Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14

Baholo, Tswelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse

Baholo, Tswelang Pele ho Etsisa Moapostola Pauluse

“Ebang baetsisi ba ka.”​—1 BAKOR. 11:1.

PINA YA 99 Dimiriade Tsa Barabeso

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Mohlala wa moapostola Pauluse o ka thusa baholo jwang mehleng ee?

 MOAPOSTOLA Pauluse o ne a rata bara babo. O ile a sebetsa ka thata hore a ba hlokomele. (Lik. 20:​31) Ke ka lebaka lena bara le baradi babo ba neng ba mo rata haholo. Ka lekgetlo le leng ha baholo ba Efese ba utlwa hore ha ba sa tla mo bona hape, ho ile “ha tsoha ho lla ho hoholo hara bona.” (Lik. 20:​37) Baholo le bona ba sebetsa ka thata ebile ba rata Bakrestemmoho le bona haholo hoo ba ikemiseditseng ho etsa sohle se matleng a bona ho ba thusa. (Bafil. 2:​16, 17) Empa ka dinako tse ding, ho ba thata hore baholo ba etse dintho tsohle tseo ba lokelang ho di etsa. Keng e ka ba thusang?

2 Baholo bana ba sebetsang ka thata ba ka hlahloba mohlala wa Pauluse. (1 Bakor. 11:1) Pauluse e ne e le motho jwalo ka rona. O ne a sa phethahala mme ka dinako tse ding o ne a thatafallwa ke ho etsa se nepahetseng. (Bar. 7:​18-20) Hape o ne a ena le mathata a mangata. Empa Pauluse ha a ka a fellwa ke thabo mme ha a ka a emisa ho sebeletsa bara babo. Ha baholo ba etsisa Pauluse, ba tla tswela pele ho sebeletsa Jehova ba thabile le ha ba ena le mathata. A re boneng hore na ba ka etsa seo jwang.

3. Re tlo hlahloba eng sehloohong see, hona keng hape eo re tlo ithuta yona?

3 Sehloohong sena re tlo hlahloba dintho tse nne tse ka nnang tsa thatafalla baholo, e leng: (1) ho ba le nako e lekaneng ya ho ya tshimong le ho etsa mesebetsi e meng, (2) ho ba le nako e lekaneng bakeng sa ho kgothatsa Bakrestemmoho, (3) ho se nyahamiswe ke mefokolo ya bona le (4) ho sebetsa mmoho le batho ba sa phethahalang. Re tla ithuta hore na ke eng e ileng ya thusa Pauluse le hore na baholo ba ka etsisa mohlala wa hae jwang.

HO BA LE NAKO E LEKANENG YA HO YA TSHIMONG LE HO ETSA MESEBETSI E MENG

4. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding baholo ba ka thatafallwa ke ho etella pele mosebetsi wa boboledi?

4 Ke hobaneng ha ho ka ba thata? Ntle le ho etella pele mosebetsing wa boboledi, baholo ba na le mosebetsi o mongata oo ba lokelang ho o etsa. Ka mohlala, baholo ba bangata ba atisa ho tsamaisa diboka tsa hara beke kapa ho kganna Thuto ya Bibele ya Phutheho. Hape ba fana ka dipuo tse ding. Ba boetse ba kwetlisa bahlanka ba sebeletsang ebile ba thabela ho kgothatsa Bakrestemmoho le bona. (1 Pet. 5:2) Baholo ba bang ba haha le ho lokisa Diholo Tsa Mmuso le mehaho e meng ya mokgatlo. Ho ntse ho le jwalo, mosebetsi o ka sehloohong oo baholo ba o etsang ke ho ruta batho Bibele jwalo ka ba bang bohle ka phuthehong.​—Mat. 28:​19, 20.

