Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

O se ke wa Thetswa ke “Bohlale ba Lefatshe Lena”

O se ke wa Thetswa ke “Bohlale ba Lefatshe Lena”

“Bohlale ba lefatshe lena ke bowatla ho Modimo.” —1 BAKOR. 3:19.

PINA YA 98 Mangolo a Buduletswe ke Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Bibele e re rutang?

RE KA HLOLA bothata le ha e le bofe ka ha Jehova ke Morupedi wa rona e Moholo. (Esa. 30:20, 21) Lentswe la hae Bibele, le re fa ntho e nngwe le e nngwe eo re e hlokang e le hore re ka “tshwaneleha ka botlalo” le ho “hlomellwa ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.” (2 Tim. 3:17) Jwale, ha re latela seo Bibele e se rutang, re ba bohlale ho feta batho ba itshetlehileng ka “bohlale ba lefatshe lena.”—1 Bakor. 3:19; Pes. 119:97-100.

2. Re tlo ithutang sehloohong see?

2 Jwalo ka ha re tla bona, bohlale ba lefatshe lena bo re kgothalletsa hore re inehelle ditakatsong tsa rona tsa boithati. Ka lebaka leo, ho ka ba thata ho hana ho susumetswa ke tsela eo batho ba sa batleng ho rutwa ke Modimo ba nahanang le ho etsa dintho ka yona. Ke ka hona Bibele e reng: “Hlokomelang mohlomong ho ka ba le e mong ya tla le nka jwalo ka phofu ya hae ka filosofi le thetso ya lefeela ho ya ka neano ya batho.” (Bakol. 2:8) Ka hoo sehloohong sena, re tlo ithuta hore na ho tlile jwang hore batho ba kgolwe mashano a mabedi ao Satane a ileng a a bua. Re tla boela re ithute hore na ke hobaneng ha bohlale ba lefatshe lena e le bowatla le hore bohlale bo tswang ka Bibeleng bona, bo ruisa molemo ho feta ntho le ha e le efe eo lefatshe le ka re fang yona. 

MELAO YA BOITSHWARO MABAPI LE THOBALANO E ILE YA FETOHA JWANG?

3-4. Melao ya boitshwaro mabapi le thobalano e ile ya fetoha jwang United States, dilemong tsa bo 1900?

3 Dilemong tsa bo 1900, batho ba dulang United States ba ile ba fetola tsela eo ka yona ba neng ba tadima melao ya boitshwaro mabapi le thobalano. Qalong batho ba ne ba dumela hore thobalano e lokela ho etswa feela ke batho ba nyalaneng mme o ne o ke ke wa utlwa mang kapa mang a ntse a qoqa ka yona. Empa ho e so ye kae, seo se ile sa fetoha mme batho ba qalella ho iketsetsa borata.

4 Hoo e ka bang dilemo tse 30 ha morao ka mora Ntwa ya Pele ya Lefatshe, tsela eo batho ba neng ba itshwara ka yona le eo ba neng ba nka thobalano ka yona, e ile ya fetoha haholo. Mofuputsi e mong o re: “Dimuvi, dipale, dipina, dibuka le dipapatso, di ile tsa qala ho hlahisa diketso tse ngata tsa thobalano.” Hona dilemong tseo, tsela eo ba bang ba neng ba tantsha ka yona e ne e etsa hore batho ba nahane ka ho etsa thobalano le moaparo wa bona o ne o sa hlomphehe. Sena ha se makatse hobane Bibele e ile ya bolela esale pele hore matsatsing a ho qetela batho e ne e tla ba “ratang menyaka.”—2 Tim. 3:4.

