? (Sheba setshwantsho se qalong.)

9 Dira tsa Jesu di ile tsa mo qhekella hore a kenelle ditabeng tsa ho lefa lekgetho. Mona ho buuwa ka “lekgetho la hlooho” e leng denari e le nngwe eo motho e mong le e mong ya tlasa puso ya Roma a neng a lokela ho e lefa. (Bala Matheu 22:16-18.) Taba ena e ne e sa jese Bajuda ditheohelang. Ka ha lekgetho leo e ne e le letshwao le bontshang hore ba tlasa puso ya Roma. “Balatedi ba sehlopha sa Heroda” bao ehlileng e leng bona ba qadileng taba ena, ba ne ba lebeletse hore Jesu o tla ba kgahlanong le yona, ebe o qoswa ka hore o hlohlelletsa bofetohedi. Le teng haeba Jesu a ne a ka re ho loketse ho lefa lekgetho, mohlomong o ne a ka lahlehelwa ke karolo e itseng ya balatedi ba hae.

10 Jesu o ne a le hlokolosi hore a se ke a tloha a iphumana a se a kenelletse tabeng ena ya ho lefa lekgetho. O ile a re: “Le lefe Cesare dintho tsa Cesare, empa le lefe Modimo dintho tsa Modimo.” (Mat. 22:21) O ne a tseba hore bobodu ke ntho e tlwaelehileng ho babokelli ba lekgetho. A bile a sa batle le ho hlokomoloha taba ya bohlokwa, e leng Mmuso wa Modimo oo ehlileng e leng tharollo ya sebele. Ka tsela eo, o ne a behela balatedi bohle ba hae mohlala. Ba lokela ho qoba ka hohle hohle ho kenella ditabeng tsa dipolotiki esita le ha ho bonahala eka taba eitseng e a utlwahala. Bakreste ba batla Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae. Ba etsa sena ho e na le ho tsitlella maikutlo a bona kapa ho bua kgahlanong le leeme.—Mat. 6:33.

11. Re ka lwantsha leeme jwang ka tsela e nepahetseng?

11 Dipaki Tsa Jehova tse ngata tseo pele di neng di na le maikutlo a matla ka dipolotiki, di atlehile ho tlohela mokgwa oo. Moradiwabo rona e mong ya dulang Great Britain o re: “Ke ile ka qala ho feteletsa dintho ka mora hore ke ye yunivesithi ho ya ithuta ka tsela eo batho ba lokelang ho sebedisana ka yona setjhabeng. Ke ne ke hlile ke batla ho tlisa diphetoho bophelong ba batho ba batsho hobane re ile ra tshwarwa hampe ka nako e telele. Le hoja ke ne ke na le bokgoni ba ho hlola dingangisano, hangata ke ne ke dula ke ferekane. Ke ne ke sa lemohe hore kgethollo ya morabe ke ntho e lokelang ho fotholwa ka metso dipelong tsa batho. Le ha ho le jwalo, ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka lemoha hore ke lokela ho qala ka pelo ya ka. Ho thabisang ke hore ke ne ke thuswa ke moradiwabo rona wa lekgowa hore ke etse diphetoho. Hona jwale ke se ke le pulamadiboho wa kamehla phuthehong ya puo ya matsoho, ebile ke ithuta ho buisana le batho ba merabe yohle.”

“KGUTLISETSA SABOLE YA HAO SEBAKENG SA YONA”

12. Ke “tomoso” ya mofuta ofe eo Jesu a ileng a re barutuwa ba hae ba lokela ho e qoba?

12 Mehleng ya Jesu ho ne ho tlwaelehile hore bodumedi le dipolotiki di tswakane. Buka e bitswang Daily Life in Palestine at the Time of Christ e bontsha hore “re ka tshwantsha maqulwana a bodumedi a Bajuda le mekgatlo ya dipolotiki ya kajeno.” Jesu o ile a lemosa barutuwa ba hae a re: “Dulang le butse mahlo, le hlokomele tomoso ya Bafarisi le tomoso ya Heroda.” (Mar. 8:15) Moo Jesu a qotsang Heroda, ho ka etsahala hore ebe o ne a bua ka balatedi ba sehlopha sa Heroda. Bafarisi e ne e le batshehetsi ba mekga ya boipuso ya Sejuda. Ha Matheu a ngola tlaleho ya hae o senola hore Jesu o ile a bua le ka Basaduse. Basaduse bona, ba ne ba sa batle hore ho be le diphetoho. Ba bangata ba bona ba ne ba na le maemo a phahameng dipolotiking mmusong wa Roma. Jesu o ile a lemosa barutuwa ba hae ka matla hore ba itebele kgahlanong le tomoso kapa dithuto tseo dihlopha tsena tse tharo di neng di di ruta batho. (Mat. 16:6, 12) Ho thahasellisang ke hore puisano ena ebile teng nakwana feela ka mora hore batho ba batle ho etsa Jesu morena.

