Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22

Ntlafatsa Tsela ya Hao ya ho Ithuta!

Ntlafatsa Tsela ya Hao ya ho Ithuta!

“Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo.”—BAFIL. 1:10.

PINA YA 35 “Nepisisa dintho tsa bohlokwa haholo”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ha ba na nako ya ho bala?

KAJENO batho ba bangata ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba fumane tjhelete e lekaneng ya ho iphedisa. Bara le baradibabo rona ba bangata, ba sebetsa dihora tse telele hore ba hlokomele malapa a bona. Ba bang ba qeta dihora tse ngata letsatsi le letsatsi ha ba ya mosebetsing le ha ba kgutla. Athe ba bangata ba etsa mesebetsi e boima e le hore ba hlokomele malapa a bona. Ka mora ho sebetsa ka thata hakaana, bara le baradi bana babo rona ba kgutla ba kgathetse haholo. Sena se etsa hore ba ikutlwe ba kgathetse ha ba tlameha ho bala.

2. O fumana nako ya ho ithuta neng?

2 Le ha ho le jwalo, nnete ke hore re lokela ho ipha nako ya ho ithuta Lentswe la Modimo le dingolwa tsa rona. Ho etsa sena ho tla re thusa hore re be le kamano e ntle le Jehova le hore re fumane bophelo bo sa feleng. (1 Tim. 4:15,16) Ba bang ba tsoha esale hoseng haholo tsatsi le leng le le leng, hore ba bale ha ho ntse ho kgutsitse mme kelello tsa bona di kgathollohile. Ba bang ba beha metsotso e seng mekae ka thoko mantsibuya, eo ba tla e sebedisa bakeng sa ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka yona moo ho kgutsitseng.

3-4. Ke diphetoho dife tse entsweng ka dingolwa tseo re di fumanang, hona hobaneng?

3 Ha ho pelaelo hore wa dumela hore ho bohlokwa ho ipha nako ya ho ithuta. Empa re lokela ho ithuta eng? O ka nna wa re, ‘Ho na le dintho tse ngata tseo ke lokelang ho di bala. Ho thata ho bala ntho e nngwe le e nngwe.’ Bara le baradibabo rona ba bang ba kgona ho bala dingolwa le ho shebella divideo tsohle, empa ba bangata ba thatafallwa ke ho fumana nako ya ho etsa jwalo. Sehlopha se Busang se hlokometse sena. Ka hona, se entse qeto ya ho fokotsa dingolwa tseo re di fumanang, ebang ke tse hatisitsweng kapa tse Inthaneteng.

4 Ka mohlala, ha re sa hatisa Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova, hobane dipale tsa bophelo tse kgothatsang di se di hlaha ho jw.org® le mananeong a kgwedi le kgwedi a JW Broadcasting®. Tora ya ho Lebela ya batho bohle le Fadimehang! di se di hatiswa hararo ka selemo. Diphetoho tsena ha di a etsetswa ho re fa nako e eketsehileng ya ho etsa dintho tse sa amaneng le borapedi ba rona ho Jehova. Empa di etseditswe ho re thusa ho nahanisisa ka “dintho tsa bohlokwa haholo.” (Bafil. 1:10) Ka hona, a re ke re hlahlobeng hore na ke dintho dife tsa bohlokwa tseo o lokelang ho ithuta tsona pele le hore ke jwang o ka ruang molemo ha o ntse o ithuta Bibele o le mong.

KE DINTHO DIFE TSA BOHLOKWA TSEO RE LOKELANG HO ITHUTA TSONA PELE?

5-6. Ke dingolwa dife tseo re lokelang ho ithuta tsona ka hloko?

5 Keng ya bohlokwa eo re lokelang ho ithuta yona pele? Re lokela ho ipha nako letsatsi le letsatsi ya ho ithuta Lentswe la Modimo. Ka mohlala, ho fokoditswe dikgaolo tsa mmalo wa Bibele wa beke le beke oo re o etsang dibokeng, e le ho re fa nako e eketsehileng ya ho nahanisisa ka seo re se balang le ho etsa dipatlisiso. Sepheo sa rona ha se feela ho qeta ho bala dikgaolo tseo, empa ke ho dumella molaetsa wa Bibele ho re finyella dipelo le ho re thusa ho atamela haufi le Jehova.—Pes. 19:14

6 Keng hape eo re lokelang ho ithuta yona ka hloko? Ke nnete hore re batla ho lokisetsa Thuto ya Tora ya ho Lebela, Thuto ya Bibele ya Phutheho le ho lokisetsa diboka tsa hara beke. Empa re boetse re lokela ho bala kgatiso e nngwe le e nngwe ya Tora ya ho Lebela ya batho bohle le Fadimehang!

