SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 23
Etsa Hore “Lelakabe la Jah” le Dule le Tuka
“Malakabe a lerato ke mollo o tjhesang, lelakabe la Jah.”—SEFELA 8:6.
PINA YA 131 “Seo Modimo a se Kopantseng Hammoho”
SEO RE TLO ITHUTA SONA a
1. Bibele e hlalosa lerato la nnete jwang?
“MALAKABE a lerato ke mollo o tjhesang, lelakabe la Jah. Metsi a mangata a ke ke a tima lerato.” b (Sefela 8:6, 7) Ena ke tsela e monate eo Bibele e hlalosang lerato la nnete ka yona. Mantswe ana a kgothatsa banyalani hore ba ka kgona ho ratana le ho feta.
2. Banyalani ba lokela ho etsang e le hore ba dule ba ratana?
2 Banyalani ba lokela ho sebetsa ka thata e le hore ba dule ba ratana ha feela ba ntse ba phela. Ka mohlala, mollo o besitsweng o ka tuka ka nako e telele ha feela ho ntse ho kenngwa patsi. Haeba ho se na motho ya ntseng a kenya patsi mollo oo o tla tima. Ka ho tshwanang, lerato leo banyalani ba ratanang ka lona le ka dula le le matla ha feela ba le matlafatsa. Ka dinako tse ding, banyalani ba ka bona eka ha ba sa ratana jwalo ka pele, haholoholo ha ba ena le mathata a ditjhelete, ba kula kapa ba hodisa bana. Haeba o na le molekane wa lenyalo, o ka etsang hore “lelakabe la Jah” le dule le tuka lenyalong la hao? Sehloohong sena re tlo bua ka dintlha tse tharo tse tla o thusa hore o dule o rata molekane wa hao le hore o thabele lenyalo. c
DULANG LE LE METSWALLE YA JEHOVA
3. Ha banyalani e le metswalle ya Jehova, seo se ba thusa jwang hore ba dule ba ratana? (Moeklesia 4:12) (Sheba setshwantsho.)
3 Banyalani e lokela ho ba metswalle ya Jehova e le hore “lelakabe la Jah” le dule le tuka. Seo se tla ba thusa jwang? Ha banyalani e le metswalle ya Jehova, ba sebedisa keletso ya hae mme seo se ka ba thusa hore ba qobe le ho rarolla mathata a ka fokotsang lerato leo ba ratanang ka lona. (Bala Moeklesia 4:12.) Batho bao e leng metswalle ya Jehova ba a mo etsisa ka hore ba be le makgabane a tshwanang le a hae a kang ho ba mosa, ho ba le mamello le ho tshwarela. (Baef. 4:32–5:1) Ha banyalani ba bontsha makgabane ana, ho ba bonolo hore lerato la bona le hole. Moradi wa bo rona Lena ya nang le dilemo tse fetang 25 a nyetswe o re: “Ho bonolo ho rata motho eo e leng motswalle wa Jehova le ho mo hlompha.”
4. Ke hobaneng ha Jehova a ile a kgetha Josefa le Maria hore e be batswadi ba Mesia?
4 Nahana ka mohlala wa banyalani bao Bibele e buang ka bona. Ha Jehova a ne a tlameha ho kgetha banyalani bao e neng e tla ba batswadi ba Mesia, o ile a kgetha Josefa le Maria ho ditloholo tse ngata tsa Davida. Hobaneng? Ka bobedi e ne e le metswalle ya Jehova. Jehova o ne a tseba hore ba ne ba tla etsa hore a tle pele lenyalong la bona. Banyalani le ka ithutang ho Josefa le Maria?
