Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

Jehova o Tla o fa Matla

Jehova o Tla o fa Matla

“Ha ke fokola, jwale ke ha ke le matla.”​—2 BAKOR. 12:10.

PINA YA 73 O re fe Sebete

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Dipaki Tsa Jehova tse ngata di ba le mathata afe?

MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a kgothalletsa Timothea ho akarelletsa le Bakreste bohle hore ba phethe bosebeletsi ba bona ka botlalo. (2 Tim. 4:5) Kaofela ha rona re nka keletso ena ya Pauluse e le ya bohlokwa. Empa ka dinako tse ding ho ba thata ho e mamela. Ho hlokahala sebete hore bara le baradibabo rona ba bangata ba etse mosebetsi wa boboledi. (2 Tim. 4:2) Ka mohlala, nahana ka bara le baradibabo rona ba dulang dinaheng tseo mosebetsi wa rona o thibetsweng. Ba bolela molaetsa wa Bibele le hoja ba tseba hore ba ka nna ba kwallwa teronkong.

2 Bahlanka ba Jehova ba ba le mathata a mangata a ka ba nyahamisang. Ka mohlala, ba bangata ba bona ba tlameha hore ba sebetse ka thata e le hore ba hlokomele malapa a bona ka dintho tseo ba di hlokang. Le hoja ba ka rata ho sebetsa ka thata tshimong, ba a kgathala mafelo a beke. Ba bang bona ha ba kgone ho sebeletsa Jehova ka hohle ka moo ba ka kgonang hobane ba kula haholo, ba tsofetse kapa hobane ba sa kgone ho tloha malapeng a bona. Ha ba bang bona ba dula ba utlwa eka ha se batho ba bohlokwa ho Jehova. Moradiwabo rona Mary * o re: “Ke lokela ho sebetsa ka thata e le hore ke laole maikutlo ao ke bang le ona ha ke nyahame mme ke utlwa bohloko hoo ke ikutlwang ke kgathetse. Ka hoo ke ikutlwa ke le molato hobane ha ke be le nako le matla a ho ya tshimong.”

3. Re tlo bua ka eng sehloohong see?

3 Ho sa tsotellehe hore na re boemong bofe, Jehova a ka re fa matla a hore re dule re mamella mathata ao re nang le ona le ho mo sebeletsa ka hohle ka moo re ka kgonang ka teng. Pele re ka bua ka hore na Jehova a ka re thusa jwang, a re boneng hore na o ile a fa Pauluse le Timothea matla jwang e le hore ba tswele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba ena le ona.

JEHOVA O BA FA MATLA A HORE BA ETSE MOSEBETSI WA BOBOLEDI

4. Pauluse o ile a ba le mathata afe?

4 Pauluse o ne a ena le mathata a mangata. O ne a hloka matla haholoholo ha batho ba ne ba mo shapa, ba mo otla ka majwe le ha ba ne ba mo kwalla teronkong. (2 Bakor. 11:23-25) Pauluse o ne a dumela hore ka dinako tse ding o ne a lokela ho sebetsa ka thata e le hore a hlole ho nyahama. (Bar. 7:18, 19, 24) O ne a boetse a mamelletse ho kula hoo a neng a ho tshwantsha le “moutlwa nameng” mme o ne a batla hore Modimo a o tlose ho yena.​—2 Bakor. 12:7, 8.

Ke eng e thusitseng Pauluse hore a tswele pele ka tshebeletso ya hae? (Sheba serapa sa 5 le 6) *

