Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22

Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe

Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe

“E mong le e mong wa lona a ke a kolobetswe.”​—LIK. 2:38.

PINA YA 72 Ho Tsebahatsa Nnete ya Mmuso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Barutuwa ba Jesu ba ile ba bolella batho ba bangata hore ba etse eng?

BATHO ba bangata ba akarelletsang banna le basadi ba tswang dinaheng tse ngata, ba buang dipuo tse fapaneng ba ne ba bokane ha mmoho. Ntho e makatsang e ile ya etsahala letsatsing leo. Sehlopha se seng sa Bajuda se ne se kgona ho bua dipuo tsa batho bao ba etileng. Le hoja ntho eo e ne e makatsa, taba eo Bajuda bao ba e buileng ho bona le eo moapostola Petrose a ileng a e bua ho bona e ne e ikgetha. Batho bana ba bangata ba ile ba ithuta hore ba ka pholoswa haeba ba bontsha tumelo ho Jesu Kreste. Molaetsa oo o ile wa ba ama maikutlo haholo. Batho ba ne ba amehile haholo hoo ba ileng ba re: “Re tla etsa jwang?” Petrose ha a ba araba o ile a re: “E mong le e mong wa lona a ke a kolobetswe.”​—Lik. 2:37, 38.

Moradiwabo rona o felehetsa mohatsa wa hae ha a ilo badisa mohlankana ya nang le buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! (Sheba serapa sa 2)

2. Re tlo ithutang sehloohong see? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

2 Ntho e ileng ya etsahala ka mora moo e ne e makatsa. Batho ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetswa letsatsing leo mme ya eba barutuwa ba Kreste. Ena e ne e le qaleho ya mosebetsi o moholo wa ho etsa barutuwa oo Jesu a ileng a re balatedi ba hae ba o etse mme ba ntse ba etsa mosebetsi ona le kajeno. Empa mehleng ena, re ke ke ra thusa motho hore a kolobetswe ka ho bua le yena ka dihora tse mmalwa feela. Ho ka nna ha nka dikgwedi, selemo kapa ho feta hore motho ya ithutang Bibele a batle ho kolobetswa. Haeba ho na le motho eo o ntseng o ithuta Bibele le yena hona jwale mohlomong o hlokometse hore ho etsa barutuwa ha ho bonolo. Sehloohong sena, re tlo ithuta hore na o ka etsa eng ho thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore e be morutuwa ya kolobeditsweng.

THUSA MOITHUTI HORE A ETSE DINTHO TSEO A ITHUTANG TSONA

3. Matheu 28:19, 20 e re motho ya ithutang Bibele o lokela ho etsang hore a tle a kolobetswe?

Pele motho ya ithutang Bibele a kolobetswa, o lokela ho etsa dintho tseo Bibele e di rutang. (Bala Matheu 28:19, 20.) Ha a etsa dintho tseo a ithutang tsona o ba jwalo ka “monna ya masene” eo Jesu a ileng a bua ka yena papisong ya hae, ya ileng a tjhekela tlaase mme a haha ntlo ya hae hodima lefika. (Mat. 7:24, 25; Luka 6:47, 48) Re ka thusa motho ya ithutang Bibele jwang hore a etse dintho tseo a ithutang tsona? A re ke re bueng ka dintho tse tharo tseo re ka di etsang.

4. Re ka thusa motho ya ithutang Bibele jwang hore a kolobetswe? (Sheba lebokose le reng “ Thusa Moithuti Hore a be le Dintho Tseo a Batlang ho di Finyella a be a di Etse.”)

4 Mo thuse hore a be le dintho tseo a batlang ho di finyella. Ke hobaneng ha o lokela ho etsa jwalo? Nahana ka mohlala ona: Haeba o ne o tlo nka leeto le lelelele, o ka nna wa etsa qeto ya hore o tla ema dibakeng tse ntle ha o ntse o le tseleng. Haeba o etsa jwalo, o ke ke wa bona moo o yang teng ho le hole haholo hoo o ka nyahamang. Ka tsela e tshwanang, ha motho ya ithutang Bibele a finyella dintho tseo a neng a batla ho di finyella ka nako e kgutshwanyane, ho tla ba bonolo hore a hlokomele hore a ka kgona ho kolobetswa. Sebedisa karolo e reng “Seo o ka se Etsang” e hlahang bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho mo thusa hore a be le dintho tseo a batlang ho di finyella. Qetellong ya kgaolo e nngwe le e nngwe, buisana le yena ka hore na dintho tseo a batlang ho di finyella di amana jwang le dintlha tseo a qetang ho ithuta tsona. Haeba o nahanne dintho tse fapaneng le tseo motho eo o ithutang Bibele le yena a batlang ho di finyella, di ngole karolong e reng “Ntho e nngwe.” Nako le nako sebedisa karolo ena ya ho ithuta ho buisana le motho eo o ithutang Bibele le yena ka dintho tseo a ka di finyellang ka nako e kgutshwanyane le tse tla nka nako hore a di finyelle.

