Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bonolo​—Bo re Tswela Molemo Jwang?

Bonolo​—Bo re Tswela Molemo Jwang?

Sara * o re: “Ka tlhaho ke motho ya dihlong hape ha ke itshepe. Ka hoo ha ke phutholohe ha ke le hara batho ba itshepang ho tlola. Empa ke a phutholoha ha ke na le motho ya bonolo le ya ikokobeditseng. Ke kgona ho bua le motho ya jwalo, ke mo bolelle ka mathata a ka le ka moo ke ikutlwang ka teng. Ka hoo metswalle yaka ke batho ba bonolo le ba ikokobeditseng.”

Seo Sara a se buileng se bontsha hore ha re le batho ba bonolo batho ba tla batla ho ba metswalle ya rona. Motho ya ikokobeditseng o boetse o thabisa Jehova. Lentswe la Modimo le re kgothalletsa hore re “ikapese . . . bonolo.” (Bakol. 3:12) Motho ya bonolo ke ya jwang? Jesu o bontshitse bonolo jwang? Hona ke jwang re ka thabang haeba re le batho ba bonolo?

MOTHO YA BONOLO KE YA JWANG?

Motho o ba bonolo haeba a na le kgotso. Motho ya bonolo o tshwara batho ba bang hantle ebile ha ho e na le dintho tse mo tenang o kgona ho dula a kgobile matshwafo.

Ha motho a le bonolo sena se bontsha hore o matla. Lentswe la Segerike le fetoletsweng e le “bonolo” le ne le sebediswa ho hlalosa pere e hlaha e neng e thapisitswe. Le hoja e thapisitswe, ha e fokole empa e ntse e le matla. Ka tsela e tshwanang, motho ya bonolo ha a fokole empa o matla. Ke hobaneng ha re ka re jwalo? Hobane o kgona ho laola maikutlo a hae mme o dula a na le kgotso le batho ba bang.

Re ka nna ra nahana hore ka tlhaho ha re batho ba bonolo. Kajeno re phela lefatsheng le tletseng batho ba bohale le ba hlokang mamello, ka hoo ho ba thata hore re be batho ba bonolo. (Bar. 7:​19) Ho hlakile hore ho hlokahala hore re etse boiteko ba hore re be batho ba bonolo mme Jehova o tla re thusa ka moya wa hae o halalelang. (Bagal. 5:​22, 23) Ke hobaneng ha re lokela ho etsa boiteko ba hore re be batho ba bonolo?

Batho ba rata motho ya bonolo. Jwalo ka Sara eo re buileng ka yena qalong le rona re rata ho ba hara batho ba bonolo. Jesu ke yena ya re behetseng mohlala o motle wa hore re be batho ba bonolo le ba mosa. (2 Bakor. 10:⁠1) Le hoja bana ba ne ba sa tlwaela Jesu empa ba ne ba thabela ho ya ho yena.​—⁠Mar. 10:​13-⁠16.

Ho ba bonolo ho tswela rona le batho ba bang molemo. Ha re le batho ba bonolo ha re na ferekana kapa ho kwata ka pele. (Liprov. 16: 32) Ka hoo re ke ke ra utlwisa batho ba bang bohloko mme ha re na ikutlwa re le molato. Hape re tla kgona ho laola maikutlo le boitshwaro ba rona e leng se tla tswela batho ba bang molemo.

MOHLALA O MOTLE WA HO BA BONOLO

Ho sa tsotellehe hore Jesu o ne a na le boikarabelo bo bongata hakae, o ne a le bonolo ho batho bohle. Batho ba bangata mehleng ya hae ba ne ba imetswe ke mathata mme ba hloka ho kgathollwa. E tlameha ebe ba ile ba kgothala ha Jesu a ne a re: “Tloong ho nna, . . . ka ha ke na le maikutlo a bonolo mme ke ikokobeditse pelong.”​—Mat. 11:28, 29.

