Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

Lerato le Toka, ha re Tjamelane le Batho ba Kgopo

Lerato le Toka, ha re Tjamelane le Batho ba Kgopo

“Ha o Modimo ya thabelang bokgopo; ha ho le ya mong e mobe ya ka dulang le wena.”—PES. 5:4.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1-3. (a) Pesaleme ya 5:4-6, e re Jehova o ikutlwa jwang ka bokgopo? (b) Ke hobaneng ha re ka re ho hlekefetsa bana ka thobalano ho kgahlanong le “molao wa Kreste”?

JEHOVA MODIMO o hloile mefuta yohle ya bokgopo. (Bala Pesaleme ya 5:4-6.) E tlameha ebe Jehova o hloile mokgwa ona o nyonyehang hakaakang, wa ho hlekefetsa bana ka thobalano! Ka ha re Dipaki Tsa Jehova, re etsisa Modimo wa rona ka hore re nyonye mokgwa ona o mobe mme ha re o dumelle ka phuthehong.—Bar. 12:9; Baheb. 12:15, 16.

2 Mefuta yohle ya tlhekefetso ya bana e kgahlanong le “molao wa Kreste.” (Bagal. 6:2) Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Jwalo ka ha re bone sehloohong se fetileng, molao wa Kreste ke dintho tsohle tseo a neng a di bua le ho di etsa mme motheo wa ona ke lerato hape o kgothalletsa toka. Ka ha Bakreste ba nnete ba mamela molao ona, ba etsa hore bana ba ikutlwe ba sireletsehile ebile ba ratwa e le ka nnete. Empa ho hlekefetsa bana ka thobalano, ke ntho e kgopo mme e etsa hore bana ba ikutlwe ba sa sireletseha ebile ba sa ratwe.

3 Ka bomadimabe, ho hlekefetsa bana ka thobalano ke kobo anela ebile ho ama le Bakreste ba nnete. Ebe hobaneng? Hobane “batho ba kgopo le baikgakanyi,” ba ntse ba eketseha mme ba bang ba ka nna ba tla ka phuthehong. (2 Tim. 3:13) Ho ekelletsa moo, ba bang ba reng ke bahlanka ba Jehova, ba ile ba inehella ditakatsong tse fosahetseng mme ba hlekefetsa bana ka thobalano. A re ke re tshohleng hore na ke hobaneng ha tlhekefetso ya bana ka thobalano, e le sebe se tebileng hakaana. Ebe hamorao re hlahloba ka moo baholo ba ka sebetsanang le motho ya entseng sebe se tebileng, le ka moo batswadi ba ka sireletsang bana ba bona ka teng. *

SEBE SE TEBILENG

4-5. Ke hobaneng ha ho hlekefetsa ngwana ka thobalano e le sebe kgahlanong le yena?

4 Ho hlekefetsa ngwana ka thobalano, ho ka mo ama bophelo bohle ha hae. Ho ka boetse ha ama le batho ba ratang ngwana enwa, ba akarelletsang ba lelapa le Bakrestemmoho. Ho hlekefetsa bana ke sebe se tebileng.

5 Sebe kgahlanong le lehlatsipa * Ke sebe ho lematsa le ho utlwisa batho ba bang bohloko. Jwalo ka ha re tla bona sehloohong se latelang, motho ya hlekefetsang ngwana, o mo bakela bohloko bo otlang pelo. O utlwisa ngwana bohloko ka hore a mo qobelle ho etsa dintho tseo a sa batleng ho di etsa, e leng se fellang ka hore ngwana a ikutlwe a sa sireletseha ho bile ho le thata hore a tshepe motho. Re lokela ho sireletsa bana ketsong ena e kgopo haesita le ho kgothatsa bao e ileng ya ba hlahela.—1 Bathes. 5:14.

6-7. Ke hobaneng ha ho hlekefetsa bana ka thobalano e le sebe kgahlanong le phutheho ebile e le tlolo ya molao wa naha?

6 Sebe kgahlanong le phutheho. Setho sa phutheho se hlekefetsang bana ka thobalano se tlisa thohako ka phuthehong. (Mat. 5:16; 1 Pet. 2:12) Ke ntho e swabisang hakakaang ho Bakreste ba tshepahalang ba dimilione ba lwanang “ntwa e thata bakeng sa tumelo.” (Juda 3) Ha re dumelle batho ba etsang dintho tse nyonyehang mme ba sa bake ho re ba dule ka phuthehong le ho e silafatsa.

