Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 20

Lengolo la Tšenolo le Bolelang ho Dira Tsa Modimo?

Lengolo la Tšenolo le Bolelang ho Dira Tsa Modimo?

“Tsa a bokellela sebakeng seo ka Seheberu se bitswang Har–Magedone.”​—TŠEN. 16:16.

PINA YA 150 Batlang Modimo Hore le Lopollwe

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Buka ya Tšenolo e reng ha e bua ka batho ba sebeletsang Modimo?

 BUKA ya Tšenolo e hlalosa hore Mmuso wa Modimo o hlonngwe lehodimong ha Satane yena a lelekilwe lehodimong. (Tšen. 12:1-9) Ka lebaka lena, ho na le mathata lefatsheng empa lehodimong ho ile ha sala ho ena le kgotso. Hobaneng? Hobane Satane o halefile mme o hlasela batho ba sebeletsang Jehova ka botshepehi lefatsheng.​—Tšen. 12:12, 15, 17.

2. Ke eng e tla re thusa ho dula re tshepahalla Jehova?

2 Ke jwang re ka dulang re tshepahalla Modimo le hoja Satane a re hlasela? (Tšen. 13:10) Ntho e ka re thusang ke ho tseba hore na ho tla etsahala eng ka moso. Ka mohlala, ho Tšenolo moapostola Johanne o hlalosa tse ding tsa ditlhohonolofatso tseo re tla di thabela haufinyane. E nngwe ya ditlhohonolofatso tseo ke hore dira tsa Modimo di tla fediswa. A re hlahlobeng hore na Tšenolo e hlalosa dira tsena tsa Modimo jwang le hore na ho tla etsahalang ka tsona.

DIRA TSA MODIMO DI HLALOSWA KA “DIPONTSHO”

3. Tse ding tsa dipontsho tse sebedisitsweng lengolong la Tšenolo ke dife?

3 Temaneng ya pele feela, lengolo la Tšenolo le re bolella hore dintho tseo re tlo di bala di hlaloswa ka “dipontsho” kapa puo ya tshwantshetso. (Tšen. 1:⁠1) Ha morao re bala ka dibata tse tshwantshetsang dira tsa Modimo. Ka mohlala, ho na le “sebata se nyolohang ka lewatleng.” Se na le “dinaka tse leshome le dihlooho tse supileng.” (Tšen. 13:⁠1) Ka mora sebata sena ho hlaha “sebata se seng se nyoloha lefatsheng.” Sebata sena se bua jwalo ka drakone mme se etsa hore “mollo o theohe lehodimong.” (Tšen. 13:11-13) Jwale re bona sebata se seng se fapaneng, “sebata se mmala o sekareleta,” se palangweng ke seotswa. Dibata tsena tse tharo di tshwantshetsa dira tseo esale di lwantsha Jehova Modimo le Mmuso wa hae ka nako e telele. Ke ka hona ho leng bohlokwa hore re di tsebe.​—⁠Tšen. 17:1, 3.

DIBATA TSE NNE TSA DITONANAHADI

Di nyoloha “lewatleng.” (Dan. 7:1-8, 15-17) Di tshwantshetsa mebuso ya batho e ileng ya busa le ho ama batho ba Modimo ka tsela e itseng ho tloha mehleng ya Daniele (Sheba serapa sa 4 le 7)

4, 5. Tlaleho e ho Daniele 7:15-17 e re thusa jwang ho utlwisisa seo dipono tsee di se bolelang?

4 Pele re ka ithuta hore na dira tsena ke bomang, re lokela ho utlwisisa hore na seotswa le dibata tsena di emelang. Tsela e molemo ya ho utlwisisa ke hore re dumelle Bibele hore e itlhalose. Dipono tse ngata tse hlahang bukeng ya Tšenolo di hlalositswe mangolong a mang a Bibele. Ka mohlala, moprofeta Daniele o ile a lora ka ‘dibata tse nne tsa ditonanahadi tse neng di nyoloha lewatleng.’ (Dan. 7:​1-⁠3) Daniele o a re bolella hore na dibata tseo di emela eng. Dibata tsena tsa ditonanahadi di emela “marena” kapa mebuso e mene. (Bala Daniele 7:15-17.) Tlhaloso eo e hlakileng e re thusa ho utlwisisa hore dibata tse hlahang lengolong la Tšenolo le tsona di emela mebuso.

