Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22

Ke Keletso Efe e ka re Tswelang Molemo?

Ke Keletso Efe e ka re Tswelang Molemo?

“Jehova o fana ka bohlale.”​—LIPROV. 2:6.

PINA YA 89 Mamela Mme o Putswe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke hobaneng ha re hloka hore Modimo a re fe bohlale? (Liproverbia 4:7)

 NA HO na le qeto ya bohlokwa eo o ileng wa lokela ho e etsa? Ha ho pelaelo hore o ile wa rapella bohlale hobane o ne o tseba hore o a bo hloka. (Jak. 1:5) Morena Solomone o ile a re: “Bohlale ke ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa.” (Bala Liproverbia 4:7.) Solomone o ne a sa bue ka bohlale ba batho empa o ne a bua ka bohlale bo tswang ho Jehova Modimo. (Liprov. 2:6) Na bohlale boo Modimo a re fang bona bo ka re thusa hore re tsebe seo re lokelang ho se etsa ha re ena le mathata? Sehlooho sena se tla bontsha hore na bohlale boo bo ka re thusa jwang.

2. Re ka etsang e le hore re be bohlale?

2 Tsela e nngwe eo re ka bang bohlale ka yona ke ka hore re ithute ho banna ba babedi ba neng ba le bohlale haholo le ho sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona. Re tlo qala pele ka ho bua ka Solomone. Bibele e re “Modimo a tswela pele ho fa Solomone bohlale le kutlwisiso ka tekanyo e kgolo haholo.” (1 Mar. 4:​29) Ka mora moo, re tla bua ka Jesu ya neng a le bohlale ho feta motho le ha e le ofe. (Mat. 12:42) Bibele e ile ya re ka Jesu: “Moya wa Jehova o tla dula hodima hae, moya wa bohlale le wa kutlwisiso.”​—Esa. 11:2.

3. Re tlo bua kang sehloohong see?

3 Bohlale boo Modimo a ileng a bo fa Solomone le Jesu bo ile ba ba thusa hore ba fane ka keletso ka dintho tsa bohlokwa. Sehloohong sena re tlo bua ka tsena tse tharo: Ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tjhelete, mosebetsi le ka rona.

MAIKUTLO A HAO KE AFE KA TJHELETE?

4. Solomone le Jesu ba ne ba fapane jwang?

4 Solomone e ne e le morui a bile a na le ntlo e majabajaba. (1 Mar. 10:7, 14, 15) Jesu yena o ne a se na dintho tse ngata a bile a se na ntlo. (Mat. 8:20) Le ha ho le jwalo, ka ha Jehova Modimo o ne a ba file bohlale, ha ba a ka ba nka dintho tseo ba nang le tsona e le tsa bohlokwa ka ho fetisisa.

5. Maikutlo a Solomone e ne e le afe ka tjhelete?

5 Solomone o ile a re tjhelete ke “tshireletso.” (Moek. 7:​12) Ha re na le tjhelete re ka kgona ho ba le dintho tseo re di hlokang le tse ding tseo re di batlang. Solomone o ne a ruile haholo. Le ha ho le jwalo, o ile a hlokomela hore ho na le dintho tseo e leng tsa bohlokwa ho feta tjhelete. Ka mohlala, o ile a re: “Lebitso le lokela ho kgethwa ho ena le maruo a mangata.” (Liprov. 22:1) Solomone o ile a boela a re hangata batho ba ratang tjhelete ha ba thabele dintho tseo ba nang le tsona. (Moek. 5:​10, 12) O ile a re ha re a lokela ho nka tjhelete e le yona ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa hobane e ka fela ka ho panya ha leihlo.​—Liprov. 23:4, 5.

Na maikutlo a hao ka dintho tseo o nang le tsona a etsa hore o se ke wa beha Mmuso pele? (Sheba serapa sa 6 le 7) *

6. Jesu o ne a nka dintho tseo a neng a ena le tsona jwang? (Matheu 6:31-33)

6 Jesu o ne a sa nke dintho tseo a nang le tsona e le tsa bohlokwa ka ho fetisisa. E ne e le motho ya thabelang dijo. (Luka 19:2, 6, 7) Ka letsatsi le leng o ile a etsa veine e monate haholo mme oo e ne e le mohlolo wa hae wa pele. (Joh. 2:10, 11) O ne a apere seaparo se turang letsatsing leo a shweleng ka lona. (Joh. 19:23, 24) Ho ntse ho le jwalo, Jesu ha a ka a nka dintho tseo a neng a ena le tsona e le tsa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hae. O ile a re ho balatedi ba hae: “Ha ho eo e ka bang lekgoba la benghadi ba babedi . . . Le ke ke la ba makgoba a Modimo le a Maruo.” (Mat. 6:24) Jesu o ile a re haeba re batla Mmuso pele, Jehova o tla etsa bonnete ba hore o re fa dintho tseo re di hlokang.​—Bala Matheu 6:31-33.

7. Ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tjhelete ho thusitse morabo rona e mong jwang?

7 Ho mamela keletso ya Jehova e mabapi le tjhelete ho thusitse bara le baradibabo rona ba bangata. Nahana ka mohlala wa Morabo rona Daniel wa lesoha. O re: “Ha ke sa le motjha, ke ile ka etsa qeto ya hore ntho e tla tla pele bophelong ba ka ke ho sebeletsa Jehova.” Daniel o ne a se na dintho tse ngata mme seo se ile sa etsa hore a etse mesebetsi e mengata ka mokgatlong wa Jehova. Daniel o boetse o re: “Ka nnete ha ke ikwahlaele qeto eo ke ileng ka e etsa. Hoja ke ne ke rata tjhelete nkabe ke ile ka ba le e ngata ebile nkabe ke se na metswalle eo ke nang le yona hona jwale. Hape ha ke ne ke rata tjhelete nkabe ke sa thabiswe ke hore ke kgona ho beha Mmuso pele. Ha ho na tjhelete e ka lekanang le ditlhohonolofatso tseo Jehova a mphileng tsona.” Ho hlakile hore ho sebeletsa Jehova ho re tswela molemo ho feta ho ameha haholo ka ho ba le tjhelete.

MAIKUTLO A HAO KE AFE KA MOSEBETSI?

8. Re tseba jwang hore Solomone o ne a ena le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi? (Moeklesia 5:18, 19)

8 Solomone o ile a re motho o thabiswa ke ho sebetsa ka thata mme o ile a re seo ke “mpho ya Modimo.” (Bala Moeklesia 5:18, 19.) O ile a re: “Ka mofuta o mong le o mong wa ho sehla ho ba le molemo.” (Liprov. 14:23) Solomone o ne a tseba hore na o bua kang hobane o ne a sebetsa ka thata. O ile a ikahela matlo, a itemela dirapa tsa morara, a iketsetsa dirapa le matamo a metsi a ba a haha metse. (1 Mar. 9:19; Moek. 2:4-6) Ka nnete Solomone o ne a sebetsa ka thata mme seo se ne se etsa hore a thabe. Solomone o ne a tseba hore ho sebetsa ka thata ha se yona feela ntho e neng e ka etsa hore a thabe empa o ne a ka thabiswa ke ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, o ile a etella pele mosebetsi wa ho haha tempele e ntle ya Jehova o ileng wa nka dilemo tse supileng. (1 Mar. 6:38; 9:1) Ka mora hore Solomone a etse dintho tsena kaofela, o ile a hlokomela hore ntho ya bohlokwa eo motho a ka e etsang ke ho sebeletsa Jehova. O ile a re: “Qetello ya taba, ha ntho e nngwe le e nngwe e se e utlwilwe, ke ena: Tshaba Modimo wa nnete mme o boloke ditaelo tsa hae.”​—Moek. 12:13.

9. Jesu o ile a etsang hore mosebetsi e se ke ya eba ntho e tlang pele bophelong ba hae?

9 Jesu o ne a sebetsa ka thata. Ha e sa le motjha, o ne a etsa mosebetsi wa mapolanka. (Mar. 6:⁠3) Ha ho pelaelo hore batswadi ba hae ba ne ba ananela hore ebe o a ba thusa ha ba ntse ba leka ho hlokomela lelapa la bona le leholo. Jesu o ne a sa etse diphoso, ka hoo mosebetsi wa hae e ne e le o tswileng matsoho mme e ka nna yaba batho ba bangata ba ne ba batla dintho tseo a di entseng. Ho ka etsahala hore ebe Jesu o ne a thabela ho etsa mosebetsi wa hae. Jesu o ne a dula a ipha nako ya ho sebeletsa Jehova le hoja a ne a sebetsa ka thata mosebetsing wa hae. (Joh. 7:15) Ha Jesu a se a le tshebeletsong ya nako e tletseng, o ile a re ha a ne a bua le batho bao a neng a ba ruta: “Le se ke la sebeletsa dijo tse senyehang, empa le sebeletse dijo tse dulang ho isa bophelong bo sa feleng.” (Joh. 6:27) Thutong ya Hae ya Thabeng, Jesu o ile a re: “Le ipolokele matlotlo lehodimong.”​—Mat. 6:20.

