Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

“Morena wa Leboya” Matsatsing a ho Qetela

“Morena wa Leboya” Matsatsing a ho Qetela

“Nakong ya bofelo morena wa borwa o tla kopanela le yena [morena wa leboya] ho sututsaneng.”​—DAN. 11:40.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Boprofeta ba Bibele bo re thusa hore re tsebeng?

HO TLA etsahalang ka bahlanka ba Jehova haufinyane? Re ka fumana karabo ya potso ena. Bibele e re bolella ka dintho tsa bohlokwa tse tla etsahala le tse tla re ama. Ho na le boprofeta bo re thusang ho bona hore na ke dintho dife tseo mebuso e matla ya lefatshe e tla di etsa. Boprofeta bona bo hlaha ho Daniele kgaolo ya 11. Bo bua ka marena a mabedi a lwantshanang a bitswang morena wa leboya le morena wa borwa. Boholo ba boprofeta bona bo se bo phethahetse, ka hoo re ka kgodiseha hore bo setseng le bona bo tla phethahala.

2. Jwalo ka ha Genese 3:15 le Tšenolo 11:7; 12:17 di bontsha, ke dintho dife tsa bohlokwa tseo re lokelang ho di hopola ha re ithuta boprofeta ba Daniele?

2 E le hore re utlwisise boprofeta bo ho Daniele kgaolo ya 11, re lokela ho hopola hore bo bua feela ka marena le mebuso e neng e tla hlorisa bahlanka ba Modimo. Nnete ke hore palo ya bahlanka ba Modimo e nyane ha e bapiswa le ya batho bohle lefatsheng. Jwale ke hobaneng ha mebuso ena e ba hlorisa? Hobane sepheo sa Satane le lefatshe la hae ke ho fedisa batho ba sebeletsang Jehova le Jesu. (Bala Genese 3:15 le Tšenolo 11:7; 12:17.) Ho feta moo boprofeta bo ho Daniele bo tlameha ho dumellana le boprofeta bo bong bo ka Lentsweng la Modimo. Ha e le hantle re hloka ho sheba dikarolo tse ding tsa Bibele e le hore re utlwisise boprofeta ba Daniele hantle.

3. Ke eng seo re tlo bua ka sona sehloohong sena le se latelang?

3 Re ntse re nahanne ka dintlha tseo, re tlo hlahloba lengolo la Daniele 11:25-39. Re tla bona hore na morena wa leboya le morena wa borwa e ne e le bo mang ho tloha ka 1870 ho ya ho 1991. Hape re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re fetole tsela eo re neng re utlwisisa karolo ena ya boprofeta ka yona. Sehloohong se latelang re tla bua ka Daniele 11:40–12:1 mme se tla re hlakisetsa hore karolo ena ya boprofeta e re bolellang ka dintho tse tla etsahala ho tloha ka 1991 ho fihlela ka ntwa ya Armagedone. Ha o ntse o ithuta dihlooho tsena tse pedi ho tla ba molemo hore o shebe tjhate e nang le sehlooho se reng, “Marena a Mabedi a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela.” Empa ntlha ya pele re hloka ho tseba hore na marena ana a mabedi a hlahang boprofeteng bona ke bo mang.

RE KA TSEBA JWANG HORE MORENA WA LEBOYA LE MORENA WA BORWA KE BO MANG?

