Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 11

O ka Etsang e le Hore o Itokisetse ho Kolobetswa?

O ka Etsang e le Hore o Itokisetse ho Kolobetswa?

“Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?”​—DIK. 8:36.

PINA YA 50 Thapelo ya ka ya Boinehelo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

Bara le baradi ba bo rona ba baholo le ba banyenyane ba a kolobetswa (Sheba serapa sa 1-2)

1, 2. Ke hobaneng ha o sa lokela ho nyahama haeba ha o eso lokele ho kolobetswa? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

 HAEBA o batla ho kolobetswa, eo ke taba e babatsehang. Na o se o loketse ho nka mohato oo hona jwale? Haeba o nahana jwalo mme baholo ba dumellana le wena, o se ke wa tsilatsila ho kolobetswa hang ha monyetla o hlaha. Ha o ka kolobetswa o tla thabela ho phela o sebeletsa Jehova.

2 Empa ho thweng haeba o bolellwa hore o lokela ho ntlafatsa pele o ka kolobetswa kapa wena ka bowena o hlokomela hore o lokela ho ntlafatsa? O se ke wa nyahama. O ka kgona ho ntlafatsa e le hore o qetelle o kolobeditswe ho sa tsotellehe hore na o moholo kapa o monyenyane.

“NKA THIBELWA KENG?”

3. Letona la Moethiopia le ile la botsa Filipi potso efe, hona ho ile ha boela ha hlaha potso efe? (Diketso 8:36, 38)

3 Bala Diketso 8:36, 38. Letona la Moethiopia le ile la botsa Moevangedi Filipi potso ena: “Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?” Monna eo wa Moethiopia o ne a batla ho kolobetswa empa na o ne a se a loketse hore a nke mohato oo wa bohlokwa?

Letona la Moethiopia le ne le ikemiseditse ho tswela pele le ithuta ka Jehova (Sheba serapa sa 4)

4. Monna wa Moethiopia o ile a bontsha jwang hore o ne a ikemiseditse ho ithuta ka ho eketsehileng?

4 Monna wa Moethiopia “o ne a tswa Jerusalema a tswa rapela.” (Dik. 8:27) Ka hoo, e tlameha ebe o ne a sokolohetse bodumeding ba Sejuda. E tlameha ebe o ne a ithutile ka Jehova Mangolong a Seheberu a halalelang. Ho ntse ho le jwalo, o ne a labalabela ho ithuta ka ho eketsehileng. Ha e le hantle, monna eo o ne a ntse a etsang ha Filipi a kopana le yena tseleng? O ne a ntse a bala buka ya moprofeta Esaia. (Dik. 8:28) O ne a bala boprofeta boo ho neng ho le thata ho bo utlwisisa. Letona lena le ne le sa kgotsofalla feela ho tseba dithuto tsa motheo empa le ne le batla ho ithuta ka ho eketsehileng.

5. Monna wa Moethiopia o ile a etsang ka mora hore a ithute?

5 Monna enwa e ne e le letona la boemo bo phahameng la Mofumahadi wa Ethiopia. O ne “a hlokomela matlotlo ohle a mofumahadi.” (Dik. 8:27) Ka hoo, e tlameha ebe o ne a phathahane haholo a bile a ena le mesebetsi e mengata. Le ha ho jwalo, o ne a ipha nako ya ho rapela Jehova. O ne a sa kgotsofalle feela ho ithuta ka Modimo empa ka mora moo o ne a nka kgato. Ka hoo, o ile a nka leeto le le lelele ho tloha Ethiopia a ya tempeleng e Jerusalema ho ya rapela Jehova. E ka nna yaba leeto leo le ne le nka nako e telele ebile le le turu. Empa monna eo o ne a ikemiseditse ho etsa eng kapa eng e le hore a rapele Jehova.

6, 7. Monna wa Moethiopia o ile a etsang e le hore a rate Jehova le ho feta?