5. Pauluse o behile mohlala ofe mosebetsing wa boboledi?

5 Mohlala wa Pauluse. Ho Bafilipi 1:​10 Pauluse o a re bolella hore na keng e mo thusitseng hore e be mmoledi ya atlehang. O re: ‘Le nepisise dintho tsa bohlokwa haholo.’ Pauluse o ile a etsa sona seo. O ile a abelwa ho etsa mosebetsi wa boboledi mme ka dilemo tse ngata mosebetsi ona o ne o tla pele bophelong ba hae. O ne a ruta batho ka Modimo “phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.” (Lik. 20:​20) O ne a sa rute ka dinako tse itseng feela kapa hanngwe ka beke. O ne a sebedisa monyetla o mong le o mong hore a rute batho ka Modimo. Ka mohlala ha a ntse a emetse metswalle ya hae Athene, o ile a ruta batho ba tummeng ka Modimo mme ba bang ba bona ba ile ba amohela molaetsa oo. (Lik. 17:​16, 17, 34) Esita le ha a ne a le ditlamong, o ne a ntse a bua le batho bao a nang le bona ka Modimo.​—Bafil. 1:​13, 14; Lik. 28:​16-24.

6. Pauluse o ile a kwetlisa ba bang hore ba etseng?

6 Pauluse o ile a sebedisa nako ya hae hantle. Hangata o ne a mema ba bang hore ba tsamaye le yena mosebetsing wa boboledi. Ka mohlala leetong la hae la pele la borumuwa, o ile a tsamaya le Johanne eo hape a bitswang Mareka mme leetong la hae la bobedi o ile a tsamaya le Timothea. (Lik. 12:​25; 16:​1-4) E tlameha ebe Pauluse o ile a sebetsa ka thata ho kwetlisa banna bana hore ba hlophise phutheho, ba kgothatse Bakrestemmoho le bona hape e be mesuwe e hlwahlwa.​—1 Bakor. 4:​17.   

Etsisa mohlala wa Pauluse ka hore o dule o le malala a laotswe ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele (Sheba serapa sa 7) *

7. Baholo ba ka latela keletso ya Pauluse e ho Baefese 6:​14, 15 jwang?

7 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ba ka etsisa Pauluse ka hore ba etse mosebetsi wa boboledi ka ntlo le ntlo le ho sebedisa menyetla yohle e hlahang ho etsa mosebetsi ona. (Bala Baefese 6:​14, 15.) Mohlala, ba ka bua le batho ka Bibele ha ba ile mabenkeleng kapa ha ba le mosebetsing. Hape ha ba thusa ka kaho ya Diholo Tsa Mmuso, ba ka pakela batho ba dulang haufi le moo ba sebetsang teng. Ba ka boela ba pakela batho ba ba rekisetsang dintho. Baholo ba ka etsisa Pauluse ka hore ha ba le mosebetsing wa boboledi ba kwetlise ba bang, ho akareletsa le bahlanka ba sebeletsang.

8. Ka dinako tse ding ho ka hlokahala hore moholo a etseng?

8 Baholo ha ba a lokela ho phathahana haholo ka mesebetsi ya phutheho kapa ya potoloho hoo ba ka hlolehang ho fumana nako ya ho etsa mosebetsi wa boboledi. Ka dinako tse ding ba ka nna ba lokela ho hana ho fuwa mesebetsi e eketsehileng e le hore ba ka ba le nako ya ho etsa dintho tse ding tseo ba lokelang ho di etsa. Ka mora ho rapela le ho nahanisisa pele ba etsa qeto, ba ka nna ba hlokomela hore haeba ba ka amohela mosebetsi o itseng, ba ka nna ba se ke ba eba le nako ya ho etsa dintho tse ding tsa bohlokwa haholo. Dintho tseo e ka ba ho tshwara borapedi ba lelapa beke le beke, ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho kwetlisa bana hore ba etse mosebetsi ona. Ke nnete hore ho ka nna ha eba thata hore baholo ba bang ba se ke ba amohela boikarabelo bo eketsehileng ha ba bo fuwa. Empa ba ka kgodiseha hore Jehova o a utlwisisa hore ba batla ho lekalekanya dintho.

HO BA MODISA YA TSOTELLANG MOHLAPE

9. Baholo ba ka thatafallwa ke ho etsang ka lebaka la ho phathahana?

9 Ke hobaneng ha ho ka ba thata? Batho ba Jehova ba tobana le mathata a mangata. Matsatsing ana a ho qetela, kaofela ha rona re hloka ho kgothatswa, ho thuswa le ho tshediswa. Ka dinako tse ding, ba bang ba hloka thuso e le hore ba qobe ho etsa dintho tse fosahetseng. (1 Bathes. 5:​14) Ke nnete hore baholo ba ke ke ba tlosa diteko tsohle tseo batho ba Modimo ba kopanang le tsona. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o batla hore baholo ba etse sohle seo ba ka se kgonang ho kgothatsa le ho sireletsa dinku tsa hae. Jwale, baholo ba nang le dintho tse ngata tseo ba lokelang ho di etsa, ba ka kgothatsa Bakrestemmoho le bona jwang?   

