Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 27

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?

Ke Hobaneng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?

“Jehova ke motswalle wa ba mo tshabang.”—PES. 25:14.

PINA YA 8 Jehova ke Setshabelo sa Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Pesaleme ya 25:14 e re re lokela ho etsang haeba re batla ho ba metswalle ya Jehova?

 O NAHANA hore ke makgabane afe a bohlokwa a hlokahalang e le hore batho e dule e le metswalle ya hlooho ya kgomo? Mohlomong o ka re metswalle e jwalo e lokela ho ratana le ho tshehetsana. E ka nna yaba ha o nahane hore ho tshaba motswalle wa hao ho ka etsa hore setswalle sa lona se tiye. Le ha ho le jwalo, jwalo ka ha lengolo la sehlooho le bontsha, batho ba batlang ho ba metswalle ya Jehova ba lokela ho mo tshaba kapa ho mo hlompha.—Bala Pesaleme ya 25:14.

2 Re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re dule re hlompha Jehova haholo ho sa tsotellehe hore na re na le nako e kae re mo sebeletsa. Ha e le hantle ho hlompha Modimo ho bolelang? Re ka etsang e le hore re ithute ho hlompha Jehova? Re ka ithutang ka ho hlompha Jehova ho Obadia, Moprista ya Phahameng Jehojada le Morena Joase?

HO HLOMPHA MODIMO HO BOLELANG?

3. Hlalosa hore na ho tshoha ho ka re sireletsa jwang.

3 Re ka tshoha haeba re nahana hore ntho e itseng e ka re ntsha kotsi. Ke ntho e ntle ho tshoha ka dinako tse ding hobane ho ka re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng. Re ke ke ra tsamaya haufi le selomo hobane re tshaba ho wela ho sona. Ho tshaba ho tswa kotsi ho ka etsa hore re qobe maemo a kotsi. Ho tshaba ho senya setswalle sa rona le motho ya itseng eo re mo ratang ho ka etsa hore re qobe ho bua kapa ho etsa dintho tse ka mo utlwisang bohloko.

4. Satane o batla hore re ikutlwe jwang ka Jehova?

4 Satane o batla hore re otlwe ke letswalo ha re nahana ka Jehova. O batla hore re nahane hore Jehova o dula a kwatile a bile a ikemiseditse ho re otla. O boetse o batla hore re dumele hore le ka mohla re ke ke ra thabisa Jehova. (Jobo 4:18, 19) Satane o batla hore re tshabe Jehova hoo re ka bang ra tlohela ho mo sebeletsa. Empa ha re a lokela ho ikutlwa jwalo, ho ena le hoo re lokela ho ithuta ho mo hlompha le ho tshaba ho mo utlwisa bohloko.

5. Ho hlompha Modimo ho bolelang?

5 Motho ya ratang Jehova o mo hlompha haholo ebile a ke ke a etsa letho le ka senyang setswalle sa hae le yena. Jesu “o ne a hlompha Modimo.” (Baheb. 5:7) O ne a sa tshabe Jehova ka tsela e feteletseng. (Esa. 11:2, 3) Ho ena le hoo, o ne a mo rata haholo a bile a batla ho mo mamela. (Joh. 14:21, 31) Le rona re batla ho tshwana le Jesu ka hore re hlomphe Jehova haholo hobane o lerato, o bohlale, o na le toka ebile o matla. Jehova o re rata haholo ebile tsela eo re itshwarang ka yona ha a re ruta e a mo ama. Ha re mamela Jehova, o a thaba empa ha re sa mo mamele o utlwa bohloko.—Pes. 78:41; Diprov. 27:11.

