Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Ke mefuta efe ya lekgetho eo batho ba neng ba e lefa mehleng ya Jesu?

HAESALE ho tloha kgale Baiseraele ba fana ka tjhelete ho tshehetsa borapedi ba Jehova. Empa mehleng ya Jesu, taba ya ho ntsha lekgetho e ile ya rarahana hape ya eba boima bakeng sa Bajuda.

Bajuda bohle ba ne ba lokela ho ntsha halofo ya shekele (didrakema tse pedi) e le ho tshehetsa mosebetsi o neng o etswa dibakeng tse halalelang tsa borapedi bo hlwekileng. Mehleng ya Jesu, lekgetho leo le ne le sebedisetswa ho etsa mahlabelo le ho hlokomela tempele eo Heroda a ileng a e haha. Bajuda ba bang ba ile ba botsa Petrose hore na maikutlo a Jesu ke afe ka lekgetho leo mme Jesu ha a ka a re ke phoso ho le lefa. Ha e le hantle, o ile a bolella Petrose hore na o tla fumana tjhelete hokae e le hore a lefe lekgetho leo.​—Mat. 17:24-27.

Bahlanka ba Modimo ba kgale ba ne ba boetse ba tlameha ho lefa karolo ya leshome e leng ho fana ka karolo ya leshome ya dijalo kapa tjhelete ya bona. (Lev. 27:30-32; Num. 18:26-28) Baetapele ba bodumedi ba ne ba tsitlella hore lekgetho lena le lefuwe nthong e nngwe le e nngwe ho akarelletsa le dijalong tse kang “kwena le dille le kumine.” Jesu ha a ka a re ke phoso ho fana ka karolo ya leshome empa o ile a pepesa boikaketsi ba bangodi le Bafarisi tabeng ena.​—Mat. 23:23.

Ka nako eo, Baroma ba ne ba busa mme Bajuda ba ne ba lokela ho patala lekgetho le lengata. Lekgetho le leng le ne le patalwa ke batho ba nang le masimo mme ba ne ba le patala ka tjhelete kapa thepa. Ho hakanngwa hore lekgetho lena le ne le le pakeng tsa diphesente tse 20 ho ya ho tse 25. Bajuda bohle ba ne ba boetse ba lokela ho lefa lekgetho la hlooho. Bafarisi ba ile ba botsa Jesu dipotso ka lekgetho lena. O ile a bontsha hore na re lokela ho ikutlwa jwang ka ho lefa lekgetho ha a re: “Ka hona, le lefe Cesare dintho tsa Cesare, empa le lefe Modimo dintho tsa Modimo.”​—Mat. 22:15-22.

Ho ne ho boetse ho ena le lekgetho le neng le patalwa ha thepa e tswa kapa e kena ka hare ho naha. Le ne le patalwa boemakepe, marokgong, ditseleng le ha motho a kena toropong kapa mmarakeng.

Lekgetho leo batho ba neng ba le patala tlasa puso ya Roma le ne le le boima haholo. Ho ya ka rahistori Tacitus wa Moroma nakong ya puso ya Moemphera Tiberiuse ha Jesu a ntse a le lefatsheng, “Syria le Judæa di ile tsa kopa ho fokoletswa lekgetho hobane le ne le le boima haholo.”

Tsela ya ho bokella lekgetho lena ke yona e ileng ya etsa hore le be boima. Mosebetsi wa ho bokella lekgetho o ne o fuwa motho ya faneng ka tjhelete e ngata bakeng sa ho o fumana. Ka mora moo, o ne a hira batho ba bang mme le bona ba ne ba leka ho iketsetsa tjhelete ha ba ntse ba le bokella ka hore ba batle tjhelete e eketsehileng. Ho bonahala eka Zakiase le yena o ne a ena le batho ba jwalo ba ikarabellang tlasa hae. (Luka 19:1, 2) Ho hlakile hore batho ba ne ba hloile mokgwa ona wa ho bokella lekgetho hape ba ne ba sa rate babokelli ba lekgetho.