Re ka etsang hore re be le nako e lekaneng ya mosebetsi le ya ho sebeletsa Jehova? (Sheba serapa sa 10 le 11) *

10. Keng e ka etsahalang mosebetsing haeba re le batho ba sebetsang ka thata?

10 Ha re mamela keletso ya Jehova re tla kgona ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi. Bakreste ba rutwa hore ba “sebetse ka thata . . . , mosebetsi o molemo.” (Baef. 4:28) Hangata batho bao re ba sebeletsang ba a hlokomela hore re a tshepahala ebile re sebetsa ka thata mme ba ka nna ba re bolella hore ba rata tsela eo re sebetsang ka yona. Ntho ena e ka nna ya etsa hore re batle ho sebetsa dihora tse eketsehileng e le hore batho bao re ba sebeletsang ba bone hore Dipaki Tsa Jehova di sebetsa ka thata. Ha re etsa jwalo, re ka nna ra se be le nako e lekaneng ya ho ba le ba lelapa le ya ho sebeletsa Jehova. Re lokela ho etsa bonnete ba hore re ba le nako ya ho etsa dintho tsa bohlokwa.

11. Morabo rona e mong o ithutile eng mabapi le mosebetsi?

11 Morabo rona William e motjha o ile a ithuta ho moholo eo a neng a mo sebeletsa hore ke ha bohlokwa hore a se ke a dumella mosebetsi hore o mo sitise ho etsa dintho tsa bohlokwa. Morabo rona William o re: “[Moholo enwa] ke mohlala o motle wa motho ya sebetsang ka thata. O a ikitlaetsa mosebetsing mme bareki ba a mo rata ka ha o etsa mosebetsi o tswileng matsoho. Le ha ho le jwalo, ha a tjhaisa o lebala ka mosebetsi mme o ipha nako ya lelapa la hae le ya borapedi. Empa seo ke se hlokometseng ke hore ke e mong wa batho ba thabileng ka ho fetisisa!” *

NA O NKA HORE O BOHLOKWA HO FETA BATHO BA BANG?

12. Solomone o ile a bontsha jwang hore ha a nke hore o bohlokwa ho feta ba bang, hona o ile a fetoha jwang?

12 Ha Solomone a ntse a sebeletsa Jehova o ne a sa nke hore o bohlokwa ho feta batho ba bang. Ha e ntse e le motjha, o ne a utlwisisa hore ho na le dintho tseo a sa kgoneng ho di etsa mme o ne a kopa keletso ho Jehova. (1 Mar. 3:7-9) Ha Solomone a ne a qala ho busa o ne a tseba kotsi e ka bakwang ke ho ikgohomosa. O ile a re: “Boikakaso bo etella ho wa pele, mme moya o ikgohomosang o etella ho kgoptjwa pele.” (Liprov. 16:18) Ka maswabi, ha morao Solomone ha a ka a sebedisa keletso eo ya hae. Nakwana ka mora hore e be morena, o ile a ikgohomosa mme a qala ho se mamele melao ya Modimo. Ka mohlala, molao o mong o ne o re morena wa Moheberu ha a lokela ho “ikekeletsa basadi, hore pelo ya hae e se ke ya kgeloha.” (Deut. 17:17) Solomone ha a ka a mamela molao oo yaba o ba le basadi ba 700 le direthe tse 300 mme bongata ba bona ba ne ba sa sebeletse Jehova. (1 Mar. 11:1-3) Mohlomong Solomone o ne a nahana hore taba eo e ke ke ya mo bakela mathata. Le ha ho le jwalo, o ile a etsahallwa ke dintho tse bohloko ka lebaka la ho se mamele Jehova.​—1 Mar. 11:9-13.

13. Re ka ithutang mohlaleng wa Jesu?

13 Jesu o ile a dula a ikokobeditse a bile a sa nke hore o bohlokwa ho feta batho ba bang. Pele Jesu a tla lefatsheng, o ile a etsa dintho tse ngata tse babatsehang ha a ntse a sebeletsa Jehova. “Dintho tse ding tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng di ile tsa boptjwa” ho sebediswa Jesu. (Bakol. 1:16) Ha Jesu a kolobetswa o ile a hopola dintho tseo a ileng a di etsa ha a ne a na le Ntate wa hae lehodimong. (Mat. 3:16; Joh. 17:5) Ho hopola dintho tseo ha ho a ka ha etsa hore Jesu a ikgohomose. Hape ha a ka a iphahamisetsa batho ba bang. O ile a bolella barutuwa ba hae hore ha a ka a tla lefatsheng “ho sebeletswa, empa ho sebeletsa le ho fana ka moya wa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.” (Mat. 20:28) O ile a boela a re a ke ke a etsa ntho le ha e le efe e itswelang ho yena. (Joh. 5:19) Ka nnete Jesu o ne a ikokobeditse! O re behetse mohlala o motle oo re ka o latelang.

