Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 19

Lengolo la Tšenolo le Bolelang ho Wena Mehleng ee?

Lengolo la Tšenolo le Bolelang ho Wena Mehleng ee?

“Ho thaba ya ballang hodimo . . . mantswe a boprofeta bona.”​—TŠEN. 1:3.

PINA YA 15 Rorisang Letsibolo la Jehova

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Ke hobaneng ha re lokela ho thahasella lengolo la Tšenolo?

 NA O kile wa bontshwa albamo ya difoto tsa motho e mong? Ha o ntse o sheba difoto, o bona batho ba bangata bao o sa ba tsebeng. Empa ha o fihla fotong e nngwe, o ema hanyane mme o a e shebisisa. Hobaneng? Hobane o teng fotong eo. Ha o ntse o e shebile, o leka ho hopola hore na e nkilwe neng le hore na le ne le le hokae. O leka le ho bona hore na ke bomang ba bang bao o ba tsebang ba teng fotong eo. Foto eo ka ho kgetheha e bolela ho hong ho wena.

2 Lengolo la Tšenolo le tshwana le foto eo. Hobaneng? Bonyane ka mabaka a mabedi. Lebaka la pele ke hore lengolo lena le ngoletswe rona. Temana ya pele feela e re: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Modimo a ileng a mo fa yona, ho bontsha makgoba a hae dintho tse tla etsahala haufinyane.” (Tšen. 1:1) Taba ena e bolela hore dintho tse ngotsweng lengolong lena di ngoletswe rona batho ba sebeletsang Modimo, eseng batho ka kakaretso. Ka ha re batho ba Modimo, ha re a lokela ho makatswa ke hore ebe re nka karolo phethahatsong ya boprofeta bo hlahang bukeng ena. Ka mantswe a mang, le rona re teng “fotong.”

3, 4. Tšenolo e re boprofeta ba yona bo ne bo tla phethahala neng, hona taba ee e re susumeletsa ho etsang?

3 Lebaka la bobedi leo ka lona re lokelang ho thahasella boprofeta ba Tšenolo ke nako eo bo tla phethahala ka yona. Moapostola Johanne o ile a bontsha hore na boprofeta bona bo ne bo tla phethahala neng ha a ne a re: “Ka pudulelo ke ile ka ba letsatsing la Morena.” (Tšen. 1:10) Ka selemo sa 96 ha Johanne a ne a ngola mantswe ana, ‘letsatsi la Morena’ le ne le sa le hole le ho fihla. (Mat. 25:14, 19; Luka 19:12) Ho latela boprofeta ba Bibele, letsatsi la Morena le qadile ka 1914 ha Jesu a ne a hlomamiswa e le Morena lehodimong. Ho tloha ka selemo seo, boprofeta ba Tšenolo bo buang ka batho ba Modimo bo ile ba qala ho phethahala. Hona jwale re phela “letsatsing la Morena.”

4 Ka ha re phela nakong ena e hlollang, re lokela ho ela hloko ka ho kgethehileng keletso e hlahang ho Tšenolo 1:3 e reng: “Ho thaba ya ballang hodimo le ba utlwang mantswe a boprofeta bona, le ba bolokang dintho tse ngotsweng ho bona etswe nako e behilweng e haufi.” Ka nnete re lokela ho ‘balla hodimo,’ ho ‘utlwa mantswe a boprofeta bona’ le ho a ‘boloka.’ A mang a mantswe aa ao re lokelang ho a mamela ke afe?

