Moqolo wa Kgale o “Phuthollotswe”
Dikarolwana tsa moqolo wa Ein Gedi tse tjheleng, di ne di sa kgone ho baleha ho tloha ha di ne di fumanwa ka 1970. Motjhini o skenang (3D) o kgonang ho bona dintho ka mahlakore a mararo, o bontsha hore moqolo oo ona le ditemana tsa lengolo la Levitike mme lebitso la Modimo le ngotswe ho tsona
KA 1970, baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana moqolo o neng o tjhele Ein Gedi, Iseraele, bophirimela ba lebopo la Lewatle le Shweleng. Ba ile ba fumana moqolo ona nakong eo ba neng ba epolla synagoge e ileng ya tjha ha motse o ne o timetswa, hoo e ka bang ka selemo sa bo 6 mehleng ya baapostola. Ka ha moqolo oo o ne o tjhele haholo, ho ne ho le thata ho bala se neng se ngotswe ho ona ebile ha motho a o phutholla o ne o foforeha. Le ha ho le jwalo, ho ile ha sebediswa mokgwa wa motjhini o skenang (wa 3D) o kgonang ho bona dintho ka mahlakore a mararo mme ene eka moqolo oo o “phuthollotswe.” Hape, ka thuso ya mokgwa o mong o motjha wa ho etsa hore ditshwantsho tse tlwaelehileng e be tsa elektronike, dintho tse ngotsweng moqolong di ile tsa kgona ho balwa.
Keng se ileng sa fumanwa? Ho ile ha fumanwa hore moqolo oo ke wa Bibele mme karolo e neng e setse ya wona, e ne ena le ditemana tse qalang tsa lengolo la Levitike. Ditemana tseo di ne di ena le lebitso la Modimo, le neng le ngotswe ka ditlhaku tse nne tsa Seheberu. Ho latela dipatlisiso, ho bonahala moqolo ona e le wa ho elella qetellong ya selemo sa pele ho ya ho sa bone mehleng ya baapostola. Ka lebaka leo, eba wa bobedi ho ya kgale ka ho fetisisa ya Seheberu e kileng ya fumanwa ka mora hore ho fumanwe mongolo o ngotsweng ka letsoho wa Qumran. Ha Gil Zohar a ngola ho The Jerusalem Post o ile a re: ‘Pele moqolo wa Ein Gedi o fumanwa, ho ne ho fetile dilemo tse ka bang 1 000 ka mora hore ho fumanwe Meqolo ya Lewatle le Shweleng le dibuka tsa boholoholo tsa Aleppo, e leng se bontshang hore meqolo eo le dibuka tseo ke tsa kgale haholo ha di bapiswa le moqolo wa Ein Gedi.’ Ditsebi di re ho fumanwa ha moqolo ona ho ile ha bontsha hore mongolo wa Masorete wa Torah o ne o sa fetola letho dilemong tseo tse 1 000 mme se neng se hlaha mongolong wa Masorete se ne se tshwana le seo moqolo oo o se ngotseng.