SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 25
Baholo, le ka Ithutang Mohlaleng wa Gideone?
“Ke tla fellwa ke nako haeba nka bua ka Gideone.”—BAHEB. 11:32.
PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Ho latela 1 Petrose 5:2, ke mosebetsi ofe wa bohlokwa oo baholo ba nang le wona?
JEHOVA o file baholo ba Bakreste boikarabelo ba hore ba hlokomele dinku tsa hae. Bara bana ba bo rona ba tshepahalang, ba ananela mosebetsi wa bohlokwa oo Jehova a ba fileng ona wa hore ba hlokomele bara le baradi ba bo rona mme ba sebetsa ka thata hore e be “badisa ba sebele.” (Jer. 23:4; bala 1 Petrose 5:2.) Re ananela haholo hore ebe re na le baholo ka phuthehong.
2. Ke mathata afe ao baholo ba ka tobanang le ona?
2 Baholo ba tobana le mathata a mangata ha ba phetha boikarabelo ba bona. Ka mohlala, baholo ba sebetsa ka thata e le hore ba hlokomele phutheho. Morabo rona Tony eo e leng moholo naheng ya Amerika o ile a hlokomela hore o lokela ho ikokobetsa ha a etsa mesebetsi e itseng. O re: “Ha sewa sa COVID-19 se qala, ke ile ka etsa mesebetsi e mengata ho hlophisa hore ho be le diboka le tshebeletso ya tshimo. Le hoja ke ne ke sebetsa ka thata, ho ne ho ntse ho ena le dintho tse ngata tse lokelang ho etswa. Ha nako e ntse e eya, ke ile ka qetella ke se na nako ya ho rapela, ho bala le ho ithuta Bibele.” Morabo rona Ilir eo e leng moholo naheng ya Kosovo yena o ne a ena le bothata bo fapaneng. Ha ho ne ho ena le ntwa, ho ne ho le thata hore a mamele tataiso e tswang mokgatlong. O re: “Ke ile ka tlameha ho ba sebete ha ofisi ya lekala e mpha mosebetsi wa hore ke thuse bara le baradi ba bo rona ba neng ba le sebakeng se kotsi. Ke ne ke tshohile ebile ke bona eka tataiso eo ha e utlwahale.” Morabo rona Tim eo e leng moromuwa Asia o ne a thatafallwa ke ho etsa dintho tseo a neng a hloka ho di etsa letsatsi le letsatsi. O re: “Ka dinako tse ding ke ne ke ikutlwa ke kgathetse haholo ke bile ke tepeletse.” Baholo ba ka thuswa keng ha ba tobana le mathata a tshwanang le ao?
3. Mohlala wa Moahlodi Gideone o ka re tswela molemo jwang?
3 Baholo ba ka ithuta mohlaleng wa Moahlodi Gideone. (Baheb. 6:12; 11:32) O ne a etella pele bahlanka ba Modimo a bile a ba sireletsa. (Baahl. 2:16; 1 Dikron. 17:6) Feela jwalo ka ha Modimo a ne a kgethile Gideone, o kgethile baholo hore ba hlokomele bahlanka ba hae nakong ena e thata. (Dik. 20:28; 2 Tim. 3:1) Re ka ithuta mohlaleng wa Gideone wa ho ikokobetsa le ho mamela. O ile a mamella ha a ntse a etsa mosebetsi wa hae. Ho sa tsotellehe hore na re sebeletsa re le baholo kapa tjhe, re ka bontsha hore re a ba ananela. Re ka tshehetsa bara bana ba bo rona ba sebetsang ka thata.—Baheb. 13:17.
O KA ETSANG HA O THATAFALLWA KE HO IKOKOBETSA?
4. Gideone o ile a bontsha jwang hore o ikokobeditse?
4 Gideone e ne e le motho ya ikokobeditseng. b Ha lengeloi la Jehova le bolella Gideone hore o tla pholosa Baiseraele ho Bamidiane ba matla, ka boikokobetso o ile a re: “Lelapa leso ke lona le lenyenyane lelokong la Manase ebile nna ke e monyenyane ntlong ya ntate.” (Baahl. 6:15) O ne a ikutlwa a sa tshwanelehe ho etsa mosebetsi oo empa Jehova o ne a tseba hore a ka kgona ho o etsa. Jehova o ile a thusa Gideone hore a kgone ho etsa mosebetsi wa hae ka katleho.
