Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

Lengolo la Tšenolo le Reng ka Bokamoso ba Hao?

Lengolo la Tšenolo le Reng ka Bokamoso ba Hao?

“Amen! Tloo, Morena Jesu.”​—TŠEN. 22:20.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Ke qeto efe ya bohlokwa eo batho ba lokelang ho e etsa?

 MEHLENG ena batho ba tlameha ho etsa qeto ya bohlokwa. Ba tlameha ho kgetha hore na ba tla tshehetsa Jehova Modimo ya nang le tokelo ya ho busa kapa ba tla latela sera sa hae se sehloho e leng Satane Diabolose. Ha ba na mokgwa wa ho ema terateng. Qeto le ha e le efe eo ba tla e etsa, e tla ama bokamoso ba bona. (Mat. 25:31-33, 46) Nakong ya ‘matshwenyeho a maholo,’ ba tla lokela ho tshwaelwa pholoho kapa timetso.​—Tšen. 7:14; 14:9-11; Ezek. 9:4, 6.

2. (a) Baheberu 10:35-39 e re kgothalletsa ho etsang? (b) Lengolo la Tšenolo le ka re thusa jwang?

2 Bala Baheberu 10:35-39. Haeba o kgethile ho tshehetsa bobusi ba Jehova, o entse qeto e bohlale. Jwale o batla ho thusa batho ba bang hore le bona ba etse qeto e nepahetseng. O ka sebedisa dintlha tse hlahang bukeng ya Tšenolo ho ba thusa. Buka ena e hlollang e ya re bolella hore na Jehova o tla putsa batho ba tshehetsang bobusi ba hae ka botshepehi jwang ebile hape e ya re bolella hore na ho tla etsahalang ka batho ba mo hanyetsang. Re tlameha ho ithuta ditaba tsena tsa bohlokwa. Ho etsa jwalo ho tla re thusa hore re ikemisetse le ho feta ho tswela pele ho sebeletsa Jehova. Ho feta moo, re ka sebedisa dintho tseo re ithutileng tsona ho thusa batho ba bang hore ba kgethe ho sebeletsa Jehova le hore ba tswele pele ho mo sebeletsa.

3. Re tla araba dipotso dife sehloohong see?

3 Sehloohong sena re tla araba dipotso tse latelang: Ho tla etsahalang ka batho ba tshehetsang Puso ya Modimo? Ka lehlakoreng le leng, ho tla etsahalang ka batho ba tshehetsang sebata se mmala o sekareleta seo ho buuwang ka sona lengolong la Tšenolo?

HO TLA ETSAHALANG KA BATHO BA TSHEPAHALLANG JEHOVA?

4. Ke sehlopha sefe seo moapostola Johanne a se bonang se ena le Jesu lehodimong?

4 Ponong moapostola Johanne o bona dihlopha tse pedi tsa batho ba tshehetsang Puso ya Jehova mme ba fumana ditlhohonolofatso tsa bophelo bo sa feleng. Sehlopha sa pele se na le batho ba 144 000. (Tšen. 7:4) Ba kgethilwe lefatsheng e le hore ba ilo theha Mmuso le Jesu lehodimong. Ba busa lefatshe le yena. (Tšen. 5:9, 10; 14:3, 4) Ponong Johanne o ba bona ba eme le Jesu lehodimong Thabeng ya Sione.​—Tšen. 14:1.

5. Haufinyane ho tla etsahalang ka batlotsuwa ba ntseng ba le lefatsheng?

5 Ho tloha mehleng ya baapostola ho fihlela hona jwale, batho ba dikete ba nnile ba kgethwa hore e be karolo ya ba 144 000. (Luka 12:32; Bar. 8:17) Le ha ho le jwalo, Johanne o bolellwa hore ke masala feela kapa palo e nyenyane e tla be e ntse e phela lefatsheng matsatsing a ho qetela. Bana “ba setseng” ba tla amohela “tiiso” ya ho qetela ya hore Jehova o a ba amohela pele matshwenyeho a maholo a qala. (Tšen. 7:2, 3; 12:17) Nakong ya matshwenyeho a maholo, masala a tla nkelwa lehodimong hore a ilo kopana le karolo e nngwe ya ba 144 000 ba ileng ba shwa ba tshepahala. Ba tla busa le Jesu Mmusong wa Modimo.​—Mat. 24:31; Tšen. 5:9, 10.

6, 7. (a) Johanne o bona sehlopha sefe hape, hona re ithuta eng ka sona? (b) Ke hobaneng ha masala le “bongata bo boholo” bo lokela ho thahasella Tšenolo kgaolo ya 7?

