Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 22

Dula o Tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo’

Dula o Tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo’

“Ho tla ba le tsela e kgolo, e bitswang Tsela ya Kgalalelo.”​—ESA. 35:8.

PINA YA 31 Le Tsamaye le Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Ke qeto efe ya bohlokwa eo Bajuda ba neng ba phela Babilona ba neng ba lokela ho e etsa? (Esdrase 1:2-4)

 MORENA o ile a phatlalatsa hore Bajuda ba neng ba hapuwe ke Babilona mme ba phetse teng dilemo tse ka bang 70 ba ne ba ka kgutlela naheng ya habo bona Iseraele. (Bala Esdrase 1:2-4.) Ke Jehova feela ya neng a ka etsa hore sena se etsahale. Ke hobaneng ha re tjho jwalo? Babilona e ne e sa lokolle batho bao e ba hapileng. (Esa. 14:4, 17) Empa Babilona e ne e se e wele mme mmusi e motjha o ne a itse Bajuda ba ka tsamaya. Ka lebaka leo, Mojuda e mong le e mong, haholoholo dihlooho tsa malapa, di ne di lokela ho etsa qeto ya hore na di tloha Babilona kapa di dula teng. E tlameha ebe ho ne ho le thata ho etsa qeto eo. Hobaneng?

2 Batho ba bangata ba ne ba se ba hodile haholo bakeng sa ho nka leeto leo le lelelele. Hape bongata ba Bajuda bo ne bo phetse Babilona bophelo bohle ba bona ka ha ke hona moo bo hlahetseng teng. Ba ne ba sa nke Iseraele e le ha habo bona empa ba ne ba nka e le moo baholoholo ba bona ba kileng ba phela teng. Ho bonahala eka Bajuda ba bang ba ne ba ruile. Ka hoo, ho ne ho ka ba thata ho bona hore ba siye matlo a bona a majabajaba le dikgwebo tsa bona hore ba yo dula sebakeng seo ba sa se tsebeng.

3. Jehova o ne a tla hlohonolofatsa Bajuda jwang ha ba kgutletse Iseraele?

3 Bajuda ba tshepahalang ba ne ba tseba hore melemo ya ho kgutlela Iseraele e mengata ho feta boitelo le ha e le bofe boo ba neng ba ka bo etsa. Tlhohonolofatso e kgolo ka ho fetisisa eo ba neng ba tla e fumana e ne e amana le borapedi ba bona. Ho ne ho ena le ditempele tse fetang 50 tsa bohetene Babilona empa ho ne ho se na tempele le ha e le nngwe feela ya Jehova. Ho ne ho se na aletare eo Baiseraele ba neng ba ka etsa mahlabelo ao ba neng ba lokela ho a etsa ho latela Molao wa Moshe hape ho ne ho se na baprista ba hlophisitsweng hore ba etse mahlabelo ao. Batho ba neng ba rapela medimo ya bohata motseng oo ba ne ba le bangata ho feta ba hlomphang Jehova le ho mamela melao ya hae. Ka hoo, Bajuda ba dikete ba ratang Jehova ba ne ba labalabela ho kgutlela ha habo bona moo ba neng ba tla rapela Jehova ka tsela eo a e batlang.

4. Jehova o ile a tshepisa Bajuda ba kgutlelang Iseraele hore o ne a tla ba thusa jwang?

4 Leeto le boima leo Baiseraele ba neng ba tla le nka ho tloha Babilona ho ya Iseraele, le ne le ka nka dikgwedi tse nne. Empa Jehova o ile a ba tshepisa hore ditshitiso le ha e le dife tseo ba neng ba tla kopana le tsona di ne di tla suthiswa. Esaia o ile a re: “Hlekang tsela ya Jehova! Etsang tsela e kgolo e otlolohileng bakeng sa Modimo wa rona lehwatateng. . . . Sebaka se kgorofo se batalatswe le sebaka se matsaranka e be phula.” (Esa. 40:3, 4) Ako nahane feela ho ena le tsela e kgolo lehwatateng le sebaka se bataletseng dipakeng tsa dithaba. Batho ba ne ba tla thabela ho tsamaya tseleng eo. Ho ne ho tla ba bonolo hore ba tsamaye tseleng e kgolo e otlolohileng ho ena le ho nyolosa dithaba le maralla kapa ho theohela ka dikgohlong. Hape ba ne ba tla fihla kapele moo ba yang.

