Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

“Ke Ithutile Dintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”

“Ke Ithutile Dintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”

HO NE ho le lefifi le letsholetsho dithabeng tsa Algeria, moo sehlopha sa masole a haeso a neng a hlomme diahelo teng mme ntwa e ne e ntse e kupa ka matla sebakeng seo. Ke ne ke katile ke le mong, ke ipatile ka mekotla e tshetseng lehlabathe e entsweng qubu ke tshwere sethunya ka letsoho. Ka tshohanyetso, ke ile ka utlwa eka ho na le motho ya tlang. Yaba ke a hwama. Ke ne ke qeta ho feta dilemo tsa botjha mme ke ne ke sa batle ho bolaya kapa ho bolawa. Ke ile ka hweletsa ka re: “Modimo Nthuse!”

Bophelo ba ka bo ile ba fetoha bosiung boo bo tshosang hobane ke ile ka qala ho batla ho tseba ka Mmopi. Empa pele ke le phetela ka tsa mohla bosiu boo, e reng ke le bolelle hore na ke dintho dife tse ileng tsa etsahala ha ke sa le monyane tse ileng tsa etsa hore ke batle ho tseba ka Modimo.

DINTHO TSEO NTATE A NTHUTILENG TSONA

Ke hlahile ka 1937 toropong ya Guesnain, e nang le merafo ka leboya ho Fora. Ntate wa ka o ne a sebetsa merafong ya mashala mme ke ile ka ithuta bohlokwa ba ho sebetsa ka thata ho yena. Ke ile ka boela ka ithuta ho rata toka ho yena, e leng ntho e ileng ya mo susumetsa hore a lwanele ho sireletsa basebetsi ba merafo ba neng ba tlameha ho mamella maemo a kotsi a mosebetsing. E le ho ba thusa hore ba ntlafatse maemo a bona, ntate o ile a kena mekgatlong ya basebetsi le mehwantong. O ne a boetse a kwatiswa ke boikaketsi boo a neng a bo bona ho baruti. Boholo ba bona ba ne ba phela ha monate empa ho ntse ho le jwalo, ba ne ba kopa tjhelete le dijo ho basebetsi ba merafo ba neng ba sebetsa ka thata hore ba kgone ho phela. Ntate o ne a nyonya boitshwaro ba baruti hoo a sa kang a itshwenya ka ho nthuta ka ditaba tsa bodumedi. Ha e le hantle, ha ho mohla re neng re bua ka Modimo.

Ha ke ntse ke hola, le nna ke ile ka qala ho hloya ho hloka toka. Ho hloka toka hoo ho ne ho akarelletsa kgethollo eo bajaki ba Fora ba neng ba e bontshwa ke batho ba Fora. Ke ne ke bapala bolo le bana ba falletseng moo mme ke ne ke thabela ho ba le bona. Ntle ho moo, mme wa ka o ne a tswa Poland, e ne e se Mofora. Ke ne ke lakatsa hore merabe yohle e phele ka kgotso le ka tekatekano.

KE ILE KA QALA HO NAHANA KA HO TEBA KA BOPHELO

Ha ke ntse ke le sesoleng

Mmuso o ile wa re ke ye sesoleng ka 1957. Ke ka hoo ke ileng ka qetella ke le dithabeng tsa Algeria bosiung bane. Ka mora hore ke re: “Modimo nthuse!” Ke ile ka kopana le tonki eseng lesole la ba direng. Ho ile ha ba ha re kokololo. Ho ntse ho le jwalo, ketsahalo eo le ntwa di ile tsa etsa hore ke nahane haholo ka morero wa bophelo. Ke hobaneng ha re phela? Na Modimo o a re kgathalla? Na re tla ke re be le kgotso ka ho sa feleng?