6 Ka mora ho bona sehlopha se yang lehodimong, Johanne o bona “bongata bo boholo.” Ho fapana le sehlopha sa pele sa ba 144 000, Bibele ha e bolele hore na batho ba tla ba sehlopheng sena ba bakae. (Tšen. 7:9, 10) Re ithuta eng ka bona? Johanne o bolellwa hore: “Bana ke ba tswang matshwenyehong a maholo, mme ba hlatswitse diaparo tsa bona tse telele tsa ka hodimo mme ba di sweufaditse mading a Konyana.” (Tšen. 7:14) Ka mora hore “bongata bo boholo” bo pholohe matshwenyeho a maholo, bo tla phela mona lefatsheng mme bo thabele ditlhohonolofatso tse hlollang.​—Pes. 37:9-11, 27-29; Liprov. 2:21, 22; Tšen. 7:16, 17.

7 Ho sa tsotellehe hore na o kgethetswe ho ya phela lehodimong kapa o tla phela mona lefatsheng, na o ipona o le karolo ya batho bao ho buuwang ka bona lengolong la Tšenolo kgaolo ya 7? O lokela ho ipona o le karolo ya bona. Nako eo e tla be e le e thabisang hakaakang bakeng sa dihlopha tsee tse pedi tsa bahlanka ba Modimo! Re tla thaba haholo hore ebe re ile ra kgetha ho tshehetsa Puso ya Jehova. Ke eng hape eo buka ya Tšenolo e re bolellang yona ka matshwenyeho a maholo?​—Mat. 24:21.

HO TLA ETSAHALANG KA BATHO BA HANYETSANG MODIMO?

8. Matshwenyeho a maholo a tla qala jwang, hona batho ba bangata ba tla etsang?

8 Sehloohong se fetileng re ithutile hore haufinyane mebuso ya dipolotiki ya lefatshe lena e tla hlasela Babylona e Moholo e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata. (Tšen. 17:16, 17) Tlhaselo ena e tla ba pontsho ya ho qala ha matshwenyeho a maholo. Na taba ee e tla etsa hore batho ba bangata ba batle ho sebeletsa Jehova? Tjhe. Ho ena le hoo, Tšenolo kgaolo ya 6 e re batho ba sa sebeletseng Jehova ba tla batla tshireletso mebusong ya dipolotiki le kgwebong ya lefatshe lena, e leng dintho tse tshwantshwang le dithaba. Jehova o tla ba nka e le bahanyetsi ba hae hobane ba sa ka ba tshehetsa Mmuso wa hae.​—Luka 11:23; Tšen. 6:15-17.

9. Nakong ya matshwenyeho a maholo batho ba tla hlokomela jwang phapang pakeng tsa bahlanka ba Jehova le batho ba bang, hona ho tla etsahalang ka batho ba Jehova?

9 Ho tla bonahala hore bahlanka ba Jehova ba fapane e le ka nnete le batho ba bang nakong ena e thata haholo ya matshwenyeho a maholo. E tla be e le bona feela batho ba sebeletsang Jehova le ba hanang ho tshehetsa “sebata.” (Tšen. 13:​14-17) Ka ha ba tla dula ba tshepahalla Jehova, ba tla halefisa bahanyetsi ba hae haholo. Ka lebaka leo, ditjhaba tse ikopantseng di tla hlasela batho ba Modimo lefatsheng lohle. Bibele e hlalosa tlhaselo ena e le tlhaselo ya Gogo wa Magogo.​—Ezek. 38:14-16.

10. Tšenolo 19:19-21 e re Jehova o tla etsang ha batho ba hae ba hlaselwa?

10 Jehova o tla etsang ha batho ba hae ba hlaselwa ka mabifi? O re: “Kgalefo ya ka e tla hlaha dinkong tsa ka.” (Ezek. 38:18, 21-23) Tšenolo kgaolo ya 19 e ya hlalosa hore na ho tla etsahalang ka mora moo. Jehova o tla romela Mora wa hae hore a sireletse batho ba hae le ho hlola dira tsa bona. Jesu a ena le “mabotho a . . . lehodimong” a entsweng ka mangeloi le ba 144 000, ba tla lwantsha Gogo wa Magogo. (Tšen. 17:14; 19:11-15) Ntwa ee e tla fella ka eng? Mekgatlo yohle le batho bohle ba hanyetsang Jehova ba tla fediswa ka ho felletseng.​—Bala Tšenolo 19:19-21.

