Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

Dula o Thabile ha o Ntse o Etsa Mosebetsi wa Boboledi

Dula o Thabile ha o Ntse o Etsa Mosebetsi wa Boboledi

“Jala peo ya hao . . . mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole.”​—MOEK. 11:6.

PINA YA 70 Le Batle ba Tshwanelehang

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Ka mora hore Jesu a nyolohele lehodimong, barutuwa ba hae ba ile ba bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo Jerusalema le dibakeng tse ding tse ngata (Sheba serapa sa 1)

1. Jesu o behetse balatedi ba hae mohlala ofe, hona ba ile ba etsang? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

HA JESU a ne a le lefatsheng o ne a dula a ruta batho a bile a na le tshepo ya hore ba tla mo mamela mme o ne a batla hore balatedi ba hae le bona ba be le maikutlo a tshwanang ha ba ntse ba etsa mosebetsi ona. (Joh. 4:35, 36) Ha Jesu a ntse a ena le barutuwa ba hae ba ne ba etsa mosebetsi wa boboledi ka mafolofolo. (Luka 10:1, 5-11, 17) Le ha ho le jwalo ka mora hore Jesu a tshwarwe le ho bolawa, barutuwa ba hae ba ne ba se ba sa thabele ho etsa mosebetsi wa boboledi. (Joh. 16:32) Empa ka mora hore a tsoswe o ile a ba kgothalletsa hore ba dule ba etsa mosebetsi wa boboledi. Ka hoo ka mora hore a nyolohele lehodimong, ba ile ba bolela ditaba tse molemo ka mafolofolo hoo dira tsa bona di ileng tsa tletleba tsa re: “Bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ya lona.”​—Lik. 5:28.

2. Jehova o hlohonolofaditse mosebetsi wa boboledi jwang?

2 Jesu o ne a tataisa mosebetsi o neng o etswa ke Bakreste ba mehleng eo mme Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka ha batho ba bangata ba ile ba amohela molaetsa wa bona. Ka mohlala, ka Pentekonta ya 33 ho ile ha kolobetswa batho ba ka bang 3 000. (Lik. 2:41) Ka mora moo, palo ya barutuwa e ile ya tswela pele ho eketseha haholo. (Lik. 6:7) Le ha ho le jwalo, Jesu o ile a re mosebetsi wa boboledi o ne o tla atleha le ho feta matsatsing a ho qetela.​—Joh. 14:12; Lik. 1:8.

3, 4. Ke hobaneng ha bahweletsi ba bang ba thatafallwa ke ho etsa mosebetsi wa boboledi, hona re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Kaofela ha rona re leka ho dula re thabile ha re etsa mosebetsi wa boboledi. Dinaheng tse ding ho bonolo hore bahweletsi ba thabele ho etsa mosebetsi oo. Hobaneng? Lebaka ke hobane ho na le batho ba bangata ba batlang ho ithuta Bibele hoo ba bang ba lokelang ho ema ho fihlela ho ba le Dipaki tse ka ithutang le bona. Empa dinaheng tse ding bahweletsi ba thatafallwa ke ho etsa mosebetsi ona wa boboledi hobane hangata batho ha ba be teng malapeng mme ha ba ba fumana ba le teng, ha ba thabele molaetsa wa Bibele hakaalo.

4 Haeba o dula sebakeng seo ho leng thata ho etsa mosebetsi wa boboledi, mohlomong ditlhahiso tse tla fanwa sehloohong sena di tla o thusa. Re tla bua ka hore na bahweletsi ba bang ba ile ba etsang e le hore ba fumane batho ba bangata tshimong. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha re ka dula re thabile ho sa tsotellehe hore na batho ba mamela molaetsa wa rona kapa tjhe.

DULA O THABILE LE HA HO LE THATA HORE O FUMANE BATHO

5. Bahweletsi ba bangata ba na le mathata afe?

5 Ho ntse ho ba thata le ho feta hore Dipaki Tsa Jehova di fumane batho malapeng a bona. Bahweletsi ba bang ba dula dibakeng tseo mehaho ya teng e kampetsweng le ho sireletswa ka thata. Dibakeng tseo ho ka nna ha eba le motho ya katileng ya sa dumelleng batho hore ba kene haeba ho se na motho ya itseng ya dulang moo eo ba yang ho yena. Dibakeng tse ding bahweletsi ba kgona ho bolela ka ntlo le ntlo ha bonolo ba sa sitiswe ke letho empa ba fumana batho ba mmalwa malapeng a bona. Ba bang bona ba ruta batho molaetsa wa Bibele mahaeng kapa dibakeng tse ka thoko moo ho dulang batho ba mmalwa teng. Bahweletsi ba ka nna ba tsamaya nako e telele e le hore ba fumane motho a le mong eo ba ka mo bolellang molaetsa wa Bibele ebe ba fumana motho eo a le siyo lapeng. Haeba re kopana le mathata ana ha re a lokela ho tela. Re ka etsang hore re hlole mathata ana e le hore re kgone ho bua le batho ba bangata?