5. Pauluse o ile a kgona ho etsang ho sa tsotellehe mathata ao a neng a ena le ona?

5 Jehova o ile a fa Pauluse matla a hore a tswele pele a bolela ho sa tsotellehe mathata ao a neng a ena le ona. Nahana ka ntho eo Pauluse a ileng a kgona ho e etsa. Ka mohlala, ha a ne a le ntlong eo a neng a kwalletswe ho yona Roma, o ile a phatlalatsa molaetsa wa Mmuso wa Modimo ka mafolofolo ho batho ba bangata mohlomong ho akarelletsa le ho ba boholong pusong. (Lik. 28:17; Bafil. 4:21, 22)O ile a boela a bolela molaetsa oo ho Balebedi ba bangata ba Moemphera le ho batho bohle ba neng ba mo etela. (Lik. 28:30, 31; Bafil. 1:13) Hona ka nako eo, Modimo o ile a sebedisa Pauluse hore a ngole mangolo a thusitseng Bakreste ba nnete mme a ntse a ba thusa le kajeno. Hape mohlala wa Pauluse o ile wa matlafatsa phutheho ya Roma hoo Bakrestemmoho le yena ba ileng ba ba “sebete haholo hore ba bolele lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.” (Bafil. 1:14) Le hoja ka dinako tse ding ho ne ho se letho le lekaalo leo Pauluse a neng a ka le etsa, o ile a etsa boiteko bohle hore “ditaba tse molemo di tswele pele.”​—Bafil. 1:12.

6. Ho ya ka 2 Bakorinthe 12:9, 10, ke eng e thusitseng Pauluse hore a phethe mosebetsi wa hae?

6 Pauluse o ile a hlokomela hore ntho e nngwe le e nngwe eo a neng a e etsa ha a ntse a sebeletsa Jehova, o e entse ka matla a Modimo eseng a hae. O ile a re matla a Modimo “a etswa a phethahetseng bofokoding.” (Bala 2 Bakorinthe 12:9, 10.) Jehova o ile a fa Pauluse matla a sebedisa moya o halalelang hore a phethe mosebetsi wa hae ka botlalo ho sa tsotellehe ho hloriswa, ho kwallwa teronkong le mathata a mang ao a neng a ena le ona.

Ke eng e thusitseng Pauluse hore a tswele pele ka tshebeletso ya hae? (Sheba serapa sa 7) *

7. Timothea o ne a lokela ho hlola mathata afe e le hore a sebeletse Modimo?

7 Mosebetsimmoho le Pauluse ya neng a le monyane ho yena e leng Timothea le yena o ne a itshetlehile ka Modimo e le hore a tswele pele a mo sebeletsa. Timothea o ne a tsamaya le Pauluse maetong a hae a malelele a boromuwa. Hape Pauluse o ne a romela Timothea hore a etele diphutheho e le hore a di kgothatse. (1 Bakor. 4:17) E ka nna yaba Timothea o ne a utlwa a sa tshwanelehe ho etsa mosebetsi oo. Mohlomong ke lona lebaka le entseng hore Pauluse a re ho yena: “Ho se ke ha eba le motho eo le ka mohla a kgellang botjha ba hao tlaase.” (1 Tim. 4:12) Ho ekelletsa moo, hona ka nako eo Timothea o ne a ena le moutlwa nameng, e leng “maemo a [hae] a ho kula kgafetsa.” (1 Tim. 5:23) Empa Timothea o ne a tseba hore moya o halalelang wa Jehova o tla mo fa matla ao a a hlokang ho etsa mosebetsi wa boboledi le ho sebeletsa Bakrestemmoho le yena.​—2 Tim. 1:7.

JEHOVA O RE FA MATLA A HORE RE DULE RE MO TSHEPAHALLA LE HOJA RE ENA LE MATHATA

8. Jehova o matlafatsa bahlanka ba hae jwang kajeno?

8 Kajeno Jehova o fa bahlanka ba hae “matla a fetang se tlwaelehileng” e le hore ba tswele pele ho mo sebeletsa ka botshepehi. (2 Bakor. 4:7) A re bueng ka dintho tse nne tseo Jehova a re fang tsona ho re matlafatsa le ho re thusa hore re dule re mo tshepahalla, e leng thapelo, Bibele, Bakrestemmoho le tshebeletso ya tshimo.

