Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 14

“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuwa ba Ka”

“Bohle ba Tla Tseba Hore le Barutuwa ba Ka”

“Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.”​—JOH. 13:35.

PINA YA 106 A re Beng le Lerato

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

Batho bao e seng Dipaki Tsa Jehova ba ikutlwa jwang ha ba bona tsela eo bahlanka ba Jehova ba ratanang ka yona? (Sheba serapa sa 1)

1. Batho ba kgahlwa keng ha ba tlile Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova ka lekgetlo la pele? (Sheba setshwantsho.)

 AKO nahane ka banyalani ba yang Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova ka lekgetlo la pele. Ba a kgahlwa ha ba bona bara le baradi ba bo rona ba le botswalle ebile ba bontsha hore ba a ratana. Ha ba ntse ba le tseleng e yang hae, mosadi o re ho monna wa hae: ‘Dipaki Tsa Jehova di fapane hole le batho bao re kileng ra kopana le bona mme ke thabetse ho ba le tsona.’

2. Ke hobaneng ha ba bang ba tlohetse ho sebeletsa Jehova?

2 Tsela eo bahlanka ba Modimo ba ratanang ka yona e a ikgetha. Dipaki Tsa Jehova ha di a phethahala. (1 Joh. 1:8) Ka hoo, ha re ntse re tseba Bakrestemmoho haholwanyane, re tla bona tse ding tsa diphoso tsa bona. (Bar. 3:23) Ka maswabi, ba bang ba dumeletse hore diphoso tsa batho ba bang di etse hore ba tlohele ho sebeletsa Jehova.

3. Batho ba ka tseba Bakreste ba nnete jwang? (Johanne 13:34, 35)

3 Ako shebe lengolo la sehlooho hape. (Bala Johanne 13:34, 35.) Batho ba ka tseba Bakreste ba nnete jwang? Bakreste ba nnete ba a ratana le hoja ba sa phethahala. Hlokomela hore Jesu ha a ka a re: ‘Le tla tseba hore le barutuwa ba ka.’ Empa o ile a re: “Bohle ba tla tseba hore le barutuwa ba ka.” Jesu o ile a bontsha hore ha se balatedi ba hae feela ba neng ba tla tseba hore ke Bakreste ba nnete empa le batho ba bang ba ne ba tla tseba ha ba bona ka moo ba ratanang ka teng.

4. Keng eo batho ba bang ba ka batlang ho e tseba ka Bakreste ba nnete?

4 Batho ba bang bao e seng Dipaki Tsa Jehova ba ka nna ba ipotsa: ‘Lerato le ka re thusa jwang hore re tsebe Bakreste ba nnete? Jesu o ile a bontsha jwang hore o rata baapostola ba hae? Hona re ka etsisa mohlala wa Jesu jwang mehleng ee?’ Dipaki Tsa Jehova le tsona di tla be di etsa hantle haeba di nahana ka dikarabo tsa dipotso tsena. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re rate batho ba bang haholwanyane, haholoholo ha ba etsa diphoso.​—Baef. 5:2.

KE HOBANENG HA LERATO LE KGETHOLLA BAKRESTE BA NNETE?

5. Hlalosa mantswe a Jesu a ho Johanne 15:12, 13.

5 Jesu o ile a re balatedi ba hae ba ne ba tla ratana ka tsela e ikgethang. (Bala Johanne 15:12, 13.) Jesu o ile a ba fa taelo ena: “Le ratane jwalo ka ha ke le ratile.” O ne a bolelang? Jesu o ile a re lerato lena le bolela hore Mokreste o lokela ho rata batho ba bang ho feta ka moo a ithatang ka teng, hoo a ka ba shwelang haeba ho hlokahala. b

6. Lentswe la Modimo le bontsha jwang hore ke ha bohlokwa hore re ratane?

6 Lentswe la Modimo le re lerato ke la bohlokwa haholo. Ka mohlala, batho ba bangata ba rata ditemana tsena: “Modimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8) “O rate moahisani wa hao jwalo ka ha o ithata.” (Mat. 22:39) “Motho ya lerato o dula a itokiseditse ho tshwarela.” (1 Pet. 4:8) “Lerato ha le fele.” (1 Bakor. 13:8) Ditemana tsena le tse ding di bontsha ka ho hlaka hore ke ha bohlokwa ho ratana.