6 Monna wa Moethiopia o ile a ithuta dintho tsa bohlokwa tse ntjha ho Filipi. E nngwe ya tsona ke hore na Mesia ke mang. (Dik. 8:34, 35) Monna eo o ile a thabela ho ithuta hore na Jesu o mo etseditseng. O ile a etsang ka mora ho ithuta dintho tsee? O ne a ka nna a itulela feela e le mosokolohi wa Mojuda ya hlomphehang. Empa o ile a rata Jehova le Mora wa hae le ho feta. O ile a susumeletseha hore a etse qeto ya bohlokwa ka ho fetisisa ya ho kolobetswa mme ya eba molatedi wa Jesu Kreste. Filipi o ile a bona hore o a tshwaneleha, ka hoo o ile a mo kolobetsa.

7 O ka itokisetsa ho kolobetswa ka ho latela mohlala wa monna eo wa Moethiopia. Le wena o tla kgona ho bua o kgodisehile o re: “Nka thibelwa keng hore ke kolobetswe?” A re bone hore na o ka etsisa mohlala wa hae jwang. O ile a tswela pele ho ithuta, a etsa dintho tseo a ithutileng tsona mme a tswela pele ho rata Modimo le ho feta.

TSWELA PELE HO ITHUTA

8. Johanne 17:3 e re o lokela ho etsang?

8 Bala Johanne 17:3. Na mantswe a Jesu a hlahang temaneng ee a ile a o thusa ho etsa qeto ya ho ithuta Bibele? Bongata ba rona a re thusitse. Empa na ona mantswe aa a boetse a re re tswele pele ho ithuta? Ho jwalo. Ha ho na mohla re tla kgaotsa ho “tseba . . . Modimo a le mong wa nnete.” (Moek. 3:11) Re tla tswela pele re ithuta ka ho sa feleng. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng, re tla atamela haufi le Jehova le ho feta.​—Pes. 73:28.

9. Re lokela ho etsang ka mora ho ithuta dithuto tsa motheo tsa Bibele?

9 Ha re qala ho ithuta ka Jehova, re ithuta dithuto tsa motheo tsa Bibele feela. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Baheberu, o ile a re dithuto tseo ke “dintho tsa motheo.” O ne a sa nyenyefatse “dithuto tsa motheo” empa o ne a di bapisa le lebese le matlafatsang lesea. (Baheb. 5:12; 6:1) O ile a kgothaletsa Bakreste bohle hore ba se ke ba ithuta feela dithuto tsa motheo empa hape ba ithute dithuto tse tebileng tsa Lentswe la Modimo. Na o labalabela ho ithuta dithuto tse tebileng tsa Bibele? Na o ikemiseditse ho tswela pele o eketsa tsebo ya hao le ho ithuta ka Jehova le merero ya hae?

10. Ke hobaneng ha batho ba bang ba thatafallwa ke ho ithuta?

10 Le ha ho le jwalo, bongata ba rona re thatafallwa ke ho ithuta. Na o na le bothata bo tshwanang? Ha o ntse o kena sekolo, na o ile wa ithuta mekgwa e metle ya ho bala le ho ithuta? Na o ne o utlwa ho ithuta ho le monate ebile ho ena le molemo? Kapa o ile wa kgodiseha hore ha wa etsetswa ho ithuta dibuka? Haeba o ikutlwa jwalo, ha se wena feela. Le ha ho le jwalo, Jehova a ka o thusa hobane o phethahetse ebile ke Titjhere e hlwahlwa ka ho fetisisa.

11. Ke hobaneng ha re ka re Jehova ke ‘Morupedi e Moholo’?

11 Jehova o ipitsa “Morupedi wa lona e Moholo.” (Esa. 30:20, 21) Ke Titjhere e mosa, e nang le mamello le e utlwisisang. O sheba dintho tse ntle tseo baithuti ba hae ba di etsang. (Pes. 130:3) Hape ha ho na mohla a lebellang hore re etse dintho tseo re ke keng ra kgona ho di etsa. Hopola hore ke yena ya entseng boko ba hao bo babatsehang. (Pes. 139:14) Ka tlhaho re labalabela ho ithuta. Mmopi wa rona o batla hore re ithute ka ho sa feleng re be re natefelwe ke ho ithuta. Ka hoo, re tla be re le bohlale haeba re labalabela ho ithuta molaetsa wa Bibele hona jwale. (1 Pet. 2:2) Ipehele dintho tseo o batlang ho di fihlela o be o iketsetse lenaneo la ho bala le ho ithuta Bibele mme o le tshepahalle. (Josh. 1:8) Jehova o tla o thusa hore o thabele ho bala le ho ithuta ka yena haholwanyane.

12. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta ka bophelo ba Jesu le tshebeletso ya hae?

12 Itlwaetse ho ipha nako ya ho nahanisisa ka bophelo ba Jesu Kreste le tshebeletso ya hae. Ho bohlokwa hore re etsise mohlala wa Jesu haeba re batla ho sebeletsa Jehova, haholoholo mehleng ena e thata. (1 Pet. 2:21) Jesu ha a ka a pata hore balatedi ba hae ba tla ba le mathata a mangata. (Luka 14:27, 28) Le ha ho le jwalo, o ne a kgodisehile hore balatedi ba hae ba ne ba ka kgona ho tshepahalla Modimo jwalo ka ha le yena a ile a mo tshepahalla. (Joh. 16:33) Ithute ka ho teba ka bophelo ba Jesu o be o ipehele dintho tseo o tla di etsa e le hore o mo etsise bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi.

13. Keng eo re lokelang ho dula re kopa Jehova hore a re fe yona, hona hobaneng?

13 Ha ho a lekana ho ba le tsebo feela. E na le molemo haeba e re thusa ho tseba Jehova haholwanyane le haeba e re thusa hore re mo rate le ho ba le tumelo ho yena. (1 Bakor. 8:1-3) Ha o ntse o tswela pele ho ithuta, o nne o kope Jehova hore a o fe tumelo e matla. (Luka 17:5) O ikemiseditse ho araba dithapelo tse jwalo. Ha re eba le tumelo hobane re tseba Modimo hantle, tumelo eo e tla re thusa hore re nke mehato e hlokahalang.​—Jak. 2:26.

TSWELA PELE HO ITHUTA MME O NKE KGATO

Pele Morwallo o fihla, ka botshepehi Noe le lelapa la hae ba ile ba nka kgato ka dintho tseo ba ithutileng tsona (Sheba serapa sa 14)

14. Moapostola Petrose o ile a hatisa bohlokwa ba ho nka kgato ka dintho tseo re ithutileng tsona jwang? (Sheba setshwantsho.)

14 Moapostola Petrose o ile a hatisa bohlokwa ba hore balatedi ba Kreste ba nke kgato ka dintho tseo ba ithutileng tsona. O ile a bua ka Noe. Jehova o ile a bolella Noe hore o tlo timetsa batho ba kgopo ba mehleng ya hae ka morwallo. Noe le ba lelapa la hae ba ne ba ke ke ba pholoha hobane feela ba tseba hore ho tla ba le morwallo. Hlokomela hore ha Petrose a bua ka nako e tlileng pele ho Morwallo, o ile a re ke ‘nakong eo areka e neng e ntse e hahwa.’ (1 Pet. 3:20) Ka mora hore Jehova a bolelle Noe hore na o rerile ho etsang, Noe le ba lelapa la hae ba ile ba nka kgato yaba ba haha areka e leng sekepe se seholohadi. (Baheb. 11:7) Ka mora moo, Petrose o ile a bapisa ntho eo Noe a e entseng le kolobetso ha a re: “Ka tsela e tshwanang kolobetso e a le pholosa.” (1 Pet. 3:21) Ka tsela e tshwanang, re ka tshwantsha dintho tseo o di etsang e le hore o tshwanelehe ho kolobetswa le mosebetsi wa ho haha areka oo Noe le ba lelapa la hae ba ileng ba o etsa ka dilemo tse ngata. O ka etsang e le hore o tshwanelehe ho kolobetswa?