ETSA BONNETE BA HORE JEHOVA O AMOHELA BORAPEDI BA HAO

5. Lengolo la Tšenolo le bontsha jwang bohlokwa ba ho etsa bonnete ba hore Jehova o amohela borapedi ba rona?

5 Ho tloha kgaolong ya pele feela ya lengolo la Tšenolo, re ithuta hore Jesu o tseba ntho e nngwe le e nngwe e etsahalang ka diphuthehong. (Tšen. 1:12-16, 20; 2:1) Melaetsa eo Jesu a ileng a e romella diphutheho tse supileng tse Asia Minor e paka sena. Melaetseng eo, o ile a fana ka tataiso e hlakileng e neng e tla thusa Bakreste ba mehleng eo ho etsa bonnete ba hore borapedi ba bona bo a amoheleha ho Jehova. Ditaba tse hlahang melaetseng eo di ama batho bohle ba Modimo kajeno. Re ithutang? Moetapele wa rona Jesu Kreste o tseba hantle hore na setswalle sa rona le Jehova se tiile kapa tjhe. O re etella pele ebile o a re sireletsa mme o bona dintho tsohle. O a tseba hore na re hloka ho etsang e le hore Jehova a dule a ntse a re amohela. O re file tataiso efe eo re lokelang ho e mamela mehleng ee?

6. (a) Ho ya ka Tšenolo 2:​3, 4, phutheho ya Efese e ne e ena le bothata bofe? (b) Re ithutang tabeng ee?

6 Bala Tšenolo 2:3, 4Ha re a lokela ho tlohela lerato leo re neng re rata Jehova ka lona pele. Molaetsa wa Jesu o yang phuthehong ya Efese o bontsha hore ba ne ba ile ba mamella mme ba tswela pele ho sebeletsa Jehova le ha ba ne ba ena le mathata a mangata. Le ha ho le jwalo, ba ne ba tlohetse lerato leo ba neng ba ena le lona pele. Haeba ba ne ba sa tsosolose lerato leo, borapedi ba bona bo ne bo ke ke ba amoheleha. Le rona kajeno ha se hore re lokela ho mamella feela. Mabaka a rona a ho mamella e tlameha ho ba a nepahetseng. Modimo wa rona ha a thahaselle feela hore na re etsa eng empa hape o thahasella le lebaka leo re etsang dintho ka lona. Mabaka ao re etsang dintho ka ona a bohlokwa ho Jehova hobane o lebelletse hore borapedi ba rona bo susumetswe ke lerato le tebileng le kananelo bakeng sa hae.​—Liprov. 16:2; Mar. 12:29, 30.

7. (a) Ho ya ka Tšenolo 3:​1-3, phutheho ya Sarda e ne e ena le bothata bofe? (b) Rona re lokela ho etsang?

7 Bala Tšenolo 3:1-3. Re lokela ho dula re fadimehile. Bakreste ba phutheho ya Sarda ba ne ba ena le bothata bo bong bo fapaneng. Ba ne ba kile ba sebeletsa Jehova pele empa jwale ba ne ba se ba kgwehlisitse. Ke ka hoo Jesu a ileng a re ba “tsohe.” Re ithutang? Ke nnete hore Jehova a ke ke a lebala mosebetsi wa rona. (Baheb. 6:10) Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho nahana hore ha re hloke ho sebeletsa Jehova hona jwale hobane re ile ra mo sebeletsa nakong e fetileng. Le haeba ho ena le dintho tse ngata tse re sitisang ho mo sebeletsa hona jwale, re lokela ho dula re phathahane ka ‘mosebetsi wa Morena’ re bile re fadimehile ho fihlela qetellong.​—1 Bakor. 15:58; Mat. 24:13; Mar. 13:33.

8. Re ithutang mantsweng a Jesu a neng a ya ho Bakreste ba phutheho ya Laodisia a ho Tšenolo 3:15-17?

8 Bala Tšenolo 3:15-17. Re lokela ho tjheseha re be re sebeletse Jehova ka pelo yohle. Molaetsa wa Jesu o yang phuthehong ya Laodisia o bua ka bothata bo bong hape. Ba ne ba le “foofo” borapeding ba bona. Jesu o ile a re ba ‘soto mme ba a haula’ hobane ba ne ba nka dintho hanyane. Ba ne ba lokela ho tjhesehela Jehova le borapedi ba hae haholo. (Tšen. 3:19) Re ithutang? Haeba re se re sa tjhesehe jwalo ka pele, re lokela ho ananela haholwanyane dintho tse molemo tseo Jehova le mokgatlo wa hae ba re etseditseng tsona. (Tšen. 3:18) Ho hang ha re a lokela ho hahamalla bophelo bo mabothobotho hona jwale, e leng ho ka fellang ka hore ho sebeletsa Jehova e se ke ya eba ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba rona.

