Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o Rata ba ‘Behang Ditholwana ka Mamello’

Jehova o Rata ba ‘Behang Ditholwana ka Mamello’

Ha e le e mobung o motle, ena ke . . . ba behang ditholwana ka mamello.’—LUKA 8:15.

DIPINA: 68, 72

1, 2. (a) Ke hobaneng ha re kgothatswa ke batho ba sebetsang tshimo e sa beheng ditholwana? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Jesu o ile a reng ka ho bolela ditaba tse molemo “sebakeng sa habo”? (Sheba mongolo o botlaseng ba leqephe.)

SERGIO LE OLINDA, ke banyalani ba bopulamadiboho ba dulang United States, ba dilemong tsa bo 80. Morao tjena, ba thatafallwa ke ho tsamaya hobane ba opelwa ke maoto. Ho ntse ho le jwalo, ba ntse ba etsa seo esale ba se etsa ka dilemo tse mashome. Hoseng ho hong le ho hong, ba ya sebakeng se phetheselang toropong mme ba fihla moo ka 7. Ha ba fihla, ba ema pela setopo sa dibese, ebe ba fa batho ba fetang dingolwa. Ke nnete hore batho ba bangata ha ba ba kgathalle, empa banyalani bao ha ba tele, ba bososela le batho ba lahlelang mahlo teroleng. Motshehare ba a tjhaisa. Ebe tsatsi le hlahlamang ka 7 hoseng, ba se ba eme moo hape. Ha e le hantle banyalani bana, ba bolela molaetsa wa Mmuso matsatsi a 6 bekeng, selemo ho pota.

2 Jwalo ka Sergio le Olinda, bara le baradibabo rona lefatsheng lohle, ba qetile dilemo tse mashome ba sebetsa tshimo e sa beheng. Haeba le wena o boemong boo, re a o babatsa ka mamello ya hao. * Ha re sebeletsa Jehova re sa tele, seo se ka kgothatsa ba bang ho akarelletsa le bao e leng kgale ba di bona. Ela hloko seo bapotolohi ba bang ba kileng ba se bua. E mong o ile a re: “Ke tsoha molota ha ke sebetsa tshimo le bara le baradi bana babo rona ba tshepahalang.” E mong a re: “Botshepehi ba bona bo ntshusumelletsa hore ke mamelle tshebeletsong mme ke be sebete.” Yaba e mong yena o re: “Mohlala wa bona o nkama pelo.”

3. Re tlo bua ka dipotso dife tse tharo, hona hobaneng?

3 E le hore re phethe ka botlalo mosebetsi oo Jesu a re fileng ona, a re tshohleng dikarabo tsa dipotso tsena tse tharo: Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re nyahama? Re ka beha ditholwana jwang? Re tla thuswa ke eng hore re nne re behe ditholwana ka mamello?

KE HOBANENG HA KA DINAKO TSE DING RE NYAHAMA?

4. (a) Tsela eo Bajuda ba bangata ba ileng ba itshwara ka yona e ile ya ama Pauluse jwang? (b) Ke hobaneng ha Pauluse a ile a ikutlwa ka tsela eo?

4 Haeba o se o kile wa nyahamiswa ke ho sebetsa tshimo e sa beheng, e ka nna yaba boemo ba hao bo tshwana le ba Pauluse. O ile a thusa batho ba bangata hore e be barutuwa ba Kreste dilemong tse ka bang 30 tseo a di qetileng a le tshebeletsong. (Lik. 14:21; 2 Bakor. 3:2, 3) Empa ha a a ka a atleha ho thusa Bajuda ba bangata hore e be barapedi ba nnete. Ka lehlakoreng le leng, boholo ba batho bo ne bo mo hlompholla le ho mo hlorisa. (Lik. 14:19; 17:1, 4, 5, 13) Tsela eo Bajuda ba bangata ba ileng ba itshwara ka yona e ile ya ama Pauluse jwang? O ile a re: “Ke bolela nnete mabapi le Kreste . . . hore ke na le mesarelo e meholo le bohloko bo sa kgaotseng ka pelong ya ka.” (Bar. 9:1-3) Ke hobaneng ha Pauluse a ne a ikutlwa jwalo? O ne a rata mosebetsi wa boboledi. O ne a bolella Bajuda ditaba tse molemo tjena, hobane a ne a kgathatsehile ka bona. Ke ka lebaka leo a ileng a utlwa bohloko ha a bona ba sa amohele mohau wa Modimo.

