Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molemo, O ka ba le Ona Jwang?

Molemo, O ka ba le Ona Jwang?

KA TLHAHO re rata hore batho ba re nke re le batho ba molemo. Le ha ho le jwalo, ha ho bonolo ho ba motho ya molemo matsatsing a na a ho qetela. Etswe batho ba bangata “ba [hloka] lerato la se molemo.” (2 Tim. 3:3) Ha ba latele melaomotheo ya Jehova. Ho e na le hoo, seo Jehova a reng se molemo, bona ba re se sebe, seo Jehova a reng se sebe, ba re se molemo. (Esa. 5:20) Ho se phethahale le dintho tse kileng tsa re etsahalla bophelong tse re ammeng ha bohloko, di ka etsa hore ho be thata hore re be batho ba molemo. Ka hona, re ka ikutlwa jwalo ka moradiwabo rona e mong ya sebeleditseng Jehova ka dilemo tse ngata. O re: “Ho thata hore ke dumele hore nka ba motho ya molemo.”

Ntho e thabisang ke hore kaofela ha rona re ka kgona ho ba batho ba molemo. Molemo ke tholwana ya moya o halalelang wa Modimo. Jwale moya ona, o matla ho feta tshusumetso e mpe ya batho ba re potolohileng le boemo ba rona ba ho se phethahale. A re ke re ithuteng ka ho eketsehileng hore na ha e le hantle molemo keng le hore na re ka ba batho ba molemo jwang.

MOLEMO KENG?

Molemo o akarelletsa ho itshwara hantle le ho etsa dintho tse ntle. Ka mehla motho ya molemo o batla ditsela tseo a ka thusang ba bang ka tsona le ho ba etsetsa dintho tse molemo.

E tlameha ebe o hlokometse hore ho itlela feela hore motho a etsetse ba lelapa le metswalle se molemo. Empa ho ba motho ya molemo e le kannete, ha ho felle moo. Ke nnete hore re ke ke ra ba batho ba molemo ka ho phethahetseng, etswe Bibele e re: “Ha ho motho ya lokileng lefatsheng ya tswelang pele ho etsa se molemo mme a sa etse sebe.” (Moek. 7:20) Esita le moapostola Pauluse o kile a re: “Etswe ke a tseba hore ho nna, ke hore, nameng ya ka, ha ho dule letho le molemo.” (Bar. 7:18) Ka hona, e le hore re be batho ba molemo e le kannete, ho hlakile hore re lokela ho ithuta ho Jehova, ka ha ke yena Mohlodi wa molemo.

“JEHOVA O MOLEMO”

Jehova Modimo ke yena ya behang melaomotheo ya se molemo. Ha Bibele e bua ka yena e re: “O molemo mme o etsa se molemo. Nthute melao ya hao ya tsamaiso.” (Pes. 119:68) A re ke re tshohleng dintlha tse pedi tse bontshang hore Jehova o molemo, tse hlalositsweng temaneng ena e ka hodimo.

Jehova o molemo. Jehova o molemo hoo ho ke keng ha kgoneha hore a hlolehe ho etsa dintho tse molemo. Hopola se ileng sa etsahala ha Jehova a ne a re ho Moshe: “Ke tla etsa hore molemo ohle wa ka o fete ka pela sefahleho sa hao.” Jehova o ile a bontsha Moshe kganya le molemo wa hae. Yaba Moshe o utlwa lentswe le re ka Jehova: “Jehova, Jehova, Modimo ya mohau le ya mosa, ya diehang ho halefa le ya tletseng mosa o lerato le nnete, ya bolokelang ba dikete mosa o lerato, ya tshwarelang phoso le tlolo le sebe, empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Ex. 33:19; 34:6, 7) Ka hoo, re na le mabaka a utlwahalang a ho dumela hore molemo o a bonahala dinthong tsohle tseo Jehova a di etsang. Le hoja Jesu e ne e le motho ya molemo ho feta batho ba bang, o ile a re: “Ha ho ya molemo, haese a le mong, Modimo.”—Luka 18:19.

