Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 21

Jehova o Araba Dithapelo Tsa Rona Jwang?

Jehova o Araba Dithapelo Tsa Rona Jwang?

“Re a tseba hore o tla re fa dintho tseo re di kopang hobane re mo kopile.”​—1 JOH. 5:15.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

SEO RE TLO ITHUTA SONA a

1, 2. Re ka nna ra ipotsang ka dithapelo tseo re di etsang?

 NA O kile wa ipotsa hore na ebe Jehova o araba dithapelo tsa hao? Haeba ho jwalo, tseba hore ha o mong. Bara le baradi ba bo rona ba bangata le bona ba re ba ye ba ipotse, haholo ha ba ena le mathata. Le rona re ka thatafallwa ho bona hore na Jehova o araba dithapelo tsa rona jwang ha re ena le mathata.

2 Re tla bona hore na ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o mamela dithapelo tsa bahlanka ba hae. (1 Joh. 5:15) Re tla boela re arabe dipotso tse latelang: Ke hobaneng ha ka dinako tse ding re ka bona eka Jehova ha a arabe dithapelo tsa rona? Jehova o araba dithapelo jwang mehleng ee?

JEHOVA A KA RE ARABA KA TSELA EO RE SA E LEBELLANG

3. Ke hobaneng ha Jehova a batla hore re mo rapele?

3 Bibele e a re kgodisa hore Jehova o re rata haholo ebile o re nka re le bohlokwa. (Hag. 2:7; 1 Joh. 4:10) Ke ka hoo a reng re mo rapele mme re mo kope hore a re thuse. (1 Pet. 5:6, 7) O batla ho re thusa hore re dule re le haufi le yena le hore re sebetsane le mathata a rona ka katleho.

Jehova o ile a araba dithapelo tsa Davida ka ho mo sireletsa ho dira tsa hae (Sheba serapa sa 4)

4. Re tseba jwang hore Jehova o araba dithapelo tsa bahlanka ba hae? (Sheba setshwantsho.)

4 Hangata ha re bala Bibele re fumana mehlala ya bahlanka ba Jehova bao a ileng a araba dithapelo tsa bona. Na o ka nahana ka o mong? Mohlala o mong ke wa Morena Davida. O ne a ena le dira tse ngata tse kotsi mme hangata o ne a rapela Jehova a mo kopa thuso. Ka lekgetlo le leng, o ile a rapela Jehova mme a re: “Utlwa thapelo ya ka hle Jehova. Nkutlwe ha ke kopa thuso. Nkarabe hobane o a tshepahala ebile o lokile.” (Pes. 143:1) Jehova o ile a araba Davida ha a ne a mo kopa hore a mo pholose. (1 Sam. 19:10, 18-20; 2 Sam. 5:17-25) Ka hoo Davida o ile a bua a kgodisehile a re: “Jehova o haufi le bohle ba mo bitsang.” Le rona re ka kgodiseha hore Jehova o haufi le rona.​—Pes. 145:18.

O ile a boela a araba dithapelo tsa Pauluse ka ho mo fa matla a ho mamella mathata. (Sheba serapa sa 5)

5. Na Jehova o ne a dula a araba dithapelo tsa bahlanka ba hae ba nakong e fetileng ka tsela eo ba neng ba e lebeletse? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho.)

5 Jehova a ka araba dithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang. Moapostola Pauluse o ile a hlahelwa ke ntho e jwalo. O ile a kopa Modimo hore a mo tlose “moutlwa nameng.” Ka makgetlo a mararo Pauluse o ile a rapella boemo boo bo neng bo mo imetse. Na Jehova o ile a mo araba? O ile a mo araba empa eseng ka tsela eo Pauluse a neng a e lebeletse. Ho ena le ho tlosa bothata boo, Jehova o ile a mo fa matla ao a neng a a hloka e le hore a ka tswela pele a mo sebeletsa ka botshepehi.​—2 Bakor. 12:7-10.

6. Ke hobaneng ha ka dinako tse ding ho ka bonahala eka Jehova ha a arabe dithapelo tsa rona?

6 Ka dinako tse ding le rona Jehova a ka re araba ka ditsela tseo re neng re sa di lebella. Re lokela ho kgodiseha hore Jehova o tseba hantle hore na ke eng e molemo bakeng sa rona. A ka ba a “etsa dintho tse fetang hole tsohle tseo re ka di kopang kapa tseo re ka di nahanang.” (Baef. 3:20) Ka lebaka leo, a ka re araba ka nako eo re neng re sa e lebella kapa ka tsela eo re neng re sa e lebella.