5. (a) Ke eng e re susumelletsang hore re bolelle baahelani ba rona ditaba tse molemo? (b) Ke hobaneng ha ho sa makatse hore ebe ka dinako tse ding re ikutlwa re nyahame?

5 Le rona jwalo ka Pauluse, re bolella batho molaetsa wa Bibele hobane re ba rata. (Mat. 22:39; 1 Bakor. 11:1) Hobaneng? Hobane re ile ra inwesa ka nkgo mme ra bona ka moo Jehova a hlohonolofatsang bahlanka ba hae kateng. Ha re nahana ka batho ba tshimong ya rona, hangata re ye re re, ‘Hoja ba ne ba tseba hore na re ba tshwaretseng!’ Ka hoo, re tswela pele ho ba ruta nnete ka Jehova le ka dintho tseo a tlo re etsetsa tsona. Ha e le hantle ha re etsa jwalo, ho tshwana le ha re re ho bona: ‘Re o tliseditse mpho e ntle. Re kopa o e amohele hle!’ Ha se feela re utlwang “bohloko . . . ka pelong [tsa rona]” hakana, ha ba hana ho amohela mpho ena. Boikutlo bo jwalo ha se pontsho ya hore re fokollwa ke tumelo. Empa taba ke hore, re rata mosebetsi ona ka pelo tsa rona tsohle. Ka hona, ho sa tsotellehe maemo ao a nyahamisang, re a mamella. Kaofela ha rona re ka dumellana le Elena ya qetileng dilemo tse fetang 25 e le pulamadiboho. Ha a re: “Mosebetsi wa boboledi o boima, empa le ha ho le jwalo, ha ho na mosebetse o mong oo ke o ratang ho feta ona.”

RE KA BEHA DITHOLWANA JWANG?

6. Re tlo tshohla potso efe, hona re tla e araba jwang?

6 Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore re tla beha ditholwana ho sa tsotellehe hore na re bolela ditaba tse molemo hokae? E le hore re arabe potso eo ya bohlokwa, a re ke re hlahlobeng dipapiso tse pedi tsa Jesu, moo a buang ka bohlokwa ba ho “beha ditholwana.” (Mat. 13:23) Papiso ya pele e bua ka sefate sa morara.

7. (a) “Molemi,” “sefate sa morara” le “makala” a sona, di tshwantshetsa eng? (b) Re batla ho fumana karabo ya potso efe?

7 Bala Johanne 15:1-5, 8Ela hloka seo Jesu a ileng a se bua ho baapostola ba hae, ha a re: “Ntate o tlotliswa ka sena, hore le nne le behe ditholwana tse ngata mme le be barutuwa ba ka.” Jesu o ile a re Jehova ke “molemi,” yena ke “sefate sa morara sa nnete,” yaba o re barutuwa ba hae ke “makala.” * Jwale ke ditholwana dife tseo balatedi ba Kreste ba lokelang ho di beha? Papisong ena, Jesu ha a a ka a bua ka ho toba hore na ditholwana tsena ke eng. Empa o ile a bua ka ntlha ya bohlokwa e re thusang ho fumana karabo.

8. (a) Ke hobaneng ha re ke ke ra re ditholwana papisong ee ke barutuwa ba batjha? (b) Ke eng seo Jehova a ke keng a re re se etse?

