Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

Ha ho Letho le ka Etsang Hore Motho ya Lokileng a Kgoptjwe

Ha ho Letho le ka Etsang Hore Motho ya Lokileng a Kgoptjwe

“Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e ngata, ha ho kgopiso ho bona.”​—PES. 119:165.

PINA YA 122 Ebang Sebete Mme le Tiye!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Mongodi e mong o ile a reng, hona re tlo hlahlobang sehloohong see?

BATHO ba bangata mehleng ena ba re ba dumela ho Jesu empa ha ba etse dintho tseo a di rutileng. (2 Tim. 4:3, 4) Ha e le hantle, mongodi e mong o ile a re: “Haeba ho ka etsahala hore ho be le ‘Jesu’ e mong mehleng ena, ya buang dintho tse tshwanang hantle le tseo Jesu a ileng a di bua . . . , na le rona re tla hana ho mo mamela jwalo ka ha batho ba ile ba etsa dilemo tse dikete tse pedi tse fetileng? . . . Karabo e fanweng ke, E! re ntse re sa tlo mo mamela.”

Batho ba bangata mehleng ya Jesu, ba ile ba utlwa ha a ruta le ho bona ha a etsa mehlolo empa ha ba a ka ba beha tumelo ho yena. Hobaneng? Sehloohong se fetileng, re bone mabaka a mane a hore na ke hobaneng ha batho ba ile ba kgoptjwa ke dintho tseo Jesu a ileng a di bua le ho di etsa. A re hlahlobeng a mang a mane. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha batho ba hanyetsa balatedi ba Jesu mehleng ena le hore na re ka qoba ho kgoptjwa jwang.

(1) JESU O NE A SE NA KGETHOLLO

Ba bangata ba ile ba kgopeha ka lebaka la batho bao Jesu a neng a kgetha hore e be metswalle ya hae. Ntho e tshwanang e ka kgelosa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 3) *

3. Jesu o ile a etsang e ileng ya etsa hore batho ba bangata ba kgopehe?

3 Ha Jesu a le lefatsheng, o ne a eba le nako ya batho ba mefuta yohle. O ne a ja le batho ba ruileng le ba nang le matla a itseng empa ka nako e tshwanang a boetse a qeta nako e ngata le batho ba futsanehileng le ba hateletsweng. Ho ekelletsa moo, o ne a le mosa ho batho ba neng ba nkwa e le “baetsadibe.” Batho ba iketsang eka ba lokile ba ile ba kgopiswa ke dintho tseo Jesu a ileng a di etsa. Ba ile ba re ho barutuwa ba hae: “Ke hobaneng ha le ja mme le nwa le babokelli ba lekgetho le baetsadibe?” Yaba Jesu o re: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang ba a e hloka. Ke tlilo bitsetsa baetsadibe pakong, eseng batho ba lokileng.”​—Luka 5:29-32.

4. Ho ya ka ba Esaia, Bajuda ba ka be ba ile ba lebellang ka Mesia?

4 Mangolo a reng? Nako e telele pele Mesia a tla lefatsheng, moprofeta Esaia o ile a profeta hore batho ba ne ba sa tlo mo amohela. O ile a re: “O ile a nyediswa mme a qojwa ke batho . . . e ne eka re patelwa sefahleho sa hae. O ile a nyediswa, mme ra mo nka e se wa bohlokwa.” (Esa. 53:3) Boprofeta boo, bo ile ba bontsha hore Mesia o ne a tla qojwa ke “batho,” ka hoo Bajuda bao ba mehleng ya hae ba ka be ba ile ba lebella hore Jesu o ne a tla hanyetswa.

5. Batho ba bangata mehleng ee ba nahanang ka balatedi ba Jesu?

5 Ho jwang mehleng ee? Ho a tshwana. Baruti ba bangata ba a thaba ha batho ba nkwang ba le bohlokwa, ba ruileng le bao ho thweng ba bohlale e eba ditho tsa dikereke tsa bona. Ba ba amohela dikerekeng tsa bona le hoja boitshwaro ba bona le tsela eo ba phelang ka yona e sa dumellane le melao ya Modimo. Baruti bao ba nkela bahlanka ba Jehova ba mo sebeletsang ka mafolofolo fatshe, hobane feela e se ba bohlokwa ho ya ka lefatshe lena. Jwalo ka ha Pauluse a bontshitse, Modimo o kgethile ba “shebelwang tlaase.” (1 Bakor. 1:26-29) Le ha ho le jwalo, Jehova o nka bahlanka bohle ba hae ba tshepahalang e le ba bohlokwa.