Jehova o re matlafatsa ka thapelo (Sheba serapa sa 9)

9. Ho rapela ho ka re thusa jwang?

9 Ho rapela ho a re matlafatsa. Ho ya ka Baefese 6:18, Pauluse o ile a re kgothalletsa hore re rapele Modimo “ka nako e nngwe le e nngwe.” Ha re etsa jwalo Modimo o tla re matlafatsa ka hore a arabele dithapelo tsa rona. Morabo rona Jonnie ya dulang Bolivia o ile a bona ka moo Jehova a mo thusitseng ka teng ha a ne a ena le mathata. Mosadi wa hae le batswadi ba hae ba ile ba kula haholo ka nako e le nngwe. Ho ne ho le thata haholo hore morabo rona Jonnie a ba hlokomele ba le bararo ka dintho tseo ba di hlokang. Mme wa hae o ile a hlokahala mme ho ile ha nka nako e telele hore mosadi wa hae le ntate wa hae ba fole. Ha morabo rona Jonnie a bua ka nako eo e thata o re: “Ha ke ne ke tshwenyehile haholo, ntho e neng e dula e nthusa ke ho rapela Jehova le ho mo hlalosetsa ka moo ke neng ke ikutlwa ka teng.” Jehova o ile a fa morabo rona Jonnie matla ao a a hlokang e le hore a mamelle. Morabo rona Ronald e leng moholo ya dulang Bolivia o ile a utlwa hore mme wa hae o na le kankere. Kgwedi ka mora hore a utlwe ka taba eo, mme wa hae o ile a hlokahala. Ke eng e ileng ya mo thusa hore a mamelle boemo boo? O re: “Ha ke rapela Jehova, ke mo bolella ntho e nngwe le e nngwe. Ke a tseba hore o nkutlwisisa ho feta mang kapa mang le ho feta ka moo nna ke ikutlwisisang ka teng.” Ka dinako tse ding, re ka ikutlwa re imetswe hoo re sa tsebeng hore na re rapelle eng. Empa Jehova o batla hore re mo rapele le ha ho ka ba thata hore re mo bolelle ka moo re ikutlwang ka teng.​—Bar. 8:26, 27.

Jehova o re matlafatsa ka Bibele (Sheba serapa sa 10)

10. Ho ya ka Baheberu 4:12, ke hobaneng ha ho bala Bibele le ho nahanisisa ka dintho tseo re di balang e le ha bohlokwa?

10 Ho bala Bibele ho a re matlafatsa. Pauluse o ne a bala Mangolo e le hore a mo kgothatse le ho mo matlafatsa, le rona re ka etsa ntho e tshwanang. (Bar. 15:4) Ha re ntse re bala Lentswe la Modimo ebile re nahanisisa ka lona, Jehova a ka sebedisa moya wa hae ho re thusa hore re utlwisise hore na re ka sebedisa Bibele jwang bophelong ba rona. (Bala Baheberu 4:12.) Morabo rona Ronald eo re buileng ka yena o re: “Ke thabela hore ebe ke ile ka itlwaetsa ho bala Bibele bosiu bo bong le bo bong. Ke nahanisisa haholo ka makgabane a Jehova le ka moo a hlokomelang bahlanka ba hae ka teng mme ntho eo e mmatlafatsa haholo.”

11. Bibele e ile ya matlafatsa moradiwabo rona wa mohlolohadi ya neng a utlwile bohloko jwang?

11 Ho nahanisisa ka Lentswe la Modimo ho tla re thusa hore re se ke ra nyahama ha re ena le mathata. Nahana ka moo Bibele e ileng ya thusa moradiwabo rona wa mohlolohadi ya neng a utlwile bohloko ka teng. Moholo e mong o ile a mo kgothalletsa hore a bale lengolo la Jobo e le hore a fumane dintlha tse ka mo thusang. Ha a ntse a le bala, o ile a tatela ho ahlola Jobo ka tsela e fosahetseng eo a neng a nahana ka yona. Ha a ntse a nahana ka taba ena o ile a re: “Jobo, o se ke wa nahana ka mathata a hao feela.” Empa o ile a hlokomela hore le yena o ne a ntse a ikutlwa jwalo ka Jobo. Ntho eo e ile ya mo thusa hore a fetole tsela eo a neng a nahana ka yona le ho mo matlafatsa hore a mamelle bohloko ba ho hlokahallwa ke molekane wa hae.