7. Ke hobaneng ha re sa lokela ho nyahama haeba re sa kgone ho bala dihlooho tse Inthaneteng ya rona kapa ho shebella divideo tse hlahang ho JW Broadcasting?

7 O ka nna wa re, ‘Empa ke tla ba le nako ya ho bala dihlooho tse ho jw.org le ho shebella divideo tse hlahang ho JW Broadcasting neng? Dintho tsena di ngata haholo!’ Nahana ka mohlala ona: Ho na le dijo tse ngata tse monate restjhurenteng. Empa bareki ba ke ke ba ja dijo tse moo kaofela. Ba kgetha tseo ba di batlang feela. Ka tsela e tshwanang, o se ke wa nyahama haeba o sa kgone ho bala dihlooho tsohle tse Inthaneteng ya rona kapa ho shebella divideo tse hlahang ho JW Broadcasting. Bala kapa o shebelle tseo o ka di kgonang. Jwale, a re ke re hlahlobeng hore na ho ithuta ho bolelang le hore re ka etsang hore re fumane molemo ho seo re ithutang sona.

HO HLOKAHALA BOITEKO E LE HORE RE ITHUTE!

8. Re lokela ho etsang ha re ithuta Tora ya ho Lebela, hona seo se ka re tswela molemo jwang?

8 Ho ithuta ho bolela ho tsepamisa kelello ho seo o se balang le ho ithuta dintho tsa bohlokwa. Ha ho bolele ho bala o feta feela kapa o sehella dikarabo. Ka mohlala, ha o lokisetsa Thuto ya Tora ya ho Lebela o lokela ho qala pele ka ho bala karolo ya seo re tlo ithuta sona, e hlahang qalong ya sehlooho. Ka mora moo, bala sehlooho, dihloohwana le dipotso tsa tlhahlobo o be o nahanisise ka tsona. Ebe o bala sehlooho seo kaofela ka hloko mme o iketlile. Ela hloko polelo eo hangata e hlahang qalong ya serapa, e re hlalosetsang hore na serapa se tlo bua kang. Hangata polelo eo e o thusa ho bona ntlha eo serapa se tlo bua ka yona. Jwale ha o ntse o bala, nahana ka moo serapa se seng le se seng se tsamaisanang le sehlohwana ha mmoho le sehlooho se seholo. Ngola mantswe kapa dintlha tseo o sa di utlwisiseng le tseo o batlang ho tseba haholwanyane ka tsona.

9. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka ho kgetheha ka mangolo ha re lokisetsa Tora ya ho Lebela, hona re ka etsa seo jwang? (b) Jwalo ka ha Joshua 1:8 e bontsha, keng hape eo re lokelang ho e etsa ha re bala mangolo?

9 Thuto ya Tora ya ho Lebela e re thusa ho utlwisisa Bibele. Ka hona, nahana ka ho kgetheha ka mangolo, haholoholo a tla balwa ha re le dibokeng. Ela hloko ka moo mantswe kapa dipolelo tse sebedisitsweng mangolong, di tsamaisanang le ntlha eo serapa se buang ka yona. Ho feta moo, iphe nako ya ho nahanisisa ka mangolo ao o a badileng mme o shebe hore na o ka a sebedisa jwang bophelong ba hao.—Bala Joshua 1:8.

Batswadi, rutang bana ba lona ho etsa dipatlisiso (Sheba serapa sa 10) *

10. Ho ya ka Baheberu 5:14, ke hobaneng ha batswadi ba lokela ho sebedisa nako ya borapedi ba lelapa ho ruta bana ba bona ho ithuta le ho etsa dipatlisiso?

