Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 10

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Kolobetswa?

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Kolobetswa?

“Le kolobetswe.”​—DIK. 2:38.

PINA YA 34 Ho Tsamaya ka Botshepehi

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Hangata ho etsahalang ha batho ba kolobetswa, hona o lokela ho nahana ka ho etsang?

 NA O ke o shebe sehlopha sa batho ba yo kolobetswa? Ha ba araba dipotso tse pedi pele ba kolobetswa, o a utlwa hore ba kgodisehile ka ntho eo ba e etsang. Metswalle ya bona le ba malapa a bona ba motlotlo. Ha ba tswa ka metsing ho opuwa diatla mme ha o sheba difahleho tsa bona o a bona hore ehlile ba thabile. Ka karolelano, beke le beke batho ba dikete ba inehela ho Modimo ebe ba a kolobetswa mme e ba Dipaki Tsa Jehova.

2 Ho thweng ka wena? Haeba o batla ho kolobetswa, o motho wa bohlokwa lefatsheng lena le kgopo hobane ‘o ntse o batla Jehova.’ (Pes. 14:1, 2) Sehlooho sena se ngoletswe wena ho sa tsotellehe hore na o moholo kapa o monyenyane. Empa le haeba re se re kolobeditswe re lokela ho ikemisetsa le ho feta ho dula re sebeletsa Jehova. A re ke re bueng ka mabaka a mararo ao ka ona re lokelang ho sebeletsa Jehova.

O RATA NNETE LE TOKA

Haesale Satane a senya lebitso la Jehova ka dilemo tse dikete mme o ntse a tswela pele ho le senya (Sheba serapa sa 3 le 4)

3. Ke hobaneng ha bahlanka ba Jehova ba rata nnete le ho loka? (Pesaleme ya 119:128, 163)

3 Jehova o laetse batho ba hae hore ba “rate nnete.” (Zak. 8:19) Jesu o ile a kgothaletsa barutuwa ba hae hore ba phehelle ho loka. (Mat. 5:⁠6) Sena se bolela hore re lokela ho labalabela ho etsa dintho tseo Modimo a reng di nepahetse, di molemo ebile di hlwekile. Na o rata nnete le ho loka? Re kgodisehile hore o a di rata. O hloile leshano, dintho tsohle tse fosahetseng le bokgopo. (Bala Pesaleme ya 119:128, 163.) Motho ya leshano o etsisa mmusi wa lefatshe lena e leng Satane. (Joh. 8:44; 12:31) Morero o mong wa Satane ke ho senya lebitso le halalelang la Jehova Modimo. Haesale Satane a jala mashano ka Modimo wa rona ho tloha mohla a neng a mo fetohela serapeng sa Edene. O etsa hore batho ba nahane hore Jehova ke Mmusi ya leshano, ya itjhebileng boyena le ya hanelang batho ka dintho tse molemo. (Gen. 3:1, 4, 5) Mashano a Satane a entse hore batho ba nke Modimo hampe. Ha batho ba sa “rate nnete,” Satane a ka ba susumeletsa ho etsa dintho tsohle tse sa lokang le tse kgopo.​—Bar. 1:25-31.

4. Jehova o bontshitse jwang hore ke “Modimo wa nnete”? (Sheba setshwantsho.)

4 Jehova ke “Modimo wa nnete” mme o ruta batho ba mo ratang nnete. (Pes. 31:5) Ka ho ba ruta nnete, o ba thusa hore ba se ke ba thetswa ke mashano a Satane. Jehova o boetse o ruta bahlanka ba hae hore ba etse dintho tse lokileng le hore ba bue nnete. Ha ba etsa dintho tseo ba ba le seriti le kgotso. (Diprov. 13:5, 6) Na le wena o o thusitse ha o ntse o ithuta Bibele? O ithutile hore ditsela tsa Jehova ke tsa bohlokwa bakeng sa batho bohle ho akareletsa le wena. (Pes. 77:13) Ka hoo, o lokela ho etsa dintho tseo Modimo a reng di lokile. (Mat. 6:33) O lokela ho phatlalatsa nnete le ho paka hore dintho tseo Satane a di buileng ka Jehova Modimo wa rona ke leshano. Empa o ka etsa seo jwang?

