Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Susumetswa ke “Molao wa Mosa”

Susumetswa ke “Molao wa Mosa”

HA MORADIWABO rona Lisa a a bua ka ntho e ileng ya etsa hore a batle ho ithuta Bibele, o re: “Ke ile ka angwa ke mosa oo bara le baradibabo rona ba ileng ba mpontsha wona.” Moradiwabo rona Anne le yena o ne a ikutlwa ka tsela e tshwanang, o re: “Ke ile ka ithuta Bibele hobane Dipaki Tsa Jehova di ne di le mosa, eseng hakaalo ka lebaka la seo di neng di se ruta.” Hona jwale baradi bana babo rona ba babedi ba thabela ho bala Bibele le ho nahanisisa ka yona empa ntho e ileng ya ba ama haholo ke ho bontshwa mosa.

Re ka bontsha mosa jwang ka tsela e tla etsa hore le batho ba bang ba o bontshe? Re tla bua ka ditsela tse pedi tseo re ka bontshang mosa ka tsona, e leng tsela eo re buang ka yona le eo re etsang dintho ka yona. Ka mora moo, re tla bua ka hore na ke batho bafe bao re lokelang ho ba bontsha mosa.

SEBEDISA “MOLAO WA MOSA” HA O BUA

Mosadi ya nang le bokgoni eo ho buuwang ka yena ho Liproverbia kgaolo ya 31 o na le “molao wa mosa” lelemeng la hae. (Liprov. 31:26) O dumella “molao” ona hore o laole dintho tseo a di buang le tsela eo a buang ka yona. Bontate le bona ba lokela hore ba sebedise “molao” ona ha ba bua. Batswadi ba bangata ba a tseba hore ha ba bua le bana ba bona hampe ba ka ba utlwisa bohloko ebile ba ka nna ba se ke ba ba mamela. Ka hoo, ha batswadi ba bua le bana ka tsela e mosa ho tla ba bonolo hore ba ba mamele.

Ho sa tsotellehe hore na o motswadi kapa tjhe, ke jwang o ka ithutang ho bua ka tsela e mosa? Karolo e qalang ya Liproverbia 31:26 e re thusa ho fumana karabo ya potso ena, e re: “O ahlamisitse molomo wa hae ka bohlale.” Sena se akarelletsa ho kgetha mantswe ha re bua le ho laola tsela eo re buang ka yona. Ntho e ka re thusang ke hore re ipotse potso ena: ‘Na seo ke tlo se bua se tla kwatisa batho ba bang kapa se etse hore ho be le kgotso?’ (Liprov. 15:1) Ke hantle hore re nahane pele re bua.

Maele a mang a re: “Ho na le ya buang a sa nahane jwalo ka ha eka ke ka ho hlaba ha sabole.” (Liprov. 12:18) Ha re nahana hore na dintho tseo re di buang le tsela eo re buang ka yona e ka ama batho ba bang jwang, re tla laola tsela eo re buang ka yona. Ha re sebedisa “molao wa mosa,” re ke ke ra bua dintho tse tla utlwisa ba bang bohloko kapa ra bua ka tsela e seng mosa. (Baef. 4:31, 32) Re ke ke ra nahana ka dintho tse mpe empa re tla bua ka mosa le batho ba bang. Jehova o re behetse mohlala tabeng ena ha a ne a kgothatsa mohlanka wa hae Elia nakong eo a neng a tshohile. Lengeloi le neng le rometswe ke Jehova le ile la bua ka “lentswe le bonolo, le tlaase.” (1 Mar. 19:12) Ho ba mosa ho akarelletsa tsela eo re buang le ho etsa dintho ka yona. Re ka bontsha mosa ka diketso jwang?

DIKETSO TSE MOSA DI SUSUMETSA BATHO BA BANG

Re etsisa Jehova ka hore re be mosa ho ba bang. (Baef. 4:32; 5:1, 2) Moradiwabo rona Lisa eo re buileng ka yena o re bolella ka mosa oo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa o bontsha. O re: “Ha lelapa leso le ne le lokela ho thota hanghang, banyalani ba bang phuthehong ba ile ba ikopa mosebetsing e le hore ba tlo re thusa ka ho paka thoto. Ka nako eo ke ne ke eso ka ke ithuta Bibele.” Diketso tseo tse mosa di ile tsa etsa hore Moradiwabo rona Lisa a ithute Bibele.

Moradiwabo rona Anne eo re buileng ka yena qalong, le yena o ne a ananela mosa oo Dipaki Tsa Jehova di ileng tsa o bontsha. O ile a re: “Tsela eo batho ba neng ba ntshwara ka yona e ne e etsa hore ho be thata hore ke tshepe motho le ha e le ofe.” O tswela pele ho re: “Ha ke ne ke kopana le Dipaki ho ne ho le thata hore ke di tshepe. Ke ne ke ipotsa hore na ke hobaneng ha ba ntsotella hakana. Motho ya neng a nthuta Bibele o ile a mpontsha mosa mme seo se ile sa etsa hore ke mo tshepe.” Ho ile ha etsahalang ka mora moo? O re: “Ha morao ke ile ka qala ho nahana haholwanyane ka seo ke ntseng ke ithuta sona.”