Ke jwang re ka bang batho ba bonolo jwalo ka Jesu? Ha re bala Lentswe la Modimo re ithuta ka moo Jesu a neng a tshwara batho ka teng le hore o ne a etsang ha a ne a na le mathata. Ka hoo, ha ho etsahala dintho tse etsang hore re se ke ra ba bonolo re tla lwanela ho etsisa Jesu. (1 Pet. 2:21) Nahana ka dintho tsena tse tharo tse ileng tsa thusa Jesu hore a be bonolo.

Jesu e ne e le motho ya ikokobeditseng. Jesu o itse o ‘maikutlo a bonolo mme o ikokobeditse pelong.’ (Mat. 11:29) Bibele e bua ka makgabane ana a mabedi hobane bonolo bo tsamaisana le boikokobetso. (Baef. 4:1-3) Ke hobaneng ha ho le jwalo?

Boikokobetso bo re thusa hore re se ke ra inka re le batho ba bohlokwa ho feta batho ba bang. Jesu o ile a ikutlwa jwang ha batho ba ne ba mo nyatsa ba re ke “monyollo le ya ineheletseng ho nwa veine”? O ile a phela ka tsela e ileng ya bontsha hore seo ba neng ba se bua ka yena ha se nnete mme ka boikokobetso a bontsha hore “bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona hore bo lokile.”​—Mat. 11:19.

Haeba motho a bua hampe ka morabe, bong ba hao kapa tsela eo o hodisitsweng ka yona, ke hobaneng ha o sa mo arabe ka bonolo? Moholo e mong ya bitswang Peter ya dulang South Africa o re: “Ha ke tenwa ke seo motho a se buang ke a ipotsa hore na Jesu o ne a tla etsang.” O tswela pele hore: “Ke ithutile hore ke se ke ka inka ke le motho wa bohlokwa ho feta batho ba bang.”

Jesu o ne a tseba hore batho ha ba a phethahala. Barutuwa ba Jesu ba ne ba batla ho etsa se nepahetseng empa ka ha ba ne ba sa phethahala, ka dinako tse ding ba ne ba sa kgone. Ka mohlala bosiu pele Jesu a shwa, Petrose, Jakobo le Johanne ha ba a ka ba dula ba lebetse jwalo ka ha Jesu a ne a ba kopile. Jesu o ile a hlokomela hore “moya o na le tabatabelo, empa nama ya fokola.” (Mat. 26:40, 41) Ka ha Jesu o ne a utlwisisa hore ha ba a phethahala o ne a sa kwatele baapostola ba hae.

Moradiwabo rona Mandy o ne a tlwaetse ho tshwaya batho diphoso empa hona jwale o leka ho etsisa mohlala wa Jesu ka hore e be motho ya bonolo. O re: “Ke leka ho hopola hore kaofela ha re a phethahala, ka hoo ke etsisa Jehova ka hore ke shebe dintho tse ntle tseo batho ba di etsang.” Na le wena o ka etsisa Jesu ka hore o be bonolo le hore o utlwisise hore batho ba bang ha ba a phethahala?

Jesu o ne a tshepa Modimo. Ha Jesu a ne a le lefatsheng o ile a mamella ho tshwarwa hampe. Batho ba ne ba sa mo utlwisise, ba mo nyatsa le ho mo hlokofatsa. Ho ntse ho le jwalo, o ile a dula a le bonolo hobane o ile “a tswela pele ho nna a ipeha ho ya ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:23) Jesu o ne a tseba hore Ntate wa hae ya lehodimong o tla mo thusa hore a mamelle le hore ka nako e nepahetseng o tla ahlola batho ba mo tshwarang hampe.

Haeba re sa tshwarwa hantle e be re a halefa, sena se ka mpefatsa boemo. Ke ka hoo Bibele e re hopotsang hore “kgalefo ya motho ha e hlahise ho loka ha Modimo.” (Jak. 1:20) Le hoja ntho eo re e kwatetseng e ka utlwahala, hobane ha re a phethahala re ka etsa dintho ka tsela e fosahetseng.