ITHUTE HO HLOMPHA MODIMO

6. Tsela e nngwe eo re ka ithutang ho hlompha Jehova ka yona ke efe? (Pesaleme ya 34:11)

6 Ha re a hlaha re se re ntse re tshaba Jehova. Ka hoo, re lokela ho ithuta ho mo tshaba kapa ho mo hlompha. (Bala Pesaleme ya 34:11.) Tsela e nngwe eo re ka ithutang ho mo hlompha ka yona ke ka hore re hlahlobisise popo. Ha re bona bohlale ba Modimo, matla a hae le lerato la hae “dinthong tseo a di bopileng,” re tla mo hlompha le ho mo rata le ho feta. (Bar. 1:20) Moradi wa bo rona Adrienne o re: “Ha ke sheba dintho tsohle tseo Jehova a di bopileng mme ke bona ka moo a leng bohlale ka teng, ke a hlollwa ebile ke a hlokomela hore Jehova o tseba dintho tse molemo bakeng sa ka.” O ne a dula a nahana ka taba ena mme o ile a re: “Ha ke batle ho etsa letho le tla senya setswalle sa ka le Jehova hobane o mphile bophelo.” Na o ka ipha nako bekeng ee ho nahana ka ntho e itseng eo Jehova a e bopileng? Ha o etsa jwalo, o tla hlompha le ho rata Jehova haholwanyane.—Pes. 111:2, 3.

7. Ho rapela ho ka re thusa jwang hore re hlomphe Jehova?

7 Tsela e nngwe eo re ka ithutang ho hlompha Modimo ka yona ke ka ho dula re rapela. Re tseba Jehova haholwanyane nako le nako ha re mo rapela. Nako le nako ha re mo kopa matla a ho mamella mathata, re hopola ka moo a leng matla ka teng. Ha re mo leboha hobane a fane ka Mora wa hae bakeng sa rona, re hopola ka moo a re ratang ka teng. Ha re kopa Jehova hore a re thuse ho sebetsana le bothata bo itseng, re hopola ka moo a leng bohlale ka teng. Dithapelo tse jwalo di etsa hore re hlomphe Jehova le ho feta. Ebile di etsa hore re ikemisetse le ho feta ho qoba eng kapa eng e ka senyang setswalle sa rona le yena.

8. Re ka etsang e le hore re dule re hlompha Jehova?

8 Ho bala Bibele ka sepheo sa ho ithuta mehlaleng e metle le e mebe ho ka re thusa ho dula re hlompha Modimo. A re ke re bueng ka mehlala e mmedi ya bahlanka ba tshepahalang ba Jehova, e leng Obadia eo e neng e le mohlokomedi phaleising ya Morena Akabe le Moprista ya Phahameng Jehojada. Ka mora moo, re tla bua ka Morena Joase wa Juda. O ile a qala hantle a sebeletsa Jehova empa ha morao o ile a emisa.

EBA SEBETE JWALO KA OBADIA

9. Ho hlompha Jehova ho ile ha tswela Obadia molemo jwang? (1 Marena 18:3, 12)

9 Ha Bibele e qala ho bua ka Obadia b e re: “O ne a hlompha Jehova haholo.” (Bala 1 Marena 18:3, 12.) Ho hlompha Jehova ho ile ha mo tswela molemo jwang? Ho ile ha mo etsa motho ya tshepahalang. Ka lebaka leo, morena o ile a mo kgetha hore a hlokomele lelapa la hae. (Bapisa le Nehemia 7:2.) Hape ho hlompha Jehova ho ile ha etsa hore Obadia a be sebete haholo. O ne a hloka sebete seo haholo hobane o phetse nakong eo ho neng ho busa Morena Akabe ya neng “a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ohle a busitseng pele ho yena.” (1 Mar. 16:30) Hape mosadi wa Akabe e leng Jezebele ya neng a rapela Baale, o ne a hloile Jehova haholo hoo a ileng a leka ho fedisa borapedi ba nnete pusong ya maloko a leshome a Iseraele. O ile a ba a bolaya baprofeta ba bangata ba Modimo. (1 Mar. 18:4) Ha ho pelaelo hore Obadia o sebeleditse Jehova dinakong tse thata.