6. Jesu o ile a reng ho Matheu 11:25, 26, hona re ka mo etsisa jwang?

6 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? (Bala Matheu 11:25, 26.) O se ke wa dumella tsela eo lefatshe lena le nkang batho ba Modimo ka yona hore e o susumetse. Tseba hore Jehova o sebedisa batho ba ikokobeditseng feela hore ba etse thato ya hae. (Pes. 138:6) Hape o nahanisise ka dintho tse ngata tseo a di finyeletseng a sebedisa batho bana bao lefatshe le ba nkang ba sa ruteha ebile ba se bohlale.

(2) JESU O ILE A PEPESA DITHUTO TSE FOSAHETSENG

7. Ke hobaneng ha Jesu a ile a re Bafarisi ke baikaketsi, hona ba ile ba ikutlwa jwang?

7 Jesu o ile a pepesa dithuto tsa boikaketsi tsa bodumedi mehleng ya hae. Ka mohlala, o ile a bontsha hore Bafarisi ke baikaketsi, ka ha ba ne ba amehile haholo ka tsela eo ba hlatswang matsoho a bona ka yona ho feta ho hlokomela batswadi ba bona. (Mat. 15:1-11) E ka nna yaba barutuwa ba Jesu ba ile ba makatswa ke mantswe ao a hae. Ha e le hantle, ba ile ba mo botsa ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba ile ba kgoptjwa ha ba utlwa seo o se buileng?” Yaba Jesu o re: “Semela se seng le se seng seo Ntate wa ka wa lehodimo a sa kang a se lema se tla fotholwa. Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Jwale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobedi di tla wela ka sekoting.” (Mat. 15:12-14) Jesu ha a ka a dumella hore ho hanyetswa ke baetapele bao ba bodumedi ho mo sitise ho bua nnete.

8. Jesu o ile a bontsha jwang hore ha se ditumelo tsohle tsa bodumedi tse amohelehang ho Modimo?

8 Jesu o ile a boela a pepesa dithuto tsa bodumedi tsa bohata. Ha a ka a re dithuto tsohle tsa bodumedi di a amoheleha ho Modimo. Ho e na le hoo, o ile re batho ba bangata ba ne ba tla tsamaya tseleng e sephara e isang timetsong mme ba fokolang feela ba tla tsamaya ho e petetsaneng e isang bophelong. (Mat. 7:13, 14) O ile a hatisa taba ya hore batho ba bang ba ne ba tla bonahala eka ba sebeletsa Modimo empa ho se jwalo. O ile a re: “Itebeleng ho baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang. Le tla ba tseba ka ditholwana tsa bona.”​—Mat. 7:15-20.

Ba bangata ba ile ba kgopeha ka lebaka la hore Jesu o pepesa dithuto tse fosahetseng tsa bodumedi le ditlwaelo tsa bona. Ntho e tshwanang e ka kgelosa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 9) *

9. Ke dithuto dife tsa bodumedi tse fosahetseng tseo Jesu a ileng a di pepesa?

9 Mangolo a reng? Boprofeta ba Bibele bo ile ba bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tjheswa ke tjheseho ya ho rata ntlo ya Jehova. (Pes. 69:9; Joh. 2:14-17) Tjheseho eo e ile ya etsa hore a pepese mashano a dithuto tsa bodumedi le ditlwaelo tsa bona. Ka mohlala, Bafarisi ba ne ba ruta hore moya ha o shwe empa Jesu o ile a ruta hore bafu ba robetse. (Joh. 11:11) Basaduse ba ne ba dumela hore tsoho ha e yo empa Jesu o ile a tsosa motswalle wa hae Lazaro. (Joh. 11:43, 44; Lik. 23:8) Bafarisi ba ne ba re motho o na le neo kapa pitso ya ho sebeletsa Modimo empa Jesu yena o ile a re motho o iketsetsa qeto ya ho sebeletsa Modimo kapa tjhe.​—Mat. 11:28.

