Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25

Qoba ho Utlwisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko

Qoba ho Utlwisa “ba Banyenyane Bana” Bohloko

“Le se ke la nyedisa e mong wa ba banyenyane bana.”​—MAT. 18:10.

PINA YA 113 Re na le Kgotso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o entseng bakeng sa rona bohle?

JEHOVA o huletse e mong le e mong wa rona ho yena. (Joh. 6:44) A ko nahane hore na taba eo e bolelang. Ha Jehova a ntse a hlahloba batho bohle ba teng lefatsheng mona, o ile a kgahlwa ke ho hong ho wena e leng pelo e ntle e neng e tla batla ho mo sebeletsa. (1 Likron. 28:9) Jehova o a o tseba, o a o utlwisisa ebile o a o rata. Taba ena ya kgothatsa ka nnete.

2. Jesu o ile a etsa papiso efe ho bontsha hore Jehova o tsotella dinku tsohle tsa hae?

2 Jehova o o rata haholo hape o boetse o tsotella le bara le baradibabo rona bohle. E le ho hlakisa taba ena, Jesu o ile a tshwantsha Jehova le modisa. Modisa o tla etsang haeba nku e le nngwe e hlahlathela e tloha ho tse lekgolo? O tla “tlohela tse mashome a robong a metso e robong dithabeng mme a tswe ho ya batla e hlahlathelang.” Ha modisa a fumana nku eo, a ke ke a e tshwara hampe. O tla e thabela. Re ithutang moo? Nku e nngwe le e nngwe e bohlokwa ho Jehova. Jesu o ile a re: “Ha se ntho e lakatsehang ho Ntate ya lehodimong hore e mong wa ba banyenyane bana a timele.”​—Mat. 18:12-14.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Re ke ke ra batla ho nyahamisa bara le baradibabo rona. Re ka qoba ho utlwisa ba bang bohloko jwang? Hape re ka etsang haeba motho e mong a re utlwisa bohloko? Re tlo bua ka dipotso tsena sehloohong sena. Empa pele, a re ke re bueng ka bana “ba banyenyane” bao ho buuwang ka bona ho Matheu kgaolo ya 18.

“BA BANYENYANE” KE BOMANG?

4. “Ba banyenyane” ke bomang?

4 “Ba banyenyane” ke barutuwa ba Jesu ba dilemo tsohle. Ho sa tsotellehe dilemo tsa bona, ba “jwalo ka bana ba banyenyane” ka kutlwisiso ya hore ba batla ho rutwa ke Jesu. (Mat. 18:3) Le hoja ba tswa dibakeng tse sa tshwaneng le meetlo ya bona e sa tshwane, ebile ba ena le maikutlo a sa tshwaneng le mekgwa e sa tshwaneng ya ho etsa dintho, kaofela ha bona ba dumela ho Kreste mme le yena o ba rata haholo.​—Mat. 18:6; Joh. 1:12.

5. Jehova o ikutlwa jwang ha motho e mong a kgopisa kapa a utlwisa batho ba hae bohloko?

5 Bohle “ba banyenyane” ba bohlokwa ho Jehova. E le ho utlwisisa hore na Jehova o ikutlwa jwang, a ko nahane hore na rona re ikutlwa jwang ka bana. Ba bohlokwa ho rona. Re batla ho ba sireletsa hobane ha ba na matla, boiphihlelo hape ha ba bohlale jwalo ka batho ba baholo. Ha e le hantle ha re batle ho bona ha batho ba utlwa bohloko ebile ka ho kgetheha re a kwata kapa re be re halefe ha motho e mong a utlwisa ngwana bohloko. Ka tsela e tshwanang, Jehova o batla ho re sireletsa hape o utlwa bohloko a be a halefe haeba motho e mong a re kgopisa kapa a re utlwisa bohloko.​—Esa. 63:9; Mar. 9:42.

6. Ho ya ka 1 Bakorinthe 1:26-29, batho ba lefatshe lee ba nka barutuwa ba Jesu jwang?

6 Barutuwa ba Jesu ba jwalo ka “ba banyenyane” ka tsela efe hape? Batho ba lefatshe lee bona ba re batho ba bohlokwa ke ba jwang? Ke ba ruileng, ba tummeng le ba nang le matla. Empa hangata barutuwa ba Jesu ha ba jwalo. Ba nkwa ba se bohlokwa, e le “ba banyenyane” ba se nang thuso. (Bala 1 Bakorinthe 1:26-29.) Empa Jehova yena ha a ba bone ka tsela eo.