5 Hona jwale a re hlahlobeng dipono tse ding tse hlahang lengolong la Tšenolo. Ha re etsa jwalo, re tla bona ka moo Bibele e re thusang ho utlwisisa hore na dipono tsena di bolela eng. Re tla qala ka ho hlahloba dipono tsa dibata. Pele re tla hlahloba hore na dibata tsena di emela bomang. Ebe re bua ka hore na ho etsahala eng ka tsona. Qetellong re tla bona hore na diketsahalo tsena di bolela eng ho rona.

DIRA TSA MODIMO DI A SENOLWA

SEBATA SE DIHLOOHO DI SUPILENG

Se nyoloha “ka lewatleng” mme se na le dihlooho tse supileng, dinaka tse leshome le mefapahlooho e leshome. (Tšen. 13:1-4) Se tshwantshetsa mebuso yohle e busitseng batho ho fihlela hona jwale. Dihlooho tse supileng di tshwantshetsa mebuso ya lefatshe e supileng e ileng ya eba le ditshebedisano ka tsela e itseng le batho ba Modimo (Sheba serapa sa 6-8)

6. Sebata se dihlooho di supileng se hlalositsweng ho Tšenolo 13:1-4 ke eng?

6 Sebata se dihlooho di supileng se emela eng? (Bala Tšenolo 13:1-4.) Seo re se hlokomelang ke hore sebata sena se tshwana le lengau empa se na le maoto a bere le molomo wa tau le dinaka tse leshome. Ho na le ho tshwana ho teng pakeng tsa sebata sena le dibata tse nne tse hlalositsweng ho Daniele kgaolo ya bosupa. Sebata sena se hlahang lengolong la Tšenolo se kopantse ditshobotsi tsa dibata tse nne tse hlahang lengolong la Daniele. Sebata sena ha se tshwantshetse mmuso o le mong. Johanne o itse se busa “hodima moloko o mong le o mong le batho ba bang le ba bang le leleme le leng le le leng le setjhaba se seng le se seng.” Ka hoo, e tlameha ebe se tshwantshetsa ntho e kgolo ho feta mmuso le ha e le ofe wa naha e ikemetseng. (Tšen. 13:⁠7) Ho a hlaka hore sebata sena se emela mebuso yohle ya dipolotiki e nnileng ya busa batho ho tla fihlela jwale. *​—Moek. 8:9.

7. Hlooho e nngwe le e nngwe ya tse supileng e emela eng?

7 Hlooho e nngwe le e nngwe ya tse supileng e emela eng? Tšenolo kgaolo ya 17 e re thusa ho fumana karabo hobane e hlalosa setshwantsho sa sebata se ho Tšenolo kgaolo ya 13. Tšenolo 17:10 e re: “Ho na le marena a supileng: a mahlano a wele, e mong o teng, e mong ha a eso fihle, empa ha a fihla o tla dula nakwana e kgutshwanyane.” Hara mebuso yohle ya dipolotiki eo Satane a e sebedisitseng, e supileng e bapiswa le “dihlooho” hobane e ne e le matla haholo. Ena ke mebuso ya lefatshe e ileng ya busa batho ba Modimo kapa ya ba le tshusumetso e kgolo ho bona. Ha moapostola Johanne a ntse a phela, e mehlano ya yona e ne e se e kile ya busa, e leng mmuso wa Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Mmuso wa botshelela e leng wa Roma o ne o ntse o busa ha Johanne a senolelwa boprofeta bona. Jwale ke mmuso ofe wa lefatshe oo e neng e tla ba hlooho ya bosupa le ya ho qetela?

8. Hlooho ya bosupa ya sebata e emela mmuso ofe?

8 Hona jwale re tlo hlokomela hore boprofeta ba buka ya Daniele bo re thusa ho tseba hore na hlooho ya bosupa le ya ho qetela ya sebata e emela eng. Ke mmuso ofe wa lefatshe o busang mehleng ee ya bofelo kapa “letsatsing la Morena?” (Tšen. 1:10) O entswe ka mebuso e mmedi e matla e sebedisanang ha mmoho. Ke mmuso wa United Kingdom le United States of America e leng Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika. Ka hoo, re ka etsa qeto ya hore ke wona hlooho ya bosupa ya sebata seo ho buuweng ka sona ho Tšenolo 13:1-4.