Jehova o re matlafatsa ka Bakrestemmoho (Sheba serapa sa 12)

12. Jehova o sebedisa bara le baradibabo rona jwang ho re matlafatsa?

12 Ho ba le Bakrestemmoho ho a re matlafatsa. Tsela e nngwe eo Jehova a matlafatsang Bakreste ka yona ke ka ho sebedisa Bakrestemmoho le bona. Pauluse o ile a ngola hore o hlolohelwa ho ba le Bakrestemmoho le yena e le hore ba ka “kgothatsana.” (Bar. 1:11, 12) Moradiwabo rona Mary eo re buileng ka yena o thabela ho ba le bara le baradibabo rona. O re: “Jehova o sebedisitse bara le baradibabo rona ba neng ba sa tsebe letho ka mathata a ka. Ba ne ba mpolella ntho e kgothatsang kapa ba nthomella molaetsa, e leng ntho eo ke neng ke e hloka. Hape ho a thusa ho bua le baradibabo rona ba bang ba bileng le mathata a tshwanang le a ka le ho ithuta mohlaleng wa bona. Baholo ba ne ba dula ba etsa hore ke ikutlwe ke le motho wa bohlokwa ka phuthehong.”

13. Re ka matlafatsana jwang ha re le dibokeng?

13 Sebaka se seng se molemo seo re ka kgothatsanang ho sona ke dibokeng tsa Bokreste. Ha o ya dibokeng o ka leka ho matlafatsa batho ba bang ka hore o ba bolelle hore o a ba rata le hore o ananela dintho tseo ba di etsang. Ka mohlala, pele ho diboka moholo e mong eo lebitso la hae e leng Peter o ile a re ho moradiwabo rona eo monna wa hae e seng Paki ya Jehova: “Ho kgothatsa haholo ho bona o tlile mona dibokeng. O dula o hlophisitse bana ba hao ba tsheletseng hantle bakeng sa diboka ebile ba dula ba lokiseditse hantle bakeng sa ho arabela.” Moradi eo wabo rona o ne a thabile haholo hoo mahlo a hae a neng a tletse dikeledi mme o ile a araba a re: “Ha o tsebe hore na ke ne ke hloka ho utlwa mantswe ao hakae kajeno.”

Jehova o re matlafatsa ka tshebeletso ya tshimo (Sheba serapa sa 14)

14. Ho ya tshebeletsong ya tshimo ho re thusa jwang?

14 Ho ya tshebeletsong ya tshimo ho a re matlafatsa. Ha re bolella batho ba bang molaetsa wa Bibele, re a thaba ho sa tsotellehe hore na ba a re mamela kapa tjhe. (Liprov. 11:25) Moradiwabo rona Stacy o bone ka moo ho ya tshebeletsong ya tshimo ho matlafatsang ka teng. Ha e mong wa lelapa a kgaolwa o ile a utlwa bohloko haholo mme o ile a dula a ipotsa hore na ebe ho na le ntho eo a ka beng a e entse ho mo thusa. Ho ne ho se na letho leo a nahanang ka lona ntle le bothata bona. Ke eng e ileng ya mo thusa hore a mamelle boemo bona? Ke ho ya tshebeletsong ya tshimo. O ile a qala ho nahana haholo ka batho ba hlokang thuso ya hae tshimong. O re: “Jehova o ile a mpha motho eo ke ithutang Bibele le yena mme kapelenyana feela o ile a qala ho sebedisa dintho tseo a ntseng a ithuta tsona mme ke ile ka kgothala haholo. Ntho e nthusang haholo ke ho ya tshebeletsong ya tshimo.”

15. O ithutang mantsweng a moradiwabo rona Mary?

15 Batho ba bang ba ka nna ba ikutlwa eka ha ba kgone ho sebetsa ka hohle ka moo ba ka kgonang tshebeletsong ya tshimo ka lebaka la maemo a bona. Haeba ke ka moo o ikutlwang ka teng hopola hore Jehova o a thaba ha a bona o etsa boiteko. Ako nahane hape ka mohlala wa moradiwabo rona Mary. Ha a ne a sebetsa tshimong ya batho ba buang puo e nngwe, o ne a utlwa eka ha a na thuso. O re, “Qalong ntho eo ke neng ke kgona ho e etsa feela ke ho fana ka dikarabo tse bonolo, ho bala ditemana kapa ho fana ka pampitshana tshebeletsong ya tshimo.” Ntho ena e ne e etsa hore a ikutlwe eka ha a na bokgoni bo bokaalo ha a ipapisa le batho ba kgonang ho bua puo eo hantle. Le ha ho le jwalo o ile a fetola tsela eo a nahanang ka yona. O ile a hlokomela hore Jehova a ka mo sebedisa le ha a sa kgone ho bua puo eo hantle. O re, “Molaetsa wa Bibele o pholosang bophelo ba batho o bonolo haholo hore batho ba o utlwisise mme o fetola tsela eo batho ba phelang ka yona.