5. Tsela ya tshwantshetso e neng e le dipakeng tsa Babilona le Iseraele e ne e bitswang?

5 Mehleng ena ditsela tse ngata tse kgolo di na le mabitso kapa dinomoro tse di kgethollang. Tsela e kgolo ya tshwantshetso eo Esaia a ileng a bua ka yona le yona e ne e ena le lebitso. O ile a re: “Ho tla ba le tsela e kgolo, e bitswang Tsela ya Kgalalelo. Motho ya sa hlwekang a ke ke a tsamaya ho yona.” (Esa. 35:8) Tshepiso ee e ne e bolelang ho Baiseraele nakong eo? E bolela eng ho rona mehleng ee?

“TSELA YA KGALALELO” YA NAKONG E FETILENG LE YA HONA JWALE

6. Ke hobaneng ha ho ne ho thwe tsela ee e a halalela?

6 “Tsela ya Kgalalelo” ke lebitso le monate haholo. Ke hobaneng ha ho ne ho thwe tsela ee e a halalela? “Motho ya sa hlwekang” e leng Mojuda ofe kapa ofe ya etsang boitshwaro bo bobe, ya rapelang ditshwantsho kapa ya etsang dibe le ha e le dife tse tebileng o ne a ke ke a dumellwa ho phela Iseraele. Bajuda ba kgutlelang Iseraele e ne e lokela ho ba “setjhaba se halalelang” sa Modimo. (Deut. 7:6). Le ha ho le jwalo, taba ena e ne e sa bolele hore Bajuda ba tlohileng Babilona ba ne ba sa lokela ho etsa diphetoho e le hore ba thabise Jehova.

7. Bajuda ba bang ba ne ba lokela ho etsa diphetoho dife? Fana ka mohlala.

7 Jwalo ka ha re se re bone, boholo ba Bajuda bo ne bo hlahetse Babilona mme ho bonahala eka ba bangata ba ne ba se ba tlwaetse mekgwa ya Bababilona ba bile ba se ba nahana jwalo ka bona. Dilemo tse ngata ka mora hore Bajuda ba kgutlele Iseraele, Esdrase o ile a fumana hore Bajuda ba bang ba ne ba nyetse basadi ba bahetene. (Ex. 34:15, 16; Esdr. 9:1, 2) Dilemo tse ding ha morao, Nehemia o ile a makala ha a fumana hore bana ba hlahetseng Iseraele ba ne ba sa tsebe ho bua puo ya Bajuda. (Deut. 6:6, 7; Neh. 13:23, 24) Bana bao ba ne ba tla ithuta ho rata le ho sebeletsa Jehova jwang empa ba sa utlwisise Seheberu e leng puo eo Lentswe la Modimo le neng le ngotswe ka yona? (Esdr. 10:3, 44) Ka hoo, Bajuda ba ne ba lokela ho etsa diphetoho tse ngata empa ho ne ho tla ba bonolo hore ba di etse ha ba le Iseraele e leng moo Jehova a neng a ka rapelwa ka tsela eo a e batlang.​—Neh. 8:8, 9.

Ho tloha ka 1919, batho ba dimilione ba ile ba tswa Babilona e Moholo mme ba tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo’ (Sheba serapa sa 8)

8. Ke hobaneng ha re lokela ho thahasella dintho tse etsahetseng dilemo tse ngata tse fetileng? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

8 Batho ba bang ba ka nna ba re: ‘Taba ena e a thahasellisa empa dintho tse etsahaletseng Bajuda kgale kwa rona di re ama jwang mehleng ee?’ Di a re ama hobane le rona ka tsela e itseng, re tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ Ebang re batlotsuwa kapa karolo ya “dinku tse ding,” re lokela ho dula re tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ Ho etsa jwalo ho tla re thusa ho dula re rapela Jehova hona jwale le ka moso ha Mmuso wa hae o se o re tliseditse dintho tse molemo lefatsheng. b (Joh. 10:16) Ho tloha ka 1919, batho ba dimilione ba ile ba tswa Babilona e Moholo e leng mmuso wa lefatshe wa bodumedi ba bohata yaba ba tsamaya tseleng ena ya tshwantshetso. E ka nna yaba o e mong wa bona. Batho ba qadile ho tsamaya tseleng ena dilemo tse ka bang lekgolo tse fetileng. Le ha ho le jwalo, ba bang ba ile ba e lokisa dilemo tse ngata haholo pele ho moo.