7 Sebe kgahlanong le molao wa naha. Bakreste ba tlameha ho “ipeha tlasa balaodi ba phahameng.” (Bar. 13:1) Re bontsha hore re ipeha tlasa bolaodi ka hore re hlomphe molao wa naha. Haeba e mong ka phuthehong a fumanwa a le molato wa tlolo ya molao, e jwalo ka ho hlekefetsa bana ka thobalano, o tla be a entse sebe kgahlanong le molao wa naha. (Bapisa le Liketso 25:8.) Le hoja baholo ba sena matla a ho ahlola motho ya hlekefeditseng ngwana ka thobalano, ba ke ke ba mo sireletsa kotlong eo mmuso o ka mo fang yona. (Bar. 13:4) O lokela ho kotula seo a se jetseng.—Bagal. 6:7.

8. Jehova o ikutlwa jwang ha re utlwisa batho ba bang bohloko?

8 Ka hodima tsohle, ke sebe kgahlanong le Modimo. (Pes. 51:4) Ha motho a utlwisa e mong bohloko le Jehova o utlwa bohloko. Ka mohlala, a re hlahlobeng Molao oo Modimo a neng a o file Baiseraele. Molao oo o ne o re ha motho a utswetsa kapa a qhekella moahelani wa hae, motho eo o ne a tla be a sa “tshepahale ho Jehova.” (Lev. 6:2-4) Ka tsela e tshwanang, haeba setho sa phutheho se hlekefetsa ngwana ka thobalano, se etsa hore ngwana a ikutlwe a sa sireletseha ebile ha se tshepahalle Modimo. Ha e le hantle, motho enwa o tlisa thohako lebitsong la Jehova. Ka lebaka leo, ho hlekefetsa bana ka thobalano ke ntho e nyonyehang mahlong a Modimo mme le rona re lokela ho e tshwela ka mathe.

9. Ho theosa le dilemo, Sehlopha se Busang se fane ka tlhahisoleseding efe e thehilweng Mangolong, hona hobaneng?

9 Ho theosa le dilemo, Sehlopha se Busang se fane ka tlhahisoleseding e ngata e thehilweng Mangolong e mabapi le tlhekefetso ya bana. Ka mohlala, dihlooho tse hlahang ho Tora ya ho Lebela le Fadimehang! di ile tsa tshohla ka moo batho ba ileng ba hlekefetswa ka thobalano ba ka sebetsanang le bohloko boo ka teng, hore na rona re ka ba thusa le ho ba kgothatsa jwang le hore na batswadi ba ka sireletsa bana ba bona ka tsela efe. Sehlopha se Busang se ile sa boela sa fa baholo ditaelo tse hlakileng, hore na ba ka sebetsa ditaba jwang ha ngwana a hlekefeditswe ka thobalano. Sehlopha se Busang, se ntse se tswelapele ho ntlafatsa tsela eo diphutheho di ka sebetsanang le taba ya tlhekefetso ya bana. Hobaneng? E le ho etsa bonnete ba hore tsela eo taba ena e sebetswang ka yona, e dumellana le molao wa Kreste.

BAHOLO BA KA SEBETSA DITABA JWANG HA MOTHO A ENTSE SEBE SE TEBILENG?

10-12. (a) Ha motho a entse sebe se tebileng, keng seo baholo ba lokelang ho se hopola, hona ba amehile kang? (b) Ho ya ka Jakobo 5:14, 15, keng seo baholo ba lokelang ho se etsa?

10 Ha motho a entse sebe se tebileng, baholo ba lokela ho hopola hore molao wa Kreste o ba kgothalletsa ho tshwara mohlape ka lerato le ka toka le ho etsa se nepahetseng mahlong a Modimo. Ka hona, ba lokela ho ameha ka dintho tse mmalwa ha ba fumana tlaleho ya hore motho o entse sebe se tebileng. Baholo ba lokela ho ameha haholo ka ho halaletswa ha lebitso la Modimo. (Lev. 22:31, 32; Mat. 6:9) Ba boetse ba amehile ka ho thusa Bakrestemmoho le bona hore ba be le kamano e ntle le Jehova mme ba batla ho kgothatsa le ho tshehetsa ba ileng ba hlekefetswa.