Nengneng ha ke nkile matsatsi a phomolo ke tjhaketse lapeng, ke ile ka kopana le Paki ya Jehova. E ile ya mpha kopi ya phetolelo ya Sefora ya La Sainte Bible, ya kereke ya Roma eo ke ileng ka qala ho e bala ha ke kgutlela Algeria. Ditemana tseo ka ho kgetheha di ileng tsa nkotla ka hare ke tsa Tšenolo 21:3, 4. Di re: “Tente ya Modimo e ho moloko wa batho . . . O tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, mme ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha di sa tla hlola di eba teng.” * Ditemana tsena di ile tsa mmakatsa haholo. Ke ile ka ipotsa: ‘Na ehlile ditaba tsee di tla phethahala?’ Ka nako eo, ke ne ke sa tsebe letho ka Modimo le ka Bibele.

Ka mora hore ke qete tshebeletso ya ka ya sesole ka 1959, ke ile ka kopana le François wa Paki ya ileng ya nthuta Bibele. Ka mohlala, o ile a mpontsha ka Bibeleng hore Modimo o na le lebitso e leng Jehova. (Pes. 83:18) O ile a boela a ntlhalosetsa hore Jehova o tla etsa hore toka e be teng lefatsheng, a etse lefatshe paradeise a be a phethahatse Tšenolo 21:3, 4.

Dithuto tseo di ne di utlwahala, tsa ba tsa nkama haholo. Le ha ho le jwalo, ke ile ka halefiswa haholo ke baruti bao ke neng ke batla ho pepesa dithuto tseo ba neng ba di ruta tse sa tsweng ka Bibeleng. Ho bonahala eka ke ne ke ntse ke susumeditswe ke tsela eo ntate a neng a etsa dintho ka yona mme ke ne ke se na mamello. Ke ne ke batla ho etsa ho hong ka yona nako eo.

François le metswalle ya ka e metjha ya Dipaki ba ile ba nthusa hore ke kgobe matshwafo. Ba ile ba hlalosa hore mosebetsi wa rona re le Bakreste ha se ho ahlola empa ke ho fa batho tshepo ka ho ba bolella ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo. Mosebetsi ona ke oo Jesu a ileng a o etsa a ba a re balatedi ba hae ba o etse. (Mat. 24:14; Luka 4:43) Ke ile ka boela ka ithuta ho bua le batho ka mosa le ka tsela e nahanelang ho sa tsotellehe hore na ba dumelang. Bibele e re: “Lekgoba la Morena ha ho hlokahale hore le lwane empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”​—2 Tim. 2:24.

Ke ile ka etsa diphetoho bophelong ba ka yaba ke kolobetswa ka 1959 kopanong ya potoloho. Kopanong eo, ke ile ka kopana le moradiwabo rona Angèle ya ileng a nkgahla haholo. Ke ile ka qala ho ya dibokeng tsa phutheho eo a neng a le ho yona yaba re nyalana ka 1960. Ke mosadi wa mmakgonthe, o rateha haholo hape ke mpho ya bohlokwa e tswang ho Jehova.​—Liprov. 19:14.

Mohla letjhato la rona

KE ITHUTILE HAHOLO HO BATHO BA BOHLALE LE BA NANG LE BOIPHIHLELO

Ho theosa le dilemo, ke ithutile dintho tse ngata tsa bohlokwa ho barababo rona ba bohlale le ba nang le boiphihlelo. Taba ya bohlokwa ke ena: E le hore o atlehe ho etsa mosebetsi oo o o fuwang, o lokela hore o be motho ya ikokobeditseng hape o sebedise keletso e hlahang ho Liproverbia 15:22 e reng: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyellwang.”

Re potolohong Fora ka 1965

Ka 1964, ke ile ka qalella ho bona bonnete ba mantswe ao a buduletsweng. Selemong seo, ke ile ka qala ho ba molebedi wa potoloho ke etela diphutheho ho ya di kgothatsa le ho di matlafatsa tumelong. Empa ka nako eo, ke ne ke le dilemo di 27 hape ke se na boiphihlelo bo bokaalo. Ka hoo, ke ile ka etsa diphoso. Le ha ho le jwalo, ke ile ka leka ho ithuta ho tsona. Ka hodimo ho tsohle, ke ile ka ithuta dintho tsa bohlokwa haholo ho “baeletsi” ba nang le bokgoni le boiphihlelo.