4. Ke dintlha dife tse tharo tse tla re thusa hore re tsebe hore na morena wa leboya le morena wa borwa ke bo mang?

4 Mabitso “morena wa leboya” le “morena wa borwa” a ne a bontsha hore marena ana a ne a busa karolong e ka borwa kapa e ka leboya ho naha ya Iseraele. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hobane lengeloi le ile la re ho Daniele: “Ke tlilo etsa hore o lemohe se tla hlahela setjhaba sa heno karolong e qetellang ya matsatsi.” (Dan. 10:14) Setjhaba sa Iseraele e ne e le sona feela bahlanka ba Modimo ho fihlela ka Pentekonta ya 33. Empa ho tloha ka nako eo Jehova o ile a nka balatedi ba Jesu ba tshepahalang e le bahlanka ba hae. Ka hoo, boholo ba boprofeta bo ho Daniele kgaolo ya 11 bo bua ka balatedi ba Kreste e seng setjhaba sa Iseraele. (Lik. 2:1-4; Bar. 9:6-8; Bagal. 6:15, 16) Hape babusi ba fapaneng e ile ya eba marena a leboya le a borwa ka dinako tse fapaneng. Empa ho na le dintho tseo babusi bana ba tshwanang ka tsona. Ntlha ya pele, marena ana a ne a busa dinaha tseo bahlanka ba Modimo ba neng ba dula ho tsona kapa a ne a ba hlorisa. Ntlha ya bobedi, tsela eo ba neng ba tshwara bahlanka ba Modimo ka yona e ne e bontsha hore ba hloile Jehova. Ntlha ya boraro, marena ana a mabedi a ne a lwantshana.

5. Na ho ne ho ena le morena wa leboya le morena wa borwa ho tloha ka selemo sa bo 100 ho ya ho 1870? Hlalosa.

5 Nakwana ka mora selemo sa bo 100, Bakreste ba bohata ba ile ba kena ka phuthehong ya nnete ya Bokreste mme ba pata nnete ya Bibele ka hore ba rute dithuto tsa bohata. Ho tloha ka nako eo ho fihlela ka selemo sa 1870 ho ne ho se na mokgatlo wa Modimo lefatsheng. Ka hoo Bakreste ba bohata ba ile ba ba bangata ho feta Bakreste ba nnete. (Mat. 13:36-43) Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re tsebe ka taba ee? Hobane e re bontsha hore morena wa leboya le morena wa borwa e ne e ke ke ya ba marena a busitseng ho tloha ka selemo sa bo 100 ho ya ho 1870. Ho ne ho se na mokgatlo wa Modimo oo ba neng ba ka o hlasela. * Le ha ho le jwalo, nakwana ka mora 1870 ho ne ho ka kgoneha hore re boele re bone hore na morena wa leboya le morena wa borwa ke mang. Re tseba seo jwang?

6. Bahlanka ba Modimo ba ile ba boela ba mo sebeletsa ka tsela e nepahetseng neng? Hlalosa.

6 Ho tloha ka 1870 ho ya pele, batho ba Modimo ba ile ba qala ho ikopanya. Ke sona selemo seo moraborona Charles T. Russell le metswalle ya hae ba ileng ba qala ho ithuta Bibele. Morabo rona Russell le metswalle ya hae e ne e le bona ba sebetsang jwalo ka lenqosa leo ho buuweng ka lona ho ‘hleka tsela’ pele Puso ya bo Mesia e ba teng. (Mal. 3:1) Ka hoo ho ile ha boela ha eba le sehlopha sa batho se neng se sebeletsa Jehova ka tsela e nepahetseng. Na ho ne ho ena le mebuso ka nako eo e neng e ka hlorisa bahlanka ba Modimo? Nahana ka dintlha tsena.

MORENA WA BORWA KE MANG?

7. Morena wa borwa e ne e le mang ho fihlela ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe?

7 Ka 1870 Britain e ne e le yona e busang dinaha tse ngata ho feta naha le ha e le efe mme e ena le sesole se matla ka ho fetisisa lefatsheng lohle. Boprofeta ba Daniele bo bua ka lenaka le lenyane le ileng la hlola manaka a mang a mararo. Lenaka lena le lenyane le emela Britain mme a mang a mararo a emela France, Spain le Netherlands. (Dan. 7:7, 8) Britain e ne e le morena wa borwa ho fihlela ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe. Hona ka nako eo, United States of America e ne e le naha e ruileng ka ho fetisisa lefatsheng mme e sebedisana le Britain.