10. Ke hobaneng ha batho ba bangata ba kgoptjwa ke dithuto tsa rona?

10 Ho jwang mehleng ee? Ho ntse ho tshwana. Batho ba bangata ha ba re mamele hobane dithuto tsa rona tse thehilweng Bibeleng di pepesa dithuto tsa bona tse fosahetseng tsa bodumedi. Baruti ba ruta balatedi ba bona hore Modimo o ahlola batho ba kgopo diheleng. Ba sebedisa leshano leo e le hore ba kgone ho laola batho. Ka ha re sebeletsa Jehova Modimo ya lerato re pepesa leshano leo. Baruti ba boetse ba ruta hore moya ha o shwe. Re pepesa thuto ena ya bohata eo haeba e ne e le nnete e neng e tla fana ka maikutlo a hore ha ho hlokahale hore ho be le tsoho. Hape ho fapana le madumedi a mangata a rutang hore Modimo o rerile dintho tse re hlahelang esale pele, rona re ruta hore motho e mong le e mong o na le tokelo le bolokolohi ba ho kgetha ho sebeletsa Modimo. Baruti ba ikutlwa jwang? Hangata ba a halefa.

11. Ho ya ka Johanne 8:45-47, Modimo o lebelletse hore batho ba hae ba etseng?

11 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? Haeba re rata Bibele, re lokela ho dumela le ho mamela dithuto tsa Modimo. (Bala Johanne 8:45-47.) Ho fapana le Satane Diabolose, re ke ke ra lahla Jehova. Re ke ke ra etsa letho le sa dumellaneng le tumelo ya rona. (Joh. 8:44) Modimo o lebelletse hore batho ba hae ba ‘nyonye se kgopo’ le hore ba “kgomarele se molemo” feela jwalo ka ha Jesu a ile a etsa.​—Bar. 12:9; Baheb. 1:9.

(3) JESU O ILE A HLORISWA

Ba bangata ba ile ba kgopeha ka lebaka la tsela eo Jesu a ileng a bolawa ka yona. Ntho e tshwanang e ka kgelosa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 12) *

12. Ke hobaneng ha lefu la Jesu le ile la kgopisa Bajuda ba bangata?

12 Lebaka le leng le ileng la etsa hore Bajuda ba se ke ba mamela Jesu ke lefe? Pauluse o ile a re: “Re bolela Kreste ya ileng a kgokgothelwa thupeng, ho Bajuda ke sesosa sa ho kgoptjwa.” (1 Bakor. 1:23) Ke hobaneng ha Bajuda ba bangata ba ile ba kgopiswa ke tsela eo Jesu a ileng a shwa ka yona? Taba ya hore ebe Jesu o ile a fanyehwa thupeng, e ile ya etsa hore ba mo nke e le sekebekwa kapa moetsadibe e seng e le Mesia.​—Deut. 21:22, 23.

13. Batho ba neng ba sa amohele Jesu ba ne ba sa batle ho dumelang?

13 Ba bang ba Bajuda ba ileng ba kgopiswa ke Jesu, ba ile ba hloleha ho bona hore ha a molato, o qositswe ka bohata le hore o ahlotswe ka ho hloka toka. Baahlodi ba Jesu ba ne ba se na taba le hore na o ahlolwa ka toka kapa tjhe. Lekgotla le phahameng la Bajuda le ile la etsa dintho ka lepotlapotla ha le ahlola Jesu yaba ha le latele melao. (Luka 22:54; Joh. 18:24) Ho e na le hore ka toka baahlodi ba mamele le ho sheba ditaba tsohle tseo Jesu a neng a qoswa ka tsona, ba ile “ba batla bopaki kgahlanong le [yena] e le hore ba mo bolaye.” Ha taba eo e hloleha, moprista ya phahameng o ile a leka ho etsa hore Jesu a bue ntho e ka mo kenyang kgathatsong. Ho etsa jwalo ho ne ho le kgahlanong le molao. (Mat. 26:59; Mar. 14:55-64) Hape ka mora hore Jesu a tsoswe, baahlodi bao ba se nang toka, ba ile ba fa masole a Roma a neng a katile lebitla la Jesu “palo e lekaneng ya dikotwana tsa silevera” e le hore ba bue leshano la hore na hobaneng lebitla le se na letho.​—Mat. 28:11-15.