Ke hopola ntho e ileng ya etsahala ha ke sa tswa ba mopotolohi. Ka mora ho etela phutheho e nngwe Paris, morabo rona ya nang le boiphihlelo, o ile a kopa hore a ke a tlo bua le nna lekunutung. Yaba ke re: “Ha ho na bothata.”

O ile a re, “Louis, ha ngaka e ile lapeng la motho e be e ilo bona mang?”

Yaba ke re: “E ilo bona mokudi.”

Yaba o re: “O nepile. Empa ke hlokometse hore o qeta nako e ngata haholo o na le batho ba nang le kamano e ntle le Jehova ba kang molebedi wa phutheho. Phutheho ya rona e na le bara le baradi ba bo rona ba bangata ba dihlong, ba nyahameng le ba sa tswa kena ka phuthehong. Ba tla ananela haholo ha o ka ipha nako ya bona esita le ha o ka ya malapeng a bona ho ya thabela dijo.”

Keletso eo ya morabo rona e ne e le bohlokwa hape e le molemo haholo. Tsela eo a neng a rata dinku tsa Modimo ka yona e ile ya nkama maikutlo. Ka hoo, le hoja ho ne ho le thata ho dumela hore ke entse phoso, ke ile ka sebedisa keletso eo ya hae hanghang. Ke leboha Jehova ka barababo rona ba jwalo.

Ka selemo sa 1969 le sa 1973, ke ile ka kgethwa hore ke be molebedi wa Lefapha la Tshebeletso ya Dijo dikopanong tse pedi tsa matjhaba tse neng di tshwaretswe Colombes, Paris. Kopanong ya 1973, batho ba ka bang 60 000 ba ne ba lokela ho fuwa dijo ka matsatsi a mahlano. Ke ne ke tshohile ke sa tsebe hore na ebe ke tla kgona ho etsa mosebetsi oo. Empa le lekgetlong lena, ntho ya bohlokwa e ile ya eba ho sebedisa Liproverbia 15:22 e leng ho kopa keletso ho ba bohlale. Ke ile ka ya ho barababo rona bao e leng kgale ba sebeletsa Jehova le ba nang le boiphihlelo ditabeng tsa dijo. Ba ne ba akarelletsa basebetsi ba dilakga, batho ba lemang meroho, ba phehang le ba rekisang. Re ile ra kgona ho phetha mosebetsi oo o boima ha mmoho.

Ka 1973, re ile ra memelwa ho ya Bethele e Fora le mosadi wa ka. Mosebetsi wa ka ha re fihla moo le wona o ile wa eba boima haholo. Ke ne ke tlameha ho romela dingolwa ho barababo rona ba naheng ya Cameroon e Afrika, moo mosebetsi wa rona o neng o thibetswe dipakeng tsa 1970 le 1993. Le lekgetlong lena ke ne ke tshohile. Morabo rona ya neng a lebela mosebetsi oo, e ka nna yaba o ile a bona hore ke tshohile yaba o nkgothatsa ka ho re: “Barababo rona ba Cameroon ba tlaleng e kgolo haholo ya dijo tse ba thusang ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ha re ba fepe.” Yaba re etsa jwalo.

Ke sebokeng se kgethehileng se tshwaretsweng Nigeria le Dipaki tse tswang Cameroon, ka 1973

Ke ile ka ba le maeto a mmalwa a ho ya dinaheng tse sehelanang meedi le Cameroon ho ya kopana le baholo ba tswang naheng eo. Barababo rona bao ba sebete le ba bohlale ba ile ba nthusa hore re etse ditlhophiso tse hlokahalang e le hore barababo rona ba Cameroon ba ka dula ba fumana dingolwa. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko boo ba rona. Ha e le hantle, ka dilemo tse ka bang 20, bahlanka ba Jehova naheng eo ha ba a ka ba fetwa ke Tora ya ho Lebela le sengolwa seo ka nako eo se neng se bitswa Our Kingdom Service.