7. Ke hobaneng ha Satane a ke ke a kgona ho etsa hore batho ba momahane le ho ratana e le ka nnete?

7 Batho ba bangata ba a ipotsa hore na ba ka tseba bodumedi ba nnete jwang hobane madumedi ohle a re a ruta nnete empa kaofela ha ona a ruta dintho tse fapaneng ka Modimo. Satane o entse hore ho be le madumedi a mangata a bohata mme seo se entse hore batho ba bangata ba se ke ba tseba hore na bodumedi ba nnete ke bofe. Empa a ke ke a kopanya batho lefatsheng lohle hore ba ratane. Ke Jehova feela ya ka etsang jwalo. Re tseba sena hobane Jehova ke Mohlodi wa lerato mme batho ba hae ba kgona ho ratana e le ka nnete hobane o ba fa moya wa hae o halalelang mme o a ba hlohonolofatsa. (1 Joh. 4:7) Ke ka hoo Jesu a ileng a re ke balatedi ba hae feela ba ka ratanang e le ka nnete.

8, 9. Batho ba bangata ba ile ba ikutlwa jwang ha ba bona tsela eo Dipaki Tsa Jehova di ratanang ka yona?

8 Batho ba bangata ba kgona ho tseba balatedi ba Jesu hobane ba ratana e le ka nnete jwalo ka ha a boletse. Ka mohlala, Morabo rona Ian o hopola ka lekgetlo la pele ha a ne a ile kopanong e neng e tshwaretswe lebaleng la dipapadi haufi le moo a dulang teng. Ian o ile a ya lebaleng leo dikgwedi tse mmalwa pele ho moo a ilo shebella papadi e itseng. O re: “Kopanong ena ke ile ka bona phapang e kgolo. Dipaki di ne di le mosa di bile di apere hantle mme bana ba ne ba itshwere hantle.” O boetse o re: “Ka hodima tsohle, batho bana ba ne ba bonahala ba kgotsofetse ebile ba ena le kgotso​—e leng ntho eo ke neng ke e labalabela. Ha ke hopole dipuo tse neng di fanwa letsatsing leo empa ke ile ka dula ke hopola ka moo Dipaki di neng di itshwere ka teng.” c Lebaka leo re itshwarang ka tsela ena ke hobane re ratana e le ka nnete. Ke ka hoo re hlomphanang le ho tshwarana ka mosa.

9 Morabo rona John le yena o ile a ikutlwa ka tsela e tshwanang ha a ne a qala ho ya dibokeng. O re: “Ke ile ka kgahlwa ke kamohelo e mofuthu le boitshwaro bo botle ba batho bohle moo​—e ne eka ke bahalaledi. Lerato la bona la sebele le ile la nkgodisa hore jwale ke fumane bodumedi ba nnete.” d Dipale tsena le tse ding di bontsha hore bahlanka ba Jehova ke Bakreste ba nnete.

10. Ke neng moo ka ho kgetheha re lokelang ho bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona? (Sheba naletsana.)

10 Re se re ithutile hore kaofela ha rona ha re a phethahala. Ka dinako tse ding, bara le baradi ba bo rona ba ka bua kapa ba etsa dintho tse re utlwisang bohloko. e (Jak. 3:2) Dintho tseo re di buang le tseo re di etsang di tla bontsha hore re rata Bakrestemmoho le rona, haholoholo ha ba re utlwisitse bohloko. Re ka ithutang mohlaleng wa Jesu tabeng ee?​—Joh. 13:15.

JESU O ILE A BONTSHA JWANG HORE O RATA BAAPOSTOLA BA HAE?

Jesu o ile a dula a rata baapostola ba hae le hoja ba ne ba etsa diphoso tse ngata (Sheba serapa sa 11-13)

11. Jakobo le Johanne ba ile ba bontsha hore ba na le bofokodi bofe? (Sheba setshwantsho.)

11 Jesu o ne a sa lebella hore balatedi ba hae e be batho ba phethahetseng. Ho ena le hoo, o ile a ba thusa hore ba sebetsane le mefokolo ya bona e le hore ba ka thabisa Jehova. Ka letsatsi le leng, baapostola ba babedi e leng Jakobo le Johanne ba ile ba re mme wa bona a kope Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng Mmusong. (Mat. 20:20, 21) Seo Jakobo le Johanne ba ileng ba se etsa se ile sa bontsha hore ba a ikgohomosa le hore ba batla ho ba bohlokwa ho feta ba bang.​—Diprov. 16:18.

