Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ba kopanong ya setereke ya Nyzhnya Apsha, Ukraine ka 2012

Mosebetsi o Moholo wa Kotulo!

Mosebetsi o Moholo wa Kotulo!

JESU o ile a bolela esale pele hore balatedi ba hae ba ne ba tla thabela kotulo e kgolo matsatsing a ho qetela. (Mat. 9:37; 24:14) Nahana ka moo mantswe ana a hae a ileng a phethahala kateng sebakeng se bitswang Transcarpathia, Ukraine. Ditoropong tse tharo haufi le sebakeng sena, ho na le diphutheho tse 50 le bahweletsi ba fetang 5 400. * Ho hlakile hore bongata ba baahi ba ditoropong tseo, ke Dipaki Tsa Jehova!

Ebe ho jwang ho bolela molaetsa wa Bibele tshimong eo? Morabo rona Vasile ya dulang sebakeng seo o re: “Batho ba mona ba hlompha Bibele, ba rata toka, ebile malapa a bona a a ratana mme ba rata ho thusa le batho.” Ha a tswela pele o re: “Ke nnete hore ha se hangata ba amohelang seo re se dumelang. Empa haeba o ba bontsha se itseng ho tswa Bibeleng, ba mamela ka hloko.”

Le ha ho le jwalo, bara le baradibabo rona ba tobana le diphephetso tse sa tlwaelehang tshimong ena moo ho nang le palo e ngata ya bahweletsi. Ka mohlala, phutheho e nngwe e na le bahlweletsi ba 134 empa ba sebetsa tshimo e nang le matlo a ka bang 50 feela. Bahweletsi ba sebetsana jwang le boemo boo?

Bara le baradibabo rona ba bangata ba eketsa tshebeletso ya bona ka ho ya tlhokahalong. Ha morabo rona Ionash ya dilemo di 90 a bua ka tshimo ya phutheho ya habo, o re: “Mohweletsi ka mong a ka bolela matlong a mabedi feela. Pele ke ne ke tsamaya dikhilomithara tse 160 ho ya masimong a sa abuang moo ho buuwang Sehungaria. Empa hona jwale ha ke sa kgona hobane ke fokollwa ke bophelo.” Ho hlokahala boitelo e le hore bahweletsi ba thuse masimong a mang. Morabo rona Ionash o re: “Ke ne ke tsoha hoseng ka 4 ke mathela terene, ebe ke bolela ditaba tse molemo ho fihlela ka 6 mantsiboya ha terene e kgutlela hae.” Na morabo rona Ionash o ne a utlwa eka o hamela letanteng? E reng a re pheteleng: “Ke ne ke thabela tshebeletso ya ka haholo. Jwale ha ke nahana ka lelapa leo ke ileng ka le thusa ho tseba nnete teng, ha ke sa bua!”

Ke ho utlwahalang hore ebe ha se batho bohle diphuthehong tse sebakeng seo ba kgonang ho ya dibakeng tse hole. Le ha ho le jwalo, bohle ho akarelletsa le batho ba hodileng, ba ikitlaelletsa ho sebetsa tshimo eo ba e abetsweng ka botlalo. Ka hoo, ka 2017 palo ya ba bileng teng Sehopotsong ditoropong tsena tse tharo, e ne e lekana le halofo ya baahi bohle ba dulang ditoropong tseo e kopane. Ha ho pelaelo hore ho sa tsotellehe moo re sebeletsang Jehova re le hona teng, ho ntse ho na le “ho hongata hoo [re] ka ho etsang mosebetsing wa Morena.”—1 Bakor. 15:58.

^ par. 2 Mabitso a ditoropo tseo ke Hlybokyy Potik, Serednye Vodyane le Nyzhnya Apsha.