8. Ke mang eo esale e le morena wa borwa matsatsing a ho qetela?

8 Nakong ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, United States le Britain di ile tsa thusana ntweng mme tsa ba matla haholo. Ka nako eo United States le Britain di ile tsa sebedisana ha mmoho mme ka bobedi ya eba dinaha tse matla ka ho fetisisa lefatsheng. Jwalo ka ha Daniele e bontsha, morena enwa o ile a bokella “lebotho la sesole le leholo ka mokgwa o fetisisang le le matla.” (Dan. 11:25) Matsatsing a ho qetela esale morena wa borwa e le United States le Britain. * Jwale ke mang eo e ileng ya eba morena wa leboya?

MORENA WA LEBOYA KE MANG?

9. Morena wa leboya o ile a ba teng neng, hona Daniele 11:25 e ile ya phethahala jwang?

9 Ka 1871 selemo ka mora hore morabo rona Russell le metswalle ya hae ba ikopanye hore ba ithute Bibele, morena wa leboya o ile a ba teng. Selemong sona seo Otto von Bismarck o ile a kopanya dibaka tse mmalwa e le hore e be setjhaba se matla se bitswang Germany. Wilhelm I e ile ya eba Morena wa setjhaba sena se setjha mme a kgetha Bismarck hore e be moetapele wa mmuso ona. * Ha nako e ntse e ya Germany e ile ya busa dinaha tse ding tsa Africa le lewatle la Pacific mme ya leka ho ba matla ho feta Britain. (Bala Daniele 11:25.) Germany e ile yaba le masole a batlileng a ba matla jwalo ka a Britain. Ka hoo ntweng ya pele ya lefatshe Germany e ile ya sebedisa masole ao ho lwantsha dira tsa yona.

10. Boprofeta bo ho Daniele 11:​25b, 26 bo ile ba phethahala jwang?

10 Daniele o ile a boela a profeta ka se tla etsahalla Mmuso wa Germany le masole a yona. Boprofeta bona bo bontsha hore morena wa leboya “a ke ke a ema.” Hobaneng? “Hobane ba tla rera merero kgahlanong le yena. Bona ba jang dimenyemenye tsa hae ba tla mo diha.” (Dan. 11:25b, 26a) Mehleng ya Daniele batho ba neng ba ja “dimenyemenye tsa morena,” ba akarelletsa bahlanka ba baholo ba morena ba neng “ba ka ema ka pela [hae.]” (Dan. 1:5) Boprofeta boo bo bua ka mang? Bo bua ka batho ba neng ba ena le matla mmusong wa Germany, bahlanka ba baholo ba morena le balaodi ba sesole ba neng ba sebetsa haufi le morena. Ka lebaka la seo batho bana ba ileng ba se etsa, mmuso wa Germany o ile wa fellwa ke matla mme ha qala mmuso o motjha. * Boprofeta boo bo ile ba boela ba bua ka ditlamorao tsa ntwa tse tla tlela morena wa borwa. Ha bo bua ka morena wa leboya bo re: “Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholwa, mme ka sebele ba bangata ba tla wela fatshe ba bolailwe.” (Dan. 11:26b) Jwalo ka ha ho profetilwe ka Ntwa ya Pele ya Lefatshe, mmuso wa Germany o ile wa hlolwa mme batho ba bangata ba ile ba bolawa. Ho ile ha bolawa batho ba bangata ntweng eo ho feta le ha e le neng pele.