10. Obadia o ile a bontsha jwang hore o sebete haholo?

10 Obadia o ile a bontsha jwang hore o sebete haholo? Ha Jezebele a qala ho batla baprofeta ba Modimo e le hore a ka ba bolaya, Obadia o ile a pata ba lekgolo ‘ka lehaheng ka dihlopha tsa ba 50 mme a nna a ba fa bohobe le metsi.’ (1 Mar. 18:13, 14) Ha Jezebele a ne a ka tseba, jwang kapa jwang o ne a tlo bolaya Obadia. Ho ka etsahala hore ebe Obadia o ne a tshohile ebile a sa batle ho shwa. Empa Obadia o ne a rata Jehova ha mmoho le batho ba mo sebeletsang ho feta ka moo a neng a ithata ka teng.

Morabo rona o bontsha sebete ka hore a isetse Bakrestemmoho le yena dingolwa tse thehilweng Bibeleng le hoja mosebetsi wa rona o thibetswe (Sheba serapa sa 11) c

11. Mehleng ee, bahlanka ba Jehova ba bontsha jwang hore ba hlompha Jehova jwalo ka Obadia? (Sheba setshwantsho.)

11 Mehleng ena, bahlanka ba bangata ba Jehova ba phela dinaheng tseo ho tsona mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o thibetsweng. Bana bana ba bo rona ba hlompha ba boholong pusong empa jwalo ka Obadia, ba bontsha hore ba inehetse ho Jehova feela ka hore ba hane ho kgaotsa ho mo sebeletsa. (Mat. 22:21) Ba bontsha hore ba hlompha Modimo ka hore ba mamele yena eseng batho. (Dik. 5:29) Ba etsa jwalo ka hore ba tshware diboka ka lekunutu le hore ba tswele pele ba bolela ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. (Mat. 10:16, 28) Ba etsa sohle seo ba ka se kgonang hore bana ba bo rona ba be le dintho tsohle tse ba thusang hore ba be le kamano e ntle le Jehova. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Henri ya dulang naheng e nngwe Afrika moo mosebetsi wa Dipaki Tsa Jehova o ileng wa thibelwa ka nako e telele. Ka nako eo, o ile a ithaopela ho isetsa Bakrestemmoho le yena dingolwa tse thehilweng Bibeleng. O re: “Ke motho ya dihlong ka tlhaho. Ka hoo, ke kgodisehile hore ke ile ka ba sebete hobane ke hlompha Jehova haholo.” Na o bona eka o ka ba sebete jwalo ka Morabo rona Henri? O ka kgona haeba o ithuta ho hlompha Modimo.

TSHEPAHALA JWALO KA MOPRISTA YA PHAHAMENG JEHOJADA

12. Moprista ya Phahameng Jehojada le mosadi wa hae ba ile ba etsang ho bontsha hore ba tshepahalla Jehova haholo?

12 Moprista ya Phahameng Jehojada o ne a hlompha Jehova mme tlhompho eo e ile ya mo thusa hore a dule a mo tshepahalla le hore a ntshetse pele borapedi ba nnete. Taba ena e ile ya totobala ha Athalia moradi wa Jezebele a inkela puso Juda ka mahahapa. Batho ba ne ba tshaba Athalia. O ne a le pelo e mpe ebile a le meharo hore a fumane puso hoo a ileng a leka ho bolaya ditloholo tsohle tsa hae tseo e neng e le majalefa a puso. (2 Dikron. 22:10, 11) E mong wa ditloholo tsa hae e leng Joase o ile a pholoswa ke Joshabeathe mosadi wa Jehojada. Yena le monna wa hae ba ile ba mo pata le ho mo hlokomela. Ketso eo ya bona e ile ya etsa hore ditloholo tsa Davida e be tsona tse dulang di busa. Jehojada o ile a tshepahalla Jehova mme ha a ka a thothometswa ke Athalia.—Diprov. 29:25.