7. Jehova o batla hore re ikutlwe jwang ka bara le baradibabo rona?

7 Jehova o rata bahlanka bohle ba hae ebang ke kgale ba mo sebeletsa kapa tjhe. Bara le baradibabo rona bohle ba bohlokwa ho Jehova, ka hoo ba lokela hore ba be bohlokwa jwalo le ho rona. Re batla ho ba “le lerato bakeng sa mokgatlo wohle wa barababo rona,” eseng bakeng sa ba bang feela. (1 Pet. 2:17) Re tlameha ho etsa boiteko bohle ho ba sireletsa le ho ba hlokomela. Haeba re hlokomela hore re utlwisitse motho e mong bohloko kapa ho mo kwatisa, ha re a lokela ho iphapanya ebe re nahana hore motho eo o lokela ho re tshwarela a be a lebale ka taba eo. Ke hobaneng ha bara le baradibabo rona ba bang ba ka utlwa bohloko? Mohlomong ba bang ba ka nna ba ikutlwa e se batho ba bohlokwa ka lebaka la tsela eo ba hodisitsweng ka yona. Ba bang e sa tswa ba Dipaki mme ha ba eso ithute hore na ba lokela ho sebetsana jwang le mefokolo ya batho ba bang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, re lokela ho sebetsa ka thata ho lokisa dintho. Ho feta moo, motho ya kgopiswang ke batho ba bang ha bonolo, o lokela ho tseba hore mokgwa oo o mobe mme a o tlohele. O lokela ho etsa jwalo molemong wa hore a be le kgotso le bakeng sa setswalle se setle le Bakrestemmoho le yena.

NKA BA BANG BA O PHAHAMETSE

8. Ke mokgwa ofe o neng o tlwaelehile mehleng ya Jesu o ileng wa susumetsa barutuwa ba hae?

8 Jesu o ile a susumetswa ke eng hore a bue ka “ba banyenyane”? Barutuwa ba hae ba ile ba mo botsa ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo mmusong wa mahodimo?” (Mat. 18:1) Mehleng eo, Bajuda ba bangata ba ne ba nka maemo le ho hlahella e le dintho tsa bohlokwa haholo. Mongodi e mong o re: “Batho ba ne ba phelela ho hlomphuwa, ho tuma, le ho amohelwa ke batho ba bang.”

9. Barutuwa ba Jesu ba ne ba tlameha ho etsang?

9 Jesu o ne a tseba hore barutuwa ba hae ba ne ba tlameha ho sebetsa ka thata hore ba se ke ba eba le moya wa ho hlodisana o neng o rena mehleng eo ya Bajuda. O ile a re ho bona: “E moholo hara lona a ke a be jwalo ka e monyenyane le ya ka sehloohong a ke a be jwalo ka ya sebeletsang.” (Luka 22:26) Re itshwara jwalo ka “ba banyenyane” ha re nka batho ba bang ‘ba re phahametse.’ (Bafil. 2:3) Ha re lwanela ho ba ka tsela eo, e tla ba ka sewelo re ka utlwisang batho ba bang bohloko.

10. Ke keletso efe ya Pauluse eo re lokelang ho e mamela?

10 Ka tsela ena kapa yane, bara le baradibabo rona bohle ba re phahametse. Ho bonolo ho elellwa taba eo haeba re nahana haholo ka makgabane a bona. Re lokela ho mamela keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakorinthe, e reng: “Ke mang ya etsang hore o se ke wa tshwana le e mong? Ka sebele, o na le eng eo o sa kang wa e amohela? Jwale, haeba ka sebele o ile wa e amohela, ke hobaneng ha o ithorisa jwalo ka ha eka ha o a ka wa e amohela?” (1 Bakor. 4:7) Re lokela ho itlhokomela hore re se ke ra ipitsetsa mahlo a batho kapa ho nahana hore re phahametse batho ba bang. Haeba morabo rona a fana ka dipuo tse monate haholo kapa moradiwabo rona a ena le bokgoni ba ho ithuta Bibele le batho, ka bobedi ba lokela hore ba lebohe Jehova ka mehla.

