Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela

Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela

Boprofeta bo bong boo ho buuang ka bona tjhateng ena bo hlalosa dintho tse ileng tsa etsahala ka nako e le nngwe. Dintho tsena di bontsha ka ditsela tse ngata hore re phela “nakong ya bofelo.”​—Dan. 12:4.

  • Lengolo: Tšen. 11:7; 12:13, 17; 13:1-8, 12

    Boprofeta: “Sebata” se busitse batho ka dilemo tse fetang tse 3 000. Matsatsing a ho qetela hlooho ya yona ya bosupa e lemetse. Ha morao, hlooho eo e a fola mme “lefatshe lohle” le latela sebata. Satane o sebedisa sebata sena ho “lwana le ba setseng.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ka mora morwallo, mebuso eo e neng e le dira tsa Jehova e ile ya busa batho. Dilemo tse ka hodimo ho 3 000 ka mora moo, o mong wa mebuso e matla haholo e leng wa Britain o ile wa fellwa ke matla nakong ya ntwa ya pele ya lefatshe. Empa o ile wa boela wa ba le matla hape ha o ne o kopana le wa United States. Matsatsing ana a ho qetela Satane o sebedisitse mebuso yohle lefatsheng hore e hlorise bahlanka ba Modimo.

  • Lengolo: Dan. 11:25-45

    Boprofeta: Morena wa leboya le morena wa borwa ba a lwantshana matsatsing a ho qetela.

    Ho phethahala ha boprofeta: Germany e ile ya lwantsha Britain le United States. Ka 1945 Soviet Union le dinaha tse e tshehetsang e ile ya ba morena wa leboya. Ka 1991 Soviet Union e ile ya wa mme ha morao Russia le dinaha tse e tshehetsang ya eba morena wa leboya.

  • Mangolo: Esa. 61:1; Mal. 3:1; Luka 4:18

    Boprofeta: Jehova o romela “lenqosa” hore le “lokise tsela” pele Puso ya Bomesia e qala. Lenqosa le qadile ho “bolela ditaba tse molemo ho ba bonolo.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ho tloha ka 1870 Morabo rona C. T. Russell le ba neng ba ena le yena ba ile ba ithuta Bibele e le hore ba tsebe seo e se rutang. Ka 1881 ba ile ba hlokomela hore ke ha bohlokwa hore bahlanka ba Modimo ba bolele ditaba tse molemo. Ba ile ba ngola dihlooho tse kang “Ho Batleha Baboledi ba 1 000” le “Ba Tlotseditswe ho Bolela.”

  • Lengolo: Mat. 13:24-30, 36-43

    Boprofeta: Sera se jala mofoka tshimong e seng e jetswe koro mme di hola ha mmoho ho fihlela nakong ya kotulo. Mofoka o arolwa ho koro.

    Ho phethahala ha boprofeta: Ho tloha ka 1870, phapang pakeng tsa Bakreste ba nnete le ba bohata e ile ya bonahala. Matsatsing a ho qetela Bakreste ba nnete ba tla ka phuthehong mme ba arolwa ho Bakreste ba bohata.

  • Lengolo: Dan. 2:31-33, 41-43

    Boprofeta: Maoto a tshepe le letsopa ke a seemahale se entsweng ka ditshepe tse sa tshwaneng.

    Ho phethahala ha boprofeta: Letsopa le emela batho ba neng ba buswa ke Britain le United States ba ileng ba fetohela mebuso. Ka lebaka la batho bao, mebuso ena ha e ya ka ya kgona ho sebedisa matla a yona kaofela.

  • Lengolo: Mat. 13:30; 24:14, 45; 28:19, 20

    Boprofeta: “Koro” e bokellwa ka ‘ntlong ya polokelo’ mme “lekgoba le tshepahalang le le masene” le behilwe hore le okamele “bahlanka.” “Ditaba tse molemo tsa Mmuso” di qala ho bolelwa “lefatsheng lohle leo ho ahilweng ho lona.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Ka 1919 lekgoba le tshepahalang le ile la kgethwa hore le tataise bahlanka ba Modimo. Ho tloha ka nako eo Diithuti tsa Bibele di ile tsa bolela ka ho eketsehileng. Kajeno Dipaki Tsa Jehova tse dinaheng tse fetang 200, di fana ka dingolwa tse thehilweng Bibeleng ka dipuo tse fetang 1 000.