TSELA E A LOKISWA

9. Tumellanong le Esaia 57:14, “Tsela ya Kgalalelo” e ile ya lokiswa jwang?

9 Jehova o ile a etsa bonnete ba hore o tlosa ditshitiso tse neng di le tseleng ya Bajuda ba tswang Babilona. (Bala Esaia 57:14.) Na o ile a etsa se tshwanang ka “Tsela ya Kgalalelo” mehleng ee? Dilemo tse makgolo pele ho 1919, Jehova o ile a sebedisa banna ba mo hlomphang ho etsa hore batho ba kgone ho tswa Babilona e Moholo. (Bapisa le Esaia 40:3.) Ba ile ba etsa mosebetsi o neng o hlokahala e le hore ha morao batho ba dipelo di ntle ba tswe bodumeding ba bohata mme ba rapele Jehova le batho ba hae. Mosebetsi oo o ne o akareletsa eng? Nahana ka dintho tse ding tse ileng tsa etswa e le hore ho lokiswe tsela ena.

Ka dilemo tse makgolo, banna ba hlomphang Modimo ba ile ba thusa batho ho tswa Babilona e Moholo (Sheba serapa sa 10-11)

10, 11. Ho hatiswa ha Bibele le ho fetolelwa ha yona ho thusitse batho ba bangata jwang hore ba tsebe Bibele? (Sheba setshwantsho.)

10 Ho hatiswa ha Bibele. Pele ho selemo sa 1450, Bibele e ne e kopitswa ka letsoho. Ho ne ho nka nako e telele ho kopitsa Bibele hape Dibibele di ne di le turu ebile di fumaneha ka thata. Ha ho se ho sebediswa motjhini o hatisang ho etsa Dibibele, ho ne ho se ho le bonolo ho hatisa Dibibele tse ngata le ho di fa batho.

11 Ho fetolelwa ha Bibele. Ka dilemo tse makgolo, boholo ba Dibibele bo ne bo ngotswe ka Selatine e leng puo e neng e utlwisiswa ke batho ba rutehileng haholo feela. Ha metjhini e hatisang e se e le mengata, batho ba hlomphang Modimo ba ile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele dipuong tse buuwang ke batho ba tlwaelehileng. Batho ba ne ba se ba ka ipalla Bibele ebe ba bapisa dintho tseo ba di rutwang ke baruti le dintho tse ka Bibeleng.

Banna ba hlomphang Modimo ba ile ba thusa batho ho tswa Babilona e Moholo (Sheba serapa sa 12-14) c

12, 13. Fana ka mohlala o bontshang hore na banna ba hlomphang Modimo ba ile ba pepesa mashano a rutwang dikerekeng jwang dilemong tsa bo1800.

12 Dingolwa tse thusang ho ithuta Bibele. Baithuti ba hlwahlwa ba Bibele ba ile ba ithuta dintho tse ngata ha ba bala Lentswe la Modimo. Baithuti bana ba ile ba bolella batho ba bang dintho tseo ba ithutileng tsona mme taba ena e ile ya halefisa baruti haholo. Ka mohlala, dilemong tsa bo1800 banna ba mmalwa ba hlomphang Modimo ba ile ba hatisa dipampitshana tse neng di pepesa mashano a rutwang dikerekeng.

13 Hoo e ka bang ka 1835, monna e mong ya hlomphang Modimo ya bitswang Henry Grew o ile a hatisa pampitshana e neng e bua ka hore na ho etsahalang ka bafu. Pampitshaneng eo, o ile a fana ka bopaki bo tswang ka Bibeleng ho bontsha hore motho ha a tswalwe a ena le moya o sa shweng jwalo ka ha dikereke tse ngata di ruta empa o fuwa ho se shwe ke Modimo. Ka 1837 moruti ya bitswang George Storrs o ile a fumana pampitshana eo ha a ne a palame terene. Ha a qeta ho e bala o ne a kgodisehile hore o ithutile nnete ya bohlokwa. O ile a etsa qeto ya ho bolella batho ba bang seo a ithutileng sona. Ka 1842 o ile a fana ka dipuo tse nang le sehlooho se thahasellisang se reng “An Inquiry​—Are the Wicked Immortal?” Motho e mong ya ileng a ithuta dintho tsa bohlokwa ho Moruti George Storrs e ne e le mohlankana ya bitswang Charles Taze Russell.

14. Mosebetsi oo batho ba hlomphang Jehova ba ileng ba o etsa o ile wa thusa Morabo rona Russell le basebetsimmoho le yena jwang? (Sheba setshwantsho.)

14 Mosebetsi oo batho ba hlomphang Jehova ba ileng ba o etsa o ile wa thusa Morabo rona Russell le basebetsimmoho le yena jwang? Ha ba ithuta Bibele, ba ne ba bala dilexicon, diconcordance le diphetolelo tse fapaneng tsa Bibele tse entsweng pele ba ka qala mosebetsi wa bona. Ba ile ba boela ba thuswa ke dipatlisiso tse neng di se di entswe ke banna ba kang Henry Grew, George Storrs le ba bang. Morabo rona Russell le basebetsimmoho le yena ba ile ba kenya letsoho mosebetsing ona wa bohlokwa ka ho etsa dibuka le dipampitshana tse hlalosang molaetsa wa Bibele.