5. O ka bontsha jwang hore o rata nnete le ho loka?

5 O ka kgetha ho phela ka tsela e bontshang hore ha o dumele mashano a Satane le hore o rata nnete, hore o batla ho buswa ke Jehova ebile o batla ho etsa dintho tseo a reng di nepahetse. O ka etsa seo jwang? Ka ho rapela Jehova ebe o inehela ho yena. Ka mora moo o bontshe phatlalatsa hore o inehetse ho yena ka hore o kolobetswe. Ntho e ka sehloohong e ka o susumeletsang hore o batle ho kolobetswa ke ho rata nnete le dintho tse nepahetseng.

O RATA JESU KRESTE

6. Pesaleme ya 45:4 e fana ka mabaka afe a hore o rate Jesu Kreste?

6 Ke hobaneng ha o rata Jesu Kreste? Pesaleme ya 45:4 (E bale.) e fana ka mabaka a utlwahalang a hore na ke hobaneng ha o lokela ho mo rata. Jesu o rata nnete, boikokobetso le toka. Haeba o rata nnete le toka e tlameha ebe o rata le Jesu Kreste. Nahana ka moo ka sebete Jesu a ileng a emela nnete le dintho tse nepahetseng ka teng. (Joh. 18:37) Jesu o bontshitse jwang hore o rata boikokobetso?

7. Ke eng eo o e ratang ka taba ya hore Jesu o ikokobeditse?

7 Jesu o re behela mohlala o bontshang hore o rata boikokobetso. Ka mohlala, ha ho mohla a ithorisang empa o rorisa Ntate wa hae bakeng sa dintho tsohle. (Mar. 10:17, 18; Joh. 5:19) O ikutlwa jwang ha o bona ka moo Jesu a ikokobeditseng ka teng? Ha ho pelaelo hore o a mo rata ebile o batla ho mo latela. Ke hobaneng ha Jesu a ikokobeditse? Ke hobane o rata Ntate wa hae ya ikokobeditseng ebile o a mo etsisa. (Pes. 18:35; Baheb. 1:3) Na taba ya hore Jesu o etsisa Jehova hantle ha e etse hore o utlwe o mo rata?

8. Ke hobaneng ha re rata hore ebe Jesu ke Morena wa rona?

8 Re a rata hore ebe Jesu ke Morena wa rona hobane ke mmusi ya molemo ka ho fetisisa. Jehova ke yena ya kwetlisitseng Mora wa hae a ba a mo kgetha hore a buse. (Esa. 50:4, 5) Hape ako nahane ka moo Jesu a ileng a rata le ho itella batho ka teng. (Joh. 13:1) O lokela ho rata Jesu hobane ke Morena wa hao. O ile a re batho ba hlileng ba mo ratang, bao a ba bitsang metswalle ya hae ba bontsha hore ba a mo rata ka hore ba mamele ditaelo tsa hae. (Joh. 14:15; 15:14, 15) Ka nnete ke tlotla ho ba motswalle wa Mora wa Jehova.

9. Kolobetso ya Bakreste e tshwana jwang le ya Kreste?

9 E nngwe ya dintho tseo Jesu a di laetseng balatedi ba hae ke hore ba kolobetswe. (Mat. 28:19, 20) O ba behetse mohlala. Kolobetso ya Jesu e fapane le ya balatedi ba hae ka ditsela tse itseng. (Bala lebokose le reng “ Kolobetso ya Jesu le ya Balatedi ba Hae di Fapane Jwang?”) Le ha ho le jwalo, di a tshwana ka ditsela tse itseng. Ha Jesu a kolobetswa o ile a bontsha hore o batla ho phelela ho etsa thato ya Ntate wa hae. (Baheb. 10:7) Ka ho tshwanang balatedi ba Kreste ba a kolobetswa ho bontsha hore ba inehetse ho Jehova Modimo. Hona jwale, ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba bona ke ho etsa thato ya Modimo eseng ya bona. Ka tsela eo ba latela mohlala wa Monga bona.

10. Ho rata Jesu ho tla o susumetsa jwang hore o kolobetswe?

10 O a dumela hore Jesu ke Mora ya mong wa Jehova le hore Modimo o mo kgethile hore e be Morena wa rona. O a tseba hore Jesu o ikokobeditse le hore o etsisa Ntate wa hae hantle. O ithutile hore o ile a fepa batho, a tshedisa ba nyahameng a ba a fodisa ba kulang. (Mat. 14:14-21) O hlokometse ka moo a tataisang phutheho ya hae mehleng ena. (Mat. 23:10) Hape o a tseba hore o tla etsa dintho tse ding tse ngata tse ntle nakong e tlang ha e se e le Morena wa Mmuso wa Modimo. O ka bontsha jwang hore o a mo rata? Ka ho mo etsisa. (Joh. 14:21) O ka qala ho mo etsisa ka hore o inehele ho Jehova o be o kolobetswe.