5. Ho Mareka 10:17-22, Jesu o ile a re monna ya ruileng a etse eng, hona hobaneng?

5 Mo thuse hore a etse diphetoho. (Bala Mareka 10:17-22.) Jesu o ne a tseba hore ho ne ho tla ba thata ho motho ya ruileng ho rekisa dintho tsohle tseo a nang le tsona. (Mar. 10:23) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a bolella monna e mong hore a etse phetoho eo e kgolo bophelong ba hae. Hobaneng? Hobane Jesu o ne a mo rata. Ka dinako tse ding, re ka nna ra se kgothalletse motho eo re ithutang Bibele le yena hore a etse dintho tseo a ithutang tsona hobane re nahana hore ha eso be nako e nepahetseng hore a etse diphetoho tseo a hlokang ho di etsa. Ho ka nna ha ba thata hore motho a hlobole botho ba kgale mme a apare botho bo botjha. (Bakol. 3:9, 10) Haeba o sa diehe ho bua le motho eo o ithutang Bibele le yena ka diphetoho tseo a lokelang ho di etsa, ntho eo e tla etsa hore a etse diphetoho tseo a hlokang ho di etsa kapelenyana. Haeba o etsa jwalo, o tla be o bontsha hore o a mo tsotella.​—Pes. 141:5; Liprov. 27:17.

6. Ke hobaneng ha re lokela ho botsa motho eo re ithutang Bibele le yena hore na o nahana eng ka taba e itseng?

6 Ke ha bohlokwa ho botsa motho eo re ithutang Bibele le yena hore na o nahana eng ka taba e itseng. Ho etsa jwalo ho tla o thusa hore o bone hore na o utlwisisa eng le hore na o dumela eng. Haeba o etsa jwalo nako le nako, ho tla ba bonolo hore o buisane le yena ka dintho tseo ho ka bang thata hore a di dumele. Buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e na le dipotso tse ngata tse etsang hore motho a nahane. Ka mohlala, kgaolo ya 4 e na le potso e reng: “O nahana hore Jehova o ikutlwa jwang ha o sebedisa lebitso la hae?” Kgaolo ya 9 yona e na le potso e reng: “Ke dintho dife tseo o ka ratang ho di rapella?” Qalong ho ka ba thata ho motho eo o ithutang Bibele le yena hore a arabe dipotso tsena. O ka mo thusa ka ho mo kwetlisa hore a arabe a sebedisa mangolo le ditshwantsho tse hlahang bukeng.

7. Re ka sebedisa mehlala ya batho ba bang jwang ka tsela e atlehang?

7 Ha motho eo o ithutang Bibele le yena a utlwisisa ntho eo a lokelang ho e etsa, sebedisa mehlala ya batho ba bang ho mo kgothalletsa ho e etsa. Ka mohlala, haeba motho eo o ithutang Bibele le yena a sa tle dibokeng ka mehla, o ka mo bontsha video e reng Jehova o ile a Ntsotella e fumanehang karolong e reng “Batla” kgaolong ya 14. Dikgaolong tse ngata tse bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! o tla fumana mehlala e kang eo karolong ya “Ithute Dintlha Tse Ding” kapa ya “Batla.” * Ela hloko hore o se ke wa bapisa motho eo o ithutang le yena le motho e mong ka ho bua mantswe a kang, “Haeba a kgonne le wena o ka kgona.” Mo tlohele hore e be yena ya bonang hore a ka kgona ho etsa diphetoho tse tshwanang. Bua ka dintho tsa bohlokwa tse ileng tsa thusa motho ya videong ho etsa dintho tseo a ileng a ithuta tsona Bibeleng. Mohlomong o ka bua ka lengolo le ka sehloohong kapa ntho eo motho ya hlahang videong a ileng a e etsa. Nako le nako, hatisa ka moo Jehova a ileng a thusa motho eo ka teng.