Babatsa ba bang o be o ba matlafatse (Sheba serapa sa 10 le 12) *

10. Ho ya ka 1 Bathesalonika 2:​7, Pauluse o ile a etsang e le hore a hlokomele batho ba Jehova?

10 Mohlala wa Pauluse. Pauluse o ne a dula a batla menyetla ya ho babatsa le ho kgothatsa Bakrestemmoho le yena. Ke ha bohlokwa hore baholo ba etsise mohlala wa Pauluse ka hore ba rate Bakrestemmoho le bona le ho ba tsotella. (Bala 1 Bathesalonika 2:7.) Pauluse o ile a kgodisa Bakrestemmoho le yena hore o a ba rata ebile le Jehova o a ba rata. (2 Bakor. 2:4; Baef. 2:​4, 5) Pauluse o ne a nka ditho tsa phutheho e le metswalle ya hae mme o ne a qeta nako a ena le bona. O ile a bontsha hore o a ba tshepa ka ho ba bolella dintho tse mo tshwenyang le mefokolo ya hae. (2 Bakor. 7:5; 1 Tim. 1:​15) Le ha ho le jwalo, Pauluse ha a ka a tshwenyeha haholo ka mathata a hae. Empa o ne a batla ho thusa Bakrestemmoho le yena.

11. Ke hobaneng ha Pauluse a ile a kgalemela Bakrestemmoho le yena?

11 Ka dinako tse ding Pauluse o ne a kgalemela Bakrestemmoho le yena. Empa o ne a sa ba kgalemele hobane a ne a kwatile. O ne a etsa jwalo hobane a ne a ba tsotella ebile a batla ho ba sireletsa dikotsing tse ka ba hlahelang. O ile a bua ka tsela e bonolo e neng e tla ba thusa hore ba kgone ho amohela kgalemelo. Ka mohlala, lengolong la hae le yang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a ba kgalemela ka matla. Ka mora ho ba ngolla lengolo leo, o ile a romela Tite ho bona. O ile a thaba haholo ha a utlwa hore ba amohetse kgalemelo eo.​—2 Bakor. 7:​6, 7.

12. Baholo ba ka matlafatsa Bakrestemmoho le bona jwang?

12 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ba ka etsisa mohlala wa Pauluse ka ho qeta nako ba ena le Bakrestemmoho le bona. Ba ka etsa sena ka hore ba fihle esale ka nako dibokeng e le hore ba ka kgothatsana le Bakrestemmoho. Hangata ha ho hlokahale nako e telele ho fa mora kapa moradiwabo rona kgothatso eo a e hlokang. (Bar. 1:​12; Baef. 5:​16) Moholo ya etsisang mohlala wa Pauluse o sebedisa Bibele ha a kgothatsa bara le baradibabo rona le ho ba kgodisa hore Jehova o a ba rata. O boetse o bolella ba tlhokomelong ya hae hore o a ba rata. O buisana le bona hangata mme o dula a batla menyetla ya ho ba babatsa. Ha moholo a fana ka keletso, o fana ka yona a sebedisa Lentswe la Modimo. O toba taba empa o bua ka mosa e le hore motho ya fuwang keletso a ka e amohela.​—Bagal. 6:1.

HO SE NYAHAMISWE KE MEFOKOLO YA BONA

13. Ho se phethahale ha baholo ho ka ba ama jwang?

13 Ke hobaneng ha ho ka ba thata? Baholo ha ba a phethahala. Le bona ba etsa diphoso jwalo ka motho e mong le e mong. (Bar. 3:​23) Ka dinako tse ding, baholo ba ka thatafallwa ke ho bona mefokolo ya bona ka tsela e nepahetseng. Ba bang ba ka tshwenyeha haholo ka ho se phethahale ha bona hoo ba ka qetellang ba nyahame. Ba bang ba ka nna ba iphapanyetsa mefokolo ya bona hoo ba ka hlolehang ho etsa diphetoho tse hlokahalang.