8 Ha Jesu a bua ka Ntate wa hae, o ile a re: “Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana o a le tlosa.” Ka mantswe a mang, Jehova o re nka re le bahlanka ba hae ha feela re beha ditholwana. (Mat. 13:23; 21:43) Le ha ho le jwalo papisong ena, ditholwana tseo Mokretse e mong le e mong a lokelang ho di beha, e ke ke ya ba barutuwa ba batjha bao re ba fumanang tshebeletsong. (Mat. 28:19) Hobane haeba ho ne ho le jwalo, Dipaki tse tshepahalang, tseo ka lebaka la ho sebetsa tshimo e thata di sa atleheng ho etsa barutuwa, di ne di tla ba jwalo ka makala a sa beheng ao Jesu a buileng ka ona papisong ya hae. Ntho e jwalo e ne e ke ke ya etsahala! Etswe re ke ke ra qobella batho hore ebe barutuwa. Seo se ne se tla ba kgahlanong le ditsela tse lerato tsa Jehova. A ke ke a re bahlanka ba hae ha ba tshwanelehe, hobane ba hloleha ho etsa ntho e ka hodima matla a bona. Le ka mohla Jehova a ke ke a re re e etse ntho eo re ke keng ra e kgona.—Deut. 30:11-14.

9. (a) Re beha ditholwana ka ho etsa mosebetsi ofe? (b) Re tlo bua ka papiso efe, hona hobaneng?

9 Jwale he ho bolelang ho beha ditholwana? Ha re toba taba feela, ditholwana di bolela mosebetsi oo e mong le e mong a ka kgonang ho o etsa. Ke mosebetsi ofe oo ha re o etsa re tla beng re “beha ditholwana”? Ke mosebetsi wa ho bolela ditaba tse molemo tsa Mmuso wa Modimo. * (Mat. 24:14) Papiso ya Jesu ya mojadi e netefatsa taba ena. A re ke re tshohleng papiso ena ya bobedi.

10. (a) Peo le mobu papisong ena di emelang? (b) Lehlaka la koro le hlahisa eng?

10 Bala Luka 8:5-8, 11-15. Papisong ya mojadi, peo ke “lentswe la Modimo” kapa molaetsa wa Mmuso. Mobu ona, o emela pelo ya motho ya tshwantshetso. Peo e ileng ya wela mobung o motle, e ile ya mela ka metso, ya hola mme mohlomong ya ba lehlaka la koro. Yaba e “hlahisa ditholwana tse lekgolo.” Empa lehlaka la koro lona le hlahisa peo ya mofuta ofe? Na le hlahisa mahlaka a manyenyane a koro? Tjhe, le hlahisa peo e ntjha eo hamorao e tla hola mme le yona e be mahlaka. Papisong ena, peo e le nngwe e ile ya hlahisa tse makgolo. Jwale, karolo ena ya papiso e ka re thusa jwang tshebeletsong ya rona?

Re “beha ditholwana ka mamello” jwang? (Sheba serapa sa 11)

11. (a) Papiso ya mojadi e sebetsa jwang tshebeletsong ya rona? (b) Re ka hlahisa peo e ntjha ya Mmuso jwang?

11 A re nke hore mohlomong re ile ra bolellwa ditaba tsa Mmuso dilemong tse fetileng ke Dipaki tse ding kapa batswadi ba rona. Ho ka etsahala hore ebe ba ile ba thaba ha ba bona re amohela molaetsa wa Mmuso, o jwalo ka peo. Le rona jwalo ka mobu o motle papisong ya Jesu, re ile ra amohela molaetsa mme ra o boloka. Ka lebaka leo, peo eo e leng molaetsa wa Mmuso, e ile ya mela ka metso, ya hola, ya ba lehlaka mme hamorao la beha ditholwana. Jwalo ka ha lehlaka la koro le sa hlahise lehlaka la koro empa le hlahisa peo, le rona re beha ditholwana ka ho jala peo ya Mmuso, e seng ka ho etsa barutuwa ba batjha. * Jwale re ka hlahisa peo e ntjha ya Mmuso jwang? Nako le nako ha re bolela molaetsa wa Mmuso, ho tshwana le ha re hasa peo e ileng ya jalwa pelong tsa rona. (Luka 6:45; 8:1) Ka hoo, papiso ena e re ruta hore ha feela re tswela pele ho phatlalatsa molaetsa wa Mmuso, re “beha ditholwana ka mamello.”