5. Banna ba ka ithutang ho Josefa?
5 Josefa o ne a mamela tataiso ya Jehova hanghang mme seo se ile sa etsa hore e be monna ya molemo. Diketsahalong tse tharo, o ile a fumana ditaelo tse tswang ho Modimo mabapi le lelapa la hae. O ile a mamela ditaelo tseo hanghang le ha ho ne ho se bonolo. (Mat. 1:20, 24; 2:13-15, 19-21) Ka ha Josefa o ne a mamela tataiso ya Modimo, o ile a kgona ho sireletsa Maria, ho mo tshehetsa le ho mo hlokomela. Nahana feela hore na dintho tseo Josefa a ileng a di etsa di ile tsa etsa hore Maria a mo rate le ho mo hlompha hakae. Banna, le ka etsisa Josefa ka hore le batle dikeletso tse tswang ka Bibeleng e le hore le hlokomele malapa a lona. d Ha o mamela dikeletso tsena le haeba o tlameha ho etsa diphetoho, o tla be o bontsha hore o rata mosadi wa hao ebile le tla ratana le ho feta. Moradi wa bo rona ya dulang Vanuatu ya seng a qetile dilemo tse 20 a nyetswe o re: “Ha monna wa ka a batla tataiso ya Jehova a bile a e mamela, ke mo hlompha le ho feta. Ke ikutlwa ke sireletsehile ebile ke tshepa diqeto tsa hae.”
6. Basadi ba ka ithutang ho Maria?
6 Maria e ne e le motswalle wa Jehova mme o ile a dula a matlafatsa tumelo ya hae. O ne a tseba mangolo hantle. Hape o ne a ipha nako ya ho nahana ka seo a ithutileng sona. (Luka 2:19, 51) Re ka kgodiseha hore ka ha Maria e ne e le motswalle wa Jehova, seo se ile sa etsa hore e be mosadi ya molemo. Mehleng ena, basadi ba bangata ba leka ho etsisa Maria. Ka mohlala, Moradi wa bo rona Emiko o re: “Pele ke nyalwa ke ne ke ipehetse nako ya ho etsa dintho tse matlafatsang tumelo ya ka. Ka mora hore ke nyalwe, monna wa ka o ne a dula a rapela le ho tshwara borapedi ba lelapa. Ka hoo, ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se ke itshetlehile ka yena mme ke sa etse letho ho matlafatsa tumelo ya ka. Ke ile ka hlokomela hore ke boikarabelo ba ka ho etsa dintho tse tla matlafatsa tumelo ya ka. Hona jwale ke behella nako ya ka le Modimo ka thoko e le hore ke rapele, ke bale Bibele le ho nahana ka seo ke ithutang sona.” (Bagal. 6:5) Basadi, ha le dula le etsa dintho tse tla le thusa hore le dule le le metswalle ya Jehova, banna ba lona ba tla le rorisa le ho le rata le ho feta.—Diprov. 31:30.
7. Banyalani ba ka ithutang ho Josefa le Maria ka ho matlafatsa tumelo ya bona ha mmoho?
7 Josefa le Maria le bona ba ile ba sebetsa ha mmoho hore e dule e le metswalle ya Jehova. Ba ne ba utlwisisa hore ke ha bohlokwa ho sebeletsa Jehova ha mmoho e le lelapa. (Luka 2:22-24, 41; 4:16) E ka nna ya ba ho ne ho se bonolo, haholoholo ha ba ntse ba eba le bana ba bang empa ba ile ba kgona. Ba behetse banyalani ba mehleng ena mohlala o motle. Haeba o na le bana jwalo ka Josefa le Maria, e ka nna ya ba ha ho bonolo ho ya dibokeng le ho behella nako ka thoko ya ho tshwara borapedi ba lelapa. Ho ka nna ha eba thata le hore le fumane nako ya ho ithuta le ho rapela ha mmoho. Le ha ho le jwalo, hopola hore ho etsa dintho tse matlafatsang tumelo ya lona ha mmoho ho tla le thusa hore le be metswalle ya Jehova le hore le ratane le ho feta. Ka hoo, etsang hore dintho tse matlafatsang tumelo ya lona di tle pele bophelong ba lona.
8. Banyalani ba nang le mathata ba ka etsang e le hore ba thabele borapedi ba lelapa?
8 Le ka etsang haeba le ena le mathata lenyalong la lona? Le ka nna la utlwa eka le ke ke la thabela ho tshwara borapedi ba lelapa ha mmoho. Haeba ho jwalo, le ka qala ka ho buisana ka ntho eo le dumellaneng ka yona e tla nka nako e kgutshwanyane ebile le e thabela. Ho etsa jwalo ho ka le thusa hore le ratane le ho feta le hore le etse dintho tse tla matlafatsa kamano ya lona le le ha mmoho.