14. Ho ya ka Bafilipi 4:​13, boikokobetso bo ile ba thusa Pauluse jwang hore a sebetsane le mefokolo ya hae?

14 Mohlala wa Pauluse. Ka ha Pauluse o ne a ikokobeditse, o ile a hlokomela hore o hloka thuso e le hore a ka sebetsana le mefokolo ya hae. O ne a hloka thuso ya Modimo. Nakong e fetileng, Pauluse o ne a kile a hlorisa Bakreste. Empa ha morao o ile a utlwisisa hore ntho eo a neng a e etsa e ne e fosahetse mme o ne a ikemiseditse ho fetoha. (1 Tim. 1:​12-16) Jehova o ile a thusa Pauluse mme e ile ya eba moholo ya lerato, ya mosa le ya ikokobeditseng. O ne a tseba hore o na le mefokolo empa ha a ka a dula a ngongoreha ka yona. Ho ena le hoo, o ne a dumela hore Jehova o tla mo tshwarela. (Bar. 7:​21-25) Pauluse o ne a sa lebella hore a phethahale. Empa o ile a sebetsa ka thata hore a be le makgabane a Bokreste mme o ile a ikokobetsa le ho itshetleha ka Jehova hore a mo thuse e le hore a ka etsa mosebetsi wa hae.​—1 Bakor. 9:​27; bala Bafilipi 4:13.

Sebetsa ka thata ho hlola mefokolo ya hao (Sheba serapa sa 14 le 15) *

15. Baholo ba ka thuswa ke eng ho ba le pono e nepahetseng ka mefokolo ya bona?

15 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo ha ba a kgethwa hobane ba phethahetse. Le ha ho le jwalo, Jehova o lebelletse hore ba dumele diphoso tsa bona mme ba etse diphetoho moo ho hlokahalang. (Baef. 4:​23, 24) Moholo o lokela ho itlhahloba a sebedisa Lentswe la Modimo e le hore a bone hore na ke hokae moo a lokelang ho etsa diphetoho. Haeba a etsa jwalo, Jehova o tla mo thusa hore a thabe mme e be moholo ya molemo.​—Jak. 1:25.

HO SEBETSA MMOHO LE BATHO BA SA PHETHAHALANG

16. Ho ka etsahalang haeba moholo a dula a shebile mefokolo ya ba bang?

16 Ke hobaneng ha ho ka ba thata? Ho ka ba bonolo hore baholo ba bone mefokolo ya bara le baradibabo rona ka phuthehong ka ha ba qeta nako ba ena le bona. Haeba ba se hlokolosi, ba ka nna ba teneha, ba se ke ba eba mosa kapa ba tshwayatshwaya ba bang diphoso. Pauluse o ile a eletsa Bakreste hore Satane o tla thaba haeba ba ba jwalo.​—2 Bakor. 2:​10, 11.   

17. Pauluse o ne a tadima Bakrestemmoho le yena jwang?

17 Mohlala wa Pauluse. O ne a dula a nahana ka dintho tse ntle tseo Bakrestemmoho le yena ba di etsang. O ne a tseba hore le bona ba etsa diphoso hobane ka dinako tse ding diphoso tseo di ne di mo utlwisa bohloko. Pauluse o ne a tseba hore ha motho a etsa phoso, taba eo ha e bolele hore ke motho ya mobe. O ne a rata Bakrestemmoho le yena mme a dula a bona dintho tse ntle tseo ba di etsang. Ha Bakrestemmoho le yena ba thatafallwa ke ho etsa se nepahetseng, o ne a batla ho ba thusa hobane a nahana hore ba na le boikemisetso ba ho etsa se nepahetseng.