O RATA JEHOVA MODIMO

11. Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa la ho kolobetswa ke lefe, hona hobaneng?

11 Lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa la ho kolobetswa ke lefe? Jesu o ile a re bolella hore na taelo ya Modimo e kgolo ka ho fetisisa ke efe. O ile a re: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle, ka moya wa hao wohle, ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mar. 12:30) Na o rata Modimo ka tsela ee?

Jehova ke Mohlodi wa ntho e nngwe le e nngwe e molemo eo o kileng wa e thabela le eo o tla e thabela nakong e tlang (Sheba serapa sa 12 le 13)

12. Ke hobaneng ha o rata Jehova? (Sheba setshwantsho.)

12 Re na le mabaka a mangata haholo a ho rata Jehova. Ka mohlala, o se o tseba hore ke yena “mohlodi wa bophelo” le hore ke mofani wa “mpho e nngwe le e nngwe e molemo le ntho e nngwe le e nngwe e phethahetseng.” (Pes. 36:9; Jak. 1:17) Dintho tsohle tse molemo tseo o nang le tsona di tswa ho Modimo wa rona ya lerato le ya seatla se bulehileng.

13. Ke hobaneng ha re ka re sehlabelo sa Mora wa Modimo ke mpho e babatsehang hakaale?

13 Mpho e babatsehang ka ho fetisisa eo Jehova a re fileng yona ke sehlabelo sa Mora wa hae. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Nahana ka kamano e haufi eo Jehova a nang le yona le Mora wa hae. Jesu o ile a re: “Ntate o a nthata” a ba a re “ke rata Ntate.” (Joh. 10:17; 14:31) Ka dilemo tse dibilione tseo ba di qetileng ba le mmoho, setswalle sa bona se ile sa tiya le ho feta. (Diprov. 8:22, 23, 30) Nahana hape hore na Modimo o ile a utlwa bohloko hakae ha a dumella Mora wa hae hore a utlwe bohloko a be a shwe. Jehova o rata batho, le wena o a o rata. O o rata hoo a ileng a ikemisetsa ho fana ka Mora wa hae ya ratwang e le sehlabelo e le hore wena le batho ba bang le phele ka ho sa feleng. (Joh. 3:16; Bagal. 2:20) Ha ho na lebaka le fetang lena la ho rata Modimo.

14. Ntho e molemo ka ho fetisisa eo o ka kgethang ho e etsa ke efe?

14 O ile wa rata Jehova le ho feta ha o ntse o ithuta ka yena. E tlameha ebe o batla ho dula o atamela haufi le yena hona jwale le ka ho sa feleng. O ka kgona. Ka mosa o o kgothaletsa hore o thabise pelo ya hae. (Diprov. 23:15, 16) O ka mo thabisa ka mantswe le ka diketso. Tsela eo o phelang ka yona e tla bontsha hore o hlile o rata Jehova. (1 Joh. 5:3) Ho phela ka tsela eo ke ntho e molemo ka ho fetisisa eo o ka kgethang ho e etsa.

15. O ka bontsha jwang hore o rata Jehova?

15 O ka bontsha jwang hore o rata Jehova? Ntho ya pele eo o lokelang ho e etsa ke hore o rapele Modimo wa nnete o inehele ho yena. (Pes. 40:8) Ya bobedi ke hore o bontshe batho ba bang hore o inehetse ka hore o kolobetswe. Jwalo ka ha re bone qalong ya sehlooho sena, ho kolobetswa ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa le e thabisang haholo. O qala bophelo bo botjha o se o sa iphelele empa o phelela Jehova. (Bar. 14:8; 1 Pet. 4:1, 2) O ka nna wa utlwa eka ho kolobetswa ke mohato o moholo haholo mme ehlile ho jwalo. Empa ho o fa monyetla wa ho phela bophelo bo molemo ka ho fetisisa. Jwang?