QETANG NAKO LE LE HA MMOHO
9. Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho qeta nako ba le ha mmoho?
9 Banyalani, le ka etsa hore lerato la lona le dule le tuka ka hore le qete nako le le ha mmoho. Ho etsa jwalo ho tla le thusa hore le tsebe hore na e mong o nahana eng le hore na o ikutlwa jwang. (Gen. 2:24) Hlokomela seo Lilia le Ruslan ba ileng ba se elellwa ka mora hore ba nyalane dilemo tse fetang 15 tse fetileng. O re: “Re ile ra hlokomela hore re ne re ke ke ra qeta nako e ngata re le ha mmoho jwalo ka ha re ne re nahanne. Re ne re phathahane haholo ka mosebetsi wa boiphediso, wa lapeng le ho hlokomela bana. Re ile ra bona hore haeba re sa qete nako re le ha mmoho re ka qetella re se re se metswalle.”
10. Banyalani ba ka sebedisa molaomotheo o ho Baefese 5:15, 16 jwang?
10 Ke eng seo banyalani ba ka se etsang e le hore ba kgone ho qeta nako ba le ha mmoho? Le lokela ho behella nako ka thoko e le hore le qete nako le le ha mmoho. (Bala Baefese 5:15, 16.) Morabo rona Uzondu ya dulang Nigeria o re: “Ha ke ngola dintho tseo ke tlo di etsa, ke ngola le nako eo ke tlo e qeta le mosadi wa ka mme ke etsa bonnete ba hore nako eo e tla pele.” (Bafil. 1:10) Hlokomela ka moo Moradi wa bo rona Anastasia eo e leng mosadi wa molebedi wa potoloho naheng ya Moldova a sebedisang nako ya hae ha molemo ka teng. O re: “Ke leka ho etsa dintho tseo ke lokelang ho di etsa ha mohatsa wa ka a ntse a phathahane ka mesebetsi ya hae. Ho etsa jwalo ho re thusa hore re kgone ho qeta nako re le ha mmoho ha re se re qetile ka mesebetsi ya rona.” Empa le ka etsang haeba mesebetsi ya lona e etsa hore ho be thata hore le qete nako le le ha mmoho?
11. Ke dintho dife tseo Akuila le Prisilla ba neng ba di etsa ha mmoho?
11 Banyalani ba ka ithuta mohlaleng wa Akuila le Prisilla e leng banyalani ba neng ba ratwa ke Bakreste ba bangata mehleng ya bona. (Bar. 16:3, 4) Le hoja Bibele e sa bue dintho tse ngata ka lenyalo la bona, e bontsha hore ba ne ba sebetsa ha mmoho, ba etsa mosebetsi wa boboledi le ho thusa batho ba bang ha mmoho. (Dik. 18:2, 3, 24-26) Ha e le hantle ha Bibele e bua ka Akuila le Prisilla, e dula e bua ka bona ba le ha mmoho.
12. Banyalani ba ka etsang e le hore ba qete nako ba le ha mmoho? (Sheba setshwantsho.)
12 Banyalani ba ka etsisa Akuila le Prisilla jwang? Nahana ka dintho tse ngata tseo wena le molekane wa hao le lokelang ho di etsa. Na le ka etsa mesebetsi e meng ha mmoho ho ena le ho e etsa le le bang? Ka mohlala, Akuila le Prisilla ba ne ba etsa mosebetsi wa boboledi ha mmoho. Na le lona le ka etsa se tshwanang ka mehla? Akuila le Prisilla ba ne ba boetse ba etsa mosebetsi wa boiphediso ha mmoho. Ho ka etsahala hore wena le molekane wa hao ha le etse mosebetsi wa boiphediso o tshwanang empa na le ka etsa mesebetsi ya ka tlung ha mmoho? (Moek. 4:9) Ho sebetsa ha mmoho ho tla le thusa hore le be thimi le hore le be le monyetla wa ho qoqa. Robert le Linda ba se ba nyalane ka dilemo tse fetang 50. Robert o re: “Ha re na nako e ngata eo re ka e qetang re ithabisa. Empa ke thaba haholo ha ke hlatswa dijana ebe mosadi wa ka o a di phumula kapa ha ke hlwekisa jarete ebe o a nthusa. Ho etsa dintho ha mmoho ho re thusa hore re dule re le metswalle. Re ntse re ratana le ho feta.”