12. Na ke Jakobo le Johanne feela ba ileng ba ikgohomosa le ho nahana hore ba bohlokwa ho feta ba bang? Hlalosa.

12 Letsatsing leo, Jakobo le Johanne ha se bona feela ba ileng ba ikgohomosa le ho nahana hore ba bohlokwa ho feta ba bang. Hlokomela hore na baapostola ba bang ba ile ba etsang: “Ha barutuwa ba bang ba leshome ba utlwa taba ena, ba halefela Jakobo le Johanne.” (Mat. 20:24) Ho ka etsahala hore Jakobo, Johanne le baapostola ba bang ba ile ba lwantshana ka mantswe. Mohlomong ba bang ba ile ba re: ‘Le nahana hore le bomang hore le batle boemo bo phahameng? Ha se lona feela ba ileng ba sebetsa ka thata le Jesu. Le rona re tshwanelwa ke boemo bo phahameng jwalo ka lona.’ Ho sa tsotellehe hore na ba ile ba reng kapa ba nahanang, ba ile ba lebala ho bontshana lerato le mosa boemong boo.

13. Jesu o ile a reng ha baapostola ba hae ba etsa diphoso? (Matheu 20:25-28)

13 Jesu o ile a etsang boemong boo? Ha a ka a ba halefela kapa a re o tla ipatlela baapostola ba bang ba ikokobeditseng le ba tla dula ba ratana. Empa Jesu o ile a bua le bona a sa ba felle pelo hobane o ne a tseba hore ba batla ho etsa se nepahetseng. (Bala Matheu 20:25-28.) Jesu o ne a dula a bua le bona ka mosa le hoja ba ne ba dula ba phehisana kgang ka hore na ke mang e moholo hara bona.​—Mar. 9:34; Luka 22:24.

14. Baapostola ba Jesu ba holetse sebakeng se jwang?

14 Ha ho pelaelo hore Jesu o ile a nahana ka sebaka seo baapostola ba holetseng ho sona. (Joh. 2:24, 25) Ba holetse sebakeng seo baetapele ba bodumedi ba neng ba kgothaletsa batho ho rata maemo a phahameng. (Mat. 23:6) Baetapele ba bodumedi ba Bajuda ba ne ba nka hore ba bohlokwa ho feta batho ba bang. f (Luka 18:9-12) Jesu o ne a utlwisisa hore sebaka seo baapostola ba holetseng ho sona se ne se ka ama tsela eo ba tshwarang batho ka yona le ka moo ba neng ba etsa dintho ka teng. (Diprov. 19:11) O ne a tseba hore barutuwa ba hae ba tla etsa diphoso ebile o ne a ba mamella ha ba di etsa. O ne a boetse a tseba hore ba batla ho etsa se nepahetseng. Ka hoo, ka mamello o ile a ba ruta ho ikokobetsa le ho rata batho ba bang ho ena le ho batla ho ba phahamela.

RE KA ETSISA MOHLALA WA JESU JWANG?

15. Re ka ithutang ho se ileng sa etsahala pakeng tsa Jakobo, Johanne le baapostola ba bang?

15 Re ka ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahala pakeng tsa Jakobo, Johanne le baapostola ba bang. Ho ne ho fosahetse hore ba kope Jesu hore a ba fe boemo bo phahameng Mmusong. Empa baapostola ba bang le bona ba ne ba le phoso hore ba dumelle boemo bona bo etse hore ba se ke ba momahana. Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a tswela pele ho ba mosa ho baapostola bohle ba 12 le ho ba rata. Re ithutang? Taba ya bohlokwa ha se feela hore na batho ba bang ba etsang empa ke hore na le rona re etsang ha ba re fosetsa. Re ka thuswa keng? Haeba re kwatetse Mokrestemmoho le rona, re ka nna ra ipotsa: ‘Ke hobaneng ha seo a se entseng se nkwatisitse hakana? Na boemo boo bo bontsha bofokodi boo ke lokelang ho ntlafatsa ho bona? Na ho ka etsahala hore ebe motho ya nkutlwisitseng bohloko o na le mathata? Le hoja ke ena le lebaka la hore ke kwate, na nka mo bontsha lerato ka hore ke mo tshwarele?’ Ha re ratana, re a bontsha hore re Bakreste ba nnete.

16. Keng hape eo re ka ithutang yona mohlaleng wa Jesu?

16 Mohlala wa Jesu o a re ruta hore re lokela ho leka ho utlwisisa Bakrestemmoho le rona. (Diprov. 20:5) Jesu o kgona ho bona se ka dipelong empa rona re ke ke ra kgona. Ho ena le hoo, re ka kgona ho mamella bara le baradi ba bo rona ha ba etsa dintho tse etsang hore re tenehe. (Baef. 4:1, 2; 1 Pet. 3:8) Re ka etsa jwalo haeba re ithuta haholwanyane ka tsela eo ba hodisitsweng ka yona. A re bueng ka mohlala ona.