9. Melaetsa ya Jesu e yang ho Bakreste ba Pergame le Thyatire e bontsha hore re lokela ho qoba dikotsi dife?

9 Re lokela ho qoba dithuto tsa bakwenehi. Jesu o ile a kgalemela Bakreste ba bang ba Pergame hobane ba ne ba baka dikarohano ka phuthehong. (Tšen. 2:14-16) O ile a babatsa Bakreste ba Thyatire ba neng ba suthetse hole le “dintho tse tebileng tsa Satane” mme a ba kgothaletsa ho tshwara nnete ka tiyo. (Tšen. 2:24-26) Bakreste ba neng ba itumeletse ho kgeloswa ke dithuto tsena tsa bohata ba ne ba lokela ho baka. Taba ee e re ama jwang? Re lokela ho qoba dithuto le ha e le dife tse sa dumellaneng le tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Bakwenehi ba ka nna ba bonahala eka ba a tsotella hore na Bibele e reng empa diketso tsa bona di bontsha hore ha ho jwalo. (2 Tim. 3:5) Ho ba bonolo ho hlokomela le ho qoba dithuto tsa bohata haeba re le baithuti ba hlwahlwa ba Lentswe la Modimo.​—2 Tim. 3:14-17; Juda 3, 4.

10. Ke thuto efe e nngwe eo re e fumanang melaetseng eo Jesu a ileng a e fa phutheho ya Pergame le ya Thyatire?

10 Re lokela ho qoba mefuta yohle ya boitshwaro bo bobe. Bakreste ba Pergame le ba Thyatire ba ne ba ena le bothata bo bong hape. Bakreste ba bang diphuthehong tseo, ba ne ba sa qobe boitshwaro bo bobe mme Jesu o ile a ba nyatsa ka lebaka leo. (Tšen. 2:​14, 20) Re ithutang? Re ke ke ra lebella hore Jehova a mamelle boitshwaro ba rona bo bobe esita le haeba re mo sebeleditse ka dilemo tse ngata ebile re ena le boikarabelo ka mokgatlong wa hae. (1 Sam. 15:22; 1 Pet. 2:16) O lebelletse hore re kgomarele melao ya hae e phahameng ya boitshwaro ho sa tsotellehe hore na lefatshe lona le dumella dintho tse mpe hakae.​—Baef. 6:11-13.

11. Re ithutileng ho tla fihlela moo? (Sheba lebokose le reng “ Seo re Ithutang Sona Mehleng Ena.”)

11 Re ithutileng ho tla fihlela moo? Re bone hore re tlameha ho etsa bonnete ba hore borapedi ba rona bo a amoheleha ho Jehova. Haeba ho ena le ntho eo re ntseng re e etsa e ka etsang hore Jehova a se ke a amohela borapedi ba rona, re lokela ho nka kgato hanghang mme re lokise dintho. (Tšen. 2:5, 16; 3:3, 16) Ho na le ntho e nngwe hape eo Jesu a ileng a bua ka yona melaetseng ya hae e yang diphuthehong. Ke ntho efe?

IKEMISETSE HO MAMELLA MAHLORISO

Ka mora hore Satane a lelekwe lehodimong, o ile a hlasela batho ba Modimo jwang? (Sheba serapa sa 12-16)

12. Re ka ithuta eng melaetseng ya Jesu e yang diphuthehong tse Smyrna le Filadelfia? (Tšenolo 2:10)

12 Hona jwale a re bueng ka melaetsa ya Jesu e yang phuthehong ya Smyrna le ya Filadelfia. O ile a bolella Bakreste ba moo hore ba se ke ba tshaba ho hloriswa hobane Jehova o tla ba putsa haeba ba dula ba tshepahala. (Bala Tšenolo 2:10; 3:10) Re ithutang? Re tlameha ho lebella hore re tla hloriswa mme re ikemisetse ho mamella. (Mat. 24:9, 13; 2 Bakor. 12:10) Ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re hopotswe taba ee?