13. Banyalani ba lokela ho etsang e le hore e be metswalle?
13 Hopola hore ho ba ha mmoho ha se ka mehla ho bolelang hore wena le molekane wa hao le tla ba metswalle. Moradi wa bo rona ya nyetsweng ya dulang Brazil o re: “Mehleng ena bophelo ba rona bo phatahane hoo ho ka bang bonolo ho nahana hore re qeta nako ha mmoho hobane re dula ntlong e le nngwe. Seo ke ithutileng sona ke hore ho ba ha mmoho feela ha ho a lekana. Ho hlokahala hore ke fe molekane wa ka nako.” Hlokomela hore na Bruno le mohatsa wa hae Tays ba etsang hore ba qete nako ba le ha mmoho. O re: “Nakong eo ho se nang mesebetsi eo re phathahaneng ka yona re beha difono tsa rona hole ebe re thabela ho qeta nako re le ha mmoho.”
14. Banyalani ba ka etsang haeba ba sa thabele ho ba ha mmoho?
14 O ka etsang haeba wena le molekane wa hao le sa thabele ho ba ha mmoho, le sa thabele dintho tse tshwanang kapa le tenehelana? Hopola mohlala wa mollo o besitsweng oo re buileng ka ona qalong. Ha o besa mollo ha o qale o se o le mongata. O lokela ho kenya patsi e le hore o dule o le mongata. Ka ho tshwanang, ho ka ba jwang ha le ka qeta nako e itseng le le ha mmoho letsatsi le letsatsi? Etsang bonnete ba hore le etsa ntho eo le e thabelang le le babedi eseng e tla kwatisa e mong wa lona. (Jak. 3:18) Ha le etsa dintho tsena hanyane hanyane, le tla ratana le ho feta.
HLOMPHANANG
15. Ke hobaneng ha banyalani ba lokela ho hlomphana e le hore ba dule ba ratana?
15 Ke ha bohlokwa hore banyalani ba hlomphane. Tlhompho e tshwana le moya o etsang hore mollo o nne o tuke. Ha ho se na moya, mollo o ka tima. Ka ho tshwanang, ha banyalani ba sa hlomphane ba ka iphumana ba se ba sa ratane jwalo ka pele. Empa ha banyalani ba leka ka hohle hore ba hlomphane seo se etsa hore lerato la bona le nne le tuke. Hopola hore ntho ya bohlokwa ha se hore na wena o nahana hore o hlompha molekane wa hao empa ke hore na yena o bona o mo hlompha. Penny le Aret ba se ba nyalane ka dilemo tse fetang 25. O re: “Re dula re ratana lelapeng la rona hobane re a hlomphana. Ha re tshabe ho bolellana maikutlo hobane re a tseba hore re nka maikutlo a e mong e le a bohlokwa.” O ka etsang hore molekane wa hao a bone hore o a mo hlompha? A re bueng ka mohlala wa Abrahama le Sara.