15. Ho ile ha etsahalang ka 1919?

15 Ka 1919, Babilona e Moholo e ne e se e sa kgone ho laola batho ba Modimo. Selemong sona seo, “mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale” o ile a qala ho sebeletsa hore batho ba dipelo di ntle ba qale ho tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ (Mat. 24:45-47) Batho ba ileng ba etsa mosebetsi ona dilemo tse ngata tse fetileng ba ile ba thusa batho ba neng ba se ba qadile ho tsamaya tseleng ena e kgolo hore ba ithute haholwanyane ka Jehova le ka merero ya hae. (Diprov. 4:18) Hape ba ne ba ka phela ka tsela eo Jehova a batlang hore batho ba phele ka yona. Jehova o ne a sa lebella hore batho ba hae ba etse diphetoho tsohle tse hlokehang ka nako e le nngwe. Ho fapana le hoo, o ile a thusa batho ba hae hore ba etse diphetoho hanyane ka hanyane. (Bala lebokose le reng “ Jehova o Fetola Batho ba Hae Butlebutle.”) Kaofela ha rona re tla thaba haholo ha re se re kgona ho thabisa Modimo ka dintho tsohle tseo re di etsang.​—Bakol. 1:10.

“TSELA YA KGALALELO” E NTSE E BUTSWE

16. “Tsela ya kgalalelo” e ile ya lokiswa jwang ho tloha ka 1919? (Esaia 48:17; 60:17)

16 Tsela e hloka ho lokiswa kgafetsa e le hore e dule e le maemong a matle. Ho tloha ka 1919, “Tsela ya Kgalalelo” e ile ya nna ya lokiswa e le hore batho ba bangata ba ka tswa Babilona e Moholo. Mohlanka ya tshepahalang le ya bohlale ya neng a sa tswa behwa o ile a qala ho sebetsa. Ka 1921 o ile a hatisa buka e neng e etseditswe ho thusa batho ho ithuta Bibele. Buka eo ke The Harp of God mme ho ile ha ajwa dikopi tsa yona tse ka bang dimilione tse tsheletseng ka dipuo tse 36. Batho ba bangata ba ithutile Bibele ka yona. Hona jwale re na le buka e ntjha e molemo haholo eo re e sebedisang ho ithuta Bibele le batho. E bitswa O ka Thaba ka ho sa Feleng! Matsatsing ana a ho qetela Jehova o sebedisa mokgatlo wa hae ho re fa tataiso e tswang Lentsweng la hae e le hore re dule re tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’​—Bala Esaia 48:17; 60:17.

17, 18. “Tsela ya Kgalalelo” e re isa hokae?

17 Ha motho a dumela ho ithuta Bibele, o ba le monyetla wa ho tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ Ba bang ba tsamaya nako e kgutshwanyane ebe ba a tswa. Ba bang bona ba ikemiseditse ho tsamaya ho yona ho fihlela ba fihla moo ba yang. Ba ya hokae?

18 Batho ba nang le tshepo ya ho phela lehodimong ba ya “paradeiseng ya Modimo” e lehodimong. (Tshen. 2:7) Ba nang le tshepo ya ho phela lefatsheng ba tla phethahala ka mora Puso ya Kreste ya Dilemo Tse Sekete. Haeba o se o ntse o tsamaya tseleng ena e kgolo, o se ke wa hetla. Hape o se ke wa e tlohela ho fihlela o fihlile lefatsheng le letjha. E se eka o ka tsamaya hantle.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

a Jehova o ile a re tsela e kgolo ya tshwantshetso e tlohang Babilona e yang Iseraele ke “Tsela ya Kgalalelo.” Na le mehleng ee Jehova o lokiseditse bahlanka ba hae tsela ya tshwantshetso? Ho jwalo. Ho tloha ka 1919, batho ba dimilione ba tswile Babilona e Moholo mme ba qadile ho tsamaya ‘Tseleng ya Kgalalelo.’ Kaofela ha rona re lokela ho dula re tsamaya tseleng ena ho fihlela re fihla moo re yang.

b Bala Boprofeta ba Esaia​—Lesedi Molokong wa Batho II, leq. 56-57.

c SETSHWANTSHO: Morabo rona Russell le basebetsimmoho le yena ba ile ba sebedisa dingolwa tse neng di ngotswe pele ho mehla ya bona ho ba thusa ho utlwisisa Bibele.