  • Mangolo: Dan. 12:11; Tšen. 13:11, 14, 15

    Boprofeta: Sebata se manaka a mabedi se bolella batho lefatsheng hore ba etsetse “sebata setshwantsho” mme se fane ka phefumoloho setshwantshong sa sebata.

    Ho phethahala ha boprofeta: Britain le United States di etsa Selekane sa Ditjhaba. Dinaha tse ding di tshehetsa mokgatlo ona. Ho tloha ka 1926-1933 morena wa leboya e ile ya ba karolo ya Selekane sena. Batho ba nahana hore Matjhaba a Kopaneng le Selekane sa Ditjhaba di ka tlisa kgotso, e leng thoriso e lokelang ho iswa ho Modimo a le mong.

  • Lengolo: Dan. 8:23, 24

    Boprofeta: Morena ya halefileng haholo o tla etsa ho be le “tshenyo ka tsela e hlollang.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Britain le United States di bolaile batho ba bangata le ho baka tshenyo. Ka mohlala, nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe United States e ile ya baka tshenyo e kgolo haholo ha e ne e lahlela dibomo tse pedi tsa athomo ho mmuso oo e neng e le sera sa yona.

  • Mangolo: Dan. 11:31; Tšen. 17:3, 7-11

    Boprofeta: Sebata se “mmala o sekareleta” se nang le dinaka tse leshome, se tswa ka mohohlong mme e eba morena wa borobedi. Lengolo la Daniele le re morena ke “ntho e nyonyehang e etsang lesupi.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Selekane sa Ditjhaba se ile sa fela nakong ya ntwa ya bobedi ya lefatshe. Ka mora ntwa ena Matjhaba a Kopaneng a ile a ‘behwa.’ Jwalo ka Selekane, Matjhaba a Kopaneng le ona a fuwa thoriso e loketseng Mmuso wa Modimo. Matjhaba a Kopaneng a tla hlasela bodumedi.

  • Mangolo: 1 Bathes. 5:3; Tšen. 17:16

    Boprofeta: Ditjhaba di phatlalatsa “kgotso le tshireletseho” mme “dinaka tse leshome” di hlasela “seotswa” mme di a se fedisa. Ka mora moo ditjhaba di a timetswa.

    Ho phethahala ha boprofeta: Ditjhaba di ka nna tsa re di finyelletse kgotso le tshireletseho. Ditjhaba tseo e leng karolo ya Matjhaba a Kopaneng di tla fedisa mekgatlo ya bodumedi. Sena e tlabe e le qaleho ya matshwenyeho a maholo. Matshwenyeho ana a tla fela ha Jesu a fedisa lefatshe lohle la Satane ka Armagedone.

  • Mangolo: Ezek. 38:11, 14-17; Mat. 24:31

    Boprofeta: Gogo o hlasela bahlanka ba Modimo. Mangeloi a bokella “bakgethwa.”

    Ho phethahala ha boprofeta: Morena wa leboya le mebuso e meng o hlasela bahlanka ba Modimo. Ka mora hore ba hlasele batlotsuwa ba setseng ba tla nkelwa lehodimong.

  • Mangolo: Ezek. 38:18-23; Dan. 2:34, 35, 44, 45; Tšen. 6:2; 16:14, 16; 17:14; 19:20

    Boprofeta: ‘Ya palameng’ “pere e tshweu” o phetha “tlholo ya hae” ka hore a fedise Gogo le masole a hae. “Sebata” se “dihelwa ka letsheng la mollo” mme lejwe le fedisa seemahale.

    Ho phethahala ha boprofeta: Jesu e leng Morena wa Mmuso wa Modimo o tla pholosa bahlanka ba Jehova. Jesu, ba 144 000 le mangeloi ba tla fedisa ditjhaba tsohle tse hlaselang bahlanka ba Modimo. Ena e tlaba qetello ya lefatshe la Satane.