Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha “Nnyeo” a ile a re lefa la hae le ne le tla senyeha ha a ne a ka nyala Ruthe? (Ruthe 4:1, 6)

Mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ha monna ya nyetseng a ne a ka hlokahala a se na bana, batho ba ne ba batla ho tseba hore na ho tla etsahalang ka dintho tseo a neng a ena le tsona le ka lebitso la lelapa la hae. Molao wa Moshe o ne o ena le dikarabo tsa dipotso tseo.

Ho ne ho etsahalang ka sebaka kapa masimo a monna ha a hlokahala kapa a futsaneha mme a tlameha ho a rekisa? Morabo motho eo kapa mong ka yena ya haufi o ne a ka a lopolla kapa a a reka. Sena se ne se tla etsa hore masimo ao a se ke a ya ho batho bao e seng karolo ya lelapa.​—Lev. 25:23-28; Num. 27:8-11.

Keng e neng e tla thusa hore lebitso la monna ya hlokahetseng le se ke la fela? Le ne le ke ke la fela haeba morabo kapa mong ka yena ya haufi a ne a ka nyala mosadi wa hae, e leng ntho e ileng ya etsahala boemong ba Ruthe. Motho eo o ne a tla nyala mosadi wa morabo e le hore a mo etsetse mojalefa ya tla sireletsa lebitso la monna eo ya hlokahetseng le lefa la hae. Molao ona o ne o boetse o sireletsa mohlolohadi.​—Deut. 25:5-7; Mat. 22:23-28.

Nahana ka Naomi. O ne a nyetswe ke monna ya bitswang Elimeleke. Ha Elimeleke le bara ba hae ba babedi ba hlokahala, Naomi o ile a sala a se na motho ya mo hlokomelang. (Ruthe 1:1-5) Ha Naomi a se a kgutletse Juda, o ile a re ngwetsi ya hae Ruthe e ye ho Boase e yo kopa hore a reke masimo a bona. Boase o ne a amana le Elimeleke. (Ruthe 2:1, 19, 20; 3:1-4) Empa Boase o ne a tseba hore “Nnyeo” o ne a amana haufi le Elimeleke ho mo feta. Ka hoo, Nnyeo o ne a e na le monyetla o moholo wa ho ba molopolli.​—Ruthe 3:9, 12, 13.

Qalong, “Nnyeo” o ne a batla ho thusa. (Ruthe 4:1-4) Le hoja a ne a tseba hore o lokela ho reka masimo, o ne a boetse a tseba hore Naomi o se a le moholo bakeng sa hore a ka ba le ngwana eo e tla ba mojalefa wa Elimeleke. Sena se bolela hore masimo ao Nnyeo a a rekileng e ne e tla ba karolo ya lefa la hae. Ka hoo, ho ne ho ka bonahala a sebedisitse tjhelete ya hae hantle.

Nnyeo o ile a fetola maikutlo tabeng ya ho ba molopolli ha a hlokomela hore o lokela ho nyala Ruthe. O ile a re: “Ha ke kgone ho itopollela yona hobane nka tloha ka senya lefa la ka.” (Ruthe 4:5, 6) Ke hobaneng ha a ile a fetola maikutlo?

Haeba Nnyeo kapa motho e mong a ne a ka nyala Ruthe mme a ba le mora, mora eo e ne e tla ba mojalefa wa Elimeleke. Jwale “lefa” la Nnyeo le ne le tla ‘senyeha’ jwang? Bibele ha e tjho empa e ka nna yaba ho na le mabaka mme a mang a ona ke ana.

  • La pele, ho ne ho ka bonahala eka o sentse tjhelete ka ho reka masimo a Elimeleke hobane qetellong masimo ao e ne e tla ba a mora wa Ruthe.

  • La bobedi, e ne e tla ba boikarabelo ba hae ho hlokomela Ruthe le Naomi.

  • La boraro, haeba Ruthe le Nnyeo ba ne ba ka ba le bana, ba ne ba tla arolelana lefa le bana bohle ba Nnyeo.

  • Lebaka la bone, haeba Nnyeo a ne a se na bana, mora wa Ruthe o ne a tla ja lefa la Elimeleke le la Nnyeo. Sena se bolela hore ha a ne a ka shwa, lefa la hae e ne e tla ba la ngwana wa lelapa la Elimeleke eseng la hae. Nnyeo o ne a sa ikemisetsa hore a lahlehelwe ke lefa la hae ka hore a thuse Naomi. O ile a bona ho le molemo hore Boase e be yena molopolli. Boase o ile a dumela ho etsa jwalo hobane o ne a batla “ho kgutlisetsa lefa la monna ya shweleng lebitsong la hae.”​—Ruthe 4:10.

Nnyeo o ne a amehile haholo ka ho sireletsa lebitso la hae le lefa la hae. E ne e le moithati. Le hoja Nnyeo a ile a sebetsa ka thata ho sireletsa lebitso la hae, ha a ka a atleha hobane le kajeno ha re le tsebe. O ile a boela a lahlehelwa ke tlotla ya bohlokwa eo Boase a ileng a ba le yona. Boase e ile ya eba moholoholo wa Mesia, Jesu Kreste. Nnyeo o ile a fetwa ke monyetla ona ka lebaka la boithati le ho hana ho thusa motho e mong.​—Mat. 1:5; Luka 3:23, 32.