Moradiwabo rona Lisa le Moradiwabo rona Anne ba ile a angwa ke mosa oo phutheho e ileng ya ba bontsha wona mme seo se ile sa etsa hore ba batle ho ithuta Bibele. Hape mosa oo o ile wa ba thusa hore ba tshepe Jehova le batho ba bang.

ETSISA MODIMO KA HORE O BONTSHE BA BANG MOSA

Batho ba bang ba tlwaetse ho bua ka tsela e mosa le ho bososela hobane ba hodisitswe jwalo. Ke ntho e ntle hore ebe tsela eo batho ba bang ba hodisitsweng ka yona le botho ba bona bo etsa hore e be batho ba mosa empa e ka nna yaba ha ba bontshe mosa jwalo ka Modimo.​—Bapisa le Liketso 28:2.

Mosa ke e nngwe ya ditholwana tsa moya wa Modimo o halalelang. (Bagal. 5:22, 23) Ka hoo, re lokela ho dumella moya wa Modimo hore o re thuse hore re be batho ba mosa. Ha re bontsha mosa re tla be re etsisa Jehova le Jesu. Ka ha re Bakreste re tsotella batho ba bang. Ka hoo, re susumelletseha hore re rate Jehova Modimo le batho ba bang. Sena se tla etsa hore re ba bontshe mosa e leng se thabisang Modimo.

KE BATHO BAFE BAO RE LOKELANG HO BA BONTSHA MOSA?

Ho ka ba bonolo hore re be mosa ho batho bao re ba tsebang kapa ba kileng ba re bontsha mosa. (2 Sam. 2:6) Re ka ba ra ba leboha. (Bakol. 3:15) Empa re ka thuswa keng haeba re utlwa eka ho na le motho eo re sa hlokeng ho mo bontsha mosa?

Nahana ka sena: Jehova o re behetse mohlala ka hore a re bontshe mosa o sa tshwanelang. Lentswe la hae Bibele le re ruta ntho ya bohlokwa ka ho bontsha mosa. Polelo e reng “mosa o sa tshwanelang,” e hlaha ka makgetlo a mangata Mangolong a Segerike a Bakreste. Modimo o re bontsha mosa jwang?

Nahana ka batho ba bangata bao Jehova a ba bontshang mosa ka hore a ba fe dintho tseo ba di hlokang e le hore ba tswele pele ba phela. (Mat. 5:45) Ha e le hantle, Jehova o ile a re bontsha mosa le pele re mo tseba. (Baef. 2:4, 5, 8) Ka mohlala, o fane ka Mora wa hae a le mong feela molemong wa batho bohle. Moapostola Pauluse o ile a re Jehova o fane ka thekollo “ho ya ka maruo a mosa wa hae o sa tshwanelang.” (Baef. 1:7) Le hoja re etsa dibe ebile re utlwisa Jehova bohloko, o tswela pele ho re ruta le ho re fa dikeletso. Mantswe a hae le ditaelo tsa hae di jwalo ka “pula e nang hasesaane.” (Deut. 32:2) Re ke ke ra kgona ho mo patala ka lebaka la mosa oo a re bontshang wona. Re a tseba hore haeba Jehova a ne a sa re bontshe mosa, re ne re ke ke ra ba le tshepo ya bokamoso.​—Bapisa le 1 Petrose 1:13.

Ha ho pelaelo hore re rata tsela eo Jehova a re bontshang mosa ka yona ebile sena se a re kgothatsa. Ho ena le hore re kgethe hore na ke batho bafe bao re tla ba bontsha mosa, re lokela ho lwanela ho etsisa Jehova ka hore re bontshe motho e mong le e mong mosa letsatsi le letsatsi. (1 Bathes. 5:15) Ha re dula re bontsha batho ba bang mosa, re tla tshwana le mollo o futhumatsang ha ho bata. Re tla kgothatsa ba malapa, Bakrestemmoho, batho bao re sebetsang le bona, bao re kenang sekolo le bona le baahisane ba rona.

Nahana ka ba lelapa leno le batho ba ka phuthehong bao mantswe le diketso tsa hao tse mosa di ka ba tswelang molemo. E ka nna yaba ho na le motho phuthehong ya heno ya hlokang thuso ka ho hlwekisetswa ntlo le jarete ya hae kapa ho mo thusa ka dintho tse ding tse kang ho ya mabenkeleng. Hape haeba o kopana le motho tshebeletsong ya tshimo mme a hloka thuso, na o tla mo thusa?

E se eka re ka etsisa Jehova ka hore dintho tseo re di buang le tseo re di etsang di dule di susumetswa ke “molao wa mosa.”

a Mabitso a fetotswe.