5. Ke maemong afe ao moholo a ka thatafallwang ke ho ikokobetsa?
5 Baholo ba leka ka hohle hore ba ikokobetse dinthong tsohle. (Mik. 6:8; Dik. 20:18, 19) Ha ba ikgohomose ka dintho tseo ba kgonang ho di etsa kapa tseo ba di entseng. Hape ha ba nahane hore ha ba na thuso ka lebaka la diphoso tseo ba di entseng. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding moholo a ka thatafallwa ke ho ikokobetsa. Ka mohlala, a ka dumela ho etsa mesebetsi e mengata ebe o thatafallwa ke ho e phetha. A ka boela a thatafallwa ke ho ikokobetsa ha batho ba mo tshwaya phoso kapa ba mo babatsa ka lebaka la tsela eo a entseng mosebetsi o itseng ka yona. Keng eo baholo ba ka ithutang yona mohlaleng wa Gideone e ka ba thusang ha ba hlahelwa ke maemo a kang aa?
6. Baholo ba ka ithutang mohlaleng wa Gideone wa ho ikokobetsa? (Sheba setshwantsho.)
6 Kopa thuso. Motho ya ikokobeditseng o a tseba hore ho na le dintho tseo a ke keng a kgona ho di etsa. Gideone o ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a kope batho ba bang hore ba mo thuse. (Baahl. 6:27, 35; 7:24) Baholo le bona ba etsa se tshwanang. Morabo rona Tony eo re buileng ka yena qalong o re: “Tsela eo ke hodisitsweng ka yona e entse hore ke batle ho etsa mesebetsi e mengata le hoja ke ne ke sa kgone ho e etsa kaofela. Ke ile ka etsa qeto ya hore nna le mosadi wa ka re bue ka taba ena borapeding ba lelapa mme ka mo botsa hore na o nahana eng ka yona. Ke ile ka boela ka shebella video ya Etsisa Jesu ka Hore o Kwetlise ba Bang, o ba Tshepe Mme o ba fe Boikarabelo ho jw.org/st-za.” Morabo rona Tony o ile a kopa batho ba bang hore ba mo thuse ka mosebetsi wa hae. Ho ile ha etsahalang ka mora moo? Morabo rona Tony o re: “Mosebetsi o lokelang ho etswa ka phuthehong o ntse o etswa ebile ke se ke ena le nako e ngata ya ho matlafatsa tumelo ya ka.”
7. Baholo ba ka etsisa Gideone jwang ha ba tshwauwa diphoso? (Jakobo 3:13)
7 O se ke wa halefa ha ba bang ba o tshwaya diphoso. Ho ka ba thata hore baholo ba ikokobetse ha batho ba bang ba ba tshwaya diphoso. Mohlala wa Gideone o ka ba thusa le tabeng ena. O ne a tseba hore ha a phethahala, ka hoo o ile a dula a kgobile matshwafo ha Baefraime ba ne ba mo tshwaya diphoso. (Baahl. 8:1-3) Gideone ha a ka a ba halefela. O ile a bontsha hore o ikokobeditse ka hore a mamele taba eo ba neng ba tshwenyehile ka yona le ho bua le bona ka mosa mme seo se ile sa etsa hore ba theole moya. Baholo ba ka etsisa mohlala wa Gideone ka hore ba mamele ka hloko le ho arabela ka mosa ha ba tshwauwa diphoso. (Bala Jakobo 3:13.) Ha ba etsa jwalo, ba tla etsa hore ho be le kgotso ka phuthehong.