8. Re ka thusa motho eo re ithutang le yena jwang hore a rate Jehova?

8 Mo thuse hore a rate Jehova. O ka etsa ntho eo jwang? Batla menyetla eo o ka thusang motho eo o ithutang le yena hore a ithute ka makgabane a Jehova. Mo thuse hore a bone hore Jehova ke Modimo ya thabileng ya thusang batho ba mo ratang. (1 Tim. 1:11; Baheb. 11:6) Bontsha motho eo o ithutang le yena hore o tla fumana molemo ha a etsa dintho tseo a ithutang tsona mme o mo hlalosetse hore melemo eo e bontsha hore Jehova o a mo rata. (Esa. 48:17, 18) Ka hoo, ha motho eo o ithutang le yena a rata Jehova le ho feta, o tla susumelletseha hore a etse diphetoho tseo a hlokang ho di etsa.​—1 Joh. 5:3.

TSEBISA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA BARA LE BARADIBABO RONA

9. Ho ya ka Mareka 10:29, 30 ke eng e ka thusang motho ya ithutang Bibele hore a tele dintho tse itseng e le hore a kolobetswe?

9 E le hore motho ya ithutang Bibele a kolobetswe, o tla lokela ho tela dintho tse ding. Jwalo ka monna ya ruileng eo re buileng ka yena, batho ba bang ba ithutang Bibele ba ka nna ba hloka ho tela dintho tseo ba nang le tsona. Haeba mosebetsi wa bona o sa dumellane le melaomotheo ya Bibele, ba ka nna ba lokela ho batla mosebetsi o mong. Ba bangata ba ka nna ba lokela ho kgaotsa ho ba metswalle ya batho ba sa rateng Jehova. Ba bang ba ka nna ba lahlwa ke ditho tsa lelapa tse sa rateng Dipaki Tsa Jehova. Jesu o ile a re ho ka nna ha eba thata hore batho ba bang ba tele dintho tsena. Empa o ile a tshepisa hore batho ba mo latelang ba ke ke ba swetseha. Jehova o tla ba putsa ka hore a ba fe bara le baradibabo rona ba ba ratang bao e tla ba lelapa la bona. (Bala Mareka 10:29, 30.) O ka thusa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore mpho ee e mo tswele molemo?

10. O ithuta eng mantsweng a morabo rona Manuel?

10 Eba motswalle wa motho eo o ithutang Bibele le yena. Ke ha bohlokwa hore o bontshe motho eo o ithutang Bibele le yena hore o a mo tsotella. Hobaneng? Utlwa hore na morabo rona Manuel ya dulang Mexico o reng. Ha a bua ka nako eo a neng a ntse a ithuta Bibele ka yona o re: “Pele re qala ho bala, motho eo ke neng ke ithuta Bibele le yena o ne a mpotsa hore na ke ntse ke ya jwang. O ile a nthusa hore ke phutholohe mme a ntumella hore ke bue ka ntho e nngwe le e nngwe le yena. Ka nnete ke ne ke utlwa hore o a nkgathalla.”

11. Haeba batho ba ithutang Bibele ba qeta nako le rona ntho eo e ka ba thusa jwang?

11 Qeta nako le batho bao o ithutang Bibele le bona jwalo ka ha Jesu a ile a qeta nako le balatedi ba hae. (Joh. 3:22) Haeba maemo a dumela, mema motho eo o ithutang Bibele le yena ya etsang diphetoho bophelong ba hae lelapeng la hao hore le tlo thabela tee, dijo kapa le shebelle lenaneo la Broadcasting. Motho eo o ithutang Bibele le yena a ka ananela haholo ha o mo mema ka matsatsi a phomolo e leng nakong eo e ka nnang yaba o jewa ke bodutu. Morabo rona Kazibwe ya dulang Uganda o re: “Ke nahana ke ile ka ithuta dintho tse ngata ka Jehova ha ke ne ke qeta nako le motho ya neng a nthuta Bibele le ha re ne re ithuta ha mmoho. Ke ile ka bona ka moo Jehova a tsotellang batho ba hae ka teng le ka moo ba thabileng ka teng. Le nna ke ne ke batla ntho e tshwanang bophelong ba ka.”

