Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

Dipotso Tse Tswang Ho Babadi

[Ba Tswelang Molemo] bao Jesu a buileng ka bona bosiung ba pele a hlokahala ke bo mang, hona ke hobaneng ha ba ne ba bitswa jwalo?

Bosiung ba pele Jesu a hlokahala, o ile a eletsa baapostola ba hae hore ba se ke ba ipatlela maemo le botumo. O ile a re: “Marena a ditjhaba a rena ka thata hodima tsona, le ba nang le matla hodima tsona ba bitswa [Ba Tswelang Molemo.] Le ha ho le jwalo, ha le a lokela ho ba ka tsela eo.”—Luka 22:25, 26.

Ke bomang [Ba Tswelang Molemo] bao Jesu a buang ka bona mona? Mengolo e fatuweng majweng le ditjhelete tsa tshepe, di bontsha hore ho ne ho tlwaelehile hore Bagerike le Baroma ba hlomphe banna le babusisi ba tummeng ka ho ba bitsa ka tlotla ena, Euergetes kapa [Ba Tswelang Molemo.] Lebaka leo ba neng ba bitswa jwalo ka lona ke hobane ba ne ba entse ditshebeletso tse itseng setjhabeng.

Esita le marena a mangata a ne a bitswa [Ba Tswelang Molemo.] Hara bona ho ne ho tsejwa babusisi ba Baegepeta, e leng Ptolemy III Euergetes (c. 247-222 B.C.E.) le Ptolemy VIII Euergetes II (c. 147-117 B.C.E.) Ba bang e ne e le babusisi ba Baroma e leng, Juliase Cesare (48-44 B.C.E.) le Augustase (31 B.C.E.–14 C.E.) haesitana le Heroda e Moholo, morena wa Judea. Ho bonahala eka lebaka le entseng hore Heroda a be a bitswe jwalo, ke hobane a ne a ile a fa bafutsana diaparo a ba a phallela le setjhaba sa hae nakong ya tlala ya boja dikata.

Ho latela seo setsebi se seng sa Bibele sa Germany e leng Adolf Deissmann a se buileng, ho bonahala ho bitswa ka tlotla ena [Ba Tswelang Molemo,] ho ne ho atile haholo. O ile a re: “Ho latela ka moo ho bitsa batho ka tlotla ena ho neng ho atile ka teng, o ne o ka e fumana hohle mona esita le meqolong e ngotsweng ka letsoho.”

Jwale he, Jesu o ne a bolelang ha a ne a re ho barutuwa ba hae: “Le ha ho le jwalo, ha le a lokela ho ba ka tsela eo?” Na o ne a bolela hore ba se ke ba ba le taba le batho, ka mantswe a mang, ba se ke ba thusa batho? Le letho. Ho bonahala Jesu a ne a kgathatsehile ka sepheo se fosahetseng seo batho ka nako eo ba neng ba fana ka sona.

Mehleng ya Jesu, barui ba ne ba rata ho ikgapela thoriso ka ho tshehetsa ka ditjhelete dibapadi tse bapallwang mabaleng a boithabiso, ho haha dipaka le ditempele esita le dintho tse jwalo ka tseo. Le ha ho le jwalo, ba ne ba etsa tsena tsohle ka sepheo sa ho batla ho tuma le ho iketela hore ba voutelwe. Ebile le buka e nngwe ya ditshupiso e re: “Le hoja ho na le mehlala ya batho ba ileng ba fana ka sepheo se setle, empa batho ba bangata ba ne ba tlwaetse ho fana ka lebaka la ho rata dipolotiki.” Ka hoo, Jesu o ne a lemosa balatedi ba hae hore ba se ke ba ba le sepheo se jwalo.

Dilemo tse mmalwa ha morao, moapostola Pauluse o ile a hatisa nnete ya bohlokwa mabapi le ho fana ka sepheo se setle. O ile a ngolla Bakreste ba Korinthe a re: “E mong le e mong a ke a etse feela jwalo ka ha a entse qeto e tiileng pelong ya hae, eseng ka lekgonono kapa ka ho qobellwa, ka ha Modimo o rata ya fanang a nyakaletse.”—2 Bakor. 9:7.