13, 14. Bahlanka ba Modimo ba hlahelwa ke eng ka lebaka la diketsahalo tse hlalositsweng ho Tšenolo kgaolo ya 12?

13 Lengolo la Tšenolo le a re bolella hore bahlanka ba Modimo ba ne ba tla hloriswa “letsatsing la Morena,” e leng mehleng ena eo re phelang ho yona. Tšenolo kgaolo ya 12 e re bolella hore ho ile ha eba le ntwa lehodimong hanghang ka mora hore Jesu e be Morena wa Mmuso wa Modimo. Mikaele, e leng Jesu Kreste ka mora hore a kgutlele lehodimong, ha mmoho le mangeloi a hae, ba ile ba lwantsha Satane le bademona. (Tšen. 12:7, 8) Ntwa ena e ile ya fella ka hore dira tsena tsa Modimo di hlolwe mme di lahlelwe lefatsheng moo di baketseng batho mathata a mangata. (Tšen. 12:9, 12) Taba ee e bile le phello efe ho batho ba Modimo?

14 Lengolo la Tšenolo le a re bolella hore na Satane o ile a etsang ka mora moo. Ka ha ha a sa kgona ho kena lehodimong, o hlasela batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng, bao e leng baemedi ba Mmuso wa Modimo le ba nang le “mosebetsi wa ho paka ka Jesu.” (Tšen. 12:​17; 2 Bakor. 5:20; Baef. 6:19, 20) Boprofeta boo bo ile ba phethahala jwang?

15. “Dipaki tse pedi” tse ho Tšenolo kgaolo ya 11 di emela bomang, hona ba ile ba hlahelwa ke eng?

15 Satane o ile a etsa hore dira tsa Modimo di hlasele barababo rona ba tlotsitsweng ba neng ba etella pele mosebetsi wa ho bolela ka Mmuso wa Modimo. “Dipaki tse pedi” tseo lengolo la Tšenolo le reng di ile tsa bolawa, di tshwantshetsa bara bana babo rona ba neng ba etella pele. * (Tšen. 11:3, 7-11) Ka 1918, barababo rona ba robedi ba neng ba etella pele ka mokgatlong ba ile ba qoswa ka bohata, ba fumanwa ba le molato mme ba ahlolelwa ho ya teronkong ka dilemo tse ngata. Batho ba bangata ba ne ba nahana hore mosebetsi wa bara bana babo rona ba tlotsitsweng o fedisitswe.

16. Ke eng e ileng ya etsahala ho sa lebellwa ka 1919, hona Satane o ile a tswela pele a etsang ho tloha ka nako eo?

16 Boprofeta bo ho Tšenolo kgaolo ya 11 bo ne bo boetse bo boletse hore dipaki tseo tse pedi di ne di tla tsoswa ka mora nako e kgutshwanyane. Boprofeta boo bo ile ba phethahala ka nako e sa lebellwang, le pele barababo rona ba qeta selemo ba kene teronkong. Ka March 1919 bara bao babo rona ba tlotsitsweng ba ile ba lokollwa teronkong mme ha morao diqoso tsa bona tsa hlakolwa. Hanghang ba ile ba qalella ho etella pele mosebetsing wa ho bolela le ho ruta. Empa Satane ha a ka a kgaotsa ho hlasela batho ba Modimo. Ho tloha ka nako eo, haesale Satane a tlisetsa bahlanka ba Modimo mahloriso a kang “noka.” (Tšen. 12:15) Ruri kaofela ha rona re lokela ho ba le “mamello le tumelo.”​—Tšen. 13:10.