12. (a) Re ka ithutang papisong ya Jesu ya sefate sa morara le ya mojadi? (b) O ikutlwa jwang ka thuto eo?

12 Re ka ithutang papisong ya Jesu ya sefate sa morara le ya mojadi? Di re thusa ho utlwisisa hore bokgoni ba rona ba ho beha ditholwang, ha bo a itshetleha ka hore na batho ba amohela molaetsa wa rona kapa tjhe. Ho e na le hoo, ho itshetlehile ka hore re etse mosebetsi wa rona ka botshepehi. Pauluse o ile a hatisa taba ena ka hore: “Motho e mong le e mong o tla amohela moputso wa hae ho ya ka mosebetsi wa hae.” (1 Bakor. 3:8) Re fumana moputso ka lebaka la mosebetsi wa rona, e seng hobane re thusitse batho ba itseng hore e be Dipaki. Matilda ya qetileng dilemo tse 20 e le pulamadiboho, o re: “Ke thabiswa ke ho tseba hore Jehova o putsa boiteko ba rona.”

RE KA BEHA DITHOLWANA JWANG KA MAMELLO?

13, 14. Ho latela Baroma 10:1, 2, ke hobaneng ha Pauluse a sa ka a tela ha batho ba sa amohele molaetsa wa Mmuso?

13 Keng e ka re thusang hore re nne re behe ditholwana ka mamello? Jwalo ka ha re se re bone, Pauluse o ile a nyahama ha Bajuda ba sa amohele molaetsa wa Mmuso. Empa ha a a ka a tela. Ela hloko maikutlo a hae ka Bajuda lengolong leo a ileng a le ngolla Bakreste ba Roma: “Kgahleho ya pelo ya ka le thapedi ya ka ho Modimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ya bona. Etswe ke a ba pakela hore ba tjhesehela Modimo; empa eseng ho ya ka tsebo e nepahetseng.” (Bar. 10:1, 2) Pauluse o re ke hobaneng ha a ile a tswela pele a sa tele tshebeletsong?

14 Lebaka la pele, ke hore o ne a susumetswa ke “kgahleho ya pelo ya [hae].” O ne a labalabela ho bona bonyane ho na le Bajuda ba bang ba pholohang. (Bar. 11:13, 14) Lebaka la bobedi ke hore, Pauluse o ile a etsa “thapedi . . . ho Modimo bakeng sa bona.O ile a rapela ka tiyo hore Modimo a thuse Bajuda hore ba amohele molaetsa wa Mmuso. La boraro, Pauluse o ile a re, “ba tjhesehela Modimo.” O ne a bona hore batho bana ba ka fetoha. O ne a tseba hore haeba motho a tjhesehela tsela e nepahetseng, seo se ka fella ka hore le yena e be morutuwa wa Kreste ya tjhesehang.

15. Re ka etsisa Pauluse jwang? Fana ka mohlala.

15 Re ka etsisa Pauluse jwang? Ntlha ya pele, re lokela ho etsa sohle se matleng a rona ho batla ba nang le “tshekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.” Ntlha ya bobedi, re rapela Jehova ka tiyo hore a thuse batho ba nang le dipelo tse ntle ho amohela molaetsa. (Lik. 13:48; 16:14) Silvana ya seng a na le dilemo tse ka bang 30 e le pulamadiboho, o re: “Pele ke ya ka ntlo le ntlo, ke rapela Jehova hore a nthuse ke be le maikutlo a nepahetseng.” Re boetse re kopa hore Modimo a re tataise ka mangeloi hore re fumane ba dipelo di tshepahalang. (Mat. 10:11-13; Tšen. 14:6) Robert ya seng a na le dilemo tse fetang 30 e le pulamadiboho, o re: “Ho a thabisa ho sebetsa le mangeloi, hobane a tseba hantle se etsahalang bophelong ba mongantlo.” Ntlha ya boraro, re leka ho ba le pono e nepahetseng, ya hore batho bao re ba isetsang molaetsa ba ka fetoha. Carl e leng moholo ya seng a na le dilemo tse fetang 50 jwale a kolobeditswe, o re: “Ke sheba dintho tse nyenyane tse bontshang hore motho enwa o na le pelo e ntle. Mohlomong e ka ba tsela eo a leng botswalle ka yona, esita le dipotso tseo a di botsang.” Ee, le rona jwalo ka Pauluse, re ka beha ditholwana ka mamello.