10 Ke ho utlwahalang hore ebe batswadi ba batla hore bana ba bona ba thabele Borapedi ba Lelapa ba beke le beke. Le hoja batswadi ba lokela ho lokisetsa esale pele hore na ba tla ithutang borapeding ba lelapa, ha ba a lokela ho utlwa e ka ka mehla ba tlameha ho etsa dintho tse kgethehileng, e le hore feela bana ba thabele borapedi ba lelapa. Mohlomong le shebella mananeo a kgwedi le kgwedi a JW Broadcasting ha le etsa Borapedi ba Lelapa kapa le etsa diprojeke tse ding tse kgethehileng tse kang ho haha areka ya Noe, empa le boetse le lokela ho hopola hore ke ha bohlokwa ho ruta bana ba lona ho ithuta. Ka mohlala, ba lokela ho ithuta ho lokisetsa diboka kapa hore na ba ka etsa dipatlisiso jwang ha ba kopana le mathata sekolong. (Bala Baheberu 5:14.) Haeba ba qeta nako ba bala ditlaleho tse ka Bibeleng ha ba le lapeng, seo se tla ba thusa ho utlwisisa dipuo tse se nang divideo, tse fanwang dibokeng, dikopanong tsa potoloho le tsa setereke. Ho hlakile hore nako eo batswadi ba tla e qeta ba ithuta le bana, e tla itshetlehe ka dilemo kapa kutlwisiso eo bana ba nang le yona.

11. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re rute batho bao re ithutang Bibele le bona ho etsa dipatlisiso?

11 Batho bao re ithutang Bibele le bona, ba boetse ba lokela ho ithuta ho etsa dipatlisiso. Ha re qala ho ithuta Bibele le bona, re a thaba ha re bona ba tshwaya dikarabo ha ba lokisetsa sehlooho seo re tlo ithuta sona kapa ha ba lokisetsa diboka. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ba ruta ho etsa dipatlisiso le hore na ke jwang ba ka ruang molemo ha ba ntse ba ithuta ba le bang. Ka tsela eo, ho ena le hore hang ha mathata a hlaha, ba potlakele ho kopa thuso ho ba bang ka phuthehong, ba tla tseba hore ba ka fumana keletso e molemo hokae ha ba etsa dipatlisiso ba sebedisa dingolwa tsa rona.

EBA LE SEO O BATLANG HO SE FINYELLA HA O NTSE O ITHUTA

12. Keng seo re batlang ho se finyella ha re ithuta?

12 Haeba o motho ya sa rateng ho bala, o ka nna wa nahana hore ha ho mohla o tla thabela ho ithuta. Empa o ka ho thabela. O ka qala hanyane mme ha nako e ntse e ya, wa eketsa nako eo o e qetang o ithuta. Tseba seo o batlang ho se finyella ha o ntse o ithuta. Ke nnete hore ntho e ka sehloohong eo re e batlang, ke ho ba le kamano e haufi le Jehova. Empa ntho e nngwe eo re batlang ho e finyella ha re ithuta, ke ho fumana dikarabo tsa dipotso tseo batho ba di botsang ha re le tshimong kapa ho etsa dipatlisiso ha re tobana le mathata.

13. (a) Hlalosa mehato eo motjha a ka e nkang ha a hlalosetsa baithutimmoho le yena seo a se dumelang. (b) O ka sebedisa keletso e ho Bakolose 4:6 jwang?

13 Ka mohlala, na o motjha ya kenang sekolo? E ka nna yaba baithutimmoho le wena ba dumela thutong ya hore dintho di ikentse. Mohlomong o batla ho ba hlalosetsa seo Bibele e se rutang empa o utlwa e ka o ke ke wa kgona. Seo se bolela hore o tla lokela ho etsa dipatlisiso. Jwale ha o etsa dipatlisiso, o lokela ho nahana ka dintho tsena tse pedi: (1) ho matlafatsa tumelo ya hao ya hore Modimo o bopile dintho tsohle le (2) ho ntlafatsa tsela eo o hlalosang seo Bibele e se rutang. (Bar. 1:20; 1 Pet. 3:15) O ka nna wa qala ka ho ipotsa, ‘Ke hobaneng ha baithutimmoho le nna ba dumela hore dintho di ikentse?’ Ebe o etsa dipatlisiso o sebedisa dingolwa tsa rona. O tla fumana hore ho hlalosetsa baithutimmoho le wena seo o se dumelang, ha ho thata jwalo ka ha o ne o nahana. Batho ba bangata ba dumela hore dintho di ikentse, hobane feela ho na le motho eo ba mo hlomphang ya ileng a ba bolella hore taba eo ke nnete. Haeba o ka fumana mabaka a utlwahalang a hore dintho di bopilwe, o ka thusa motho ya hlileng a batlang ho ithuta nnete.—Bala Bakolose 4:6.

EBA LE THAHASELLO YA HO ITHUTA

14-16. (a) O ka etsang ha o ithuta ka ho eketsehileng ka lengolo la Bibele leo o se nang tsebo e kaalo ka lona? (b) Hlalosa hore na mangolo a qotsitsweng, a ka o thusa jwang ho utlwisisa lengolo la Amose. (Sheba le lebokose le reng ““ Thabela ho Bala Bibele!”)