11 Ho ekelletsa moo, haeba motho ya entseng sebe se tebileng e le setho sa phutheho, baholo ba lokela ho mo thusa hore a lokise kamano ya hae le Jehova, haeba le teng a baka. (Bala Jakobo 5:14, 15.) Mokreste ya inehellang takatsong e fosahetseng mme qetellong a etsa sebe, ha e le hantle o a kula. Sena se bolela hore ha a sa na kamano e ntle le Jehova. * Ka hoo, baholo e ba dingaka tsa motho ya jwalo. Ba lokela ho thusa “ya sa ikutlweng hantle [kapa ya entseng sebe se tebileng] a fole.” Ba ka mo thusa hore a lokise kamano ya hae le Modimo, empa sena se ka etsahala ha feela a baka e le ka nnete.—Lik. 3:19; 2 Bakor. 2:5-10.

12 Baholo ba na le boikarabelo bo boima hakaakang. Ba amehile haholo ka mohlape oo Modimo a o behileng tlhokomelong ya bona. (1 Pet. 5:1-3) Ba batla hore Bakrestemmoho le bona ba ikutlwe ba sirelletsehile ka phuthehong. Ka lebaka leo, hang ha ba fumana tlaleho ya hore motho o entse sebe se tebileng se akarelletsang ho hlekefetsa ngwana, ba potlakela ho sebetsana le taba eo. Empa ba etsa see jwang? A re hlahlobeng dipotso tse hlahang qalong ya serapa sa 13, 15 le 17, tse re hlalosetsang ka moo ba sebetsang ditaba ka teng.

13-14. Na baholo ba hlompha molao wa naha wa hore ha motho a hlekefeditse ngwana o lokela ho tlalehwa ho ba boholong pusong? Hlalosa.

13 Na baholo ba hlompha molao wa naha wa hore ha motho a hlekefeditse ngwana, o lokela ho tlalehwa ho ba boholong pusong? Ee, ba o hlompha. Dinaheng tseo ho tsona ho nang le melao ya ho tlaleha batho ba hlekefetsang bana, baholo ba etsa ka hohlehohle ho hlompha melao eo. (Bar. 13:1) Melao e jwalo ha e kgahlanong le melao ya Modimo. (Lik. 5:28, 29) Jwale, ha baholo ba fumana tlaleho ya hore ho na le motho ya hlekefeditseng ngwana, ka pele ba kopa thuso ofising ya lekala hore na ba lokela ho sebetsana le boemo bona jwang.

14 Ha baholo ba buisana le ngwana ya hlekefeditsweng kapa ba buisana le batswadi ba hae kapa motho ya tlalehileng taba ena, ba a ba kgodisa hore ba na le tokelo ya ho tlaleha motho ya hlekefeditseng ngwana ho ba boholong pusong. Empa ho thweng haeba motho ya entseng ketso ena e le setho sa phutheho mme jwale taba ena e tsebahala motseng? Na Mokreste ya bolelletseng baholo ka taba ena, o lokela ho utlwa e ka o tliseditse lebitso la Modimo thohako? Tjhe. Motho ya hlekefeditseng ngwana, ke yena ya tliseditseng lebitso la Modimo thohako.

15-16. (a) Ho ya ka 1 Timothea 5:19, ke hobaneng ha ho lokela hore ho be le dipaki tse pedi pele baholo ba theha komiti ya boahlodi? (b) Baholo ba lokela ho etsang ha ba fumana hore motho ya hlekefeditseng ngwana ke setho sa phutheho?

15 Ka phuthehong, ke hobaneng ha ho lokela hore ho be le dipaki tse pedi pele baholo ba theha komiti ya boahlodi? Lebaka ke hobane Bibele e re sena ke sona se nepahetseng ebile se bontsha toka. Ha motho a sa dumele hore o entse sebe se tebileng, ho lokela hore ho be le dipaki tse pedi pele baholo ba theha komiti ya boahlodi. (Deut. 19:15; Mat. 18:16; bala 1 Timothea 5:19.) Na see se bolela hore pele ho ka tlalehwa hore motho o hlekefeditse ngwana ka thobalano, ho lokela hore ho be le dipaki tse pedi? Ha ho jwalo. Ho etsa sena ha ho hlokahale hore ho be le dipaki tse pedi kapa baholo hore mofuta ona wa tlolo ya molao o tlalehwe.

