Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o ne o Tseba?

Na o ne o Tseba?

Na batho ba mehleng ya Bibele ba ne ba sebedisa jwang ba lodi ho etsa dikepe?

Jwang ba lodi

BATHO ba bangata ba a tseba hore mehleng ya kgale, batho ba Egepeta ba ne ba ngolla nthong ya ho ngolla e neng e entswe ka jwang ba lodi. Bagerike le Baroma le bona ba ne ba ngolla nthong eo e entsweng ka lodi. * Empa ha se batho ba bangata ba neng ba tseba hore jwang ba lodi bo ne bo boetse bo sebedisetswa ho etsa dikepe.

Dikepe tse pedi tse entsweng ka lodi di behilwe ka mabitleng a kgale a Egepeta

Dilemo tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a ngola hore batho ba dulang “sebakeng sa dinoka tsa Ethiopia” ba ile ba “romela baromuwa ka lewatle le ka dikepe tsa lodi hodima metsi.” Ha morao, moprofeta Jeremia o ile a bolela esale pele hore ha Bamede le Bapersia ba hlasela Bababylona ba tla tjhesa “dikepe [tsa bona] tsa lodi” ho ba thibela hore ba se ke ba baleha.​—Esa. 18:1, 2; Jer. 51:32.

Bibele e buduletswe ke Modimo, ka hoo e ke ke ya eba ntho e makatsang ho baithuti ba Bibele ho tseba hore baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana hore jwang ba lodi ka nnete bo ne bo sebedisetswa ho etsa dikepe mehleng ya Bibele. (2 Tim. 3:16) Baepolli ba dintho tsa kgale ba ile ba fumana eng? Ba ile ba fumana bopaki bo hlakileng ba hore dikepe di ne di etswa ka jwang ba lodi Egepeta.

DIKEPE TSE ENTSWENG KA LODI DI NE DI ETSWA JWANG?

Mabitleng a Egepeta a kgale, ho ne ho ena le ditshwantsho le dintho tse toroilweng maboteng tse bontshang ka moo batho ba neng ba kotula jwang ba lodi ka teng ebe ba etsa dikepe ka bona. Banna ba ne ba kgaola mahlaka a lodi ebe ba a bokella, ba a tlama ebe ba a otlanya fatshe ho etsa hore a tiye. Mahlaka a lodi a kgutlotharo. Ka hoo ha mahlaka ao a tlanngwe ha mmoho ka thata a a tiya. Ho ya ka buka ya A Companion to Ancient Egypt, Dikepe tse entsweng ka jwang ba lodi di ne di ka ba bolelele ba dimithara tse 17, mme di ka beha masokwana a ka bang 10 kapa 12 lehlakoreng ka leng.

Ditshwantsho tse toroilweng maboteng a Egepeta tse bontshang ka moo dikepe tsa lodi di entsweng ka teng

KE HOBANENG HA BATHO BA NENG BA ETSA DIKEPE BA ILE BA SEBEDISA LODI?

Hangata jwang ba lodi bo ne bo fumaneha ka bongata phuleng ya Noka ya Nile. Ho feta moo, ho ne ho le bonolo ho etsa dikepe tse entsweng ka jwang boo. Esita le nakong eo batho ba neng ba se ba sebedisa patsi ho etsa dikepe tse kgolo, ho bonahala batho ba tjhehang ditlhapi le batho ba tsomang ba ile ba tswela pele ho sebedisa lodi ho etsa dikepe tse nyane.

Batho ba ile ba tswela pele ho sebedisa dikepe tse entsweng ka lodi nako e telele. Ho ya ka mongodi wa Segerike e leng Plutarch, ya phetseng mehleng ya baapostola, o re batho mehleng ya hae ba ne ba ntse ba tlwaetse ho sebedisa dikepe tse entsweng ka lodi ka nako eo.

^ par. 3 Jwang ba lodi bo holela sebakeng seo ho dulang ho ena le metsi le dinokeng tseo metsi a teng a sa phalleng ka potlako. Jwang bona bo ka hola ba eba bolelele ba dimithara tse hlano mme kutu ya bona ya eba botenya ba disenthimithara tse 15.