6. Bahweletsi ba tshwana le batho ba tjhehang ditlhapi jwang?

6 Jesu o ile a bapisa mosebetsi wa boboledi le mosebetsi o etswang ke motho ya tjhehang ditlhapi. (Mar. 1:17) Ho ka nna ha feta matsatsi a mangata batho ba tjhehang ditlhapi ba sa di fumane. Ho ena le hore ba tele, ba fetola tsela eo ba tjhehang ka yona. Ba fetola nako, sebaka kapa mokgwa oo ba tjhehang ditlhapi ka wona. Le rona re ka etsa diphetoho tse tshwanang tshebeletsong ya rona. A re ke re bueng ka dintho tseo re ka lekang ho di etsa.

Ha o bolela molaetsa wa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho ya ho bona ka dinako tse sa tshwaneng, dibakeng tse sa tshwaneng kapa o sebedise mekgwa e sa tshwaneng (Sheba serapa sa 7-10) *

7. Ke eng e ka nnang ya etsahala haeba re ruta molaetsa wa Bibele ka dinako tse sa tshwaneng?

7 Leka ho fumana batho ka dinako tse sa tshwaneng. Re ka buisana le batho ba bangata ka molaetsa wa Bibele haeba re ya ho bona ka nako eo ba leng teng malapeng, etswe ha ho na hore ba ke ke ba kgutlela malapeng a bona. Bara le baradibabo rona ba bangata ba bone ho le molemo hore ba bolelle batho molaetsa wa Bibele motshehare kapa mantsiboya hobane ba fumana batho ba bangata ba le teng malapeng. Hape ho ka etsahala hore ka nako eo ba iketlile ebile ba batla ho qoqa le rona. Kapa mohlomong o ka leka ho etsa ntho eo morabo rona David eo e leng moholo a e etsang. O re nakwana ka mora hore yena le mohweletsi eo a tsamayang le yena ba bolele molaetsa wa Bibele ka ntlo le ntlo, ba kgutlela matlong ao ba sa kang ba fumana batho ho ona. O re, “Ke a makala ha re kgutlela matlong ao mme re fumana batho ba bangata ba le teng.” *

Ha o bolela molaetsa wa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho ya ho bona ka dinako tse sa tshwaneng (Sheba serapa sa 7-8)

8. Re ka sebedisa Moeklesia 11:6 jwang ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

8 Ha re a lokela ho tela. Ke yona ntho eo re ithutang yona lengolong la rona la sehlooho. (Bala Moeklesia 11:6.) Morabo rona David eo re sa tswa bua ka yena ha a ka a tela. Ntlong e nngwe o ile a qetella a fumane mongantlo ka mora makgetlo a mangata a ntse a sa mo fumane. Monna eo a mo fumaneng o ne a thabela ho qoqa ka Bibele mme o ile a re, “E se e le dilemo tse ka bang robedi ke dula sebakeng sena empa ha ke eso bone Dipaki Tsa Jehova di tlile haka mona.” Morabo rona David o re, “Ke hlokometse hore ha o se o fumane batho malapeng a bona, hangata ba mamela molaetsa oo re ba bolellang wona.”

Ha o bolela molaetsa wa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho ya ho bona dibakeng tse sa tshwaneng (Sheba serapa sa 9)

9. Bahweletsi ba bang ba entse eng e le hore ba fumane batho bao ho leng thata ho ba fumana malapeng?

9 Leka ho fumana batho dibakeng tse sa tshwaneng. Bahweletsi ba bang ba fetotse dibaka tseo ba bolellang batho molaetsa wa Bibele e le hore ba fumane batho bao ho leng thata hore ba ba fumane malapeng. Ka mohlala, ho etsa mosebetsi wa phatlalatsa le ho sebedisa diteroli e bile mokgwa o atlehang wa ho kopana le batho ba dulang mehahong e meholo moo ba sa dumellwang hore ba bolele molaetsa wa Bibele ka ntlo le ntlo. Ho etsa jwalo ho ba thusitse hore ba buisane le batho bao ho neng ho ka ba thata hore ba buisane le bona. Hape bahweletsi ba bangata ba hlokometse hore batho ba thabela ho qoqa kapa ho nka dingolwa ha ba le dipakeng, dimmarakeng kapa dibakeng tsa kgwebo. Morabo rona Floiran eo e leng molebedi wa potoloho Bolivia o re: “Re ya dimmarakeng le dibakeng tsa kgwebo dipakeng tsa hora ya pele le ya boraro motshehare ha batho ba rekisang ba sa phathahana haholo. Hangata re qoqa ha monate ebile re qala ho ithuta Bibele le bona.”