8. Keng eo baholo ba lokelang ho e etsa ha ba roriswa? Fana ka mohlala.
8 Rorisa Jehova. Ha Gideone a hlola Bamidiane, batho ba ile ba mo rorisa empa yena o ile a rorisa Jehova. (Baahl. 8:22, 23) Baholo ba ka etsisa Gideone jwang? Ba lokela ho rorisa Jehova ka dintho tseo ba kgonang ho di etsa. (1 Bakor. 4:6, 7) Ka mohlala, ha moholo a roriswa ka lebaka la bokgoni ba hae ba ho ruta, a ka bontsha hore Lentswe la Modimo ke lona le re rutang le hore mokgatlo wa Jehova o a re kwetlisa. Baholo ba ka nahana ka hore na tsela eo ba rutang ka yona e rorisa Jehova kapa e kgahlisa batho. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Timothy eo e leng moholo. Ha Morabo rona Timothy a ne a qala ho sebeletsa e le moholo, o ne a rata ho fana ka dipuo tsa phatlalatsa. O re: “Ke ne ke bua dintho tse ngata haholo ha ke qala puo ke bile ke etsa mehlala e rarahaneng. Sena se ne se etsa hore batho ba nthorise ho ena le hore ba rorise Jehova le ho ameha ka seo Bibele e se rutang.” Morabo rona Timothy o ile a bona ho le bohlokwa hore a fetole tsela eo a rutang ka yona e le hore batho ba se ke ba rorisa yena. (Diprov. 27:21) Ho ile ha etsahalang ka mora moo? O re: “Hona jwale ha ke fana ka puo, bara le baradi ba bo rona ba mpolella ka moo puo eo e ba thusitseng ho hlola bothata bo itseng, ho mamella mathata le ho dula e le metswalle ya Jehova. Ke thaba haholo ha ke utlwa seo ho feta tsela eo ke neng ke thaba ka yona dilemong tse fetileng ha ba ne ba nthorisa.”
O KA ETSANG HA O THATAFALLWA KE HO MAMELA LE HO BA SEBETE?
9. Ke hobaneng ha Gideone a ne a hloka ho mamela le ho ba sebete? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)
9 Ka mora hore Gideone a kgethwe hore a tataise setjhaba sa Iseraele, o ne a hloka ho mamela le ho ba sebete. O ne a lokela ho etsa mosebetsi o kotsi wa hore a senye aletare ya ntate wa hae ya borapedi ba Baale. (Baahl. 6:25, 26) Ha morao ha Gideone a se a ena le masole, Jehova o ile a mo bolella ka makgetlo a mabedi hore a fokotse palo ya ona. (Baahl. 7:2-7) Jehova o ile a boela a mo bolella hore a hlasele dira tsa Baiseraele hara mpa bosiu.—Baahl. 7:9-11.
10. Ke maemong afe ao moholo a ka thatafallwang ke ho mamela?
10 Baholo ba lokela ho dula ba “itokiseditse ho mamela.” (Jak. 3:17) Ha moholo a latela seo Bibele e se rutang le tataiso e fanwang ke mokgatlo wa Modimo, o bontsha hore o a mamela. Ha a etsa jwalo, o behela ba bang mohlala o motle. Le ha ho le jwalo, a ka thatafallwa ke ho mamela. Ka mohlala, a ka nna a thatafallwa ke ho mamela ditaelo tse fetohang nako le nako. Maemong a mang a ka nna a ipotsa hore na tataiso eo a e fuwang e a utlwahala le hore na e tla sebetsa. A ka boela a kopuwa hore a etse mosebetsi o ka nnang wa etsa hore a tshwarwe. Baholo ba ka etsisa Gideone jwang ka hore ba mamele maemong a tshwanang le aa?
11. Baholo ba ka thuswa keng hore ba mamele?
11 Mamela tataiso o be o e sebedise. Jehova o ile a bolella Gideone hore na a senye aletare ya ntate wa hae jwang, a hahele Jehova aletare e ntjha hokae le hore a nyehele ka phoofolo efe. Gideone ha a ka a belaella taelo eo ya Jehova empa o ile a e mamela. Mehleng ena, mokgatlo wa Jehova o fa baholo ditaelo ka mangolo, ditsebiso le tataiso e re thusang hore re dule re sireletsehile ebile re le metswalle ya Jehova. Re rata baholo hobane ba mamela tataiso e tswang mokgatlong mme seo se thusa phutheho.—Pes. 119:112.
12. Baholo ba ka sebedisa keletso e hlahang ho Baheberu 13:17 jwang ha ba fumana tataiso e ntjha e tswang mokgatlong wa Modimo?