Moradiwabo rona Cathy ya dulang Germany, o ne a nahana hore haeba o sa ikemele ha ho na motho ya tla o emela. Empa ka mora hore a ithute ho tshepa Jehova o ile a fetola tsela eo a nahanang ka yona. O re: “Ha ke sa hloka ho itwanela. Ke kgona ho ba motho ya bonolo hobane ke a tseba hore Jehova o tla lokisa dintho nakong e tlang.” Haeba o kile wa tshwarwa hampe, ho latela mohlala wa Jesu wa ho tshepa Modimo ho tla o thusa hore o dule o le motho ya bonolo.

“HO THABA BA MAIKUTLO A BONOLO”

Ho ba motho ya bonolo ho ka re thusa jwang maemong a thata?

Jesu o ile a bontsha hore haebe re batla ho thaba re tlameha ho ba batho ba bonolo. O ile a re: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo.” (Mat. 5:⁠5) Hlokomela ka moo ho ba motho ya bonolo ho ka o thusang ka teng maemong ana a latelang.

Ha o le motho ya bonolo sena se tla o thusa ha mathata a hlaha lenyalong. Morabo rona Robert ya dulang Australia o ile a re: “Ke ile ka bua mantswe a bohloko ho mosadi wa ka ao ke neng ke sa ikemisetsa ho a bua. Empa mantswe ao o a buang ha o halefile ha o kgone ho a kgutlisa. Ke ile ka ikwahlaya ha ke bona ka moo ke utlwisitseng mosadi wa ka bohloko ka teng.”

“Kaofela re kgoptjwa hangata” ka seo re se buang mme mantswe a rona ao re sa a nahanang a ka etsa hore ho be le mathata lenyalong. (Jak. 3:2) Maemong ana ho ba bonolo ho re thusa hore re dule re kgobile matshwafo le ho laola seo re se buang.​—Liprov. 17:27.

Robert o ile a sebetsa ka thata e le hore e be motho ya kgobileng matshwafo le ya nang le boitshwaro. Ditlamorao e bile dife? O re: “Hona jwale ha re sa utlwane le mosadi wa ka, ke leka hore ke mo mamele ka hloko, ke bue le yena ka bonolo le hore ke se ke ka kwata. Sena se entse hore re utlwane le ho feta.”

Ho ba bonolo ho etsa hore o utlwane le batho ba bang. Hangata batho ba kwatang ka pele ha bana metswalle e mengata. Le ha ho le jwalo, ho ba bonolo ho re thusa ho “boloka bonngwe [le] . . . kgotso.” (Baef. 4:2, 3) Cathy eo re buileng ka yena o re: “Ho ba motho ya bonolo ho nthusa hore ke utlwane le batho ba bang le hoja ho le thata ho utlwana le ba bang.”

Ho ba motho ya bonolo ho etsa hore o be le kgotso. Bibele e amahanya “bohlale bo tswang hodimo” le bonolo le kgotso. (Jak. 3:13, 17) Motho ya bonolo o na le “pelo e nang le kgutso.” (Liprov. 14:30) Martin eo a sebeditseng ka thata hore e be motho ya bonolo o re: “Hona jwale ha ke sa batla hore dintho di etswe ka tsela ya ka, ka hoo ke na le kgotso le thabo.”

Ke nnete hore re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re be batho ba bonolo. Morabo rona e mong o re: “Ho bua nnete feela, ka dinako tse ding ke ntse ke halefa haholo.” Empa ka ha Jehova o re kgothalletsa hore re be batho ba bonolo o tla re thusa. (Esa. 41:10; 1 Tim. 6:11) ‘O tla qetela kwetliso ya rona’ hape ‘o tla re matlafatsa.’ (1 Pet. 5:10) Jwalo ka moapostola Pauluse ha nako e ntse e ya le rona re ka etsisa “bonolo le mosa wa Kreste.”​—2 Bakor. 10:1.

^ par. 2 Mabitso a mang a fetotswe.