Ha o bolela molaetsa wa Bibele sebakeng seo batho ba sa fumaneheng malapeng, leka ho sebedisa mekgwa e sa tshwaneng (Sheba serapa sa 10)

10. O ka sebedisa mekgwa efe e le hore o buisane le batho ka molaetsa wa Bibele?

10 Leka mekgwa e sa tshwaneng. A re re o lekile ho buisana le motho ka makgetlo a mangata. O lekile ho ya ho yena ka dinako tse sa tshwaneng empa o ntse o sa mo fumane lapeng. Na ho na le ditsela tse ding tseo o ka fumanang motho eo ka tsona? Moradiwabo rona Katarína o re, “Ke ngolla batho bao ke sa ba fumaneng malapeng mangolo ebe ke ba ngolla ntho eo ke neng ke tla ba bolella yona haeba ke ne ke ba fumane.” Re ithutang mohlaleng wa hae? Re ithuta hore re lokela ho sebedisa mekgwa e sa tshwaneng e le hore re buisane le batho bohle ba tshimong ya habo rona.

DULA O THABILE LE HA BATHO BA SA BATLE HO MAMELA

11. Ke hobaneng ha batho ba bang ba sa batle ho mamela molaetsa wa rona?

11 Batho ba bang ha ba batle ho mamela molaetsa wa rona. Ba bona ho sa hlokahale hore ba ithute ka Modimo kapa ka Bibele. Ha ba dumele ho Modimo hobane ba bona mathata a teng lefatsheng. Ha ba rate Bibele hobane ba bona boikaketsi ba baetapele ba bodumedi ba reng ba mamela Bibele empa ba etsa dintho tse fosahetseng. Ba bang bona ba amehile haholo ka mesebetsi ya bona, malapa le mathata ao ba nang le ona mme ba nahana hore Bibele e ke ke ya kgona ho ba thusa. Re ka dula re thabile jwang le ha batho bao re ba bolellang molaetsa wa Bibele ba nahana hore ha o bohlokwa?

12. Mantswe a ho Bafilipi 2:4 a ka re thusa jwang tshimong?

12 Bontsha hore o kgathalla batho ba bang. Batho ba bangata bao qalong ba neng ba sa mamele molaetsa wa Bibele ha morao ba ile ba o mamela ha ba bona hore re a ba kgathalla. (Bala Bafilipi 2:4.) Ka mohlala morabo rona David eo re buileng ka yena o re, “Haeba motho a re ha a batle ho mamela molaetsa wa rona, ke beha Bibele kapa sengolwa seo ke se tshwereng ebe ke re: ‘Nka rata ho utlwa hore na ke hobaneng ha o ikutlwa ka tsela eo.’” Ka hoo batho ba tla hlokomela ha re ba kgathalla. Ba ka nna ba lebala hore na re buile ka eng empa ho ka etsahala hore ba se ke ba lebala ka moo ba ileng ba ikutlwa ka teng ha re ne re qoqa le bona. Esita le ha batho ba sa batle ho bua le rona, re ka ba bontsha hore re a ba kgathalla ka tsela eo re itshwarang ka yona le ka ho ba botswalle.

13. Re ka fetola molaetsa wa rona jwang hore o bue ka dintho tseo motho e mong le e mong a di thabelang?

13 Re bontsha hore re kgathalla batho haeba re fetola molaetsa wa rona hore o bue ka dintho tseo mongantlo a di hlokang le tseo a di thabelang. Ka mohlala, na ho na le ntho e bontshang hore ho na le bana ntlong eo? Batswadi ba ka nna ba batla ho utlwa keletso ya Bibele ka ho hodisa bana kapa ka hore na lelapa la bona le ka thaba jwang. Na monyako wa bona o notletswe ka thata? Re ka nna ra kgetha ho bua ka boshodu bo tletseng lefatsheng le ka moo bo etsang hore batho ba bangata ba dule ba tshohile ka teng mme taba eo e ka etsa hore mongantlo a thabele ho utlwa hore bo tla fela. Nako le nako ha o kopana le batho ba batlang ho o mamela, leka ho ba thusa hore ba utlwisise hore na keletso ya Bibele e ka ba thusa jwang. Moradiwabo rona Katarína eo re buileng ka yena o re, “Ke dula ke nahana ka moo Bibele e nthusitseng ka teng bophelong ba ka.” Ntho eo e thusitse moradiwabo rona Katarína hore a bue le batho a kgodisehile ka hore na o dumelang mme batho bao a buang le bona ba kgona ho hlokomela taba eo.