16 Ka mora hore baholo ba utlwe hore setho sa phutheho se qoswa ka hore se hlekefeditse ngwana, ba lokela ho mamela melao ya naha mabapi le ho tlaleha taba ena. Ka mora moo, ba etsa dipatlisiso ho latela Bibele ho tiisa hore komiti ya boahlodi e lokela ho thehwa kapa tjhe. Ha motho ya qoswang a sa dumele hore o entse ketso ena, baholo ba lokela ho sheba bopaki bo fanwang ke batho ba tsebang ka taba ena. Jwale haeba ngwana ya hlekefeditsweng kapa motho e mong a hlalosa hore motho ya hlekefeditseng o ile a nna a qoswa ka ketso ena le nakong e fetileng, baholo ba na le bopaki bo lekaneng bakeng sa ho theha komiti ya boahlodi. * Ha paki ya bobedi e le siyo, ha ho bolele hore qoso eo ke leshano. Le hoja ho sena batho ba babedi ba ka pakang hore ngwana o hlekefeditswe, baholo ba lokela ho hlokomela hore ho ka etsahala hore ebe ho na le sebe se tebileng se entsweng se utlwisitseng ba bang bohloko. Ka lebaka leo, baholo ba tla tswelapele ho tshehetsa le ho kgothatsa ba utlwisitsweng bohloko. Ho ekelletsa moo, baholo ba tla dula ba fadimehile e le hore ba sirelletse phutheho kgahlanong le motho ya belaellwang.—Lik. 20:28.

17-18. Hlalosa hore na mosebetsi wa komiti ya boahlodi ke ho etsang.

17 Mosebetsi wa komiti ya boahlodi ke ho etsang? Lentswe “boahlodi” ha le bolele hore baholo ke bona ba etsang qeto ya hore motho ya qoswang ka hore o hlekefeditse, o lokela hore a fuwe kotlo ke ba boholong pusong. Baholo ha ba itshunyatshunyi ditabeng tsa sepolesa empa ba tlohella dintho matsohong a ba ikarabellang. (Bar. 13:2-4; Tite 3:1) Ho ena le hoo, baholo ba hlahloba hore na motho eo o ntse a tshwaneleha ho ba setho sa phutheho.

18 Baholo ba sebeletsang komiting ya boahlodi, ba amehile ka ho thusa motho ya entseng sebe hore a lokise kamano ya hae le Jehova. Ba sebedisa Bibele hore e ba thuse ho bona haeba motho ya entseng sebe a bakile kapa tjhe. Haeba a sa bake, o a kgaolwa mme baholo ba tsebisa phutheho hore ha e sa le e mong wa Dipaki Tsa Jehova. (1 Bakor. 5:11-13) Empa haeba a baka, a ke ke a kgaolwa. Le ha ho le jwalo, baholo ba tla mmolella hore ho ka etsahala hore a se ke a ba le boikarabelo ka phuthehong. Ka ha baholo ba amehile ka hore bana ba sireletsehe, ba tla bitsetsa batswadi ka thoko mme ba ba bolelle hore ba hlokomele bana ba bona haeba ho ena le motho ya jwalo ka phuthehong. Ha baholo ba bolella batswadi ka motho enwa ya ileng a hlekefetsa bana, ba lokela ho etsa bo nnete ba hore ha ba ntshe mabitso a ba ileng ba hlekefetswa.

O KA SIRELETSA BANA BA HAO JWANG?

Batswadi ba sireletsa bana ba bona kgahlanong le tlhekefetso ka ho ba ruta ka thobalano ho ya ka dilemo tsa bona. Ba ka sebedisa divideo le dingolwa tseo Sehlopha se Busang se faneng ka tsona ho etsa sena. (Sheba serapa sa 19-22)

19-22. Batswadi ba ka etsang hore ba sireletse bana ba bona? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

19 Ke boikarabelo ba mang ho sireletsa bana? Ke ba lona batswadi. * Bana ke letlotlo le tswang ho Modimo, ke “lefa le tswang ho Jehova.” (Pes. 127:3) Jehova o file batswadi boikarabelo ba hore ba sireletse bana ba bona. Empa batswadi ba ka sireletsa bana jwang kgahlanong le tlhekefetso?

20 Ntlha ya pele, etsa dipatlisiso mabapi le tlhekefetso ya bana. Ithute ka moo batho ba hlekefetsang bana ba ba qhekellang ka teng. Hlokomela batho kapa maemo a ka behang bana kotsing. (Liprov. 22:3; 24:3) Hopola hore hangata bana ba hlekefetswa ke batho bao ba ba tsebang le bao ba ba tshepang.