13. Ha Joase a se a le dilemo di supileng, Jehojada o ile a boela a bontsha jwang hore o tshepahalla Jehova?

13 Ha Joase a se a le dilemo di supileng, Jehojada o ile a boela a bontsha hore o tshepahalla Jehova. O ile a etsa leqheka. Ha leqheka leo le ne le ka atleha, Joase setloholo sa Davida eo e neng e bile e le mojalefa ka molao, e ne e tla ba morena. Empa ha le ne le ke ke la atleha, menyetla ya hore Jehojada a bolawe e ne e le mengata. Jehova o ile a hlohonolofatsa leqheka leo mme le ile la atleha. Jehojada o ile a tshehetswa ke balaodi le Balevi ho hlomamisa Joase hore e be morena yaba o laela hore Athalia a bolawe. (2 Dikron. 23:1-5, 11, 12, 15; 24:1) Ka mora moo, Jehojada “a etsa selekane pakeng tsa Jehova, morena le batho sa hore e tla dula e le batho ba Jehova.” (2 Mar. 11:17) “Hape a beha balebedi dikeiting tsa ntlo ya Jehova e le hore ho se ke ha eba le motho ya sa hlwekang ka tsela le ha e le efe ya ka kenang.”—2 Dikron. 23:19.

14. Jehova o ile a putsa Jehojada jwang hobane a ile a mo hlompha?

14 Pele ho moo Jehova o ile a re: “Ba ntlhomphang ke tla ba hlompha.” Ka nnete o ile a putsa Jehojada. (1 Sam. 2:30) Ka mohlala, o kenyeleditse pale ya Jehojada ka Bibeleng e le hore re ka ithuta ho yona. (Bar. 15:4) Hape ha Jehojada a shwa, o ile a fuwa tlotla e ikgethang ya ho patwa “le marena Motseng wa Davida ka lebaka la dintho tse ntle tseo a neng a di etseditse batho ba Iseraele, Modimo wa nnete le ntlo ya Modimo.”—2 Dikron. 24:15, 16.

Ho hlompha Jehova haholo ho ka re susumelletsa ho thusa bara le baradi ba bo rona ka botshepehi jwalo ka Moprista ya Phahameng Jehojada (Sheba serapa sa 15) d

15. Re ka ithutang paleng ya Jehojada? (Sheba setshwantsho.)

15 Pale ya Jehojada e ka re thusa hore kaofela ha rona re ithute ho hlompha Modimo. Baholo ba ka etsisa Jehojada ka hore ba etse sohle seo ba ka se kgonang ho sireletsa phutheho. (Dik. 20:28) Mohlala wa Jehojada o ka ruta ba hodileng dilemong hore haeba ba dula ba hlompha Jehova ebile ba mo tshepahalla, a ka ba sebedisa ho phethahatsa merero ya hae. Ha a ba qhelele ka thoko. Batjha ba ka ela hloko tsela eo Jehova a ileng a sebetsana le Jehojada ka yona le ho mo etsisa ka hore ba hlomphe bara le baradi ba bo rona ba hodileng, haholoholo ba sebeleditseng Jehova ka botshepehi ka dilemo tse ngata. (Diprov. 16:31) Kaofela ha rona re ka ithuta ho balaodi le Balevi ba ileng ba tshehetsa Jehojada. A re tshehetseng ba re “etellang pele” ka hore re ba mamele.—Baheb. 13:17.

O SE KE WA TSHWANA LE MORENA JOASE

16. Morena Joase o ile a etsang e bontshang hore o ne a fokola?

16 Jehojada o ile a thusa Morena Joase hore e be motho ya molemo. (2 Mar. 12:2) Ka hoo, ha morena enwa a sa le monyenyane, o ne a batla ho thabisa Jehova. Empa ka mora hore Jehojada a shwe, Joase o ile a mamela dikgosana tsa bakwenehi. Ditlamorao e bile dife? Yena ha mmoho le setjhaba sa hae ba ile “ba sebeletsa dipalo tse halalelang le ditshwantsho tse rapelwang.” (2 Dikron. 24:4, 17, 18) Jehova o ile a utlwa bohloko haholo mme “a nna a romela baprofeta ho bona hore ba kgutlele ho yena . . . , empa ha ba a ka ba mamela.” Ba ile ba boela ba hana ho mamela mora wa Jehojada e leng Zakaria eo e neng e le moprofeta wa Jehova le moprista hape e le motswala wa Joase. Morena Joase o ile a ba a bolaya Zakaria le hoja batswadi ba Zakaria ba ne ba ile ba mo thusa hakana.—2 Dikron. 22:11; 24:19-22.