14. Ho ya ka Liproverbia 27:17 bahweletsi ba ka thusana jwang ha ba etsa mosebetsi wa boboledi?

14 Dumella hore batho ba bang ba o thuse. Pauluse o ile a ruta Timothea mekgwa e sa tshwaneng ya ho bolela le ho ruta ditaba tse molemo mme o ile a kgothalletsa Timothea hore le yena a rute ba bang ka tsela e tshwanang. (1 Bakor. 4:17) Jwalo ka Timothea le rona re ka ithuta ho bara le baradibabo rona ba nang le boiphihlelo ka phuthehong. (Bala Liproverbia 27:17.) Nahana ka mohlala wa morabo rona Shawn. E ne e le pulamadiboho ka nakwana mahaeng, moo batho ba bangata ba neng ba rata bodumedi ba bona. O ile a etsang hore a dule a thabile? O re, “Ke ne ke sebetsa tshimo le motho e mong ha ho kgoneha. Ha re ne re tloha ntlong e nngwe re ya ho e nngwe, re ne re sebedisa nako eo ho thusana hore re ntlafatse tsela eo re rutang ka yona. Ka mohlala, re ne re buisana ka tsela eo re buileng le batho ka yona ebe re bua ka hore na re ka araba mongantlo jwang ka tsela e fapaneng haeba re ka ba boemong boo hape.”

15. Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re rapele ha re etsa mosebetsi wa boboledi?

15 Kopa hore Jehova a o thuse. Kopa hore Jehova a o thuse ka mehla ha o etsa mosebetsi wa boboledi. Ha ho na ntho eo re ka kgonang ho e finyella ntle le thuso ya moya wa hae o halalelang. (Pes. 127:1; Luka 11:13) O lokela ho toba taba ha o rapela hore Jehova a o thuse. Ka mohlala, o ka mo kopa hore a o thuse hore o fumane motho ya batlang ho ithuta ka yena le ya ikemiseditseng ho mo mamela. Ka mora moo, o lokela ho etsa dintho tse dumellanang le ntho eo o e rapelletseng ka hore o bolelle batho bohle bao o kopanang le bona molaetsa wa Bibele.

16. Ke hobaneng ha re lokela ho ithuta e le hore re atlehe tshimong?

16 Ipehele nako ya ho ithuta. Lentswe la Modimo le re: ‘Le ipakele e le lona thato ya Modimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.’ (Bar. 12:2) Ha re ithuta ka Modimo, re mo tseba haholwanyane mme ntho eo e tla re thusa hore re bue le batho ba bang re kgodisehile ka dintho tseo re di buang. Moradiwabo rona Katarína eo re buileng ka yena o re: “Nako e fetileng ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho matlafatsa tumelo ya ka ka dintho tsa pele tseo ke ileng ka ithuta tsona Bibeleng. Ka hoo ke ile ka etsa dipatlisiso ka dintho tse bontshang hore na ho na le Mmopi, na ka nnete Bibele ke Lentswe la Modimo le ka hore Modimo o na le mokgatlo o mo emelang kajeno.” Moradiwabo rona Katarína o re ho ithuta ho matlafaditse tumelo ya hae mme ho entse hore a thabele tshimo le ho feta.

KE HOBANENG HA RE LOKELA HO DULA RE THABILE HA RE BOLELA MOLAETSA WA BIBELE?

17. Ke hobaneng ha Jesu a ne a dula a thabile tshebeletsong ya hae?

17 Jesu o ne a dula a thabile mme o ile a tswela pele a ruta batho le ha ba bang ba ne ba sa mamele molaetsa wa hae. Ebe ke hobaneng? Lebaka ke hobane o ne a tseba hore batho ba bangata ba hloka ho tseba nnete mme o ne a batla ho fa batho ba bangata ka moo ho ka kgonehang monyetla wa hore ba mamele molaetsa wa Mmuso wa Modimo. Hape o ne a tseba hore batho ba neng ba sa mo mamele qalong ba ka nna ba qetella ba mo mametse. Nahana ka ntho e ileng ya etsahala lelapeng la bo Jesu. Nakong eo Jesu a neng a etsa tshebeletso ya hae e nkileng dilemo tse tharo le halofo, barababo ha ba a ka ba eba barutuwa ba hae. (Joh. 7:5) Le ha ho le jwalo, e ile ya ba Bakreste ka mora hore a tsoswe.​—Lik. 1:14.

