Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 13

Sebedisa Dintho Tseo Jehova a di Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Yena

Sebedisa Dintho Tseo Jehova a di Bopileng ho Ruta Bana ba Hao ka Yena

“Ke mang ya bopileng dintho tsee?”​—ESA. 40:26.

PINA YA 11 Popo e Rorisa Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1. Batswadi ba batla ho thusa bana ba bona jwang?

 BATSWADI, re a tseba hore le batla ho thusa bana ba lona hore ba tsebe Jehova le hore ba mo rate. Ka ha ha re kgone ho bona Modimo, o ka thusa bana ba hao jwang hore ba kgodisehe hore o teng le hore e be metswalle ya hae?​—Jak. 4:8.

2. Batswadi ba ka ruta bana ba bona ka makgabane a Jehova jwang?

2 Tsela ya bohlokwa ya ho thusa bana hore e be metswalle ya Jehova ke ka ho ithuta Bibele le bona. (2 Tim. 3:14-17) Bibele e boetse e bontsha hore ho na le mokgwa o mong oo bana ba ka ithutang hore na Jehova ke Modimo ya jwang. Bukeng ya Diproverbia ntate o hopotsa mora wa hae hore a se ke a lebala makgabane a Jehova a bonahalang dinthong tseo a di bopileng. (Diprov. 3:19-21) Re tla bua ka ditsela tse ding tseo batswadi ba ka sebedisang dintho tseo Jehova a di bopileng ho thusa bana ba bona ho ithuta ka makgabane a hae.

O KA SEBEDISA DINTHO TSEO JEHOVA A DI BOPILENG JWANG HO RUTA BANA BA HAO?

3. Batswadi ba lokela ho thusa bana ba bona jwang?

3 Bibele e re “makgabane a [Modimo] a bonwa ka ho hlaka dinthong tseo a di bopileng lefatsheng hobane batho ba ka a bona ha ba di sheba.” (Bar. 1:20) Batswadi, e ka nna yaba le thabela ho qeta nako le bana ba lona le le ka ntle. Sebedisang nako eo ho thusa bana ba lona ho bona hore na ‘dintho tseo Jehova a di bopileng’ di re rutang ka makgabane a hae. A re boneng hore na batswadi ba ka ithutang tseleng eo Jesu a neng a ruta ka yona.

4. Jesu o ile a sebedisa dintho tseo Jehova a di bopileng jwang ho ruta barutuwa ba hae? (Luka 12:24, 27-30)

4 Re tlo bona ka moo Jesu a ileng a ruta a sebedisa dintho tseo Jehova a di bopileng. Ho na le nako eo a ileng a re barutuwa ba hae ba shebe makgwaba le dipalesa. (Bala Luka 12:24, 27-30.) Jesu a ka be a ile a kgetha ho bua ka phoofolo kapa semela le ha e le sefe empa o ile a bua ka nonyana le palesa eo barutuwa ba hae ba neng ba e tseba hantle. E ka nna yaba barutuwa ba ne ba bona ha makgwaba a fofa lehodimong le ha dipalesa di thunya. Mohlomong Jesu o ne a supa dinonyana le dipalesa tsena ha a ntse a bua le bona. O ile a etsang ha a qeta ho bua ka tsona? O ile a ruta barutuwa ba hae hore Jehova o a fana ebile o mosa le hore o tla fa bahlanka ba hae dijo le diaparo jwalo ka ha a hlokomela makgwaba le dipalesa.

5. Ke dintho dife tse bopilweng tseo batswadi ba ka di sebedisang ho ruta bana ba bona ka Jehova?

5 Batswadi, le ka etsisa Jesu jwang ha le ruta bana ba lona? O ka bolella ngwana wa hao ka phoofolo kapa semela seo o se ratang. Ha o ntse o mo bolella ka dintho tseo, mo hlalosetse hore na di re rutang ka Jehova. Ka mora moo, o ka botsa ngwana wa hao hore na o rata phoofolo kapa semela sefe. Ha o bua le yena ka dintho tseo a di ratang, ho ka ba bonolo hore a o mamele ha o mo hlalosetsa hore na dintho tseo di re rutang ka makgabane a Jehova.