16. Ke eng e ka thusang batho ba sa kgoneng ho tswa ka matlong hore ba be le matla?

16 Jehova o a bona hore re batla ho ya tshimong mme o ananela boiteko boo re bo etsang esita le ha ba bang ba sa kgone ho tswa ka matlong. A ka re thusa hore re bolelle batho ba re hlokomelang, dingaka le baoki molaetsa wa Bibele. Haeba re bapisa dintho tseo re sa kgoneng ho di etsa hona jwale le tseo re neng re kgona ho di etsa nakong e fetileng re tla nyahama. Empa haeba re hlokomela ka moo Jehova a re thusang ka teng hona jwale, re tla ba le matla ao re a hlokang ho mamella mathata le ha e le afe re thabile.

17. Ho ya ka Moeklesia 11:6, ke hobaneng ha re lokela ho tswela pele re bolella batho molaetsa wa Bibele le hoja ba sa etse letho ka seo re ba bolellang sona?

17 Ha re tsebe hore na ha re ntse re jala peo ka ho ruta batho molaetsa wa Bibele, ke peo efe e tla hlahisa ditholwana. (Bala Moeklesia 11:6.) Ka mohlala, moradiwabo rona Barbara ya dilemo tse ka bang 80, ka mehla o etsa mosebetsi wa boboledi a sebedisa founo le ho ngola mangolo. Ho le leng la mangolo ao a a ngotseng o ne a kentse Molula-Qhooa wa March 1, 2014 o nang le sehlooho se reng “Ke Eng Seo Modimo a o Etseditseng Sona?” O ne a sa tsebe hore o rometse lengolo leo ho banyalani bao e neng e se e se Dipaki Tsa Jehova. Ba ile ba dula ba bala makasine oo. Ntate wa teng o ile a utlwa eka Jehova o bua le yena ka ho toba. Banyalani bao ba ile ba qalella ho ya dibokeng mme qetellong ka mora dilemo tse fetang 27 e ile ya eba Dipaki Tsa Jehova hape. Nahana hore na moradiwabo rona Barbara o ile a kgothala le ho matlafala hakae ha a ne a bona melemo ya lengolo leo a ileng a le ngola.

Jehova o re matlafatsa ka (1) thapelo, (2) Bibele, (3) Bakrestemmoho le (4) tshebeletso ya tshimo (Sheba serapa sa 9-10, 12, 14)

18. Re lokela ho etsang hore Modimo a re matlafatse?

18 Jehova o re fa dintho tseo re di hlokang hore re be le matla. Haeba re sebedisa dintho tseo a re fileng tsona, e leng thapelo, Bibele, Bakrestemmoho le tshebeletso ya tshimo re a bontsha hore re a tshepa hore a ka re thusa. E se eka re ka dula re tshepa Ntate wa rona ya lehodimong ya bontshang “matla a hae molemong wa bao dipelo tsa bona di felletseng ho yena.”​—2 Likron. 16:9.

PINA YA 61 Tswelang Pele Lona Dipaki!

^ par. 5 Re phela nakong e thata empa Jehova o re fa thuso eo re e hlokang e le hore re mamelle. Sehloohong sena re tla bona ka moo Jehova a ileng a thusa moapostola Pauluse le Timothea hore ba tswele pele ho mo sebeletsa ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba ena le ona. Re tla bua ka dintho tse nne tseo Jehova a re fileng tsona e le ho re thusa hore re mamelle.

^ par. 2 Lebitso le fetotswe.

^ par. 53 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Nakong eo Pauluse a ntseng a kwalletswe ntlong Roma, o ngolla diphutheho tse fapaneng mangolo mme o bolella batho ba mo etetseng molaetsa wa Mmuso wa Modimo.

^ par. 55 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Timothea o kgothatsa barababo rona nakong eo a ntseng a etetse diphutheho.