11. Ke eng seo morena wa leboya le morena wa borwa ba ileng ba se etsa?

11 Ha Daniele 11:​27, 28 e bua ka se tla etsahala pele ho Ntwa ya Pele ya Lefatshe, e re morena wa leboya le morena wa borwa ba tla dula ‘tafoleng e le nngwe ba nne ba bue leshano.’ E boetse e re morena wa leboya o tla bokella “thepa e ngata haholo.” Sena ke sona se etsahetseng. Germany le Britain di ile tsa bolellana hore di batla kgotso empa di ile tsa bonahala hore di bua leshano ha di qala ho lwantshana ka 1914. Ka bo 1914 Germany e ne e le yona naha e ruileng ka ho fetisisa lefatsheng. Ka hoo boprofeta bo ho Daniele 11:​29 le karolo e qalang ya temana ya 30, bo ile ba phethahala ha Germany e hlolwa ke morena wa borwa.

MARENA A LWANTSHA BAHLANKA BA MODIMO

12. Ntweng ya pele ya lefatshe ke eng seo morena wa leboya le morena wa borwa ba ileng ba se etsa?

12 Ho tloha ka 1914 marena ana a mabedi a ile a tswela pele ho lwantshana le ho lwantsha bahlanka ba Modimo. Ka mohlala, ntweng ya pele ya lefatshe mmuso wa Germany le wa Britain o ile wa hlorisa bahlanka ba Modimo ba neng ba hana ho ya ntweng. Hape mmuso wa United States o ile wa kwalla barababo rona ba neng ba etella pele mosebetsi wa boboledi. Ka hoo ho hloriswa hona ho ne ho phethahatsa boprofeta bo ho Tšenolo 11:7-10.

13. Morena wa leboya o ile a etsang ka 1930 le nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe?

13 Ka bo 1930 haholoholo nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, morena wa leboya o ile a hlasela bahlanka ba Modimo ka sehlooho. Ha Manazi a ne a busa Germany, Hitler le balatedi ba hae ba ile ba thibela mosebetsi wa bahlanka ba Modimo. Morena wa leboya o ile a bolaya Dipaki Tsa Jehova tse ka bang 1 500 mme a romela tse fetang dikete dikampong tsa mahloriso. Daniele o ile a profeta hore dintho tsena di tla etsahala. Ha morena wa leboya a ne a thibela mosebetsi wa boboledi o ile a “silafatsa sehalalelo” le ho ‘tlosa tshobotsi ya ka mehla.’ (Dan. 11:30b; 31a) Moetapele wa Germany Hitler, o ile a tshepisa hore o tla bolaya bahlanka bohle ba Modimo ba Germany.

MORENA YA MOTJHA WA LEBOYA

14. Morena wa leboya e ile ya ba mang ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe? Hlalosa.

14 Ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe Soviet Union e ile ya ba morena wa leboya. Ka hoo e ile ya qala ho busa dinaha tse ngata tse neng di buswa ke Germany. Jwalo ka mmuso wa Manazi o neng o hatella batho, Soviet Union le yona e ile ya hlorisa batho bohle ba neng ba rapela Modimo wa nnete.

15. Ka mora hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e fele morena wa leboya o ile a etsang?

15 Nakwana ka mora hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e fele, morena ya motjha wa leboya e leng Soviet Union le dinaha tse e tshehetsang di ile tsa hlorisa bahlanka ba Modimo. Tumellanong le boprofeta bo ho Tšenolo 12:15-17, morena enwa o ile a thibela mosebetsi wa rona wa boboledi mme a romela bahlanka ba Jehova ba dikete botlamuweng. Boprofeta bona bo tshwantsha ho hloriswa ha batho ba Modimo le “noka.” Ha e le hantle ho tloha ha matsatsi a ho qetela a qala, morena wa leboya o ile a tswela pele ho hlorisa batho ba Modimo empa ha a a ka a kgona ho thibela mosebetsi wa bona. *