IKITLAETSE MOSEBETSING OO JEHOVA A RE FILENG WONA

17. Le hoja Satane a ne a hlasela batho ba Modimo, ba ile ba fumana thuso efe eo ba neng ba sa e lebella?

17 Tšenolo kgaolo ya 12 e boetse e hlalosa hore batho ba Modimo ba ne ba tla fumana thuso moo ba neng ba sa e lebella. E hlalosa hore “lefatshe” le ile la metsa “noka” ya mahloriso. (Tšen. 12:16) Sena ke sona se ileng sa etsahala. Ka dinako tse ding, dikarolo tse ding tsa lefatshe la Satane, tse kang makgotla a mang a dinyewe, di ile tsa sireletsa batho ba Modimo. Ka makgetlo a mangata bahlanka ba Jehova ba ile ba hlola dinyewe makgotleng mme taba eo e ile ya etsa hore ba be le tokoloho e itseng. Ba sebedisitse tokoloho ya bona jwang? Ba sebedisitse nako ena ka bohlale ho etsa mosebetsi oo Jehova a ba fileng wona. (1 Bakor. 16:9) Mosebetsi oo o akareletsa eng?

Ke melaetsa efe e mmedi eo batho ba Modimo ba e phatlalatsang? (Sheba serapa sa 18 le 19)

18. Mosebetsi wa rona o ka sehloohong ke ofe matsatsing aa a ho qetela?

18 Jesu o ile a profeta hore batho ba hae ba tla bolela “ditaba . . . tse molemo tsa mmuso [wa Modimo]” pele bofelo bo fihla. (Mat. 24:14) Ba thuswa ke lengeloi kapa sehlopha sa mangeloi a hlaloswang a ena le “ditaba tse nyakallisang ho ba dulang lefatsheng, le ho setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.”​—Tšen. 14:6.

19. Ke molaetsa ofe o mong oo batho ba ratang Jehova ba tlamehang ho o bolela?

19 Ha se ditaba tse molemo feela tseo bahlanka ba Jehova ba lokelang ho di bolela. Ba boetse ba lokela ho tshehetsa mosebetsi wa mangeloi ao ho buuwang ka wona ho Tšenolo kgaolo ya borobedi ho ya ho ya leshome. Mangeloi ana a phatlalatsa molaetsa wa dikahlolo tse tla tlela batho ba sa tshehetseng Mmuso wa Modimo. Haesale Dipaki Tsa Jehova di phatlalatsa molaetsa wa kahlolo o tshwantshwang le “sefako le mollo,” di bolela dikahlolo tsa Modimo kgahlanong le mekgatlo yohle ya lefatshe lena le kgopo la Satane. (Tšen. 8:7, 13) Batho ba hloka ho tseba hore bofelo bo haufi e le hore ba etse diphetoho tse tla ba thusa ho pholoha letsatsi la bohale ba Jehova. (Sof. 2:2, 3) Empa ona ha se molaetsa oo batho ba o thabelang. Re hloka ho ba sebete e le hore re ba bolelle wona. Nakong ya matshwenyeho a maholo, molaetsa oo re tla beng re o phatlalatsa o tla halefisa batho le ho feta.​—Tšen. 16:21.

MAMELANG MANTSWE A BOPROFETA

20. Re tlo bua ka eng dihloohong tse pedi tse latelang?

20 Re lokela ho mamela “mantswe a boprofeta bona” hobane le rona re a ameha ha ho phethahala dintho tseo re di balang bukeng ya Tšenolo. (Tšen. 1:3) Empa ke jwang re ka kgonang ho mamella mahloriso le ho tswela pele re paka ka sebete? Re tla matlafatswa ke dintho tse pedi. Ya pele, ke seo buka ya Tšenolo e se senolang ka dira tsa Modimo. Ya bobedi ke ditlhohonolofatso tseo re tla di fumana haeba re dula re tshepahala. Re tlo bua ka taba ena dihloohong tse pedi tse latelang.

PINA YA 32 Emang le Jehova!

^ Re phela nakong e thabisang haholo. Boprofeta bo hlahang lengolong la Tšenolo bo a phethahala mehleng ena. Boprofeta boo bo re ama jwang? Sehloohong sena le dihloohong tse pedi tse latelang, re tlo hlahloba dintlha tse hlahang lengolong la Tšenolo. Dihlooho tsena di tlo re bontsha ka moo re ka etsang hore borapedi ba rona e be bo amohelehang ho Jehova Modimo ka hore re mamele dintho tse ngotsweng lengolong lena.