SEBATA SE NANG LE DINAKA TSE PEDI JWALO KA KONYANA

Se “nyoloha lefatsheng” mme se bua “jwalo ka drakone.” Se etsa hore “mollo o theohe lehodimong” ebile se etsa dipontsho jwalo ka “moprofeta wa bohata.” (Tšen. 13:11-15; 16:13; 19:20) Mmuso wa Manyesemane le Maamerika o tshwantshetswang ke sebata se dinaka di pedi o bitswa moprofeta wa bohata hobane o kgelosa baahi ba lefatshe le ho ba bolella hore ba “etse setshwantsho” sa “sebata” se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome (Sheba serapa sa 9)

9. Sebata se nang le “dinaka tse pedi jwalo ka konyana” se emela eng?

9 Tšenolo kgaolo ya 13 e tswela pele ho re bolella hore hlooho ena ya bosupa, e leng Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika, e boetse e itshwara jwalo ka sebata se nang le ‘dinaka tse pedi jwalo ka konyana, empa se qala ho bua jwalo ka drakone.’ Sebata sena “se etsa dipontsho tse kgolo, hoo se ka etsang hore esita le mollo o theohe lehodimong ho tla lefatsheng mahlong a moloko wa batho.” (Tšen. 13:11-15) Tšenolo kgaolo ya 16 le 19 e re sebata sena ke “moprofeta wa bohata.” (Tšen. 16:13; 19:20) Daniele o bua taba e tshwanang ha a re Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o ne “o tla baka tshenyo ka tsela e hlollang.” (Dan. 8:19, 23, 24) Sena ke sona hantle se etsahetseng nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Dibomo tse pedi tse ileng tsa qetella di entse hore Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e fele, di ne di entswe ke borasaense ba Brithani le Amerika. Ka ho etsa dibomo tsena tse pedi, Mmuso wa Lefatshe wa Manyesemane le Maamerika o ile wa etsa hore “mollo o theohe lehodimong ho tla lefatsheng.”

SEBATA SE MMALA O SEKARELETA

Se palangwe ke seotswa e leng Babylona e Moholo. Sebata sena se hlaloswa e le morena wa borobedi. (Tšen. 17:3-6, 8, 11) Qalong seotswa se laola sebata sena, empa qetellong sebata se fedisa seotswa. Seotswa se tshwantshetsa mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. Sebata se emela Matjhaba a Kopaneng, e leng mokgatlo o ntshetsang pele dithahasello tsa mebuso ya lefatshe ya dipolotiki (Sheba serapa sa 10 le 14-17)

10. “Setshwantsho sa sebata” se emela eng? (Tšenolo 13:14, 15; 17:3, 8, 11)

10 Re boetse re bona sebata se seng. Sena se batla se tshwana le sebata se dihlooho di supileng empa sona se mmala o sekareleta. Se bitswa “setshwantsho sa sebata” hape se hlaloswa e le “morena wa borobedi.” * (Bala Tšenolo 13:14, 15; 17:3, 8, 11.) Johanne o ile a ithuta hore “morena” enwa o ile a ba teng, a nyamela, a boela a ba teng hape. Tlhaloso ee e dumellana hakaakang le se ileng sa etsahala ka mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng, o etelletsang pele dithahasello tsa mebuso ya lefatshe ya dipolotiki! Pele, mokgatlo ona o ne o bitswa Selekane sa Ditjhaba yaba o a nyamela nakong ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ha morao o ile wa hlaha hape e se e le Matjhaba a Kopaneng.

11. Dibata di susumeletsa batho ho etsa eng, hona ke hobaneng ha re sa lokela ho di tshaba?

11 Dibata tsena kapa mebuso, di sebedisa mashano ho susumeletsa batho hore ba hanyetse Jehova le bahlanka ba hae. Johanne o itse ho tshwana le ha mebuso ena e bokellela “marena a lefatshe lohle leo ho ahilweng ho lona” ntweng ya Armagedone, e leng “letsatsi le leholo la Modimo ya Matla ohle.” (Tšen. 16:13, 14, 16) Empa re tla be re se na lebaka la ho tshoha. Modimo wa rona e moholo, Jehova, o tla nka kgato ka potlako ho pholosa bohle ba tshehetsang Puso ya hae.​—⁠Ezek. 38:21-23.

12. Ho tla etsahalang ka dibata tsohle?

12 Ho tla etsahalang ka dibata tsee kaofela? Tšenolo 19:20 e re: “Sebata sa tshwarwa, mme ha mmoho le sona ha tshwarwa moprofeta wa bohata ya ileng a etsa ka pela sona dipontsho tseo ka tsona a ileng a kgelosa ba ileng ba amohela letshwao la sebata le ba fanang ka borapedi ho setshwantsho sa sona. Ba sa ntse ba phela, ba dihelwa ka letsheng la mollo le tukang sebabole.” Ka hoo, dira tsena tsa Modimo di tla fediswa ka ho felletseng nakong eo di ntseng di busa.