21 Ntlha ya bobedi, etsa hore bana ba hao ba phuthulohe ha ba buisana le wena. (Deut. 6:6, 7) O lokela ho mamela ka hloko ha bana ba hao ba bua le wena. (Jak. 1:19) Hopola hore ha ho bonolo hore bana ba bolelle motho e mong haeba ba hlekefeditswe. Ba ka nna ba tshaba hore ha ho na motho ya tla kgolwa seo ba se buang kapa e ka nna yaba motho ya ba hlekefeditseng, o itse ba thole ka taba ena. Haeba o belaela hore ho na le ntho e phoso, ka bohlale ba botse dipotso mme o ba mamele ka hloko o sa ba felle pelo.

22 Ntlha ya boraro, ruta bana ba hao. Ba rute ka thobalano ho ya ka dilemo tsa bona. Ba rute hore na ba reng kapa ba etseng haeba motho a ba tshwaratshwara moo ho sa lokelang. Sebedisa divideo le dingolwa tseo Sehlopha se Busang se faneng ka tsona, tse tla o thusa hore na ke jwang o ka sireletsang bana ba hao.—Sheba lebokose le reng “ Ithute o be o Rute le Bana ba Hao.”

23. Re ikutlwa jwang ha bana ba hlekefetswa ka thobalano, hona re tlo araba potso efe sehloohong se latelang?

23 Re le Dipaki Tsa Jehova, re nka tlhekefetso ya bana ka thobalano e le sebe se nyonyehang ebile e le ketso e kgopo. Ka ha re tataiswa ke molao wa Kreste, ha re sireletse mang kapa mang ya hlekefetsang bana hore a se ke a fumana kotlo e mo tshwanelang. Empa haeba motho ya hlekefeditsweng e le Mokrestemmoho, re lokela ho mo thusa jwang? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.

PINA YA 103 Modimo o re File Badisa

^ par. 5 Sehloohong sena re tlo tshohla ka moo re ka sireletsang bana hore ba se ke ba hlekefetswa ka thobalano. Re tla boela re ithute ka moo baholo ba sireletsang phutheho le ka moo batswadi ba ka sireletsang bana ba bona ka teng.

^ par. 3 TLHALOSO YA LENTSWE: Ho hlekefetsa bana ka thobalano, ke haeba motho ya moholo a sebedisa ngwana ho kgotsofatsa takatso ya hae ya thobalano. Sena se akarelletsa ho nyanya ditho tsa ngwana tsa botona kapa tsa botshehadi, ho kenya setho sa botona ka morao, ho tshwaratshwara ditho tsa ngwana tsa botona kapa tsa botshehadi, matswele, marao le dintho tse ding tse kang tsena. Le hoja ka tlwaelo mahlatsipa e le banana, bashemane le bona ba ntse ba hlekefetswa ka tsela e tshwanang. Ho tlwaelehile hore hangata banna ke bona ba hlekefetsang bana empa le basadi ba bang le bona, ba ntse ba hlekefetsa bana.

^ par. 5 TLHALOSO YA LENTSWE: Sehlohong sena le se latelang, lentswe “lehlatsipa” le bolela motho ya ileng a hlekefetswa ka thobalano ha e sa ntse e le ngwana. Re sebedisa lentswe lena ho bontsha hore ngwana yena ha a na molato empa motho ya mo hlekefeditseng o nkile monyetla ka yena.

^ par. 11 Ha motho a etsa sebe se tebileng hobane feela a se na kamano e ntle le Modimo, seo ha se bolele hore ha a ikarabelle ka seo a se entseng. Jehova o tla mo ahlola ka lebaka la sebe seo a se entseng.—Bar. 14:12.

^ par. 16 Baholo ba ke ke ba kopa ngwana hore a be teng nakong eo ba buisanang le motho eo ho belaellwang hore o mo hlekefeditse. Le ha ho le jwalo, ba ka kopa motswadi kapa motho e mong eo ngwana a mo jwetsitseng ka taba ena, hore a tlo fana ka bopaki. Sena se tla sireletsa ngwana hore a se ke a utlwiswa bohloko le ho feta.

^ par. 19 Taba ena ha e sebetse ho batswadi feela, empa e sebetsa le ho batho bao bana ba leng tlhokomelong ya bona.