TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG May 2020

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ka la 6 July –la 2 August 2020.

“Morena wa Leboya” Matsatsing a ho Qetela

Sehlooho se Ithutwang sa 19: La 6-12 July 2020. Re bona bopaki ba hore boprofeta ba Daniele ka “morena wa leboya” le ka “morena wa borwa,” bo ntse bo tswela pele ho phethahala. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re utlwisise hore na boprofeta bona bo bua kang?

Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela

Boprofeta bo buang ka “morena wa leboya” le “morena wa borwa” bo etsahetseng ka nako e le nngwe. Boprofeta boo bo bontsha jwang hore bofelo ba lefatshe lena bo atametse?

“Morena wa Leboya” ke Mang Kajeno?

Sehlooho se Ithutwang sa 20: La 13-19 July 2020. “Morena wa leboya” ke mang kajeno, hona o tla fediswa jwang? Karabo ya potso ena e tla matlafatsa tumelo ya rona le ho re thusa hore re itokisetse se tla etsahala nakong e tlang.

Na o Ananela Dimpho Tseo Modimo a o Fileng Tsona?

Sehlooho se Ithutwang sa 21: La 20-26 July 2020. Sehlooho sena se tla re thusa hore re ananele Jehova ka dimpho tse ding tse molemo tseo a re fileng tsona. Se tla boela se re thuse hore na ke jwang re ka thusang batho ba sa dumeleng hore Modimo o teng.

Ananela Dimpho Tseo o sa di Boneng

Sehlooho se Ithutwang sa 22: La 27 July–la 2 August 2020. Sehloohong se fetileng re buile ka dimpho tse tswang ho Modimo tseo re di bonang. Sehloohong sena re tla bua ka dimpho tseo re sa di boneng le hore na re ka bontsha jwang hore re a di ananela. Re tla boela re bone hore na ke jwang re ka ananelang mofani wa tsona e leng Jehova Modimo.