13. Ke mathata afe ao mebuso e a bakelang Bakreste bohle?

13 See se bolela eng ho rona? Ka ha re Bakreste, re tlameha ho tshepahalla Modimo le Mmuso wa hae. (Joh. 18:36) Re ka etsa sena ka ho dula re sa kenelle dipolotiking tsa lefatshe. Empa ho ka ba thata haholo hore re dule re sa kenelle dipolotiking hobane mebuso ya lefatshe e batla hore re e tshehetse ka dintho tseo re di buang le tseo re di etsang. Batho ba qetellang ba inehetse mme ba tshehetsa mebuso ena ba amohela letshwao la sebata. (Tšen. 13:16, 17) Batho ba amohelang letshwao leo ba ke ke ba amoheleha ho Jehova mme ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. (Tšen. 14:9, 10; 20:4) Ka hoo, ho bohlokwa hore re dule re sa kenelle dipolotiking, ho sa tsotellehe hore na mebuso e re hatella hakae hore re e tshehetse.

QETELLO E TLONTLOLLANG YA SEOTSWA SE SEHOLO

14. Ho ya ka Tšenolo 17:3-5, ke ntho efe e makatsang eo moapostola Johanne a ileng a e bona?

14 Moapostola Johanne o re o ile a makatswa haholo ke ntho e nngwe hape eo a ileng a e bona. E ne e le eng? E ne e le mosadi ya palameng se seng sa dibata tsena tse tshosang. (Tšen. 17:1, 2, 6) Ke “seotswa se seholo” mme lebitso la hae ke “Babylona e Moholo.” O etsa “bohlola” le “marena a lefatshe.”​—Bala Tšenolo 17:3-5.

15, 16. “Babylona e Moholo” ke mang, hona re tseba seo jwang?

15 “Babylona e Moholo” ke mang? Mosadi enwa ha a emele mokgatlo wa dipolotiki hobane Tšenolo e re o etsa bohlola le baetapele ba lefatshe ba dipolotiki. (Tšen. 18:9) Ha e le hantle, taba ya hore ebe ho thwe o palame sebata, e bontsha hore o leka ho laola babusi bana. Hape ha a tshwantshetse kgwebo e meharo ya lefatshe la Satane. Kgwebo e meharo ho buuwa ka yona ditemaneng tse ding tsa Tšenolo e le “bahwebi ba tsamayang ba lefatshe.”​—Tšen. 18:11, 15, 16.

16 Ka Bibeleng, lentswe “seotswa” le ka bolela batho ba reng ba sebeletsa Modimo empa ka tsela e itseng ba rapela ditshwantsho kapa e le metswalle ya lefatshe. (1 Likron. 5:25; Jak. 4:4) Empa ba sebeletsang Modimo ka botshepehi, Bibele e re ke ba “hlwekileng” kapa “masoha.” (2 Bakor. 11:2; Tšen. 14:4) Babylona ya boholoholo e ne e le motsemoholo wa bodumedi ba bohata. Ka hoo, e tlameha ebe Babylona e Moholo e emela mefuta yohle ya borapedi ba bohata. Ha e le hantle ke mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata.​—Tšen. 17:5, 18; sheba sehlooho se reng “Babylona e Moholo ke Eng?” se websaeteng ya jw.org.

17. Ho tla etsahala eng ka Babylona e Moholo?

17 Ho tla etsahala eng ka Babylona e Moholo? Tšenolo 17:16, 17 e arabela ka ho re: “Dinaka tse leshome tseo o di boneng, le sebata, di tla hloya seotswa mme di tla se ripitla le ho se hlobodisa, di tla ja dinama tsa sona mme di tla se tjhesa ka ho felletseng ka mollo. Etswe Modimo o ho kentse ka dipelong tsa tsona ho phetha monahano wa hae.” Jehova o tla susumeletsa ditjhaba ho sebedisa sebata se mmala o sekareleta, e leng Matjhaba a Kopaneng, ho hlasela mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata le ho o fedisa ka ho felletseng.​—⁠Tšen. 18:21-24.