18. O ithutang tseleng eo Pauluse a ileng a thusa Evodia le Syntike ka yona? (Bafilipi 4:​1-3)

18 Ka mohlala, nahana ka moo Pauluse a ileng a thusa baradi babo ba babedi ba phuthehong ya Filipi. (Bala Bafilipi 4:​1-3.) Ho ne ho ena le taba eo Evodia le Syntike ba neng ba sa dumellane ka yona e ileng ya etsa hore e se ke ya hlola e eba metswalle. Pauluse o ile a ba mosa mme ha a ka a ba tshwaya diphoso empa o ile a sheba makgabane a bona. Baradi bana babo ba tshepahalang ba ne ba sebeleditse Jehova ka nako e telele. Pauluse o ne a tseba hore Jehova o a ba rata. Ka ha Pauluse o ne a ena le boikutlo bo botle ka baradi bana babo, o ile a ba kgothalletsa hore ba lokise ditaba. O ne a shebile dintho tse ntle tseo ba bang ba di etsang mme o ile a dula a thabile le ho etsa hore ho dule ho ena le kgotso ka phuthehong.

Qoba ho ahlola ba bang (Sheba serapa sa 19) *

19. (a) Ke jwang baholo ba ka dulang ba ena le maikutlo a matle ka Bakrestemmoho? (b) Re ithutang setshwantshong sa moholo ya hlwekisang Holo ya Mmuso?

19 Seo baholo ba ka ithutang sona. Baholo, shebang makgabane ao bara le baradibabo rona ba nang le ona. Kaofela ha re a phethahala empa e mong le e mong o na le makgabane a ratehang. (Bafil. 2:3) Ke nnete hore ka dinako tse ding baholo ba lokela ho fa bara le baradibabo rona keletso. Jwalo ka Pauluse, baholo ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba qobe ho sheba diphoso tseo bara le baradibabo rona ba di etsang. Ba lokela ho hopola hore bara le baradibabo rona ba rata Jehova, ba mo sebeletsa ba sa kgaotse ebile ba batla ho etsa dintho tse nepahetseng. E mong le e mong ka phuthehong o tla ikutlwa a ratwa haeba baholo ba ameha ka ho sheba makgabane a bara le baradibabo rona.

TSWELANG PELE HO ETSISA PAULUSE

20. Baholo ba ka tswela pele ho ithuta mohlaleng wa Pauluse jwang?

20 Ho na le dintho tse ngata tseo baholo ba ka ithutang tsona mohlaleng wa Pauluse. Mohlala, o ka ya ho Watch Tower Publications Index wa sheba sehlooho se reng “Pauluse” ebe o sheba sehloohwana se reng “mohlala bakeng sa baholo” se fumanehang ka Senyesemane. Ha o ntse o bala dintlha tse hlahang moo, ipotse, ‘Mohlala wa Pauluse o ka nthusa jwang hore ke dule ke thabile ha ke ntse ke etsa mosebetsi wa ka ke le moholo?’

21. Baholo ba ka kgodiseha ka eng?

21 Baholo, hopolang hore Jehova o batla hore le tshepahale eseng hore le phethahale. (1 Bakor. 4:2) Jehova o ne a ananela mosebetsi wohle o boima oo Pauluse a neng a o etsa le botshepehi ba hae. Kgodisehang hore Modimo o ananela mosebetsi oo le mo etsetsang wona. Jehova a ke ke a ‘lebala mosebetsi wa lona le lerato leo le ileng la le bontsha bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebeleditse bahalaledi mme le tswela pele ho sebeletsa.’​—Baheb. 6:10.

PINA YA 87 Tloong le Kgathollwe

^ Re ananela haholo mosebetsi o boima oo baholo ba o etsang ho re thusa. Sehloohong sena, re tlo buisana ka dintho tse nne tseo ka dinako tse ding ho seng bonolo hore baholo ba di etse. Re tla boela re hlahlobe hore na mohlala wa moapostola Pauluse o ka ba thusa jwang hore ba etse dintho tsena. Sehlooho sena se tlo re thusa hore re ikenye dieteng tsa baholo mme re bontshe hore re a ba rata le ho ba tshehetsa.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o bua le mosebetsimmoho ka molaetsa wa Bibele ha ba tjhaisa mosebetsing.

^ DITSHWANTSHO: Moholo o kgothatsa morabo rona ya tlwaetseng ho itshehla thajana.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona o eletsa morabo rona e mong eo ho nang le ntho e mo kwatisitseng.

^ DITSHWANTSHO: Moholo ha a fele pelo ha morabo rona e mong a emisa ho etsa mosebetsi oo a ithaopetseng wona hobane ho ena le ntho e mo sitisang.