14. Mangolo a ile a reng esale pele ka lefu la Mesia?

14 Mangolo a reng? Le hoja Bajuda ba bangata mehleng ya Jesu ba ne ba sa lebella hore Mesia a shwe, hlokomela hore na boprofeta bo ile ba reng: “O tsholotse moya wa hae lefung, mme o ile a balellwa le batlodi; o jere dibe tsa batho ba bangata, mme a kena dipakeng bakeng sa batlodi.” (Esa. 53:12) Ka hoo, Bajuda ba ne ba se na lebaka la ho kgopeha ha Jesu a ne a bolawa jwalo ka moetsadibe.

15. Ke diqoso dife tse entsweng kgahlanong le Dipaki Tsa Jehova tse etsang hore batho ba se ke ba di mamela?

15 Ho jwang mehleng ee? Ha ho letho le fetohileng. Jesu o ile a tshwarwa le ho ahlolwa ka ho hloka toka mme Dipaki Tsa Jehova le tsona di tshwarwa ka tsela e tshwanang. A ko nahane ka mehlala ena. United States, Dipaki di ne di dula di iswa makgotleng nako le nako mabapi le ho sebeletsa Modimo ka bolokolohi dilemong tsa bo 1930 le tsa bo 1940. Baahlodi ba bang ba ne ba sa pate hore ba na le kgethollo ha ba sebetsana le rona. Athe naheng ya Quebec, Canada, Kereke le Mmuso di ile tsa sebetsammoho ho thibela mosebetsi wa rona. Bahweletsi ba bangata ba ile ba tshwarelwa feela hore ebe ba buisana le baahisane ba bona ka Mmuso wa Modimo. Jeremane teng, puso ya Manazi e sehloho e ile ya bolaya barababo rona ba bangata ba batjha dilemong. Dilemong tsa morao tjena, Dipaki tsa Russia di a qoswa le ho tshwarwa ka lebaka la ho bua le batho ka Bibele mme ho thwe “di feteletsa dintho.” Esita le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ya Mangolo a Halalelang ka puo ya Serussia e thibetswe, ho thwe ke buka e “feteletsang dintho” hobane e ena le lebitso Jehova.

16. Jwalo ka ha 1 Johanne 4:1 e bontsha, ke hobaneng ha re sa lokela ho kgeloswa ke mashano a buuwang ka bahlanka ba Jehova?

16 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? Tseba dintlha tsohle. Ho Matheu kgaolo ya bohlano, Jesu o ile a lemosa balatedi ba hae hore “ka leshano [batho ba ne ba tla] bua ntho ya mofuta o mong le o mong e kgopo” ka bona. (Mat. 5:11) Mohlodi wa mashano ana ke Satane. O susumetsa bahanyetsi ba rona hore ba bue mashano a kotsi ka rona. (Tšen. 12:9, 10) Ha re a lokela ho mamela mashano ao bahanyetsi ba rona ba a buang. Hape re se ke ra dumella mashano ao hore a re tshose kapa a fokodise tumelo ya rona.​—Bala 1 Johanne 4:1.

(4) JESU O ILE A SWETSWA LE HO LAHLWA

Ba bangata ba ile ba kgopeha ka lebaka la hore ebe Judase o ile a eka Jesu. Ntho e tshwanang e ka kgelosa batho ba bang jwang mehleng ee? (Sheba serapa sa 17-18) *

17. Ke ka tsela efe dintho tse ileng tsa etsahala pele ho lefu la Jesu di neng di ka kgopisa batho ba bang?

17 Nakwana pele Jesu a bolawa, o ile a swetswa ke e mong wa baapostola ba hae ba 12. Moapostola e mong o ile a latola ka makgetlo a mararo hore o tseba Jesu, ha ba bang bona ba ile ba mo lahla kgerehlwa bosiung ba pele a bolawa. (Mat. 26:14-16, 47, 56, 75) Jesu ha a ka a makala. O ile a ba a bolela esale pele hore tsena tsohle di ne di tla etsahala. (Joh. 6:64; 13:21, 26, 38; 16:32) Ha batho ba bona dintho tsena ba ka be ba ile ba kgopeha yaba ba ipehela lebaka la hore: ‘Haeba baapostola ba Jesu ba itshwere ka tsela ee, ha ke batle ho ba karolo ya bona.’