12 Ikemisetse ho fetoha le maemo. Hopola hore Jehova o ile a re Gideone a kgutlisetse masole a mangata morao. (Baahl. 7:8) E ka nna yaba o ile a ipotsa: ‘Na ka nnete ho a hlokahala? Na re tla atleha?’ Le ha ho le jwalo, Gideone o ile a mamela. Mehleng ena baholo ba etsisa Gideone ka hore ba mamele ha mokgatlo o ba fa tataiso e ntjha. (Bala Baheberu 13:17.) Ka mohlala, ka 2014 Sehlopha se Busang se ile sa fetola tsela eo diprojeke tsa ho haha Diholo Tsa Mmuso le Tsa Dikopano di lefellwang ka yona. (2 Bakor. 8:12-14) Diphutheho di ne di tla kgaotsa ho lefella mokitlane hobane mokgatlo o ne o tla sebedisa menehelo e tswang diphuthehong tsohle ho haha Diholo Tsa Mmuso le tsa Dikopano hohle moo di neng di hlokeha teng le hoja diphutheho tse ding di fana ka monehelo o monyenyane. Ha Morabo rona José a utlwa ka phetoho ena o ne a nahana hore e ke ke ya sebetsa. O ne a nahana hore ha ho na Holo ya Mmuso e neng e tla hahwa hobane dintho di ne di sa etswe jwalo naheng ya habo. Keng e ileng ya thusa Morabo rona José hore a tshehetse qeto eo? O re: “Mantswe a hlahang lengolong la Diproverbia 3:5, 6 a ile a nkgopotsa hore ke lokela ho tshepa Jehova mme seo se nthusitse haholo. Hona jwale ho se ho hahwa Diholo Tsa Mmuso tse ngata ebile re ithutile ho nehela ka tsela e thusang ba hlokang.”
13. (a) Gideone o ne a kgodisehile ka eng? (b) Baholo ba ka etsisa Gideone jwang? (Sheba setshwantsho.)
13 Eba sebete mme o etse thato ya Jehova. Gideone o ile a mamela Jehova le hoja a ne a tshohile a bile a etsa mosebetsi o kotsi. (Baahl. 9:17) Gideone o ne a kgodisehile hore o tla kgona ho sireletsa bahlanka ba Jehova hobane Jehova o ile a mo tiisetsa hore o tla mo thusa. Baholo ba dulang dibakeng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng ho tsona ba ka etsisa Gideone. Ba etella pele diboka le tshebeletso ya tshimo ka sebete le hoja ba ka nna ba tshwarwa, ba hlongwa dipotso, ba lahlehelwa ke mesebetsi kapa ba lwantshwa. c Nakong ya mahlomola a maholo, baholo ba tla lokela ho bontsha sebete ka hore ba mamele ditaelo tseo ba tla di fuwa le hoja ho ka ba kotsi. Ba ka nna ba fumana ditaelo tsa hore na molaetsa wa kahlolo o lokela ho bolelwa jwang le hore na re lokela ho etsang e le hore re pholohe tlhaselo ya Gogo wa Magogo.—Ezek. 38:18; Tshen. 16:21.
O KA ETSANG HA O THATAFALLWA KE HO MAMELLA?
14. Ke hobaneng ha Gideone a ne a ka thatafallwa ke ho mamella?
14 Mosebetsi wa Gideone wa ho ba moahlodi o ne o hloka hore a sebetse ka thata. Ha Gideone a ne a lwantsha Bamidiane bosiu, ba ile ba baleha yaba o a ba lelekisa ho tloha Kgohlong ya Jezriele ho ya fihla Nokeng ya Jordane eo ho ka etsahalang hore e ne e potapotilwe ke difate tse ngata. (Baahl. 7:22) Na Gideone o ile a tlohela ho ba lelekisa ha a fihla Nokeng ya Jordane? Tjhe, le hoja a ne a kgathetse, yena le banna bao a neng a ena le bona ba 300 ba ile ba tshela mme ba tswela pele ho ba lelekisa. Qetellong ba ile ba tshwara Bamidiane mme ba ba hlola.—Baahl. 8:4-12.