16. Banna ba ka ithutang mohlaleng wa Abrahama? (1 Petrose 3:7) (Sheba setshwantsho.)
16 Abrahama o ne a hlompha Sara. O ne a mamela Sara a bile a hlompha maikutlo a hae. Ho na le nako eo Sara a neng a kwatile mme o ile a bolella Abrahama hore na o ikutlwa jwang a ba a mo tshwaya phoso. Na Abrahama o ile a mo halefela? Tjhe. O ne a tseba hore Sara o ikokobeditse le hore o a mo tshehetsa. Abrahama o ile a mo mamela a ba a leka ho rarolla bothata. (Gen. 16:5, 6) Re ka ithutang? Banna, le na le matla a ho etsetsa malapa a lona diqeto. (1 Bakor. 11:3) Ka hoo, ntho eo o ka e etsang ke hore o nahanele maikutlo a mosadi wa hao pele o ka etsa qeto, haholoholo e tla mo ama. (1 Bakor. 13:4, 5) Ka dinako tse ding, mosadi wa hao a ka nna a tshwenyeha le ho batla ho o bolella hore na o ikutlwa jwang. Na o hlompha maikutlo a hae ka ho mo mamela ka hloko? (Bala 1 Petrose 3:7.) Angela le Dmitry ba se ba nyalane ka dilemo tse ka bang 30. O hlalosa hore na monna wa hae o etsa eng ho mo bontsha hore o a mo hlompha. O re: “Dmitry o dula a ikemiseditse ho mmamela ha ke kwatile le ha ke batla ho bua. O a mmamella le ha ke nkehile maikutlo.”
17. Basadi ba ka ithutang mohlaleng wa Sara? (1 Petrose 3:5, 6)
17 Sara o ne a bontsha hore o hlompha Abrahama ka hore a tshehetse diqeto tsa hae. (Gen. 12:5) Ka letsatsi le leng, Abrahama o ile a etsa qeto ya ho amohela baeti bao ba neng ba sa ba lebella. O ile a kopa Sara hore a tlohele ntho eo a neng a e etsa mme a etse bohobe bo bongata. (Gen. 18:6) Ka potlako Sara o ile a tlohela ntho eo a neng a e etsa mme a mamela Abrahama. Basadi, le ka etsisa Sara ka hore le tshehetse diqeto tseo banna ba lona ba di etsang. Ha o etsa jwalo, o tla matlafatsa lenyalo la hao. (Bala 1 Petrose 3:5, 6.) Dmitry eo re buileng ka yena serapeng se fetileng, o hlalosa hore na mosadi wa hae o bontsha jwang hore o a mo hlompha. O re: “Ke ananela boiteko boo Angela a bo etsang ho tshehetsa diqeto tsa ka le haeba a sa dumellane le tsona. Ha a ntshwaye phoso haeba diqeto tseo ke di entseng di sa atleha.” Ho bonolo ho rata motho ya o hlomphang.
18. Ha banyalani ba etsa dintho tse ba thusang hore ba dule ba ratana, seo se ba tswela molemo jwang?
18 Mehleng ena Satane o batla hore banyalani ba Bakreste ba kgaotse ho ratana. O a tseba hore ha banyalani ba kgaotsa ho ratana, ba tla qetella ba le hole le Jehova. Le ha ho le jwalo, lerato la nnete le ke ke la fela. Ka hoo, e se eka lerato leo le ratanang ka lona le ka tshwana le le hlalositsweng lengolong la Sefela sa Difela. Ikemisetseng hore Jehova a tle pele bophelong ba lona, qetang nako le le ha mmoho mme le hlomphe maikutlo le ditlhoko tsa e mong. Ha le etsa jwalo, lenyalo la lona le tla tlotlisa Jehova e leng yena mohlodi wa lerato la nnete. Lerato la lona le tla dula le tuka jwalo ka mollo o besitsweng hantle.
PINA YA 132 Jwale re Nama e le Nngwe
a Jehova o file batho mpho ya lenyalo e le hore monna le mosadi ba ka bontshana lerato. Le ha ho le jwalo, ka dinako tse ding banyalani ba ka nna ba se ke ba ratana jwalo ka pele. Haeba o na le molekane wa lenyalo, sehlooho sena se tla o thusa hore o dule o rata molekane wa hao le hore o thabele lenyalo.
b Lerato la nnete e leng le sa fetoheng le le dulang le le teng le bitswa “lelakabe la Jah” hobane Jehova ke mohlodi wa lona.
c Dintlha tsena di ka o thusa hore wena le molekane wa hao le dule le ratana le hoja e se e mong wa Dipaki Tsa Jehova.—1 Bakor. 7:12-14; 1 Pet. 3:1, 2.
d Ka mohlala, o ka sheba keletso e ka o thusang dihloohong tsa “Se ka Thusang Lelapa,” tse fumanehang websaeteng ya jw.org/st-za le ho JW Library®.