Bahlanka ba Jehova ha ba kgeloswe ke boitshwaro bo ditshila ba lefatshe lena (Sheba serapa sa 5) *

5. Ho tloha ka selemo sa 1960, batho ba ile ba nka melao ya boitswaro mabapi le thobalano jwang?

5 Dilemo ka mora 1960, batho ba ile ba nka ho dula mmoho ba sa nyalana e le ntho e se nang phoso mme ho ratana ha batho ba bong bo tshwanang haesita le ho hlalana, ho ile ha ata. Athe boithabiso bona, bo ile ba pepesa diketso tsa thobalano. Sena se bakile mathata afe? Mongodi e mong o hlalosa hore sena se ama setjhaba ka kakaretso, hobane se entse hore malapa a mangata a qhalane, athe ho a mang ho na le motswadi a le mong ya hlokomelang bana. Batho ba bangata ba tetebetse maikutlo, ba bang ke makgoba a ditshwantsho kapa dibuka tse hlahisang dintho ditshila. Ho boetse hape ho atile mafu a tshwaetsanang ka thobalano, jwalo ka AIDS. Dintho tsena di bontsha hantle hore bohlale ba lefatshe lena ha bona thuso.—2 Pet. 2:19.

6. Satane o batla hore batho ba tadime thobalano jwang?

6 Satane o batla hore batho ba tadime thobalano ka tsela eo Jehova a neng a sa e rera ka yona. O batla hore batho ba etse thobalano ba sa nyalana mme o a thaba ha a bona ba sebedisa mpho ena eo Modimo a e fileng banyalani, ka tsela e fosahetseng. (Baef. 2:2) Ha batho ba etsa boitshwaro bo bobe ba thobalano pele ho lenyalo, ba bontsha hore ha ba ananele tukisetso ya Modimo ya hore batho ba be le bana. Ka lebaka leo, ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng.—1 Bakor. 6:9, 10.

MELAO YA BIBELE MABAPI LE THOBALANO

7-8. Ke hobaneng ha seo Bibele e se rutang mabapi le thobalano se le molemo ho feta tsela eo lefatshe le nkang thobalano ka yona?

7 Batho ba latelang bohlale ba lefatshe lena, ba soma melao ya Bibele ya boitshwaro ka hore ha e utlwahale. O tla utlwa ba botsa hore na ke hobaneng ha Modimo a re bopelletse le ditakatso tsa ho etsa thobalano empa a batla hore re di thibele. Ba botsa potso ena hobane ba nahana hore ho loketse hore motho a etse ntho eo a e batlang, ka nako eo a e batlang ka yona. Empa Bibele e ruta se fapaneng le seo. E re ruta hore ha ho hlokahale hore re inehelle ditakatsong tse fosahetseng, ka ha re na le matla a ho hana ho etsa se sebe. (Bakol. 3:5) Ho ekelletsa moo, Jehova o entse tokisetso ya lenyalo e le hore re ka kgona ho kgotsofatsa takatso ya rona ya ho etsa thobalano. (1 Bakor. 7:8, 9) Ka tsela ena, monna le mosadi ba ka thabela ho etsa thobalano ba sa tshohe hore ba tla tshwaetsana, e leng se etsahalang ho batho ba etsang boitshwaro bo bobe.

8 Ho fapana le bohlale ba lefatshe lena, Bibele e re ruta se nepahetseng mabapi le thobalano. E re thobalano e ka etsa hore banyalani ba thabe. (Liprov. 5:18, 19) Le ha ho le jwalo, e boetse e re: “E mong le e mong wa lona a tsebe ho ruela sejana sa hae kgalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ya botona kapa ya botshehadi e tjhatjhehisang ka mohono e kang eo le ditjhaba tseo tse sa tsebeng Modimo di nang le yona.”—1 Bathes. 4:4, 5.

9. (a) Dilemong tsa bo 1900, bahlanka ba Jehova ba ile ba thuswa jwang hore ba mamele Lentswe la Modimo? (b) 1 Johanne 2:15, 16, e fana ka keletso efe e bohlale? (c) Ho ya ka Baroma 1:24-27, ke mekgwa efe e mebe eo re lokelang ho e qoba?

9 Dilemong tsa bo 1900, bahlanka ba Jehova ba ne ba sa kgeloswe ke batho ba “feletsweng ke kutlo yohle ya boitshwaro.” (Baef. 4:19) Ba ile ba lwana ka thata ho dula ba mamela melao ya Jehova. Tora ya ho Lebela ya May 1926 ya Senyesemane e re: “Monna kapa mosadi o lokela ho hlweka monahanong le diketsong tsa hae, haholoholo ha a sebedisana le batho ba bong bo fapaneng.” Bahlanka ba Jehova ba ile ba mamela Lentswe la hae, ho sa tsotellehe dintho tse neng di etsahala moo ba neng ba dula teng. (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Ruri re ananela Lentswe la Modimo! Re boetse re thabela hore ebe Jehova o re fa thuto e nakong, e re thusang hore re hane ho susumetswa ke bohlale ba lefatshe lena mabapi le boitshwaro. *—Bala Baroma 1:24-27.