7. Ke hobaneng ha re ka lokela ho fetola dintho tseo re di rapellang? Fana ka mohlala.

7 Ha re hlokomela hore na thato ya Jehova ke efe, re ka nna ra lokela ho fetola dintho tseo re di rapellang. A re nahaneng ka mohlala wa Morabo rona Martin Poetzinger. Nakwana ka mora hore Morabo rona Poetzinger a nyale, o ile a iswa kampong ya mahloriso ya manazi. O ile a kopa Jehova hore a mo ntshe moo e le hore a ka hlokomela mosadi wa hae le hore a ka tswela pele a ruta batho Bibele. Le ha ho le jwalo, ka mora hore ho fete dibeke tse pedi o ile a hlokomela hore Jehova o ne a sa tlo mo lokolla moo. Ka hoo o ile a rapela Jehova mme a re: “Jehova, ke kopa o mpontshe hore na o batla hore ke etseng.” Ka mora moo o ile a nahana ka hore na bara ba bo rona ba bang moo ba kopana le mathata afe. Bongata ba bona ba ne ba amehile ka basadi le bana ba bona. Morabo rona Poetzinger o ile a re ho Jehova: “Jehova, ke a o leboha ka mosebetsi o motjha oo o mphileng wona. Nthuse ho matlafatsa bara beso le ho ba kgothatsa.” O ile a qeta dilemo tse robong a etsa mosebetsi oo.

8. Re lokela ho hopola ntlha efe ya bohlokwa ha re rapela?

8 Re lokela ho hopola hore Jehova o na le morero mme o tla o phetha ka nako eo a e kgethileng. Morero oo o akareletsa ho fedisa mathata ohle a re hlahelang mehleng ena ka ho feletseng. Mathata ao a akareletsa dikoduwa tsa tlhaho, ho kula le lefu. Jehova o tla sebedisa Mmuso wa hae ho phethahatsa morero oo. (Dan. 2:44; Tshen. 21:3, 4) Empa hona jwale, Jehova o sa dumeletse Satane hore a buse lefatshe. b (Joh. 12:31; Tshen. 12:9) Haeba Jehova a ne a ka rarolla mathata a rona hona jwale, ho ne ho tla bonahala eka Satane o ntse a busa lefatshe hantle. Le hoja re lokela ho emela hore Jehova a phethahatse ditshepiso tse ding tsa hae, ha se hore o re lahlile kgerehlwa. A re hlahlobeng dintho tse ding tseo Jehova a di etsang ho re thusa.

JEHOVA O ARABA DITHAPELO TSA RONA JWANG MEHLENG EE?

9. Jehova a ka re thusa hore re etse diqeto tse nepahetseng jwang? Fana ka mohlala.

9 O re fa bohlale. Jehova o tshepisa hore o tla re fa bohlale e le hore re ka etsa diqeto tse nepahetseng. Re hloka bohlale bo tswang ho Jehova ha re etsa diqeto tse ka fetolang bophelo ba rona jwalo ka hore na re tla kgetha ho ba le molekane kapa tjhe. (Jak. 1:5) Nahana ka se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Maria. c E ne e le pulamadiboho ya ka mehla e thabileng yaba o kopana le morabo rona ya itseng. O re: “Ha re ntse re tlwaelana, re ile ra utlwa re se re ratana. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho kgetha hore na ke tla etsa jwang. Ke ile ka rapella taba eo. Ke ne ke hloka tataiso ya Jehova empa ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a nketsetsa qeto.” Moradi wa bo rona Maria o nka hore Jehova o ile a araba thapelo ya hae. O ile a mo araba jwang? Moradi wa bo rona Maria o ile a etsa dipatlisiso a sebedisa dingolwa tsa rona mme a fumana dikarabo tsa dipotso tseo a neng a ena le tsona. O ile a boela a mamela keletso ya mme wa hae. Keletso eo e ile ya mo thusa ho nahana hantle ka boemo boo a neng a le ho bona. O ile a kgona ho etsa qeto e nepahetseng.

Jehova o re fa matla a ho mamella jwang? (Sheba serapa sa 10)