Ka 1977, nna le Angèle re ile ra thabela ho ya Nigeria re ilo ba le seboka le bapotolohi le basadi ba bona ba tswang Cameroon

KE ITHUTILE DINTHO TSE NGATA HO LEHAKWE LA PELO YA KA

Ho tloha hang feela ha ke qala ho ratana le Angèle, ke ile ka hlokomela hore o na le kamano e haufiufi le Jehova. Ka mora hore re nyalane, ke ile ka bona bopaki ba taba eo hantle. Ka mohlala, bosiu ba letsatsi leo re nyalaneng ka lona, o ile a re ke rapelle hore Jehova a re thuse hore re mo sebeletse ka hohle ka moo re ka kgonang. Jehova o ile a arabela thapelo eo.

Angèle o boetse o nthusitse hore ke tshepe Jehova haholwanyane. Ka mohlala, ha re ne re koptjwa hore re ilo sebeletsa Bethele ka 1973, ke ne ke qeaqea hobane ke ne ke rata mosebetsi wa potoloho. Empa Angèle o ile a nkgopotsa hore re inehetse ho Jehova. Ka hoo, na ha re a lokela ho etsa eng kapa eng eo mokgatlo wa hae o re kopang hore re e etse? (Baheb. 13:17) Ke ne ke sitwa ho pheha kgang ka taba eo. Ka hoo, re ile ra ya Bethele. Dilemo tsohle tseo re di phetseng mmoho, ke bone hore mosadi wa ka o bohlale, o na le kelello e hlaphohileng, o rata Jehova mme makgabane ao ke wona a entseng hore lenyalo la rona le tiye a ba a re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng.

Ke na le Angèle serapeng sa Bethele Fora

Le hoja re ntse re tsofala, Angèle o ntse a tswela pele ho ba mosadi wa mmakgonthe le ya ntshehetsang. Ka mohlala, e le hore re kgone ho ya dikolong tsa puso ya Modimo, tseo boholo ba tsona di tshwarwang ka puo ya Senyesemane, nna le Angèle re ile ra qala ho sebetsa ka thata ho ithuta puo eo. Ka hoo, re ile ra etsa qeto ya ho ya phuthehong e buang senyesemane le hoja re ne re se re le dilemong tsa bo 70 ka nako eo. Ka ha ke ne ke e na le boikarabelo ba ho ba setho sa Komiti ya Lekala la France, ho ithuta puo e nngwe ho ne ho se bonolo. Empa nna le Angèle re ile ra thusana. Le hoja re le dilemong tsa bo 80 hona jwale, re ntse re tswela pele ho lokisetsa diboka ka Senyesemane le Sefora. Re boetse re leka hore hangata ka moo re ka kgonang re be teng dibokeng le tshimong ya phutheho ya rona. Jehova o hlohonolofaditse boiteko ba rona ba ho ithuta Senyesemane.

Re ile ra thaba le ho feta ka 2017. Nna le Angèle re ile ra ba le tlotla ya ho ya Sekolong sa Barababo rona ba Komiti ya Lekala le Basadi ba Bona se neng se tshwaretswe Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York.

Ka nnete Jehova ke morupedi e moholo. (Esa. 30:20) Ka hoo, ha ho makatse hore ebe batho ba hae e bang ba baholo kapa ba banyane, ba fumana thupelo e molemo ka ho fetisisa. (Deut. 4:5-8) Ke bone hore ha batjha ba mamela Jehova hape ba mamela batho ba nang le boiphihlelo, ba kgona ho etsa diqeto tse nepahetseng ba be ba atlehe ha ba se ba hodile. Liproverbia 9:9 e re: “Fa motho ya bohlale mme o tla hlalefa haholo. Fa motho ya lokileng tsebo mme o tla eketsa ho ithuta.”

Ka dinako tse ding, ke ikgopotsa mohla letsatsi lane leo ke neng ke le dithabeng tsa Algeria dilemong tse ka bang tse 60 tse fetileng. Ke ne ke sa tsebe hore ke ne ke tlo ba le bophelo bo monate hakana. Ke ithutile dintho tse ngata haholo ho batho ba bang. Jehova o re file bophelo bo monate le bo kgotsofatsang haholo le mosadi wa ka. Ka hoo, re ikemiseditse hore re ke ke ra kgaotsa ho ithuta ho Ntate wa rona le ho bara le baradi ba bo rona ba bohlale le ba ratang Jehova.

^ par. 11 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ya Mangolo a Halalelang.