16. Ho ya ka Pesaleme ya 41:12, Jehova o tla putsa batho ba ikemiseditseng ho mo sebeletsa jwang?

16 Jehova ke motho ya fanang ka ho fetisisa. Ho sa tsotellehe hore na o mo fa eng, o tla dula a o buseletsa haholo ho feta ka moo o mo fileng. (Mar. 10:29, 30) Le lefatsheng lena le kgopo, o tla o fa bophelo bo monate le bo kgotsofatsang ka ho fetisisa. Hona e sa le dinyane feela. Leeto leo o le qalang ha o kolobetswa le ka tswela pele ho ya ho ile. O ka kgona ho sebeletsa Ntate wa hao eo o mo ratang ka ho sa feleng. Lerato leo wena le Ntate wa hao le ratanang ka lona le tla tswela pele ho eketseha. O tla phela ka ho sa feleng jwalo ka yena.​—Bala Pesaleme ya 41:12.

17. O ka fa Jehova eng eo e leng ya bohlokwa haholo?

17 Ha o inehela ebile o kolobetswa, o ba le monyetla wa ho fa Ntate wa hao ntho ya bohlokwahadi. O o file dintho tsohle tse molemo le dinako tsohle tse monate tseo o kileng wa di thabela. Le wena ha o sebeletsa Jehova ka pelo yohle, o tla be o mo fa ntho ya bohlokwa haholo. (Jobo 1:8; 41:11; Diprov. 27:11) Ena ke tsela e molemo ka ho fetisisa ya ho phela. Re kgodisehile hore ho rata Jehova ke lebaka la bohlokwa ka ho fetisisa la hore o kolobetswe.

KE HOBANENG HA O ESO KOLOBETSWE?

18. O ka ipotsa dipotso dife?

18 O ne o tla reng ha motho a o botsa hore na o tla kolobetswa? Ke wena ya ka arabang potso eo. Empa mohlomong ho ka o thusa ha o ka ipotsa hore na ke hobaneng ha o eso kolobetswe. (Dik. 8:36) Hopola mabaka a mararo ao re seng re buile ka ona. La pele ke hore o rata nnete le toka. Ipotse, ‘Na ke batla ho bona mohla motho e mong le e mong a tla be a bua nnete mme a etsa dintho tse nepahetseng?’ Lebaka la bobedi ke hore o rata Jesu Kreste. Ipotse, ‘Na ke batla hore Mora wa Modimo e be Morena wa ka le hore ke latele mohlala wa hae?’ Lebaka la boraro le la bohlokwa ka ho fetisisa ke hore o rata Jehova. Ipotse, ‘Na ke batla ho thabisa pelo ya Jehova ka hore ke mo sebeletse?’ Haeba karabo ya hao dipotsong tsena ke e, ke hobaneng ha o sa kolobetswe hona jwale?​—Dik. 16:33.

19. Etsa mohlala o bontshang hore na ke hobaneng ha o sa lokela ho tsilatsila ho kolobetswa. (Johanne 4:34)

19 Haeba o tsilatsila ho kolobetswa, nahana ka papiso eo Jesu a ileng a e etsa. (Bala Johanne 4:34.) Hlokomela hore Jesu o ile a bapisa ho etsa thato ya Ntate wa hae le dijo. Hobaneng? Dijo di re tswela molemo. Jesu o ne a tseba hore ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a reng re e etse e molemong wa rona. Jehova ha a batle hore re etse letho le ka re ntshang kotsi. Na Jehova o batla hore o kolobetswe? Ho jwalo. (Dik. 2:38) Ka hoo, o ka kgodiseha hore ho mamela taelo ya hore o kolobetswe ho tla o tswela molemo. Haeba o ne o ke ke wa tsilatsila ho ja dijo tse monate ka ho fetisisa, ke hobaneng ha o tsilatsila ho kolobetswa?

20. Re tlo bua kang sehloohong se latelang?

20 O emetseng? Batho ba bangata ba ka nna ba araba ka hore: “Ha ke eso itokise hantle.” Bonneteng ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa ke qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa eo o ka e etsang. Ka hoo, o lokela ho nka nako ya hao, o inahane hantle o be o etse boiteko bo matla e le hore o tshwanelehe. Empa haeba o hlile o batla ho kolobetswa, o ka etsang ho itokisa? Re tla araba potso ena sehloohong se latelang.

PINA YA 28 Ho Fumana Botswalle ba Jehova

a Mohato wa bohlokwa ka ho fetisisa oo motho ya ithutang Bibele a ka o nkang ke wa hore a kolobetswe. Ke eng e ka etsang hore motho ya ithutang Bibele a nke mohato oo? Ke lerato. Empa e tla be e le hobane a rata eng kapa mang? Sehloohong sena re tla araba dipotso tsena re be re bue ka hore na re ka lebella ho phela bophelo bo jwang ha re le Bakreste ba kolobeditsweng.