Haeba o tsamaya le bara le baradibabo rona ba fapaneng ha o ilo ithuta le motho Bibele, ho tla ba bonolo ho yena hore a tle dibokeng (Sheba serapa sa 12) *

12. Ke hobaneng ha re lokela ho mema bahweletsi ba fapaneng ha re ilo ithuta le batho Bibele?

12 Mema bahweletsi ba fapaneng ha o ilo ithuta Bibele le motho. Ka dinako tse ding re ka utlwa ho le bonolo hore re ye ho motho eo re ilo ithuta Bibele le yena re le bang kapa re dule re mema mohweletsi a le mong. Le hoja ho etsa jwalo ho ka ba bonolo, ho tla le mohweletsi ya fapaneng ho tla thusa motho eo re ithutang Bibele le yena. Morabo rona Dmitrii ya dulang Moldova o re: “Ha motho ya neng a ithuta Bibele le nna a ne a tla le bahweletsi ba fapaneng, ba ne a hlalosa dintho ka tsela e ikgethang. Ntho eo e ile ya nthusa hore ke bone ditsela tse fapaneng tseo nka sebedisang dintho tseo ke ithutang tsona. Ha ke ne ke qala ho ya dibokeng ke ne ke se ke se dihlong hobane ke ne ke se ke kopane le bara le baradibabo rona ba bangata.”

13. Ke hobaneng ha re lokela ho thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a ye dibokeng?

13 Thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a ye dibokeng. Hobaneng? Hobane Jehova o laela barapedi ba hae hore ba bokane ha mmoho, ke karolo ya borapedi ba rona. (Baheb. 10:24, 25) Ho ekelletsa moo, bara le baradibabo rona ka phuthehong e ba lelapa labo rona. Ha re le dibokeng le bona, ho tshwana le ha eka re lapeng mme re ja dijo tse monate ha mmoho. Ha o thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a ye dibokeng, o mo thusa hore a nke bohato ba bohlokwa haholo e le hore a kolobetswe. Empa ho ka nna ha ba thata ho motho eo o ithutang Bibele le yena hore a qale ho ya dibokeng. Buka ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! e ka thusa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore a hlole mathata a mo thibelang ho ya dibokeng?

14. Re ka kgothalletsa motho eo re ithutang Bibele le yena jwang hore a ye dibokeng?

14 Sebedisa kgaolo ya 10 bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! ho kgothalletsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a ye dibokeng. Bahweletsi ba nang le boiphihlelo ba ileng ba kopuwa hore ba sebedise kgaolo ena pele buka ena e lokollwa ba ile ba atleha haholo ho thusa batho ba ithutang Bibele le bona hore ba qale ho ya dibokeng. Le ha ho le jwalo, o se ke wa emela hore le fihle kgaolong ya 10 hore o meme motho eo o ithutang Bibele le yena hore a tle dibokeng. Mo meme kapele ka moo o ka kgonang mme o tswele pele o ntse o mo mema. Batho bao re ithutang Bibele le bona ba na le mathata a sa tshwaneng. Ka hoo ela hloko dintho tseo motho eo o ithutang Bibele le yena a di hlokang mme o bone hore na o ka mo thusa jwang. O se ke wa nyahama haeba a ka nka nako pele a ya dibokeng. Eba le mamello mme o tswele pele o ntse o mo mema.

THUSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A SE KE A TSHOHA

15. Ke dintho dife tseo motho eo re ithutang Bibele le yena a ka di tshabang?

15 Na o hopola eka o ne o tshaba ho ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova? Mohlomong o ne o ikutlwa eka o ke ke wa kgona ho bolela molaetsa wa Bibele phatlalatsa. Kapa mohlomong o ne o tshaba hore lelapa leno kapa metswalle ya hao e tla o hanyetsa. Haeba ho jwalo, o tla utlwisisa hore na motho eo o ithutang Bibele le yena o ikutlwa jwang. Jesu o ile a hlokomela hore batho ba bang ba ka nna ba tshaba dintho tseo. Le ha ho le jwalo, o ile a kgothalletsa balatedi ba hae hore ba se ke ba dumella ho tshoha ho ba thibele ho sebeletsa Jehova. (Mat. 10:16, 17, 27, 28) Jesu o thusitse balatedi ba hae jwang hore ba se ke ba tshoha? O ka etsisa mohlala wa hae jwang?