KE KA TSELA EFE BATHO E LENG BAITHATI?

10-11. Bibele e ile ya lemosa hore ho tla etsahalang matsatsing a ho qetela?

10 Bibele e ile ya lemosa hore matsatsing a ho qetela batho e tla ba “baithati.” (2 Tim. 3:1, 2) Ha ho makatse hore ebe lefatshe le kgothalletsa batho hore ba itjhebe bo bona. Encyclopedia e nngwe e re: “Dilemong tsa bo 1970, ho ile ha ata dibuka tse neng di eletsa batho hore na ba ka atleha jwang bophelong. Dibuka tse ding di ne di kgothalletsa batho hore ba itsebe, ba ikamohele le ho ba motlotlo ka tsela eo ba leng ka yona.” Ka mohlala, buka e nngwe e ile ya re: “Ithate, hobane o motle ebile o motho wa bohlokwa ka ho fetisisa ya kileng a ba teng.” E boetse e re: “Motho o lokela ho iketsetsa qeto ya hore na o tla itshwara jwang mme a etse ntho e nngwe le e nngwe eo a nahanang hore e nepahetse.”

11 Na o qala ho utlwa mantswe ao? Satane o ile a kgothalletsa Eva hore a etse ntho e tshwanang. O ile a re o “tla ba jwalo ka Modimo, [a] tsebe botle le bobe.” (Gen. 3:5) Kajeno batho ba bangata ba inkela hodimo hoo ba nahanang hore ha ho na motho, esita le Modimo, ya ka ba jwetsang hore keng se nepahetseng le se fosahetseng. Ka mohlala, batho ba ikutlwa ka tsela ena haholoholo ka lenyalo.

Mokreste o beha ditlhoko tsa ba bang pele ho tsa hae, haholoholo tsa molekane wa hae (Sheba serapa sa 12) *

12. Lefatshe le kgothalletsa batho hore ba ikutlwe jwang ka lenyalo?

12 Bibele e re monna le mosadi ba lokela ho hlomphana mme ba tshepahalle dikano tsa bona tsa lenyalo. E kgothalletsa banyalani hore ba dule mmoho, ha e re: “Monna o tla siya ntatae le mmae a kgomarele mosadi wa hae mme e tla ba nama e le nngwe.” (Gen. 2:24) Ka lehlakoreng le leng, lefatshe le kgothalletsa batho hore ba be le pono e fapaneng. Le re molekane ka mong o lokela ho ameha ka seo yena a se hlokang. Buka e nngwe e buang ka tlhalo, e re: “Ho e na le hore batho ba re ‘ha feela bobedi ba rona re ntse re phela ha mmoho lefatsheng’ ha ba nka dikano tsa lenyalo, ba etsa tshepiso e sa tlameng hakaalo, e reng ‘ha feela bobedi ba rona re ntse re ratana.’” Ho se nke lenyalo ka ho teba ka tsela eo, ho entse hore malapa a mangata a arohane mme seo se bakile masisapelo a maholo. Ka hoo, ho hlakile hore tsela eo lefatshe le ikutlwang ka yona ka lenyalo, e bowatla.

13. Ke hobaneng ha Jehova a hloile batho ba ikgohomosang?

13 Bibele e re: “E mong le e mong ya pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liprov. 16:5) Ebe ke hobaneng ha Jehova a hloile batho ba ikgohomosang? Lebaka ke hore batho ba ikgohomosang ba etsisa Satane, ka ha le yena o a ikgohomosa. Ka mohlala, Satane o ile a nahana hore Jesu, eo Modimo a mo sebedisitseng ho bopa dintho tsohle, o lokela ho mo kgumamela mme a mo rapele. (Mat. 4:8, 9; Bakol. 1:15, 16) Batho ba ikgohomosang jwalo, ba bontsha hantle hore bohlale ba lefatshe ke bowatla ho Modimo.