6. Re ka ithutang mohlaleng wa mme wa Christopher?

6 Na batswadi ba lokela ho qeta nako e ngata ba etsa dipatlisiso ka phoofolo kapa semela se itseng pele ba bua le bana ba bona hore na se ba rutang ka Jehova? Ha ho jwalo. Jesu ha a ka a bua haholo ka hore na makgwaba a fumana dijo jwang le hore na dipalesa di hola jwang. E ka nna yaba ngwana wa hao o thabela ho ithuta haholwanyane ka dintho tse bopilweng empa ka dinako tse ding o ka nna wa bua ntlha e bonolo kapa wa botsa potso e le hore a utlwisise ntlha eo o buang ka yona. Morabo rona Christopher o a re bolella hore na ho ile ha etsahalang ha a ntse a hola, o re: “Mme wa rona o ne a bua ka dintho tse neng di etsa hore re ananele dintho tse bopilweng. Ka mohlala, ha re ne re tsamaya pela dithaba o ne a re: ‘Bonang hore na dithaba tsena di kgolo ebile di ntle hakae. Na ha di bontshe hore Jehova o bohlale?’ Ha re le pela lewatle o ne a re: ‘Bonang hore na maqhubu ana a matla hakae. Na ha a bontshe hore Modimo o matla?’ ” Morabo rona Christopher o boetse o re: “Re ile ra ithuta dintho tse ngata ha re ntse re qoqa le mme wa rona.”

7. O ka thusa bana ba hao jwang hore ba nahane ka dintho tseo Modimo a di bopileng?

7 Ha bana ba hao ba ntse ba hola, o ka ba thusa hore ba nahane ka dintho tseo Jehova a di bopileng le hore ba ithute ka makgabane a hae. O ka bua ka ntho e nngwe eo Modimo a e bopileng ebe o re ho ngwana wa hao: “Ntho ee e o rutang ka Jehova?” O ka nna wa makatswa le ho thabiswa ke seo ngwana wa hao a ka se buang.​—Mat. 21:16.

O KA SEBEDISA DINTHO TSEO JEHOVA A DI BOPILENG NENG HO RUTA BANA BA HAO?

8. Ke monyetla ofe oo batswadi ba Baiseraele ba neng ba ena le wona ha ba tsamaya “tseleng” le bana ba bona?

8 Batswadi ba Baiseraele ba ne ba laetswe hore ba rute bana ba bona ditaelo tsa Jehova ha ba tsamaya “tseleng.” (Deut. 11:19) Ho ne ho ena le ditsela tse ngata Iseraele. Ho ne ho ena le diphoofolo, dinonyana le dipalesa tse fapaneng. Ha batswadi ba Baiseraele ba ntse ba tsamaya le bana ba bona tseleng, ba ne ba ena le monyetla wa ho ba ruta ka dintho tseo Jehova a di bopileng. Batswadi, le lona le ka ba le menyetla e tshwanang ya ho ruta bana ba lona ka dintho tse bopilweng. Hlokomela hore na batswadi ba bang ba ile ba etsa sena jwang.

9. O ka ithutang ho Moradi wa bo rona Punitha le Katya?

9 Mme ya bitswang Punitha, ya dulang toropong e kgolo ya India o re: “Ha re etela ba lelapa ba dulang mahaeng re sebedisa monyetla oo ho ruta bana ba rona ka dintho tse ntle tseo Jehova a di entseng. Ke bona eka bana ba ka ba utlwisisa dintho tse bopilweng haholwanyane ha ba le hole le toropo e phetheselang.” Batswadi, bana ba lona ba ke ke ba lebala nako eo ba e qetang le lona ba le sebakeng se setle. Moradi wa bo rona Katya ya dulang Moldova o re: “Ke hopola dinako tseo ke di qetileng le batswadi ba ka ke sa le ngwana re le mahaeng. Ke thabela hore ebe batswadi ba ka ba ile ba nthuta ke sa le monyenyane ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng le ho ithuta ka yena ho tsona.”

O ka fumana dintho tseo Jehova a di bopileng le ditoropong tseo o ka di sebedisang ho ruta bana ba hao ka Jehova (Sheba serapa sa 10)

10. Ke eng eo batswadi ba ka e etsang haeba ba bona ho le thata hore ba etele mahaeng? (Sheba lebokose le reng “ Dintho Tse ka Thusang Batswadi.”)

10 O ka etsang haeba o sa kgone ho ya mahaeng? Amol eo le yena a dulang India o re: “Moo ke dulang teng batswadi ba sebetsa dihora tse ngata ebile ho ya mahaeng ho a tura. Le ha ho le jwalo, le ka sheba dintho tseo Jehova a di bopileng le ho buisana ka makgabane a hae ha le le phakeng e nyane kapa ha le dutse foranteng.” Ha o sheba ka hloko, o ka nna wa hlokomela hore ho na le dintho tse bopilweng tseo o ka di bontshang ngwana wa hao pela moo o dulang teng. (Pes. 104:24) O ka bona dinonyana, dikokwanyana, dimela le dintho tse ding. Karina ya dulang Jeremane o re: “Mme wa ka o rata dipalesa, ka hoo ha ke sa le monyenyane o ne a rata ho mpontsha dipalesa tse ntle ha re otlolla maoto.” Batswadi, le ka boela la sebedisa divideo tse ngata le dingolwa tse buang ka dintho tse bopilweng tseo mokgatlo o re fang tsona e le hore le rute bana ba lona. Ho sa tsotellehe hore na o dula hokae, o ka thusa ngwana wa hao hore a shebe dintho tseo Modimo a di bopileng. Ka hoo, a re ke re bueng ka a mang a makgabane a Jehova ao o ka a sebedisang ho thusa ngwana wa hao.