16. O ka kwetlisa motho eo o ithutang Bibele le yena jwang hore a bolelle batho ba bang dintho tseo a di dumelang?

16 Kwetlisa motho eo o ithutang Bibele le yena hore a bolelle batho ba bang dintho tseo a di dumelang. E ka nna yaba barutuwa ba Jesu ba ne ba tshohile ha a ne a re ba ilo etsa mosebetsi wa boboledi. Empa Jesu o ile a ba thusa ka ho ba bolella hore ba lokela hore ba ilo bolela ka Mmuso wa Modimo hokae le hore na molaetsa wa bona o ne o tla bua ka eng. (Mat. 10:5-7) O ka etsisa Jesu jwang? Thusa motho eo o ithutang Bibele le yena hore na a ka bolella batho molaetsa wa Bibele hokae. Ka mohlala, mo botse hore na ho na le motho eo a mo tsebang ya ka thuswang ke ho ithuta thuto e itseng ya Bibele. Ka mora moo, mo thuse hore a lokisetse hore na a ka bolella motho eo thuto eo jwang. Ha ho kgonahala, o ka mo kwetlisa o sebedisa karolo e reng “Batho ba Bang ba re” le e reng “Motho a ka Nna a re” tse hlahang bukeng ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! Mo kwetlise hore a sebedise Bibele ho fana ka dikarabo tse bonolo le tse bohlale.

17. Re ka sebedisa lengolo la Matheu 10:19, 20, 29-31 jwang ho thusa motho eo re ithutang Bibele le yena hore a tshepe Jehova?

17 Thusa motho eo o ithutang le yena hore a tshepe Jehova. Jesu o ile a tiisetsa barutuwa ba hae hore Jehova o ne a tla ba thusa hobane a ba rata. (Bala Matheu 10:19, 20, 29-31.) Hopotsa motho eo o ithutang Bibele le yena hore Jehova o tla mo thusa le yena. O ka mo thusa hore a itshetlehe ka Jehova ka ho rapela le yena ka dintho tseo a batlang ho di finyella. Morabo rona Franciszek ya dulang Poland o re: “Hangata ha motho ya neng a ithuta Bibele le nna a ne a rapela, o ne a bua ka dintho tseo ke batlang ho di finyella. Ha ke ne ke bona ka moo Jehova a ileng a arabela dithapelo tsa hae ka teng ke ile ka qalella ho rapela. Ke ile ka bona hore Jehova o a nthusa nakong eo ke neng ke hloka ho nka matsatsi mosebetsing wa ka o motjha hore ke ye dibokeng le kopanong.”

18. Jehova o ikutlwa jwang ka mosebetsi o etswang ke Bakreste?

18 Jehova o tsotella batho bao re ithutang Bibele le bona haholo. O ananela ka moo Bakreste ba sebetsang ka thata ho thusa batho hore e be metswalle ya hae mme o a ba rata. (Esa. 52:7) Haeba hona jwale ha ho na motho eo o ithutang Bibele le yena, o ntse o ka kgona ho thusa batho ba ithutang Bibele hore ba kolobetswe ka hore o tsamaye le bahweletsi ba bang ha ba ya ho batho ba ithutang Bibele le bona.

PINA YA 60 Ba Tla Phela

^ par. 5 Sehloohong sena re tlo ithuta hore na Jesu o ile a thusa batho jwang hore e be barutuwa ba hae le hore na re ka mo etsisa jwang. Re tla boela re bone hore na re ka sebedisa buka e ntjha ya O ka Thaba ka ho sa Feleng! jwang. Buka ena e etseditswe ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba kolobetswe.

^ par. 7 O ka boela wa fumana mehlala e meng bukeng ya (1) Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova tlasa sehlooho se reng “Bibele,” sehloohwaneng se reng “Bohlokoa ba Bibele,” ebe o ya ho “‘Bibele e Fetola Batho’ (Lihlooho tse neheletsanang tsa Molula-Qhooa)” kapa ho (2) JW Library® karolong ya media tlasa “Dipuisano le Dipale Tsa Bophelo.”

^ par. 62 DITSHWANTSHO: Morabo rona o feleheditswe ke mohatsa wa hae ha a ilo ithuta le motjha e mong Bibele. Ka dinako tse ding, barababo rona ba fapaneng ba tsamaya le yena ha a ilo ithuta le motjha eo.