14 Ka mohlala, nka hore dibokeng tse latelang re tlo bala le ho hlahloba le leng la Mangolo a makgutshwane a buang ka boprofeta mme o fumana hore re tlo bua ka moprofeta eo o se nang tsebo e kaalo ka yena. Mohato wa pele e ka ba ho thahasella ho tseba seo moprofeta eo a se ngotseng. Empa o ka etsa seo jwang?

15 O ka qala ka ho ipotsa: ‘Keng seo ke se tsebang ka mongodi wa buka ee? E ne e le mang, o ne a dula ho kae, hona o ne a etsa mosebetsi ofe?’ Ho ithuta haholwanyane ka mongodi eo, ho tla o thusa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha a sebedisitse mantswe le dipapiso tseo a ngotseng ka tsona. Jwale ha o ntse o bala Bibele, sheba dipolelo tse tla o thusa ho utlwisisa hore na mongodi e ne e le motho ya jwang.

16 Mohato wa bobedi e ka ba ho fumana hore na lengolo leo le ngotswe neng. O ka etsa sena ka ho sheba “Lethathamo la Libuka Tsa Bibele” le hlahang ka morao Bibeleng ya Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Ho ekelletsa moo, o ka sheba tjhate e buang ka baprofeta le marena e hlahang bukaneng ya Tataiso ea ho Ithuta Lentsoe la Molimo, leq. 14-17. Jwale haeba lengolo leo o ntseng o ithuta lona le bua ka boprofeta, o ka batla ho tseba ka ho eketsehileng hore na maemo a ne a le jwang bakeng sa batho ba phetseng ha le ne le ngolwa. O ka batlisisa hore na moprofeta ya ngotseng lengolo leo, o ne a batla ho thusa batho hore ba tlohele mekgwa efe e mebe. O ka boela wa ithuta ka batho ba phetseng ka nako e le nngwe le yena. E le hore o utlwisise tlaleho eo hantle, o ka nna wa lokela ho sheba mangolo a mang a Bibele. Ka mohlala, hore o utlwisise diketsahalo tseo Amose a phetseng ho tsona, o lokela ho bala lengolo la Marena a bobedi le la Likronike tsa bobedi, a hlahang ditshupisong tse bohareng ba leqephe, lengolong la Amose 1:1. Hape o ka bala mangolo a ngotsweng ke Hosea, ya phetseng mehleng ya Amose. Ho etsa dipatlisiso ka tsela ena, ho tla o thusa ho utlwisisa maemo ao Amose a phetseng ho ona.—2 Mar. 14:25-28; 2 Likron. 26:1-15; Hos. 1:1-11; Amose 1:1.

ELA HLOKO DINTLHA TSE NYANE HA O NTSE O ITHUTA

17-18. O sebedisa mehlala e hlahang serapeng kapa mohlala o mong, bontsha ka moo dintlha tseo re nkang hore ha se tsa bohlokwa, di ka re thusang ka teng hore re thabele ho ithuta Bibele.

17 Re ka thabela ho bala Bibele haeba re batla ho tseba ka ho eketsehileng ka dintho tseo re ithutang tsona. Ka mohlala, ha re re o ntse o bala boprofeta bo hlahang ho Zakaria kgaolo ya 12, bo buileng esale pele ka lefu la Mesia. (Zak. 12:10) Jwale ha o fihla temaneng ya 12, o bala ka hore “lelapa la ntlo ea Nathane” le ne le tla utlwa bohloko haholo ka lebaka la lefu la Mesia. Ho ena le hore o fete mantswe ao feela, o ka nna wa ema hanyane mme wa ipotsa: ‘Lelapa la Nathane le amana jwang le Mesia? Na ho na le moo nka fumanang dintlha tse eketsehileng ka taba ee?’ Ebe jwale o etsa dipatlisiso tse eketsehileng. Tshupiso e bohareng ba leqephe, e o isa ho 2 Samuele 5:13, 14, e bontshang hore Nathane e ne e le e mong wa bara ba Morena Davida. Tshupiso ya bobedi e o isa ho Luka 3:23, 31, e bontshang hore Jesu e ne e le setloholo sa Nathane, eo e neng e le moholoholo wa Maria. (Sheba Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya June 2018, leq. 5. Ntate wa Josefa e ne e le mang?) Sena se etsa hore o qale ho ba le thahasello. O a hlokomela hore o ne o ntse o tseba hore ho na le boprofeta bo reng Jesu e ne e tla ba setloholo sa Davida. (Mat. 22:42) Empa Davida o ne a e na le bara ba fetang 20. Na ha se ho hlollang hore ebe Zakaria o ile a qolla lelapa la Nathane hore ke lona ka ho kgetheha le neng le tla utlwa bohloko ka lebaka la lefu la Jesu?