17. Joase o ile a etsahallwa ke eng?

17 Ka ha Joase ha a ka a dula a hlompha Jehova, dintho di ile tsa mo tsamaela hampe. Jehova o ne a ile a re: “Ba nnyatsang ba tla nyatsuwa.” (1 Sam. 2:30) Masole a fokolang ka palo a Siria a ile a hlola “masole a mangata” a Joase mme a mo ‘lematsa haholo.’ Ka mora hore masole a Siria a tsamaye, Joase o ile a bolawa ke bahlanka ba hae hobane a ile a bolaya Zakaria. O ne a le kgopo hoo a ileng a nkwa a sa tshwanelehe ho patwa “mabitleng a marena.”—2 Dikron. 24:23-25.

18. Ho latela Jeremia 17:7, 8, re ka qoba ho tshwana le Joase jwang?

18 Re ka ithutang paleng ya Joase? O ne a tshwana le sefate se nang le metso e sa tebang se tsheheditsweng ka palo. Ha motho ya neng a mo tsheheditse e leng Jehojada a shwa, Joase o ile a qala ho mamela bakwenehi ba ileng ba etsa hore a se ke a tshepahalla Jehova. Mohlala ona o a bontsha hore ha re a lokela ho mamela Modimo hobane feela ditho tsa lelapa kapa Bakrestemmoho le rona ba re behela mohlala o motle. E le hore re dule re le metswalle ya Jehova, re lokela ho mo rata le ho mo hlompha haholwanyane ka hore letsatsi le letsatsi re ithute Bibele, re nahanisise ka yona re be re rapele.—Bala Jeremia 17:7, 8; Bakol. 2:6, 7.

19. Jehova o hloka eng ho rona?

19 Dintho tseo Jehova a hlokang hore re di etse ha di ngata haholo. Di akareditswe hantle lengolong la Moeklesia 12:13 le reng: “Hlompha Modimo wa nnete mme o mamele ditaelo tsa hae etswe ke yona ntho eo motho a lokelang ho e etsa.” Ha re hlompha Modimo, re tla kgona ho dula re mo tshepahalla jwalo ka Obadia le Jehojada ho sa tsotellehe hore na ho tla etsahalang ka moso. Ha ho letho le tla senya setswalle sa rona le Jehova.

PINA YA 3 Matla, Tshepo le Kgodiseho ya Rona

a Ka Bibeleng, lentswe “tshabo” le ka bolela dintho tse ngata. Maemong a mang le ka bolela ho tshoha haholo kapa ho hlompha. Sehlooho sena se tlo re thusa hore re hlomphe Ntate wa rona ya lehodimong e leng ntho e tla etsa hore re be sebete le hore re dule re mo tshepahalla.

b Obadia eo re buang ka yena ha se moprofeta Obadia ya phetseng dilemo tse makgolo ha morao, ya ileng a ngola buka e ileng ya rehellwa ka yena.

c DITSHWANTSHO: Pontshong ena ya se kileng sa etsahala, morabo rona o isa dingolwa moo mosebetsi wa rona o thibetsweng.

d DITSHWANTSHO: Moradi wa bo rona e motjha o ithuta ho paka ka thelefono ho moradi wa bo rona ya hodileng. Morabo rona ya hodileng o bontsha sebete ka ho paka phatlalatsa. Morabo rona ya nang le boiphihlelo o kwetlisetsa ba bang ho hlokomela Holo ya Mmuso.