TSHWARELANANG “HO TLOHA DIPELONG”

11. Jesu o ile a re rutang ka papiso ya morena le lekgoba la hae?

11 Nakwana ka mora hore Jesu a lemose balatedi ba hae hore ba se ke ba utlwisa ba bang bohloko, o ile a etsa papiso ya morena le lekgoba la hae. Morena o ile a hlakola sekoloto se seholohadi seo lekgoba leo le ileng la hloleha ho se patala. Ha morao monna eo wa lekgoba o ile a hana ho hlakola sekoloto se senyane sa lekgobammoho le yena seo le neng le mo kolota sona. Qetellong morena o ile a lahlela lekgoba leo le kgopo teronkong. Re ithutang moo? Jesu o ile a re: “Ntate wa ka wa lehodimo le yena o tla sebetsana le lona ka mokgwa o tshwanang haeba le sa tshwarele e mong le e mong morabo ho tloha dipelong tsa lona.”​—Mat. 18:21-35.

12. Ha re sa tshwarele batho, re utlwisa ba bang bohloko jwang?

12 Dintho tseo monna eo wa lekgoba a ileng a di etsa di ile tsa utlwisa yena le batho ba bang bohloko. Taba ya pele, o ile a tshwara lekgobammoho le yena ka tsela e seng mosa a ba a le utlwisa bohloko ka ho le ‘lahlela tjhankaneng ho fihlela le ka lefa seo le neng le se kolota.’ Ya bobedi o ile a utlwisa makgoba a ileng a bona hore na o entseng bohloko. “Ha makgobammoho le lona a bona dintho tse neng di etsahetse, a sarelwa haholo.” Ka tsela e tshwanang, diketso tsa rona di ama batho ba bang. Haeba motho e mong a re tshwara hampe ebe ha re mo tshwarele, ho ka etsahalang? Taba ya pele, re mo utlwisa bohloko ka ho se mo tshwarele, ho se mo fe nako ya rona le ho se mo rate. Ya bobedi, re etsa hore ba bang ka phuthehong ba se ke ba phutholoha ha ba hlokomela hore re na le bothata le motho eo.

Na o tla jara batho ka pelo kapa o tla ba tshwarela ka ho rata? (Sheba serapa sa 13 le 14) *

13. O ithutang mohlaleng wa pulamadiboho e nngwe?

13 Ha re tshwarela bara le baradibabo rona re itswela molemo ha mmoho le bona. Ntho eo e ile ya etsahalla pulamadiboho eo re tla re ke Crystal. O ile a utlwiswa bohloko ke moradiwabo rona e mong. Crystal o re: “Ka dinako tse ding, o ne a mpolella mantswe a bohloko hoo e neng eka ke hlajwa ka thipa. Ha re le tshimong, ke ne ke sa batle le ho tsamaya le yena. Ke ile ka fellwa ke thabo le mafolofolo tshebeletsong.” Moradiwabo rona Crystal o ne a utlwa eka o na le mabaka a ho utlwa bohloko. Empa ha a ka a itumella ho nkwa ke maikutlo kapa hona ho ikutlwela bohloko. Ka boikokobetso o ile a sebedisa keletso e hlahang sehloohong se reng “Tshwarela ho Tloha Pelong” se ho Molula-Qhooa wa October 15, 1999. O ile a tshwarela moradi eo wabo rona. Crystal o re: “Hona jwale ke a hlokomela hore kaofela ha rona re sebetsa ka thata hore re apare botho bo botjha le hore Jehova o re tshwarela ka bolokolohi letsatsi le letsatsi. Ke ikutlwa ke imolohile haholo. Hape ke thabile.”

14. Ho ya ka Matheu 18:21, 22, ho bonahala eka moapostola Petrose o ne a ena le bothata bofe, hona re ka ithutang karabong ya Jesu?

14 Re a tseba hore ho tshwarelana ke ntho ya bohlokwa eo re tlamehang ho e etsa. Empa re ka nna ra thatafallwa ke ho etsa jwalo. E ka nna yaba ka dinako tse ding moapostola Petrose o ne a ikutlwa jwalo. (Bala Matheu 18:21, 22.) Re ka thuswa ke eng? Qala pele ka ho nahanisisa ka hore na Jehova o o tshwaretse hakae. (Mat. 18:32, 33) Ha re tshwanelwe ke hore Jehova a re tshwarele empa o etsa jwalo ka ho rata. (Pes. 103:8-10) Le rona ka tsela e tshwanang “re tlamehile ho ratana.” Ka hoo, ha re na boikgethelo tabeng ya ho tshwarelana. Re tlamehile ho dula re tshwarela Bakrestemmoho le rona. (1 Joh. 4:11) O ka boela wa nahanisisa ka hore na ho tshwarelana ho tla re tswela molemo jwang. Re ka thusa motho ya re utlwisitseng bohloko, ra momahanya phutheho, ra sireletsa setswalle sa rona le Jehova le ho imoloha. (2 Bakor. 2:7; Bakol. 3:14) O ka qetella ka ho rapela Modimo wa rona ya reng re tshwarelane. O se ke wa dumella Satane a senye kgotso eo o nang le yona le badumedimmoho le wena. (Baef. 4:26, 27) Re hloka hore Jehova a re thuse haeba re batla ho qoba leraba leo la Satane.