10. Ho latela Bafilipi 4:13, Jehova o thusa barapedi ba hae jwang? Fana ka mohlala. (Sheba setshwantsho.)

10 O re fa matla a ho mamella. Jehova o tla re fa matla a ho mamella mathata a rona jwalo ka ha a ile a thusa moapostola Pauluse. (Bala Bafilipi 4:13.) Hlokomela ka moo Jehova a ileng a thusa Morabo rona Benjamin ho mamella maemo a boima ka teng. Ha Morabo rona Benjamin a sa le motjha, yena le lelapa labo ba ile ba phela dikampong tsa baphaphathehi Afrika ka nako e telele. O re: “Ke ne ke dula ke rapela Jehova, ke mo kopa hore a mphe matla a ho etsa dintho tse mo thabisang. Jehova o ile a araba dithapelo tsa ka ka ho nthusa hore ke dule ke thabile. O ile a boela a nthusa hore ke buisane le batho ka molaetsa wa Bibele ke sa tshabe, a ba a mpha dingolwa tse ileng tsa nthusa hore ke dule ke le haufi le yena.” O ile a boela a re: “Ho bala dipale tsa Bakrestemmoho le nna ho ile ha nthusa ho bona ka moo Jehova a ileng a ba thusa ho mamella mathata ka teng mme seo se ile sa etsa hore ke ikemisetse ho dula ke tshepahalla Jehova.”

Na Jehova o kile a o thusa a sebedisa Bakrestemmoho le wena? (Sheba serapa sa 11 le 12) d

11, 12. Jehova a ka sebedisa Bakrestemmoho le rona jwang ho araba dithapelo tsa rona? (Sheba setshwantsho.)

11 O sebedisa Bakrestemmoho le rona. Bosiung ba hae ba ho qetela pele a re shwela, Jesu o ile a rapela ka matla, a kopa Jehova hore a se ke a dumella batho hore ba nahane hore o a mo nyefola. Ho ena le ho etsa jwalo, Jehova o ile a roma lengeloi ho yena hore le mo matlafatse. (Luka 22:42, 43) Ka ho tshwanang, Jehova a ka re kgothatsa ka ho etsa hore Bakrestemmoho ba re letsetse kapa ba re etele. Le rona re lokela ho batla menyetla ya ho bua “lentswe le nepahetseng” le Bakrestemmoho le rona.​—Diprov. 12:25.

12 Nahana ka se ileng sa etsahalla Moradi wa bo rona Miriam. Beke ka mora hore monna wa hae a hlokahale, Moradi wa bo rona Miriam o ne a dutse a le mong hae a utlwile bohloko haholo a bile a nyahame. O ne a lla a sa kgone ho thola. O ne a hloka motho eo a ka buisanang le yena. O re: “Ke ne ke se na matla a ho letsetsa motho ofe kapa ofe ka hoo ke ile ka rapela. Ha ke sa ntse ke lla ke bile ke rapela, fono e ile ya lla, ke ne ke letseditswe ke motswalle wa ka wa moholo.” Moholo eo le mohatsae ba ile ba tshedisa Moradi wa bo rona Miriam. O kgodisehile hore ke Jehova ya entseng hore morabo rona eo a mo letsetse.

Jehova a ka susumetsa batho ba bang jwang hore ba re thuse? (Sheba serapa sa 13 le 14)

13. Fana ka mohlala o bontshang hore na Jehova a ka sebedisa batho ba sa mo sebeletseng jwang ho araba dithapelo tsa rona.

13 A ka sebedisa batho ba sa mo sebeletseng. (Diprov. 21:1) Ka dinako tse ding, Jehova o araba dithapelo tsa bahlanka ba hae ka ho etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba ba thuse. Ka mohlala, o ile a etsa hore Morena Artaseksese a dumelle Nehemia hore a kgutlele Jerusalema e le hore a ka thusa ka ho tsosolosa marako a yona. (Neh. 2:3-6) Le mehleng ena Jehova a ka etsa hore batho ba sa mo sebeletseng ba re thuse ha ho hlokahala.

14. Pale ya Moradi wa bo rona Soo Hing e o kgothatsa jwang? (Sheba setshwantsho.)

14 Moradi wa bo rona Soo Hing o ne a nka hore Jehova o ile a sebedisa ngaka ho mo thusa. Mora wa hae o ne a tshwerwe ke mafu a hlooho a mmalwa. Mora eo wa hae o ile a boela a hlahelwa ke kotsi e mpe. Ka hoo Moradi wa bo rona Soo Hing le monna wa hae ba ile ba tlameha ho tlohela mosebetsi e le hore ba mo hlokomele. Ka lebaka leo, ba ile ba eba le mathata a ditjhelete. Moradi wa bo rona Soo Hing o ile a re ha a sa kgona ho mamella boemo boo. O ile a phetlela Jehova sefuba a mo kopa thuso. Ngaka eo e ile ya ba thusa hore ba fumane thuso e tswang mmusong mme ya ba thusa hore ba fumane ntlo e neng e sa lefellwe tjhelete e ngata. Ka mora ho fumana thuso, Moradi wa bo rona Soo Hing o ile a re: “Re bone hore Jehova ke yena ya re thusitseng, ka nnete o ‘utlwa dithapelo.’”​—Pes. 65:2.