13, 14. (a) Ke ka tsela efe dipolotiki le bodumedi di bakang dintwa le leeme? (b) Ke hobaneng ha ntwa e se tharollo ya leeme? (Sheba setshwantsho se qalong.)

13 Ha bodumedi bo tswakane le dipolotiki, ntwa eka qhoma habonolo. Jesu o ile a ruta balatedi ba hae hore maemong ana ba itlhokomele hore ba se ke ba kenella. Lena ke le leng la mabaka a entseng hore baprista ba phahameng le Bafarisi ba rere ho bolaya Jesu. Ba ne ba bona eka Jesu o tla tloha a ba nkela boemo ba bona bo phahameng ba dipolotiki le ba bodumedi. Ba ne ba re: “Haeba re mo tlohela ka tsela ena, bohle ba tla beha tumelo ho yena, mme Baroma ba tla tla ba nka sebaka sa rona le setjhaba sa rona.” (Joh. 11:48) Ke ka hoo Moprista ya Phahameng Kaifase a ileng a di hula pele ho tjhehela Jesu leraba la hore a bolawe.—Joh. 11:49-53; 18:14.

14 Kaifase o ile a romela masole hore a ilo tshwara Jesu bosiu. Jesu o ne a tseba ka leqheka lena le hlabisang dihlong mme o ile a roma baapostola ba hae hore ba ilo batla disabole. Disabole tse pedi di ne di lekane hore Jesu a ba rute thuto ya bohlokwa. (Luka 22:36-38) Hona bosiung boo, Petrose o ile a sebedisa sabole ho hlatha e mong wa banna ba neng ba le hara mokgopi. Ha ho potang hore o ne a halefisitswe ke ho bona Jesu a tshwarwa ka leeme bosiung boo. (Joh. 18:10) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re ho Petrose: “Kgutlisetsa sabole ya hao sebakeng sa yona, ka ha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Mat. 26:52, 53) Thuto ena e matla e ne e dumellana le seo Jesu a neng a rapela ka sona pejana bosiung boo, ha a ne a re barutuwa ba hae ha ba a lokela ho ba karolo ya lefatshe. (Bala Johanne 17:16.) Ho lwantshana le leeme ha se ntwa ya rona empa ke ya Modimo.

15, 16. (a) Lentswe la Modimo le re thusa jwang ho rarolla diqabang? (b) Ke phapang efe eo Jehova a e bonang ha a shebile bahlanka ba hae le batho ba sa mo sebeletseng?

15 Moradiwabo rona yane eo re buileng ka yena qalong, ya dulang naheng e nngwe e ka borwa ba Europe, o ithutile se tshwanang. O re: “Ke lemohile hore dintwa ha di tlise kgotso. Ke bone hore batho ba ratang ntwa ba qetella ba shwele, ha ba bang bona ba dula ba halefile. Ke ile ka thaba haholo ha ke ithuta ho tswa Bibeleng hore ke Modimo feela ya ka tlisang kgotso ya sebele lefatsheng. Ho se ho fetile dilemo tse 25 le nna ke ntse ke ruta batho molaetsa oo.” Morabo rona ya dulang naheng e nngwe e ka borwa ba Africa, ha a sa tshwara lerumo empa o se a tshwara “sabole ya moya,” ke hore Lentswe la Modimo. O bua le batho ba merabe yohle mme o ba bolella molaetsa wa kgotso. (Baef. 6:17) Ka mora hore moradiwabo rona ya dulang bohareng ba Europe, e be Paki ya Jehova, o ile a nyalana le morabo rona wa morabe o sele, oo a neng a o hloile pele. Batho bana ba bararo ba entse diphetoho tsena hobane ba ne ba batla ho etsisa Kreste.

16 Ruri ho ne ho hlokahala hore ba etse diphetoho tsena. Bibele e tshwantsha batho le leqhubu la lewatle le iswang kwana le kwana, le le se nang kgotso. (Esa. 17:12; 57:20, 21; Tšen. 13:1) Empa rona re kgona ho ba le kgotso le ha re dula lefatsheng le tletseng dipolotiki ebile le ntse le arolwa ke dintwa. E tlameha ebe Jehova o thaba hakaakang ha a fumana hore rona re na le bonngwe le hoja re phela hara batho ba sa utlwaneng.—Bala Sofonia 3:17.

17. (a) Ke ditsela dife tse tharo tseo re ka bontshang ka tsona hore re batla ho ba le bonngwe? (b) Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

17 Re bone hore re ka etsa hore ho be le bonngwe ka phuthehong ya Bokreste ka ditsela tsena tse tharo: (1) Ka ho beha tshepo ya rona Mmusong wa Modimo o lehodimong hobane ke ona o tla fedisa leeme, (2) ka ho hana ho kenella ditabeng tsa dipolotiki le (3) ka ho se lwane. Empa ka dinako tse ding kgethollo eka nna ya thefula bonngwe ba rona. Sehlooho se latelang se tla re thusa ho bona hore na re ka hlola bothata bona jwang, jwalo ka ha Bakreste ba mehleng ya baapostola ba ile ba bo hlola.