O SE KE WA ITUMELLA HORE O UTLWISWE BOHLOKO

15. Ho ya ka Bakolose 3:13, re ka etsang haeba re utlwisitswe bohloko ke Bakrestemmoho le rona?

15 Empa ho thweng haeba modumedimmoho le wena a o tshwere ka tsela e o utlwisitseng bohloko? O lokela ho etsang? Leka ka hohle hore le dule le ena le kgotso. Rapela Jehova ho tswa pelong. Mo kope hore a thuse motho ya o utlwisitseng bohloko le hore a o thuse ho bona makgabane ao motho eo a nang le ona ao Jehova a a ratang ka yena. (Luka 6:28) Haeba o sa kgone ho lebala ntho eo Mokrestemmoho le wena a e entseng, e ka ba hantle hore o bue le yena ka taba eo. O tla be o etsa hantle ha o ka nahana hore Mokrestemmoho le wena o ne a ke ke a o utlwisa bohloko ka boomo. (Mat. 5:23, 24; 1 Bakor. 13:7) Ha o bua le yena o se ke wa nahana hore o na le maikutlo a fosahetseng. Empa o tla etsang haeba a sa batle ho bopa kgotso? Tswela pele ho mo mamella. O se ke wa mo tenehela. (Bala Bakolose 3:13.) Taba ya bohlokwa le ho feta ke hore, o se ke wa dula o kwatile hobane ha o ka etsa jwalo o tla senya setswalle sa hao le Jehova. O se ke wa dumella eng kapa eng hore e o utlwise bohloko. Ha o etsa jwalo o tla be o bontsha hore o rata Jehova ho feta ntho le ha e le efe.​—Pes. 119:165.

16. Kaofela ha rona re na le boikarabelo bofe?

16 Re ananela tlotla ya ho sebeletsa Jehova re momahane re le “mohlape o le mong” o tataiswang ke ‘modisa a le mong.’ (Joh. 10:16) Buka ya Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova, leqepheng la 165 e re: “Ka ha o rua molemo bonngweng boo, ke boikarabelo ba hao ho etsa hore bo dule bo le teng.” Ka hoo, “re leka ho tadima bara le baradibabo rona ka tsela eo Jehova a ba tadimang ka yona.” Ho Jehova kaofela ha rona re “ba banyenyane” ebile re ba bohlokwa ho yena. Na o nka Bakrestemmoho le wena ka tsela eo? Jehova o hlokomela ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsang ho ba thusa le ho ba hlokomela.​—Mat. 10:42.

17. Re ikemiseditse ho etsang?

17 Re rata Bakrestemmoho le rona. Ka hoo, a re ikemisetseng ho etsa qeto ya hore re se ke ra ‘beha kgopiso kapa sesosa sa ho kgoptjwa ka pela morabo rona.’ (Bar. 14:13) Re nka Bakrestemmoho le rona ba re phahametse hape re batla ho ba tshwarela ka bolokolohi. E se eka re ke ke ra itumella ho utlwiswa bohloko ke batho ba bang. Ho ena le hoo, a re kgetheng ho ‘phehella dintho tse tlisang kgotso le dintho tseo re ka hahanang ka tsona.’​—Bar. 14:19.

PINA YA 130 Tshwarelanang

^ par. 5 Ka ha ha re a phethahala, re ka bua kapa ra etsa dintho tse ka utlwisang Bakrestemmoho le rona bohloko. Re tlameha ho etsang ha re le boemong boo? Na re ikemiseditse ho bopa kgotso le bara le baradibabo rona? Na re potlakela ho kopa tshwarelo? Na re itjwetsa hore haeba ba utlwile bohloko, ke tabeng ya bona ha se ya rona? Kapa na re potlakela ho kwatiswa ke dintho tseo batho ba di buang le ho di etsa? Na re ipehela mabaka a hore re ka tsela eo ebe re hana ho fetoha? Kapa na re a utlwisisa hore re lokela ho etsa diphetoho?

^ par. 53 DITSHWANTSHO: Moradiwabo rona o kwatetse e mong ha ba le ka dibokeng. Ka mora hore ba buisane ka taba eo, ba lebala ka yona mme ba sebetsa ha mmoho ba thabile.