“O SE KE WA DUMELLA LETSOHO LA HAO HORE LE PHOMOLE”

16, 17. (a) Re ka ithutang taelong e ho Moeklesia 11:6? (b) Bontsha hore na mosebetsi wa rona wa ho jala o thusa batho ba re tadimileng jwang

16 Le hoja ho ka bonahala eka molaetsa wa rona wa Mmuso ha o finyelle batho dipelo, ha re a lokela ho halala melemo e tliswang ke boiteko ba rona ba ho jala. (Bala Moeklesia 11:6.) Ke nnete hore batho ba bangata ha ba re mamele, empa ba ntse ba re tadimile. Ba kgahlwa ke moaparo wa rona o makgethe, boitshwaro ba rona bo botle le pososelo ya rona e mofuthu. Ha nako e ntse e ya, boitshwaro ba rona bo botle bo ka thusa batho hore ba fetole maikutlo a bona a fosahetseng ka rona. Sergio le Olinda le bona ba ile ba hlokomela hore taba eo ke nnete.

17 Sergio o re: “Ka lebaka la ho kula, re ile ra qeta nako re sa ye mane moo re neng re etsa boboledi ba phatlalatsa teng. Eitse mohlang re kgutlang, batho ba re botsa ba re: ‘Le ne le le hokae? Re ne re le hopotse.’” Olinda o re: “Bakganni ba dibese ba ne ba re dumedisa mme batho ba bang bona ba re hweletsa ba re: ‘Tshwarang tsoho leo!’ Ba ne ba bile ba re kopa le dimakasine.” Banyalani bao ba ile ba makala ha ba bona monna e mong a tla teroleng, a ba fa dipalesa, a bile a ba leboha ka mosebetsi wa bona.

18. Ke hobaneng ha o ikemiseditse ho “beha ditholwana ka mamello”?

18 Ka sebele, haeba re sa ‘dumelle letsoho la [rona] hore le phomole’ ho jala peo ya mmuso, re tla be re kgatha tema mosebetsing wa ho fana ka “bopaki ho ditjhaba tsohle.” (Mat. 24:14) Ka hodima moo, thabo ya rona e tla kgaphatseha ha re tseba hore Jehova o a re amohela le hore o rata bohle ba ‘behang ditholwana ka mamello’!

^ par. 2 Esita le Jesu o ile a hlokomela hore ho bolela ditaba tse molemo “sebakeng sa habo,” ha ho bonolo. Esita le bangodi ba bane ba dikosepele, ba ile ba ngola ka taba ena.—Mat. 13:57; Mar. 6:4; Luka 4:24; Joh. 4:44.

^ par. 7 Le hoja makala papisong ena a bua ka batho ba ilo phela lehodimong, bahlanka ba Modimo ba ntse ba ka ithuta dithuto tsa bohlokwa papisong ena.

^ par. 9 Ho “beha ditholwana” ho boetse ho bolela ho ba le “ditholwana tsa moya.” Empa sehloohong sena le se latelang, re tlo bua ka ho beha “ditholwana tsa melomo,” e leng ho bolela ka Mmuso.—Bagal. 5:22, 23; Baheb. 13:15.

^ par. 11 Ka nako tse ding, Jesu o ne a etsa mehlala ka ho jala le ho kotula, e le ha a etsa papiso ka mosebetsi wa ho etsa barutuwa.—Mat. 9:37; Joh. 4:35-38.