MAKGABANE A JEHOVA A “BONWA KA HO HLAKA”

11. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang hore ba bone hore Jehova o lerato?

11 O ka thusa bana ba hao hore ba bone hore Jehova o lerato ka hore o bue ka tsela e lerato eo diphoofolo tse ngata di hlokomelang madinyane a tsona ka yona. (Mat. 23:37) O ka boela wa bua ka dintho tse bopilweng tse fapaneng tseo re di thabelang. Karina eo re buileng ka yena o re: “Ha re ne re otlolla maoto le mme wa ka, o ne a nkgothalletsa hore ke eme mme ke shebe ka moo dipalesa di ikgethileng ka teng le ka moo botle ba teng bo bontshang hore Jehova o lerato. Le hona jwale ke ntse ke sheba dipalesa, mebala ya tsona le tsela eo di fapaneng ka yona. Di tswela pele ho nkgopotsa ka moo Jehova a nthatang ka teng.”

O ka bua ka tsela e hlollang eo mmele ya rona e bopilweng ka yona ho ruta bana ba hao hore Modimo o bohlale (Sheba serapa sa 12)

12. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang ho bona hore Modimo o bohlale? (Pesaleme ya 139:14) (Sheba le setshwantsho.)

12 Thusa bana ba hao hore ba bone hore Modimo o bohlale. Jehova o bohlale ho feta motho le ha e le ofe. (Bar. 11:33) Ka mohlala, o ka bolella ngwana wa hao ka moo metsi a kgonang ho etsa maru le ka moo maru ao a kgonang ho tloha sebakeng se seng ho yo nesa pula sebakeng se seng. (Jobo 38:36, 37) O ka boela wa bua ka tsela e hlollang eo mmele ya rona e entsweng ka yona. (Bala Pesaleme ya 139:14.) Hlokomela ka moo ntate e mong ya bitswang Vladimir a entseng seo ka teng. O re: “Ka letsatsi le leng mora wa rona o ile a wa baesekeleng ya hae yaba o a lemala. Ka mora matsatsi a itseng leqeba la hae le ile la fola. Nna le mosadi wa ka re ile ra mo hlalosetsa hore Jehova o entse hore mmele ya rona e kgone ho iphodisa. Re ile ra mo bolella le hore dintho tse etswang ke batho tsona ha di jwalo. Ka mohlala, koloi ha e kgone ho itokisa ka mora hore e thule. Taba ena e ile ya thusa mora wa rona hore a utlwisise ka moo Jehova a leng bohlale ka teng.”

13. Batswadi ba ka thusa bana ba bona jwang ho bona hore Modimo o na le matla? (Esaia 40:26)

13 Jehova o re re phahamise mahlo re shebe lehodimong mme re nahanisise ka moo a sebedisang matla a hae ho etsa hore dinaledi di dule di le teng. (Bala Esaia 40:26.) O ka kgothaletsa hore bana ba hao ba shebe hodimo mme ba nahane ka seo ba se bonang. Moradi wa bo rona Tingting ya dulang Taiwan o a re bolella hore na ho ile ha etsahalang ha a ntse a hola, o re: “Nna le mme wa ka re ile ra ya sebakeng se ka thoko, moo re neng re kgona ho bona dinaledi hantle hobane re ne re se toropong moo ho nang le mabone. Ka nako eo, ke ne ke tshwenyehile ka hore na ke tla kgona ho tshepahalla Jehova hobane bana bao ke neng ke kena sekolo le bona ba ne ba etsa hore ho be thata ho mo tshepahalla. Mme wa ka o ile a nkgothalletsa hore ke nahane ka matla ao Jehova a ileng a a sebedisa ho bopa dinaledi le ho hopola hore a ka sebedisa matla ao ho nthusa ha ke ena le mathata. Ka mora ho sheba dintho tse bopilweng leetong leo, ke ile ka batla ho tseba Jehova haholwanyane mme ka ikemisetsa ho mo sebeletsa le ho feta.”