18 Nahana ka mohlala o mong hape. Kgaolong ya pele ya Luka, re bala ka hore lengeloi Gabriele le ile la etela Maria mme la mo tsebisa ka mora eo a neng a tla mo tswala. Le ile la re: “O tla ba moholo mme o tla bitswa Mora wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Modimo o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida, mme o tla busa e le Morena wa ntlo ya Jakobo ka ho sa feleng.” (Luka 1:32, 33) Ho ka ba bonolo ho lebisa tlhokomelo feela mantsweng a qalang ao Gabriele a a buileng, ha a ne a re Jesu o ne a tla bitswa “Mora wa Ya Phahameng ka ho Fetisisa.” Empa Gabriele o ile a boela a profeta hore Jesu o ne a tla “busa e le Morena.” Ka hoo, re ka ipotsa hore na Maria o ile a nahanang ha a utlwa mantswe ao. Na o ile a nahana hore Gabriele o ne a bolela hore Jesu o ne a tla nkela Morena Heroda kapa bahlahlami ba hae sebaka mmusong wa Iseraele? Haeba Jesu e ne e tla ba morena, Maria e ne e tla ba Mme wa morena mme lelapa la hae le ne le tla dula ntlong ya borena. Le ha ho le jwalo, ha ho na moo Bibele e reng Maria o ile a nahana ka dintho tsena ha a ntse a buisana le Gabriele kapa hore o ile a kopa maemo a phahameng Mmusong, jwalo ka ha barutuwa ba bang ba Jesu ba babedi ba ile ba etsa. (Mat. 20:20-23) Sena se re kgodisa le ho feta hore Maria e ne e le mosadi ya ikokobeditseng haholo.

19-20. Jwalo ka ha ho hlalositswe ho Jakobo 1:22-25 le 4:8, keng seo re batlang ho se finyella ha re ithuta?

19 Re lokela ho hopola hore ntho e ka sehloohong eo re batlang ho e finyella ha re bala Lentswe la Modimo le dingolwa tsa rona tsa Bokreste, ke ho ba le kamano e haufi le Jehova. Empa re boetse re batla ho tseba hore ha e le hantle re batho ba “mofuta ofe” le hore ke diphetoho dife tseo re lokelang ho di etsa e le hore re thabise Modimo. (Bala Jakobo 1:22-25; 4:8.) Ka hona, ka mehla ha re ithuta, re lokela ho qala ka ho kopa Jehova hore a re fe moya wa hae o halalelang. Re lokela ho mo kopa hore a re thuse ho rua molemo ka hohle dinthong tseo re ithutang tsona mme re itadime ka tsela eo a re tadimang ka yona.

20 E se e ka kaofela ha rona re ka ba jwalo ka mohlanka ya tshepahalang wa Modimo, eo mongodi e mong wa pesaleme a ileng a re ka yena: “O thabela molao oa Jehova, Molao wa hae o o bala ka lentswe le tlase bosiu le motshehare. . . . Ntho e nngwe le e nngwe eo a e etsang e tla atleha.”—Pes. 1:2, 3.

PINA YA 88 Ntsebise Ditsela Tsa Hao

^ par. 5 Jehova o re file dintho tse ngata tseo re ka ithutang ka tsona, tseo re ka di balang le ho di shebella. Sehlooho sena se tla o thusa ho etsa qeto ya hore na o tla ithutang, se tla boela se o thuse hore na ke jwang o ka ruang molemo ha o ntse o ithuta o le mong.

^ par. 61 DITHSWANTSHO DI A HLALOSWA: Batswadi ba bontsha bana ba bona hore ba ka lokisetsa Thuto ya beke le beke ya Tora ya ho Lebela jwang.

^ par. 63 DITHSWANTSHO DI A HLALOSWA: Morabo rona o etsa dipatlisiso ka mongodi e mong wa Bibele, e leng Amose. Ditshwantsho tse ka morao, di bontsha seo morabo rona a se bonang ha a ntse a bala ditlaleho tsa Bibele le ho nahanisisa ka tsona.