Popo e fana ka bopaki ba hore Jehova o molemo

Mesebetsi ya Jehova e molemo. Dintho tsohle tseo Jehova a di etsang di bontsha hore o molemo. Ke ka hona Bibele e reng: “Jehova o molemo ho bohle, mehauhelo ya hae e hodima mesebetsi yohle ya hae.” (Pes. 145:9) Ka ha Jehova o molemo ebile ha a leeme, o fa batho bohle bophelo le sohle seo ba se hlokang hore ba phele. (Lik. 14:17) O boetse o bontsha hore o molemo ka ho re tshwarela. Mongodi e mong wa pesaleme o ile a ngola a re: “Etswe, Jehova, o molemo mme u itokiseditse ho tshwarela.” (Pes. 86:5) Ka hona, re ka kgodiseha hore: “Jehova a ke ke a hanela ba tsamayang ka ho hloka molato ka ntho le ha e le efe e ntle.”—Pes. 84:11.

“ITHUTE HO ETSA SE MOLEMO”

Ke nnete hore re ka kgona ho ba batho ba molemo le ho etsa dintho tse molemo, ka ha re entswe ka setshwantsho sa Modimo. (Gen. 1:27) Le ha ho le jwalo, Lentswe la Modimo le re kgothalletsa hore re “ithute ho etsa se molemo.” (Esa. 1:17) Empa re ka ithuta ho etsa se molemo jwang? Ditsela tsena tse tharo tse latelang, di tla re thusa hore na ke jwang re ka etsang se molemo.

Tsela ya pele, moya o halalelang o tla re thusa hore re etse se molemo. (Bagal. 5:22) Moya o halalelang o ka re thusa hore re rate se molemo mme re hloye se sebe. (Bar. 12:9) Ha e le hantle Bibele e re Jehova a ka re “tiisa ketsong e nngwe le e nngwe e molemo.”—2 Bathes. 2:16, 17.

Tsela ya bobedi, re lokela ho bala Lentswe la Modimo. Jwale ha re etsa jwalo, Jehova a ka re rupela ka “tsela yohle ya se molemo,” hape a re kwetlisa “bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (Liprov. 2:9; 2 Tim. 3:17) Ha re bala Bibele re bile re nahanisisa ka seo re ithutang sona, re tlatsa dipelo tsa rona e leng letlotlo la rona la polokelo ka dintho tse molemo mabapi le Modimo le thato ya hae. Ka tsela ena, re tla be re bokella dintho tse molemo letlotlong la rona la polokelo mme di tla re thusa ha morao ha re di hloka.—Luka 6:45; Baef. 5:9.

Tsela ya boraro, re lokela ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho etsisa mehlala ya batho ba ileng ba etsa se molemo. (3 Joh. 11) Bibele e na le mehlala e jwalo. Mohlala o ka sehloohong ke wa Jehova le Jesu. Empa ho ntse ho na le bahlanka ba bang ba Modimo ba ileng ba beha mohlala tabeng ena. Batho ba babedi bao re ba hopolang ke Tabitha le Barnabase. (Lik. 9:36; 11:22-24) O ka rua molemo mohlaleng wa bona o babatsehang, haeba le teng o ithuta seo Bibele e se buang ka bona. Jwale ha o ntse o ithuta ka bona, ela hloko hore na ke dintho dife tseo ba ileng ba di etsa ho thusa ba bang. Ebe o nahanisisa ka hore na wena o ka etsang ho thusa batho ba bang ka lapeng kapa ka phuthehong. O tla be o hlokomele hore na Tabitha le Barnabase ba ile ba fumana melemo efe ka hore ba etsetse ba bang se molemo. Le wena o ka etsahallwa ke se tshwanang ha o leka ho etsisa mohlala wa bona.

Re ka boela ra nahanisisa ka mehlala e metle ya bahlanka ba Modimo ba mehleng ena, ba etsang se molemo. Ka mohlala, baholo ka phuthehong ba sebetsa ka thata hore ba etse se molemo. Re se ke ra lebala mohlala wa baradibabo rona ba tshepahalang bao e leng “mesuwe ya se molemo” ka seo ba se buang le seo ba se etsang. (Tite 1:8; 2:3) Moradiwabo rona e mong ya bitswang Roslyn o re: “Motswalle wa ka o ne a etsa boiteko ba ho thusa le ho kgothatsa ba bang ka phuthehong. Hangata o nahanisisa ka maemo a bona ebe o ba fa dimpho tse nyenyane kapa o ba thusa ka ditsela tse itseng. Ke nahana hore ruri ke motho ya molemo.”

Jehova o re kgothalletsa hore re batle “se molemo.” (Amose 5:14) Ha re etsa jwalo, re tla rata melaomotheo ya Jehova re be re ikemisetse le ho feta ho etsa se molemo.