14. Batswadi ba ka sebedisa dintho tse bopilweng jwang ho thusa bana ba bona ho bona hore Jehova ke Modimo ya thabileng?

14 Dintho tseo Jehova a di bopileng di bontsha hore ke Modimo ya thabileng ebile o batla hore le rona re thabe. Borasaense ba hlokometse hore diphoofolo tse ngata di rata ho bapala, ho akareletsa le dinonyana le ditlhapi. (Jobo 40:20) Na o kile wa bona bana ba hao ba tsheha ha ba bona phoofolo e bapala? Mohlomong ba kile ba bona katse e lelekisa bolo kapa dintjanyana di bapala. Ha bana ba hao ba qabolwa ke phoofolo, o ka ba hopotsa hore re sebeletsa Modimo ya thabileng.​—1 Tim. 1:11.

THABELANG DINTHO TSEO JEHOVA A DI BOPILENG LE LE LELAPA

Bana ba hao ba tla phutholoha le ho o bolella hore na ba ikutlwa jwang ha le ntse le thabela ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng (Sheba serapa sa 15)

15. Ke eng e ka thusang batswadi hore ba tsebe dintho tseo bana ba bona ba di nahanang? (Diproverbia 20:5) (Sheba le setshwantsho.)

15 Ka dinako tse ding ho ka ba thata hore batswadi ba etse hore bana ba bona ba bue ka mathata a bona. Haeba seo se a o etsahalla, o lokela ho tseba seo bana ba hao ba se nahanang. (Bala Diproverbia 20:5.) Batswadi ba bang ba kgona ho etsa jwalo ha ba thabela ho sheba dintho tse bopilweng le bana ba bona. Hobaneng? Lebaka le leng ke hore ha hona dintho tse ngata tse ba sitisang. Ntate e mong ya bitswang Masahiko ya dulang Taiwan o ile a bua ka lebaka le leng, o re: “Ha re qeta nako e ngata le bana ba rona re le ka ntle, re hlwa dithaba kapa re tsamaya pela lewatle, hangata ba ikutlwa ba kgatholohile. Ho ba bonolo hore re ba tsebe le hore re bone dintho tseo ba di nahanang.” Katya eo re buileng ka yena o re: “Ha ke tswa sekolong mme wa ka o ne a nkisa phakeng e ntle. Ha re le sebakeng seo se kgathollang, ho ne ho ba bonolo hore ke mo bolelle hore na ho etsahetseng sekolong kapa ke mo bolelle hore na ke dintho dife tse ntshwentseng.”

16. Lelapa le ka ikgatholla le ho ithabisa jwang ha le shebile dintho tseo Jehova a di bopileng?

16 Ha lelapa le thabela ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng le ka kgona ho kgatholoha le ho thaba mmoho mme sena se ka le thusa hore le ratane le ho feta. Bibele e re ho na le “nako ya ho tsheha” le “nako ya ho tlolatlola.” (Moek. 3:1, 4, nal.) Jehova o bopile dibaka tse ntle moo re ka thabelang ho etsa dintho tseo re di ratang. Malapa a mangata a rata ho ya mahaeng, dithabeng, dibakeng tseo ba ka shebang dintho tse bopilweng ba le ha mmoho kapa lewatleng. Bana ba bang ba rata ho matha, ho bapalla phakeng, ho sheba diphoofolo kapa ho sesa nokeng, letamong kapa lewatleng. Re na le menyetla e mengata ya ho thabela ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng ha re ile dibakeng tse kgathollang.

17. Ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba thabele ho sheba dintho tseo Modimo a di bopileng?

17 Lefatsheng le letjha la Modimo, batswadi le bana ba tla thabela ho sheba dintho tseo Jehova a di bopileng ho feta le ha e le neng pele. Ka nako eo, re ke ke ra tshaba diphoofolo mme le tsona di ke ke tsa re tshaba. (Esa. 11:6-9) Re tla thabela dintho tseo Jehova a re etseditseng tsona bophelo bohle. (Pes. 22:26) Batswadi, ha le a lokela ho emela nako eo ho thusa bana ba lona hore ba thabele ho sheba dintho tse bopilweng. Ha o ntse o sebedisa dintho tse bopilweng ho ruta bana ba hao ka Jehova, ba tla dumellana le seo Morena Davida a se buileng. O ile a re: ‘Ha ho na ya entseng dintho tse tshwanang le tseo Jehova a di entseng.’​—Pes. 86:8.

PINA YA 134 Bana ke Letlotlo le Tswang ho Modimo

a Badumedimmoho le rona ba bangata ba hopola dinako tse monate tseo ba ileng ba di qeta le batswadi ba bona ba thabela dintho tseo Jehova a di bopileng. Ba ntse ba hopola ka moo batswadi ba bona ba ileng ba sebedisa dinako tseo ho ba ruta ka makgabane a Jehova. Haeba o na le bana, o ka sebedisa dintho tseo Modimo a di bopileng jwang ho ba ruta ka makgabane a hae? Sehlooho sena se tla araba potso ena.