18. Ke hobaneng ha re tswela pele re bolella batho ditaba tse molemo?

18 Ha re tsebe hore na ke mang ya tla qetella e le mohlanka wa Jehova. Batho ba bang ba nka nako e telele hore ba ithute nnete. Esita le ba bang ba sa batleng ho re mamela ba bona boitshwaro ba rona bo botle le ka moo re thabileng ka teng mme ba ka nna ba qetella ba “tlotlisa Modimo.”​—1 Pet. 2:12.

19. Ho ya ka 1 Bakorinthe 3:6, 7 re lokela ho hopolang?

19 Le hoja re lema ebile re nosetsa re lokela ho hopola hore ke Modimo ya hodisang. (Bala 1 Bakorinthe 3:6, 7.) Morabo rona Getahun ya sebeletsang Ethiopia o re: “Ke ne ke le Paki ke le mong ka dilemo tse fetang 20 moo ke neng ke dula teng tshimong e sa sebetsweng ka mehla. Empa hona jwale ho se ho ena le bahweletsi ba 14. Ba 13 ke bahweletsi ba kolobeditsweng ho akarelletsa le mosadi wa ka le bana ba ka ba bararo mme batho ba ka bang 32 ba tla dibokeng.” Morabo rona Getahun o thabile hore ebe o ile a tswela pele a bolela ha a ntse a emetse hore Jehova a hulele batho ba ikokobeditseng mokgatlong wa hae.​—Joh. 6:44.

20. Re tshwana le batho ba pholosang batho ka ditsela dife?

20 Jehova o nka batho bohle e le ba bohlokwa. O re file tlotla ya ho sebetsa le Mora wa hae ho bokella batho ho tswa ditjhabeng tsohle pele bofelo bo tla. (Hag. 2:7) Mosebetsi wa boboledi o ka bapiswa le mosebetsi wa ho pholosa batho mme rona re tshwana le batho ba rometsweng ho ilo pholosa batho ba sa kgoneng ho tswa ka morafong. Le hoja ho ka fumanwa batho ba mmalwa ba phela, mosebetsi o etswang ke batho ba ba pholosang ke wa bohlokwa. Mosebetsi oo ba o etsang o tshwana le mosebetsi wa rona wa boboledi. Ha re tsebe hore na ke batho ba ba kae ba tla pholoha lefatshe lena le buswang ke Satane. Empa Jehova a ka sebedisa e mong le e mong wa rona hore a ba thuse. Morabo rona Andreas ya dulang Bolivia o re: “Ke a tseba hore motho e mong le e mong ya ithutang Bibele mme a kolobetswa o etsa jwalo hobane batho ba bangata ba mo thusitse.” E se eka le rona re ka dula re thabile ha re bolella batho ditaba tse molemo. Ha re etsa jwalo, Jehova o tla re hlohonolofatsa mme mosebetsi wa rona wa boboledi o tla re thabisa haholo.

PINA YA 66 Phatlalatsang Ditaba Tse Molemo

^ par. 5 Re ka dula re thabile jwang ha re ntse re etsa mosebetsi wa boboledi le hoja re sa fumane batho ba bangata malapeng a bona kapa ba bang ba sa mamele molaetsa wa rona? Sehlooho sena se tla re thusa hore re fumane ditsela tse sa tshwaneng tsa hore re nne re bolelle batho molaetsa wa Bibele mme re dule re thabile.

^ par. 7 Bahweletsi ba lokela ho sebedisa mekgwa e sa tshwaneng ya ho bolela molaetsa wa Bibele jwalo ka ha ho bontshitswe sehloohong sena, ka tsela e dumellanang le melao ya naha e mabapi le ho sebedisa boitsebiso ba motho.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA (ho tloha hodimo ho ya tlase): Morabo rona le mohatsa wa hae ba bolela molaetsa wa Bibele moo ho leng thata ho fumana batho malapeng. Motho wa pele o mosebetsing, wa bobedi o tleliniking mme wa boraro o ile dishopong. Ba leka ho fumana motho wa pele ka hore ba mo etele mantsiboya. Ba kopana le motho wa bobedi ha ba ntse ba etsa mosebetsi wa phatlalatsa haufi le tleliniki. Ba leka ho fumana motho wa boraro ka hore ba mo founele.