Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Ntse o Hopola?

Na o Ntse o Hopola?

Na o se o kile wa bala dihlooho tsa moraorao tsa Tora ya ho Lebela? Leka ho araba dipotso tse latelang:

Ke dintho dife tse nne tse tla re thusa ho ntlafatsa tsela eo re binang ka yona?

Ha re bina re lokela ho ema hantle re be re tshwarele dipina tsa rona hodimo. Re lokela le ho hema ka tsela e nepahetseng. Haeba re bula molomo haholo ha re bina, re tla kgona ho binela hodimo.—w17.11, p. 5.

Keng e re kgahlang ka dibaka le ditsela tse neng di ya metseng ya setshabelo ya Iseraele?

Ho ne ho na le metse e 6 ya setshabelo ho pholletsa le naha mme ditsela tse neng di ya ho yona, di ne dula di lokisitswe. Ka hoo, motho o ne a ka fihla motseng wa setshabelo ka potlako.—w17.11, p. 14.

Ke hobaneng ha mpho ya Modimo ya thekollo e le ya bohlokwa ka ho fetisisa?

Thekollo e re fa monyetla wa ho phela ka ho sa feleng hobane e re lokolla sebeng le lefung. Le hoja re le baetsadibe, Jehova o ile a fana ka mora wa hae Jesu hobane a re rata.—wp17.6, pp. 6-7.

Pesaleme ya 118:22 e hatisa tsoho ya Jesu jwang?

Batho ba ile ba latola hore Jesu ke Mesia mme ba mo bolaya. E le hore e be “hlooho ya sekgutlo,” ho ne ho hlokahala hore a tsoswe bafung.—w17.12, pp. 9-10.

Na tokelo ya ho ba letsibolo e ne e etsa hore motho a be lelokong le lebisang ho Mesia?

Ha se kamehla batho ba neng ba le lelokong le lebisang ho Mesia e neng e le matsibolo. Ka mohlala, Davida e ne e se letsibolo la Jese, empa ke moo Mesia o hlahile ho yena.—w17.12, pp. 14-15.

Ke melaomotheo efe e buang ka tsa bophelo e hlahang ka Bibele?

Molao o ne o laela hore batho ba nang le mafu aitseng ba arolwe ho ba bang. Batho ba ne ba lokela ho hlapa ka mora ho tshwara setopo. Molao o ne o bile o re batho ba epele mantle a bona. Motho o ne a lokela ho bolotswa ka mora matsatsi a 8 a hlahile, hobane madi a hae a phalla hantle jwalo ka kamehla—wp18.1, p. 7.

Ke hobaneng ha ho loketse hore Mokreste a ithate ho isa boholeng bo itseng?

Re lokela ho rata baahelani ba rona jwalo ka ha re ithata. (Mar. 12:31) Banna ba lokela ho “rata basadi ba bona jwalo ka mmele ya bona.” (Eph. 5:28) Empa ke nnete hore ho ithata hona, ho ka nna ha utlwisiswa ka tsela e fosahetseng.—w18.01, p. 23.

Ke mehato efe eo re ka e nkang ho matlafatsa kamano ya rona le Modimo?

Re lokela ho bala, ho nahanisa le ho kenya seo re se badileng tshebetsong. Re boetse re lokela ho dumella moya o halalelang hore o susumetse menahano le dipelo tsa rona, re be re amohele thuso ya ba bang.—w18.02, p. 26.

Ke hobaneng ha balepi ba dinaledi le batho ba bolelang bokamoso e sa le pele ba ke ke ba re thusa hore re tsebe bokamoso?

Ho na le mabaka a mangata, empa le ka sehloohong ke hore Bibele e kgahlanong le dintho tse jwalo.—wp18.2, pp. 4-5.

Boikutlo ba rona e lokela ho ba bofe ha batho ba re memela dijong?

Haeba re ile ra amohela memo, re lokela ho etsa ka hohlehohle hore re be batho ba mantswe a rona. (Pes. 15:4) Ha re a lokela ho kweneha ntle ho mabaka a utlwahalang. Hobane mohlomong motho enwa wa batho, o sebeditse ka thata ho re lokisetsa dijo.—w18.03, p. 18.

Banna ba kgethilweng ba ka ithutang ho Timothea?

Timothea o ne a rata batho a bile a nka kamano ya hae le Modimo e le ya bohlokwa. O ne a sebeletsa Modimo ka boitelo bohle mme a etsa seo a ithutileng sona. Hape o ne a bile a ikwetlisa, a itshetlehile ka moya o halalelang. Baholo le Bakreste kaofela, ba ka etsisa mohlala wa hae.—w18.04, pp. 13-14.