18. Ke boprofeta bofe bo ileng ba phethahatswa ke dintho tse ileng tsa etsahala nakwana pele ho lefu la Jesu?

18 Mangolo a reng? Dilemo tse makgolo pele Jesu a tla lefatsheng, Jehova o ile a hla a bolela ka Lentsweng la hae hore Mesia o ne a tla ekwa ka dikotwana tse 30 tsa silevera. (Zak. 11:12, 13) O ne a tla ekwa ke motswalle wa hae ya haufi. (Pes. 41:9) Moprofeta Zakaria o ile a boela a re: “Otla modisa, mme tsa mohlape di ke di hasanngwe.” (Zak. 13:7) Batho ba dipelo di ntle ba ne ba ke ke ba hanyetsa Jesu feela ka lebaka la diketsahalo tsena empa tumelo ya bona e ne e tla matlafala le ho feta ha ba bona boprofeta bo buang ka Jesu bo phethahala ho yena.

19. Batho ba dipelo di ntle ba tsebang?

19 Ho jwang mehleng ee? Ho a tshwana. Mehleng ena, bahlanka ba Jehova ba mmalwa ba tsebahalang, ba kgaoditse ho mo sebeletsa mme ke bakwenehi hape ba lekile ho kgelosa ba bang. Ba hasitse ditlaleho tse mpe tse fanang ka maikutlo a fosahetseng hape ba bua mashano ka Dipaki Tsa Jehova ba sebedisa metjha ya phatlalatso le Inthanete. Empa batho ba dipelo di ntle ha ba kgeloswe. Ho e na le hoo, ba a tseba hore Bibele e ile ya bolela esale pele hore dintho tse kang tsena di ne di tla etsahala.​—Mat. 24:24; 2 Pet. 2:18-22.

20. Re ka qoba ho kgeloswa ke batho ba sa sebeletseng Jehova jwang? (2 Timothea 4:4, 5)

20 Re ka etsang hore re se ke ra kgoptjwa? Re lokela ho matlafatsa tumelo ya rona ka hore re ithute ka mehla, re rapele kgafetsa hape re dule re phathahane mosebetsing oo Jehova a re fileng wona. (Bala 2 Timothea 4:4, 5.) Ha re ena le tumelo, re ke ke ra tshwenyeha ha re utlwa ditlaleho tse mpe ka Dipaki Tsa Jehova. (Esa. 28:16) Ho rata Jehova, Lentswe la hae le Bakrestemmoho le rona, ho tla re thusa hore re se ke ra kgopiswa ke batho ba sa sebeletseng Jehova.

21. Re kgodisehile ka eng le hoja batho ba bangata ba sa mamele molaetsa wa rona mehleng ee?

21 Mehleng ya Jesu, batho ba bangata ba ile ba kgopeha yaba ba hana ho mo mamela. Le ha ho le jwalo, ba bang ba bangata ba ile ba mo mamela. Ba ne ba akareletsa bonyane setho se le seng sa Sanhedrine le “bongata bo boholo ba baprista.” (Lik. 6:7; Mat. 27:57-60; Mar. 15:43) Ka tsela e tshwanang, le mehleng ena batho ba bangata ba kgetha ho re mamela. Hobaneng? Hobane ba a tseba le ho rata dintho tseo ba ithutileng tsona ka Mangolong. Bibele e re: “Ba ratang molao wa hao ba na le kgotso e ngata, ha ho kgopiso ho bona.”​—Pes. 119:165.

PINA YA 124 Tshepahalang Kamehla

^ par. 5 Sehloohong se fetileng re hlahlobile mabaka a mane ao ka ona batho ba mehleng ya Jesu ba neng ba sa mo amohele le hore na ke hobaneng ha balatedi ba hae ba hanyetswa mehleng ena. Sehloohong sena re tlo bua ka mabaka a mang a mane. Re tla boela re bone hore na ke hobaneng ha batho ba ratang Jehova ba sa dumelle eng kapa eng ho ba kgopisa.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o dijong le Matheu le babokelli ba lekgetho.

^ par. 62 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o leleka bahwebi ka tempeleng.

^ par. 64 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Jesu o jere thupa eo a ilo kgokgothelwa ho yona.

^ par. 66 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Judase o eka Jesu ka ho mo meta.