15. Ho baka e le ka nnete ho bolelang?

15 E nngwe ya dintho tsa pele eo re lokelang ho e etsa ke hore re bakele dibe tsa rona e le ka nnete. (Dik. 2:37, 38) Ha o bakile e le ka nnete o tla etsa diphetoho. Na o kgaoditse ho etsa dintho tseo Jehova a sa di rateng jwalo ka boitshwaro bo bobe, ho tsuba le ho rohakana kapa ho bua dintho tse hlabang? (1 Bakor. 6:9, 10; 2 Bakor. 7:1; Baef. 4:29) Haeba ha o eso kgaotse, o nne o leke ho etsa diphetoho. Kopa motho eo o ithutang Bibele le yena kapa baholo hore ba o thuse ba be ba o tataise. Haeba o ntse o le motjha ebile o dula le batswadi ba hao, ba kope hore ba o thuse ho tlohela dintho tse mpe tse ka o sitisang hore o kolobetswe.

16. O lokela ho itlwaetsa ho etsa eng e le hore tumelo ya hao e dule e le matla?

16 Ho bohlokwa hore o itlwaetse ho etsa dintho tse tla matlafatsa tumelo ya hao. Taba eo e akareletsa ho ya dibokeng le ho arabela ha re le moo. (Baheb. 10:24, 25) Ha o se o le mohweletsi ya sa kolobetswang, itlwaetse ho ya tshimong ka mehla. O tla thabela ho bua le batho ka molaetsa wa Bibele ha o itlwaetsa ho ya tshimong ka mehla. (2 Tim. 4:5) Haeba o sa le motjha ebile o ntse o dula le batswadi ba hao, ipotse: ‘Na batswadi ba ka ba tlameha ho nkgopotsa hore ke ye dibokeng kapa hore ke ye tshimong? Kapa na nna ka bonna ke ithaopela ho ya?’ Haeba o ithaopela ho etsa dintho tsena, o tla be o bontsha hore o na le tumelo le hore o rata Jehova Modimo ebile o ananela dintho tseo a o etseditseng tsona. Ha o etsa jwalo, o tla be o “sebeletsa Modimo ka botshepehi” mme ho tshwana le ho fa Jehova mpho. (2 Pet. 3:11; Baheb. 13:15) Modimo o a thaba ha re mo fa dimpho ka ho rata. (Bapisa le 2 Bakorinthe 9:7.) Re a thaba ha re etsa dintho tsena hobane re fa Jehova sohle.

TSWELA PELE HO RATA JEHOVA LE HO FETA

17, 18. Keng e ka o thusang hore o qetelle o kolobeditswe, hona hobaneng? (Diproverbia 3:3-6)

17 Ha o ntse o itokisetsa ho kolobetswa, o tla kopana le mathata. Batho ba bang ba ka o soma ka lebaka la bodumedi ba hao bo botjha. Ba bang bona ba ka o hanyetsa kapa ba o hlorisa. (2 Tim. 3:12) Mohlomong o sebetsa ka thata ho tlohela ho etsa ntho e nngwe eo o tsebang hore e fosahetse empa ka dinako tse ding o iphumana o se o entse yona ntho eo. Kapa o ka nna wa fellwa ke mamello ha o bona hore o tlo nka nako e telele e le hore o qetelle o tshwaneleha hore o kolobetswe. Keng e tla o thusa ho mamella? O tla thuswa ke ho rata Jehova.

18 Ho rata Jehova ke ntho e ntle ka ho fetisisa. (Bala Diproverbia 3:3-6.) Ha o rata Modimo haholo, o ke ke wa kgaotsa ho mo sebeletsa ha o kopana le mathata. Hangata Bibele e bua ka lerato leo a ratang bahlanka ba hae ka lona. Ka lebaka la lerato lena leo Jehova a nang le lona, le ka mohla a ke ke a lahla bahlanka ba hae ebile a ke ke a kgaotsa ho ba rata. (Pes. 100:5) Modimo o re bopile re tshwana le yena. (Gen. 1:26) O ka bontsha lerato le tshwanang le la Modimo jwang?