14. Re ka ithutang ho seo Jesu a se rutileng balatedi ba hae?

14 Jesu o ile a ruta balatedi ba hae hore ba se ke ba ikgalala. Ka lekgetlo le leng, o ile a re ho bona: “Moriri wa dihlooho tsa lona o badilwe kaofela.” (Mat. 10:30) Mantswe ao a a re kgothatsa, haholoholo haeba re na le ho ikutlwa eka ha re batho ba bohlokwa. Mantswe ao a bolela hore Ntate wa rona ya lehodimong o a re tsotella ebile o re nka re le batho ba bohlokwa. Ha re batle ho belaella taba ya hore Jehova o re nka re le batho ba bohlokwa ka hore re nahane hore ha re tshwanelehe ho mo sebeletsa le ho fumana bophelo bo sa feleng.

Re ka lahlehelwa ke monyetla wa ho fumana ditlhohonolofatso dife haeba re nka hore re bohlokwa ho feta batho ba bang? (Sheba serapa sa 15) *

15. (a) Molula-Qhooa o mong o ile wa re re se ke ra etsa eng? (b) Ho ya ka setshwantsho se leqepheng la 24, re ka lahlehelwa ke monyetla wa ho fumana ditlhohonolofatso dife haeba re nka hore re bohlokwa ho feta batho ba bang?

15 Dilemo tse 15 tse fetileng, Molula-Qhooa o mong o ile wa re re se ke ra ikgalala kapa ra nka hore re bohlokwa ho feta batho ba bang. O ile wa re: “Ka sebele, ha re batle ho iphahamisa hoo re inahanang borona feela, ebile ha re batle ho etsa se fapaneng le seo ebe re inka re se letho. Ho ena le hoo, sepheo sa rona e lokela ho ba ho itadima ka tsela e nepahetseng, e leng tsela e bontshang hore re a tseba hore ho na le moo re leng matla teng le moo re fokolang teng. Mosadi e mong wa Mokreste o ile a re: ‘Ha ke motho e mobe ho feta ba bang, ebile ha ke motho e motle ho feta ba bang. Ke na le makgabane le dikodi [kapa mefokolo], mme batho bohle ba jwalo.’” * Ka hoo, re kgona ho bona hore na ke hobaneng ha re sa lokela ho ikgalala kapa ho nka hore re bohlokwa ho feta batho ba bang.

16. Ke hobaneng ha Jehova a re fa keletso e re tswelang molemo?

16 Jehova o re fa keletso e re thusang a sebedisa Lentswe la hae Bibele. O a re rata ebile o batla hore re thabe. (Esa. 48:17, 18) Qeto e nepahetseng eo re ka e etsang ke hore re etse dintho tse tla thabisa Jehova mme seo le rona se tla re thabisa. Ha re etsa jwalo, re tla qoba mathata ao batho ba nkang tjhelete le mosebetsi e le tsa bohlokwa le ba nkang hore ba bohlokwa ho feta batho ba bang ba bang le ona. E se eka kaofela ha rona re ka ikemisetsa ho ba bohlale le ho thabisa Jehova.​—Liprov. 23:15.

PINA YA 94 Re Ananela Lentswe la Modimo

^ Solomone le Jesu ba ne ba le bohlale haholo. Jehova Modimo ke yena ya ba fileng bohlale boo. Sehloohong sena re tlo bona hore na re ka ithutang keletsong ya Solomone le ya Jesu ka ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tjhelete, mosebetsi le ka rona. Re tla boela re bone hore na ho mamela keletso ya Bibele e mabapi le dintho tsena ho thusitse Bakrestemmoho jwang.

^ Sheba sehlooho se reng, “O ka Etsang Hore o Thabele ho Sebetsa ka Thata?” ho Molula-Qhooa wa February 1, 2015.

^ Sheba sehlooho se reng, “Bibele e ka o Thusa Hore o Thabe” ho Molula-Qhooa wa August 1, 2005.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona John le Morabo rona Tom ke batjha ba phuthehong e le nngwe. John o qeta nako e ngata a hlwekisa koloi ya hae. Tom yena o sebedisa koloi ya hae ho isa Bakrestemmoho tshimong le dibokeng.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona John o ntse a sebetsa ka mora dihora tsa mosebetsi. Ha a batle ho phoqa mongahae. O a dumela ka mehla ha mongahae a mo kopa hore a sebetse bosiu. Morabo rona Tom eo e leng mohlanka ya sebeletsang, o leetong la bodisa le moholo e mong hona mantsiboyeng ao. Tom o ile a hlalosetsa mongahae hore ka matsatsi a mang a ke ke a kgona ho sebetsa mantsiboya hobane o batla ho sebedisa nako eo ho sebeletsa Jehova.

^ DITSHWANTSHO: Morabo rona John o nka hore o bohlokwa ho feta batho ba bang. Morabo rona Tom o nka Jehova e le wa bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba hae mme o etsa metswalle e metjha ha ba ntse ba lokisa Holo ya Kopano.