RE HLOKA TUMELO E LE HORE RE BONE DIKARABO TSA JEHOVA RE BE RE DI AMOHELE

15. Moradi wa bo rona e mong o ile a thuswa keng hore a bone hore Jehova o ntse a araba dithapelo tsa hae?

15 Ha se ka mehla dithapelo tsa rona di arajwang ka tsela e mohlolo. Empa Ntate wa rona ya lehodimong o re araba ka ho re fa dintho tseo re di hlokang e le hore re dule re mo tshepahalla. Leka ho hlokomela hore na Jehova o o araba jwang. Moradi wa bo rona Yoko o ne a bona eka Jehova ha a arabele dithapelo tsa hae. Ka hoo, o ile a qala ho ngola fatshe dintho tseo a neng a di rapella. Ka mora nako o ile a sheba buka eo a neng a ngoletse dintho tseo a di rapeletseng yaba o a bona hore Jehova o arabetse boholo ba dithapelo tsa hae. O ne a bile a arabetse le tsa dintho tseo a neng a lebetse hore o kile a di rapella. Re lokela ho itlwaetsa ho nahana ka moo Jehova a arabang dithapelo tsa rona ka teng.​—Pes. 66:19, 20.

16. Re ka bontsha jwang hore re na le tumelo ha re rapela? (Baheberu 11:6)

16 Re bontsha hore re na le tumelo ha re rapela Jehova le ha re amohela tsela le ha e le efe eo a re arabang ka yona. (Bala Baheberu 11:6.) Nahana ka mohlala wa Morabo rona Mike le mohatsa hae Chrissy. Ba ne ba batla ho sebeletsa Bethele. Morabo rona Mike o re: “Re ile ra etsa dikopo tse ngata, ra ba ra rapela Jehova ka makgetlo a mangata ka taba ena. Empa ha re a ka ra amohelwa.” Morabo rona Mike le Moradi wa bo rona Chrissy ba ne ba kgodisehile hore Jehova ke yena ya tsebang hore na ke hokae moo a ka ba sebedisang ha molemohadi. Ba ile ba etsa sohle seo ba ka se kgonang ka ho ba bopulamadiboho ba ka mehla phuthehong eo ho neng ho ena le tlhoko ya bahweletsi ba eketsehileng. Hape ba ile ba thusa le diprojekeng tsa kaho. Hona jwale ba mosebetsing wa potoloho. Morabo rona Mike o boetse o re: “Ka dinako tse ding Jehova o ne a araba dithapelo tsa rona ka tsela eo re sa e lebellang empa o ile a di araba ka tsela e molemo ho feta eo re neng re e lebeletse.”

17, 18. Ho latela Pesaleme ya 86:6, 7, re ka kgodiseha ka eng?

17 Bala Pesaleme ya 86:6, 7. Mopesaleme Davida o ne a kgodisehile hore Jehova o utlwa dithapelo tsa hae ebile o a di araba. Le wena o ka kgodiseha jwalo ka yena. Mehlala eo re buileng ka yona sehloohong sena e a re tiisetsa hore Jehova a ka re fa bohlale le matla a ho mamella mathata. A ka sebedisa Bakrestemmoho le rona kapa batho ba sa mo sebeletseng ho re thusa.

18 Le hoja Jehova a sa arabele dithapelo tsa rona ka tsela eo re e lebeletseng, re a tseba hore o a di araba. O re fa dintho tseo re di hlokang ka nako eo re di hlokang ka yona. Ka hoo o dule o rapela Jehova o tshepile hore o tla o utlwa. O kgodisehe hore Jehova o tla o thusa hona jwale le hore o tla “kgotsofatsa dintho tsohle tse phelang” lefatsheng le letjha.​—Pes. 145:16.

PINA YA 46 Re a o Leboha, Jehova

a Jehova o tshepisa hore o tla mamela dithapelo tsa rona ha feela di dumellana le thato ya hae. Re ka kgodiseha hore Jehova o tla re thusa hore re dule re mo tshepahalla ha re ena le mathata. A re bueng ka hore na Jehova o araba dithapelo tsa rona jwang.

b E le hore o utlwisise hore na ke hobaneng ha Jehova a dumeletse Satane ho busa lefatshe, bala sehlooho se reng “Dula o Hopola se Lokelang ho Tla Pele!” se hlahang ho Tora ya ho Lebela ya June 2017.

c Mabitso a mang a fetotswe.

d SETSHWANTSHO: Mme le moradi wa hae ba fihla naheng eo ba balehetseng ho yona. Bakrestemmoho le bona ba ba amohela ka mofuthu ebile ba ba thusa ka dintho tseo ba di hlokang.