Letsatsi le leng le le leng o ka bontsha Jehova hore o ananela dintho tseo a o etseditseng tsona (Sheba serapa sa 19) b

19. O ka etsang e le hore o ananele dintho tsohle tseo Jehova a o etseditseng tsona? (Bagalata 2:20)

19 O ka qala ka ho ananela dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona. (1 Bathes. 5:18) Letsatsi le leng le le leng ipotse, “Jehova o bontshitse jwang hore o a nthata?” Etsa bonnete ba hore o leboha Jehova ha o mo rapela, ka ho kgetheha o lebohe dintho tseo a o etseditseng tsona. Jwalo ka moapostola Pauluse, elellwa hore Jehova o o etsetsa dintho tse molemo hobane a o rata. (Bala Bagalata 2:20.) Ipotse, ‘Na le nna ke batla ho mo bontsha hore ke a mo rata?’ Ho rata Jehova ho tla o thusa ho tswela pele o hlola diteko le ho mamella mathata. Lerato leo le tla o susumeletsa hore o sebeletse Jehova ka mehla le hore o bontshe hore o a mo rata letsatsi le leng le le leng.

20. O lokela ho etsa eng ha o inehela ho Jehova, hona qeto ee ke ya bohlokwa hakae?

20 Ha nako e ntse e feta, lerato leo o ratang Jehova ka lona le tla o susumeletsa hore o etse thapelo e kgethehileng, o inehele ho Modimo. Hopola hore ha o se o inehetse ho Jehova, o na le tshepo e babatsehang ya hore e tla ba Modimo wa hao ka ho sa feleng. Ha o inehela ho Jehova, o mo tshepisa hore o tla mo sebeletsa ha ho nyolosetsa le ha ho theosetsa. Ha ho mohla o tla hloka ho inehela hape. Ke nnete hore ha re inehela, re etsa qeto e kgolo. Empa nahana ka taba ena: O tla etsa diqeto tse ngata bophelong ba hao, tse ding tsa tsona e tla be e le tse ntle haholo empa ha ho qeto e molemo ho feta ya ho inehela ho Jehova. (Pes. 50:14) Satane o tla leka ho etsa hore lerato la hao ho Ntate wa hao le fokotsehe e le hore o kgaotse ho mo tshepahalla. O se ke wa mo dumella ho etsa jwalo. (Jobo 27:5) Ha o rata Jehova e le ka nnete, o tla kgona ho tshepahalla tshepiso eo o e entseng ya ho mo sebeletsa ka ho sa feleng mme o tla atamela haufi le ho feta ho Ntate wa hao ya lehodimong.

21. Ke hobaneng ha re re kolobetso ha se qetello empa ke qalo?

21 Ka mora hore o inehele ho Jehova, bua le baholo ba phutheho ya heno ka mohato o mong wa bohlokwa oo o lokelang ho o nka. Le ha ho le jwalo, dula o hopola hore kolobetso ha se qetello empa ke qalo. Ke qalo ya ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Ka hoo, eketsa lerato leo o ratang Ntate wa hao ka lona hona jwale. Ipehele dintho tseo o tla di etsa e le hore lerato la hao le hole letsatsi le letsatsi. Ho etsa jwalo ho tla o susumeletsa hore o qetelle o kolobeditswe. Letsatsi leo o kolobetswang ka lona e tla be e le le ikgethang haholo. Empa e tla be e le qalo feela. E se eka lerato leo o ratang Jehova le Mora wa hae ka lona le ka tswela pele le eketseha ka ho sa feleng.

PINA YA 135 Jehova o Ipiletsa ka Mofuthu: “Mora wa ka, Hlalefa”

a Re lokela ho susumetswa ke mabaka a nepahetseng e le hore re nke mehato e tla re thusa hore re tshwanelehe ho kolobetswa. Hape re lokela ho etsa dintho tse nepahetseng. Re tla sebedisa mohlala wa letona la Moethiopia e le hore re bone hore na motho ya ithutang Bibele o lokela ho etsang e le hore a tshwanelehe ho kolobetswa.

b SETSHWANTSHO: Moradi wa bo rona e motjha o rapela Jehova o a mo bolella hore o ananela dintho tseo a mo etseditseng tsona.