16. Soviet Union e ile ya phethahatsa boprofeta bo ho Daniele 11:37-39 jwang?

16 Bala Daniele 11:37-39. E le hore boprofeta bona bo phethahale morena wa leboya ha a a ka a “nahana ka Modimo wa bontatae.” O entse seo jwang? Soviet Union e ne e batla ho fedisa bodumedi, ka hoo e ile ya leka ho fedisa mekgatlo ya bodumedi eo e leng kgale e le teng. Ho tloha ka 1918, Soviet Union e ile ya laela dikolo hore di rute hore Modimo ha a yo. Ke jwang morena wa leboya a ileng a “tlotlisa modimo wa diqhobosheane”? Soviet Union e ile ya sebedisa tjhelete e ngata haholo hore e be le sesole se matla le ho etsa dibetsa tsa nyutlelie e le hore e be matla le ho feta. Morena wa leboya le morena wa borwa ka bobedi ba ne ba ena le dibetsa tse kotsi tse ka bolayang batho ba dimillione.

DIRA DI SEBETSA HA MMOHO

17. “Ntho e nyonyehang e etsang lesupi” ke eng?

17 Morena wa leboya o ile a sebetsa le morena wa borwa ho etsa ntho e le nngwe ya bohlokwa, e leng ho “beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi.” (Dan. 11:31) Ntho ena e nyonyehang ke Matjhaba a Kopaneng.

18. Ke hobaneng ha Matjhaba a Kopaneng a bitswa “ntho e nyonyehang”?

18 Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng o hlaloswa e le “ntho e nyonyehang” hobane o re o ka tlisa kgotso lefatsheng e leng ntho e ka tliswang feela ke Mmuso wa Modimo. Hape boprofeta bo re ntho e nyonyehang ‘e etsa lesupi’ hobane Matjhaba a Kopaneng a tla hlasela le ho fedisa bodumedi ba bohata.​—Sheba tjhate e reng, “Marena a Lwantshanang Matsatsing a ho Qetela.”

KE HOBANENG HA RE HLOKA HO TSEBA HISTORI EE?

19, 20. (a) Ke hobaneng ha re hloka ho tseba histori ee? (b) Sehlooho se latelang se tla araba potso efe?

19 Re hloka ho tseba histori ena hobane e bontsha hore ho tloha ka 1870 ho fihla ka 1991 boprofeta ba Daniele bo buang ka morena wa leboya le morena wa borwa bo phethahetse. Ka hoo re ka kgodiseha hore karolo e setseng ya boprofeta bona e tla phethahala.

20 Ka 1991 Soviet Union e ile ya fellwa ke matla. Jwale ke mang eo e leng morena wa leboya kajeno? Sehlooho se latelang se tla araba potso eo.

PINA YA 128 Mamella ho Isa Bofelong

^ par. 5 Re bona bopaki ba hore boprofeta ba Daniele ka “morena wa leboya” le ka “morena wa borwa,” bo ntse bo tswela pele ho phethahala. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Hona ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore re utlwisise hore na boprofeta bona bo bua kang?

^ par. 5 Re ke ke ra hlola re re Roman Emperor Aurelian (270-275 C.E.) e ne e le morena wa leboya kapa Mofumahadi Zenobia (267-272 C.E.) e ne e le morena wa borwa hobane ho ne ho se na batho ba neng ba sebeletsa Modimo ka tsela e nepahetseng ka nako eo. Sena se fetola seo buka ya Ela Hloko Boprofeta ba Daniele e se buang kgaolong ya 13 le 14.

^ par. 9 Ka 1890 Kaiser Wilhelm II o ile a tlosa Bismarck mmusong.

^ par. 10 Batho bana ba ile ba etsa dintho tse ngata tse ileng tsa etsa hore mmuso o we. Ka mohlala ba ile ba tlohela ho thusa morena, ba bolella batho ba bang hore ba rerile ho etsang ntweng le ho hatella morena hore a tlohele ho busa.

^ par. 15 Jwalo ka ha Daniele 11:34 e bontsha, ka nakwana morena wa leboya o ile a kgaotsa ho hlorisa batho ba Modimo. Ka mohlala sena se etsahetse ha Soviet Union e fellwa ke matla ka 1991.