KA MORA NTWA HO TLA BA LE LENYALO

11. Ke ketsahalo efe ya bohlokwa ka ho fetisisa e tlalehilweng lengolong la Tšenolo?

11 Nahana feela hore na batho ba tshepahalang ba tla be ba phela lefatsheng, ba tla ikutlwa jwang ha ba pholohile ha ho timetswa dira tsa Modimo ka ho felletseng. Ruri e tla ba nako e thabisang haholo! Le hoja ho tla ba le thabo e kgolo lehodimong ha Babylona e Moholo e timetswa, ho na le ntho e nngwe hape e tla tlisa thabo le ho feta. (Tšen. 19:1-3) Ha e le hantle, ke ketsahalo ya bohlokwa ka ho fetisisa e tlalehilweng lengolong la Tšenolo. Ketsahalo eo ke “lenyalo la Konyana.”​—Tšen. 19:6-9.

12. Ho ya ka Tšenolo 21:1, 2, lenyalo la Konyana le tla ba neng?

12 Lenyalo leo le tla ba neng? Ba 144 000 kaofela ba tla be ba le lehodimong pele ntwa ya Armagedone e qala. Le ha ho le jwalo, eo e tla be e eso be nako ya lenyalo la Konyana. (Bala Tšenolo 21:1, 2.) Lenyalo la Konyana le tla ba ka mora ntwa ya Armagedone ha dira tsohle tsa Modimo di se di fedisitswe.​—Pes. 45:3, 4, 13-17.

13. Ho tla etsahalang lenyalong la Konyana?

13 Lenyalo la Konyana le bolelang ho ba amehang? Jwalo ka ha lenyalo le kopanya monna le mosadi, lenyalo la Konyana le kopanya Morena Jesu Kreste le “monyaduwa” wa hae e leng ba 144 000. Ketsahalo eo ya bohlokwa e tla etsa hore ho be le Mmuso o tla busa lefatshe ka dilemo tse sekete.​—Tšen. 20:6.

MOTSE O KGANYANG LE BOKAMOSO BA HAO

Tšenolo kgaolo ya 21 e hlalosa motse wa tshwantshetso wa Jerusalema e Motjha “o theoha lehodimong ho Modimo.” Nakong ya Dilemo Tse Sekete, o tla tlisetsa batho ba mamelang ditlhohonolofatso tse ngata (Sheba serapa sa 14-16)

14, 15. Tšenolo kgaolo ya 21 e bapisa ba 144 000 le eng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

14 Ka mora moo, Tšenolo kgaolo ya 21 e bapisa ba 144,000 le motse o motle haholo o bitswang “Jerusalema e Motjha.” (Tšen. 21:2, 9) Motheo wa motse ona ke majwe a leshome le metso e mmedi ao ho ona ho ngotsweng “mabitso a leshome le metso e mmedi a baapostola ba leshome le metso e mmedi ba Konyana.” Ke hobaneng ha taba ee e ile ya hapa thahasello ya Johanne? Ke hobane o ile a bona lebitso la hae le ngotswe majweng ao. Eo e ne e le tlotla e ikgethang hakaakang!​—Tšen. 21:10-14; Baef. 2:20.

15 Motse ona wa tshwantshetso ha ho na o tshwanang le wona. Tsela ya wona e kgolo e entswe ka kgauta e hlwekileng. Diheke tsa wona tse 12 di entswe ka diperela, marako le metheo ya wona e kgabisitswe ka majwe a bohlokwa mme motse o lekana ka mahlakoreng ohle. (Tšen. 21:15-21) Empa Johanne o hlokomela hore ho na le ntho e siyo. O re: “Ha ke a ka ka bona tempele ho wona, ka ha Jehova Modimo ya Matla Ohle ke tempele ya wona, le Konyana ke yona. Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o kgantshetsa, ka ha kganya ya Modimo e ne e o bonesitse, mme lebone la wona e ne e le Konyana.” (Tšen. 21:22, 23) Batho bao e leng karolo ya Jerusalema e Motjha ba tla ba le Jehova. (Baheb. 7:27; Tšen. 22:3, 4) Ka hoo, Jehova le Jesu ke bona tempele ya motse oo.

Ke bomang ba tla rua molemo ditlhohonolofatsong tse tshwantsheditsweng ka “noka” le “difate?” (Sheba serapa sa 16 le 17)

16. Ho tla etsahalang ka batho nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Mmuso wa Modimo?

16 Ho nahana ka motse ona ho thabisa batlotsuwa haholo. Empa ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng le bona ba na le lebaka la ho thahasella motse oo. Nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete ya Mmuso wa Modimo, motse wa Jerusalema e Motjha o tla tlisetsa batho ditlhohonolofatso tse ngata. Johanne o bona ditlhohonolofatso tseo di phalla jwalo ka “noka ya metsi a bophelo.” Ka mahlakoreng a mabedi a noka ena, ho na le “difate tsa bophelo” tse hlahisang makgasi a ‘phekolang ditjhaba.’ (Tšen. 22:1, 2) Batho bohle ba tla be ba phela lefatsheng ka nako eo ba tla fumana melemo ya ditlhohonolofatso tseo. Hanyane ka hanyane, batho ba mamelang Jehova e tla ba ba phethahetseng. Ho ke ke ha hlola ho eba le ho kula, bohloko kapa ho bokolla.​—⁠Tšen. 21:3-5.