Re leka ho ba batho ba molemo le ba etsang dintho tse molemo

Empa ho ba motho ya molemo, ha ho bolele hore re lokela ho etsa ntho e hlamatsehang kapa hona ho fa batho dintho tse turang. Ha re etse mohlala: Motho ya sebedisang pente ho toroya setshwantsho ha a sebedise borosolo bo boholo bo le bong kapa a mabedi. Ho e na le hoo, o sebedisa a mangata a manyane e le hore a etse mosebetsi o motle. Ka tsela e tshwanang, haeba le rona re etsa dintho tse ngata tse nyenyane ho thusa ba bang, sena se tla bontsha hore re batho ba molemo.

Bibele e re re lokela ho itokiselletsa ho etsa dintho tse molemo. (2 Tim. 2:21; Tite 3:1) Haeba re lemoha maemo a batho, re tla fumana ditsela tseo re ka ba thusang ka tsona bakeng sa ho ba haha. (Bar. 15:2) Sena se ka bolela ho ba fa ho itseng hoo re nang le hona. (Liprov. 3:27) Kapa re ka nna ra memela motho e mong dijong e le hore re ka kgothatsana. Haeba re tseba hore ho na le motho ya kulang, re ka mo romella karete, ra mo tjhakela kapa ra mo founela. Ka sebele ho na le menyetla e mengata eo ka yona re ka buang se “molemo bakeng sa ho haha ka moo tlhokahalo e ka bang ka teng, e le hore [re] ka fana ka se molemo ho ba [re] utlwang.”—Baef. 4:29.

Jwalo ka Jehova, re batla ho etsetsa batho bohle se molemo. Ka hoo, re ke ke ra ba tshwara ka leeme. Tsela e ka sehloohong eo re ka etsetsang batho se molemo ka yona, ke ka ho ba bolella ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. Feela jwalo ka ha Jesu a ile a laela, re batla ho etsa se molemo esita le ho batho ba re hloileng. (Luka 6:27) Ha e le hantle, ha ho na phoso hore re be mosa kapa re etsetse ba bang se molemo, hobane “ha ho molao o kgahlanong le dintho tse jwalo.” (Bagal. 5:22, 23) Boitshwaro ba rona bo botle ha re lekwa kapa re hanyetswa, bo ka nna ba hulela batho nneteng mme seo sa tlotlisa Modimo.—1 Pet. 3:16, 17.

RE RUA MOLEMO HA RE ETSA SE MOLEMO

“Motho ya molemo o tla kgotsofalla diphello tsa mesebetsi ya hae.” (Liprov. 14:14) Ke melemo efe e meng eo re tla e fumana? Haeba re etsetsa ba bang dintho tse molemo, le bona ba ka nna ba re etsetsa se molemo. (Liprov. 14:22) Re lokela ho dula re etsetsa ba bang se molemo esita la ha ba re tshwara hampe, ka ha seo se ka nna sa etsa hore ba fetohe.—Bar. 12:20.

Re tla fumana molemo ha re kgaotsa ho etsa se sebe mme re etsa se molemo. Bara le baradibabo rona ba bangata ba re sena ke sona se ileng sa ba etsahalla. Mohlala o mong ke wa Nancy. O re: “Ke hotse ke le ngwana ya sa tsotelleng, ya itshwereng hampe le ya sa hlompheng. Le ha ho le jwalo, ha ke ntse ke ithuta ke bile ke sebedisa melaomotheo ya Modimo ya se molemo, ke ile ka qala ho thaba. Hona jwale ke na le seriti ebile ke a itlhompha.”

Lebaka le ka sehloohong leo re lokelang ho ba batho ba molemo ka lona, ke hobane seo se thabisa Jehova. Esita le haeba ba bangata ba sa bone seo re se etsang, empa Jehova yena o a bona. Ka mehla ha re etsa se molemo le ha re nahana dintho tse molemo, o a bona. (Baef. 6:7, 8) Jwale o re hlohonolofatsa jwang? “Ya molemo o fumana kamohelo e tswang ho Jehova.” (Liprov. 12:2) Ka hona, a re duleng re etsa se molemo. Etswe Jehova o tshepisa “kganya le tlhompho le kgotso bakeng sa e mong le e mong ya etsang se molemo.”—Bar. 2:10.