BIBELE E RENG KA HO INKA O LE BOHLOKWA HO FETA BATHO BA BANG?

14. Baroma 12:3, e re thusa jwang hore re itadime ka tsela e loketseng?

14 Bibele e re thusa hore re itadime ka tsela e loketseng. E re ho loketse hore re ithate ho isa boholeng bo itseng. Jesu o ile a re: “O rate moahelani wa hao jwalo ka ha o ithata,” e leng se bontshang hore re lokela ho ameha ka ditlhoko tsa rona ka tsela e itekanetseng. (Mat. 19:19) Le ha ho le jwalo, Bibele ha e re rute hore re lokela ho inka re le ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Ho fapana le hoo, e re: “Le sa etse letho ka lebaka la ho rata dikgang kapa ka lebaka la ho ipoledisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse.”—Bafil. 2:3; bala Baroma 12:3.

15. Ke hobaneng ha o nahana hore keletso ya Bibele e mabapi le tsela eo re itadimang ka yona e loketse?

15 Kajeno batho ba bangata ba inkang ba rutehile, ba soma keletso ya Bibele e mabapi le tsela eo motho a lokelang ho itadima ka yona. Ba re haeba o nka batho ba bang ba o phahametse, seo se tla etsa hore ba o nyatse. Empa diphello tsa keletso ya Satane ya hore batho ba itjhebe bo bona ke dife? Na o bona eka batho ba itjhebileng bo bona ba thabile? Na malapa a bona a thabile? Na ba na le metswalle ya sebele? Na ba na le setswalle se haufi le Modimo? Hona wena o bona e le hofe ho molemo, ho latela bohlale ba lefatshe lena kapa ho latela bohlale bo fumanwang Lentsweng la Modimo?

16-17. Keng e re thabisang, hona hobaneng?

16 Batho ba mamelang keletso ya bao lefatshe le ba nkang ba rutehile, ba tshwana le motho ya botsang motho e mong tsela empa ka bobedi ba lahlehile. Ha Jesu a ne a bua ka batho ba “bohlale” ba mehleng ya hae, o ile a re: “Ke batataisi ba foufetseng. Jwale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobedi di tla wela ka sekoting.” (Mat. 15:14) Ka sebele, bohlale ba lefatshe lena ke bowatla ho Modimo.

Bahlanka ba Jehova ba hopola dinako tse monate tseo ba di qetileng tshebeletsong (Sheba serapa sa 17) *

17 Haesale keletso e bohlale ya Bibele e “le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho, bakeng sa ho laya ka ho loka.” (2 Tim. 3:16) Re thaba haholo hore ebe Jehova, a sebedisa mokgatlo wa hae, o a re sirelletsa bohlaleng ba lefatshe lena. (Baef. 4:14) Thuto eo a re fang yona, e re thusa hore re latele melao e fumanwang Lentsweng la hae. Re lehlohonolo hakaakang hore ebe Jehova o re fa bohlale bo phahameng bo tswang ka Bibeleng!

PINA YA 54 “Tsela ke Yona Ena”

^ par. 5 Sehloohong sena, re tlo ithuta hore Jehova ke yena feela ya ka re tataisang ka tsela e nepahetseng. Re tla boela re ithute hore ho latela bohlale ba lefatshe lena ho kotsi, athe ho latela bohlale bo tswang ka Bibeleng ho ruisa molemo.

^ par. 9 Ka mohlala, sheba Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ya 1, kgao. 24-26, le Buka ya 2, kgao. 4-5.

^ par. 50 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Re bona dintho tse etsahetseng bophelong ba banyalani bana ba Dipaki. Mora le moradiwabo rona ba bolela ditaba tse molemo dilemong tsa bo 1960.

^ par. 52 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ka bo 1980, monna o hlokometse mosadi wa hae ya kulang ha moradinyana wa bona a ntse a ba shebile.

^ par. 54 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Hona jwale banyalani bana ba hopola dinako tse monate tseo ba di qetileng tshebeletsong ya Jehova. Moradi wa bona ya seng a hodile o na le lelapa la hae mme ba thabela ho sheba dinepe le batswadi ba hae.