17. Molebedi e mong wa potoloho o ile a rua molemo jwang ka mora hore a iphe nako ya hore a tsebe morabo rona hantle?

17 Molebedi wa potoloho e mong ya neng a potoloha Afrika Botjhabela o hopola morabo rona e mong ya neng a sa tsebe ho buisana le batho hantle. Molebedi eo wa potoloho o ile a etsang? O re: “Ho ena le hore ke tlohele moreso, ke ile ka etsa qeto ya hore ke mo tsebe haholwanyane.” Ha molebedi wa potoloho a qeta nako a ena le morabo rona, o ile a ithuta ka moo a hodisitsweng ka teng le hore na seo se amme tsela eo a tshwarang batho ba bang ka yona jwang. Molebedi wa potoloho o boetse o re: “Eitse hoba ke utlwisise ka moo mora eo wabo rona a sokotseng ka teng ho hlola tsela eo a hodisitsweng ka yona le ka moo a hatetseng pele ka teng, ke ile ka mo ananela. Re ile ra ba metswalle e meholo.” Le rona haeba re leka ho utlwisisa bara le baradi ba bo rona, ho tla ba bonolo hore re ba rate.

18. Ke dipotso dife tseo re ka ipotsang tsona haeba Mokrestemmoho le rona a re kgopisitse? (Diproverbia 26:20)

18 Ka dinako tse ding, re ka nna ra batla ho yo bua le Mokrestemmoho ya re kgopisitseng. Pele re ya ho yena re lokela ho ipotsa: ‘Na ke utlwisisa hantle hore na ho etsahetseng?’ (Diprov. 18:13) ‘Na ehlile o ne a batla ho nkutlwisa bohloko?’ (Moek. 7:20) ‘Na le nna nkile ka etsa phoso e tshwanang?’ (Moek. 7:21, 22) ‘Haeba ke bua le yena ka taba ena, na seo ha se tlo etsa hore boemo bo mpefale le ho feta?’ (Bala Diproverbia 26:20.) Ha re ipha nako ya ho nahanisisa ka dipotso tsena, di ka re thusa hore re nahane ka moo re ratang Bakrestemmoho le rona ka teng mme re kgaotse ho nahana ka ntho e etsahetseng.

19. O ikemiseditse ho etsang?

19 Dipaki Tsa Jehova di bontsha hore ke barutuwa ba Jesu ba nnete ka hore di ratane. E mong le e mong wa rona o bontsha hore ke Mokreste wa nnete haeba a rata bara le baradi ba bo rona ho sa tsotellehe diphoso tsa bona. Ha re etsa jwalo, ba bang ba ka hlokomela bodumedi ba nnete mme ba qetella ba rapela Jehova e leng Modimo ya lerato. Ka hoo, e se eka re ka tswela pele re bontsha lerato le kgethollang Bakreste ba nnete.

PINA YA 17 “Ke a Batla”

a Batho ba bangata ba batla ho ithuta ka Jehova le ka Lentswe la hae ha ba bona tsela eo ka yona re ratanang e le ka nnete. Ka ha ha re a phethahala, ka dinako tse ding ho ka ba thata hore re bontshane lerato. A re ke re bone hore na ke hobaneng ha lerato e le la bohlokwa le hore na re ka etsisa Jesu jwang ha ba bang ba etsa diphoso.

c Sheba sehlooho se reng, “Jwale ke se ke Tseba Seo ke se Phelelang” se ho Molula-Qhooa wa November 1, 2012, leq. 13, 14.

d Sheba sehlooho se reng, “Ke ne ke Ikutlwa ke Natefetswe ke Bophelo” se ho Molula-Qhooa wa May 1, 2012, leq. 18, 19.

e Sehlooho sena ha se bue ka dibe tse tebileng tse lokelang ho bolellwa baholo tse kang tse hlahang ho 1 Bakorinthe 6:9, 10.

f Ha morao rabi e mong o ile a re: “Lefatsheng ho na le batho ba 30 kapa ho feta ba lokileng jwalo ka Abrahama. Haeba batho bao ba 30, nna le mora wa ka re ba bang ba bona. Haeba ba le leshome, nna le mora wa ka re ba bang ba bona. Haeba ba le bahlano, nna le mora wa ka re ba bang ba bona. Haeba ba babedi, ke nna le mora wa ka. Empa haeba motho eo o mong, ke nna.”