15. Keng e ka etsang hore moholo a thatafallwe ke ho mamella?
15 Ka dinako tse ding, moholo a ka nna a ikutlwa a kgathetse haholo ka lebaka la ho etsa mesebetsi ya phutheho le ho hlokomela lelapa la hae. Baholo ba ka etsisa Gideone jwang ha ba le boemong boo?
16, 17. Keng e ileng ya thusa Gideone hore a mamelle, hona baholo ba ka kgodiseha ka eng? (Esaia 40:28-31) (Sheba setshwantsho.)
16 Kgodiseha hore Jehova o tla o fa matla. Gideone o ne a kgodisehile hore Jehova o tla mo fa matla mme ha a ka a swetseha. (Baahl. 6:14, 34) Ho na le nako eo ka yona Gideone le banna bao a neng a ena le bona ba neng ba lelekisa marena a mabedi a Bamidiane, ao ho ka etsahalang hore ebe a ne a baleha a palame dikamele. (Baahl. 8:12, 21) Le ha ho le jwalo, Modimo o ile a ba thusa hore ba a tshware mme ba a hlole. Baholo le bona ba ka tshepa Jehova eo ho seng “mohla a kgathalang kapa hona ho tepella.” O tla ba fa matla ao ba a hlokang.—Bala Esaia 40:28-31.
17 Nahana ka se ileng sa etsahalla Morabo rona Matthew ya sebetsang le Komiti ya Bohokahanyi le Dipetlele. Keng e mo thusang hore a mamelle? Morabo rona Matthew o re: “Ke bone ha Jehova a mpha matla ao Bafilipi 4:13 e bontshang hore o fana ka ona. Hangata ha ke ne ke utlwa ke kgathetse, ke ne ke rapela Modimo hangata, ke mo kopa hore a mphe matla e le hore ke thuse bara le baradi ba bo rona. Ka nako eo ke ne ke utlwa ha Jehova a mpha matla a hore ke mamelle a sebedisa moya wa hae.” Baholo ba sebetsa ka thata ho hlokomela batho ba Jehova jwalo ka Gideone le hoja ho se bonolo. Baholo ba lokela ho ikokobetsa le ho hopola hore ha se ka mehla ba ka kgonang ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo ba batlang ho e etsa. Ba ka kgodiseha hore Jehova o tla ba utlwa ha ba kopa thuso le ho ba fa matla a ho mamella.—Pes. 116:1; Bafil. 2:13.
18. Baholo ba ka etsisa Gideone jwang?
18 Baholo ba ka ithuta dintho tse ngata mohlaleng wa Gideone. Ba lokela ho ikokobetsa ha ba kgetha hore ba tla etsa mosebetsi o mongata hakae, le ha ba bang ba ba tshwaya diphoso kapa ba ba rorisa. Ba lokela ho mamela le ho ba sebete, haholoholo ha bofelo ba lefatshe lena bo ntse bo atamela. Ba lokela ho tshepa hore Modimo o tla ba matlafatsa ho sa tsotellehe mathata ao ba tobanang le ona. Re ananela banna bana ba sebetsang ka thata ebile re dula re bontsha hore re a ba rata.—Bafil. 2:29.
PINA YA 120 Eba Bonolo Jwalo ka Kreste
a Jehova o ile a kgetha Gideone hore a etelle pele le ho sireletsa setjhaba sa Iseraele nakong eo se neng se ena le mathata a mangata. Gideone o ile a etsa mosebetsi oo ka dilemo tse 40. Le ha ho le jwalo, o ile a kopana le mathata a mangata. Re tlo bua ka hore na mohlala wa hae o ka thusa baholo jwang mehleng ena ha ba thatafallwa ke ho etsa dintho tse itseng.
b Ha re ikokobeditse re ke ke ra nahana hore re bohlokwa ho feta batho ba bang ebile re a tseba hore ho na le dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa. Hape re hlompha batho ba bang le ho ba nka e le ba bohlokwa ho re feta.—Bafil. 2:3.
c Sheba sehlooho se reng “Tswelapele ho Sebeletsa Jehova le ha o Thibelwa” se ho Tora ya ho Lebela ya July 2019, leq. 10-11, ser. 10-13.