17. Tšenolo 20:11-13 e re ke bomang ba tla rua molemo Pusong ya Dilemo Tse Sekete?

17 Ke bomang ba tla rua molemo ditlhohonolofatsong tsee? Batho ba pele ba tla rua molemo ke bongata bo boholo bo tla pholoha Armagedone le bana bohle ba tla tswalwa lefatsheng le letjha. Empa Tšenolo kgaolo ya 20 e boetse e tshepisa hore bafu ba tla tsoswa. (Bala Tšenolo 20:11-13.) “Ba lokileng” ba hlokahetseng ba tshepahala ha mmoho le “ba sa lokang,” e leng ba sa kang ba ba le monyetla wa ho ithuta ka Jehova, kaofela ba tla tsoswa hore ba tlo phela mona lefatsheng. (Lik. 24:15; Joh. 5:28, 29) Na taba ee e bolela hore motho e mong le e mong o tla tsoswa nakong ya Puso ya Dilemo Tse Sekete? Tjhe. Batho ba ileng ba hana ho sebeletsa Jehova ka boomo pele ba hlokahala ba ke ke ba tsoswa. Ba ile ba ipaka hore ha ba tshwanelwe ke ho phela lefatsheng la Paradeise.​—Mat. 25:46; 2 Bathes. 1:9; Tšen. 17:8; 20:15.

TEKO YA HO QETELA

18. Boemo e tla be e le bofe lefatsheng qetellong ya dilemo tse sekete?

18 Qetellong ya dilemo tse sekete batho bohle ba tla be ba phela lefatsheng ba tla be ba se ba phethahetse. Ha ho na motho ya tla hlola a angwa ke diphello tsa sebe se futsitsweng ho Adama. (Bar. 5:12) Thohako ya sebe sa Adama e tla be e tlositswe ka ho felletseng. Sena se bolela hore batho ba lefatsheng ‘ba tla phela,’ e leng ho bolelang hore e tla ba ba phethahetseng qetellong ya dilemo tse sekete.​—Tšen. 20:5.

19. Ke hobaneng ha ho tla ba le teko ya ho qetela?

19 Re a tseba hore Jesu o ile a dula a tshepahalla Modimo le ha Satane a mo leka. Empa na batho bohle ba phethahetseng ba tla dula ba tshepahalla Jehova le ha Satane a ba leka? Motho e mong le e mong o tla ba le monyetla wa ho bontsha hore o tshepahalla Jehova nakong eo Satane a lokollwang mohohlong qetellong ya dilemo tse sekete. (Tšen. 20:7) Batho bohle ba tla dula ba tshepahala nakong ya teko ena ya ho qetela, ba tla fumana bophelo bo sa feleng mme ba thabele tokoloho ya nnete. (Bar. 8:21) Batho ba sa mameleng Jehova ba tla timetswa ka ho sa feleng ha mmoho le Satane le bademona ba hae.​—Tšen. 20:8-10.

20. O ikutlwa jwang ka boprofeta bo hlollang bo lengolong la Tšenolo?

20 O ikutlwa jwang ka mora hore re hlahlobe kakaretso ee e kgutsufaditsweng ya lengolo la Tšenolo? Na ha se ho thabisang ho ipona o le karolo ya boprofeta boo bo hlollang? E tlameha ebe o utlwa o batla ho mema batho ba bang hore le bona ba kopanele le rona borapeding bo hlwekileng ba Modimo. (Tšen. 22:17) Ka mora hore re hlahlobe dintho tsena tse hlollang tse tla etsahala nakong e tlang, re ikutlwa jwalo ka moapostola Johanne ya ileng a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”​—Tšen. 22:20.

PINA YA 27 Bara ba Modimo ba a Senolwa

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ Sehlooho sena ke sa ho qetela lethathamong la tse tharo tse buang ka lengolo la Tšenolo. Sehloohong sena re tla ithuta hore batho ba dulang ba tshepahalla Jehova ba tla ba le bokamoso bo thabisang, athe ba hanyetsang Puso ya Modimo bona ba tla fediswa ka tsela e tlontlollang.