18. Re ka etsang hore re se ke ra ikamahanya le Babylona e Moholo ho hang?

18 See se bolela eng ho rona? Re lokela ho tswela pele re le ka hara “mofuta wa borapedi o hlwekileng le o sa silafalang ponong ya Modimo.” (Jak. 1:27) Ha re a lokela ho itumella ho susumetswa ke Babylona e Moholo ka dithuto tsa bohata, mekete ya bohetene, boitshwaro bo bobe le ho sebedisana le meya. Hape re lokela ho tswela pele ho hlokomedisa batho ho “tswa ho yena,” e le hore ba ka qoba ho kenella dikotlong tseo Modimo a mo tlisetsang tsona.​—⁠Tšen. 18:4.

KAHLOLO YA SERA SE SEHOLO SA MODIMO

DRAKONE E MMALA WA MOLLO

Satane o fa sebata matla. (Tšen. 12:3, 9, 13; 13:4; 20:2, 10) Satane ke sera se seholo sa Jehova mme o tla kwallwa mohohlong ka dilemo tse sekete. Ka mora moo, Satane o tla dihelwa ka “letsheng la mollo le sebabole” (Sheba serapa sa 19 le 20)

19. “Drakone e kgolo e mmala wa mollo” ke mang?

19 Buka ya Tšenolo e boetse e bua ka “drakone e kgolo e mmala wa mollo.” (Tšen. 12:3) Drakone e lwantsha Jesu le mangeloi a hae. (Tšen. 12:7-9) E hlasela batho ba Modimo mme e fa dibata kapa mebuso ya batho matla. (Tšen. 12:17; 13:4) Drakone ee ke mang? Ke “noha ya pele, e bitswang Diabolose le Satane.” (Tšen. 12:9; 20:2) Ke yena ya laolang dira tsohle tsa Jehova.

20. Ho tla etsahalang ka drakone?

20 Ho tla etsahalang ka drakone? Tšenolo 20:1-3 e re lengeloi le tla dihela Satane ka mohohlong. Ho tla tshwana le ha eka o kentswe teronkong. Nakong eo a leng ka mohohlong, Satane a ke ke a hlola a “kgelosa ditjhaba ho fihlela dilemo . . . tse sekete di fedile.” Qetellong, Satane le bademona ba hae ba tla dihelwa ka “letsheng la mollo le sebabole,” e leng ho bolelang hore ba tla fediswa ka ho felletseng. (Tšen. 20:10) Nahana feela hore na lefatsheng ho tla ba jwang ha Satane le bademona ba hae ba se ba le siyo. Eo e tla ba nako e monate hakaakang!

21. Ke hobaneng ha re ka thabiswa ke dintho tseo re di balang lengolong la Tšenolo?

21 Ruri ho a kgothatsa ho utlwisisa hore na dipontsho tsena tse tlalehilweng lengolong la Tšenolo di bolela eng. Re ithutile hore na dira tsa Jehova ke bomang le hore na ho tla etsahala eng ka tsona. Ka nnete “ho thaba ya ballang hodimo le ba utlwang mantswe a boprofeta bona.” (Tšen. 1:3) Empa ke ditlhohonolofatso dife tseo batho ba tshepahalang ba tla di fumana ha dira tsa Modimo di se di fedisitswe? Re tla hlahloba karabo ya potso ena sehloohong se latelang.

PINA YA 23 Jehova o Qala ho Busa

^ Lengolo la Tšenolo le sebedisa dintho tsa tshwantshetso ho re bolella hore na dira tsa Modimo ke bomang. Lengolo la Daniele lona le re thusa ho utlwisisa hore na dintho tseo di bolela eng. Sehloohong sena re tlo bapisa boprofeta bo bong ba Daniele le bo bong bo tshwanang le bona bo hlahang ho Tšenolo. Seo se tla re thusa ho tseba dira tsa Modimo. Ka mora moo, re tla hlahloba hore na ho tla etsahala eng ka tsona.

^ Bopaki bo bong bo bontshang hore sebata se dihlooho di supileng se emela mebuso yohle ya dipolotiki ke hore se na le “dinaka tse leshome.” Ka Bibeleng, hangata palo leshome e sebediswa ho bontsha hore ntho e felletse.

^ Setshwantsho sa sebata se fapane le sebata ka hore sona ha se na meqhaka kapa “mefapahlooho” dinakeng tsa sona. (Tšen. 13:1) Lebaka ke hobane ‘se hlaha mareneng a supileng’ mme marena ana ke wona a se fang matla.​—Sheba sehlooho se websaeteng ya jw.org se reng “Sebata se Mmala o Sekareleta se ho Tšenolo Kgaolo ya 17 ke Eng?