Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ya Susumetsang Tsela eo o Nahanang ka Yona?

Ke Mang ya Susumetsang Tsela eo o Nahanang ka Yona?

“Le kgaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ya dintho.”—BAR. 12:2.

DIPINA: 88, 45

1, 2. (a) Jesu o ile a araba Petrose jwang ha a ne a mo kgothalletsa hore a ikgauhele? (Sheba setshwantsho se qalong.) (b) Hona ke hobaneng ha a ile a mo araba ka tsela eo?

BARUTUWA ba Jesu ba ne ba sa kgolwe seo ba se utlwang. Ba ne ba lebelletse hore Jesu o tla kgutlisetsa mmuso Iseraele, empa ke ha ba utlwa a ba jwetsa hore haufinyane o tla tloha a hlokofatswa mme a bolawe. Yaba moapostola Petrose o re ho yena: “Ikgauhele, Morena, Ho hang o ke ke wa ba le qetello ena.” Ke ha Jesu a re ho yena: “Suthela ka mora ka, Satane! o kgopiso ho nna, hobane o nahana menahano ya batho, eseng ya Modimo.”—Mat. 16:21-23; Lik. 1:6.

2 Ka mantswe ao, Jesu o ne a bontsha phapang e teng pakeng tsa tsela eo Jehova a nahanang ka yona le eo batho ba laolwang ke Satane ba nahanang ka yona. (1 Joh. 5:19) Petrose o ne a kgothalletsa Jesu hore a ikutlwele bohloko, e leng boikutlo boo batho ba lefatshe lena ba nang le bona. Empa Jesu o ne a tseba hantle hore tsela eo Ntate wa hae a nahanang ka yona e fapane hole le eo batho ba nahanang ka yona. O ne a tseba hore Modimo o batla hore a itokiselletse lefu le bohloko bo neng bo larile ka pele ho yena. Ka hona, karabo ya Jesu ho Petrose e bontsha hore Jesu o ne a nahana jwalo ka Jehova eseng jwalo ka batho.

3. Ke hobaneng ha ho le thata hore re nahane ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona?

3 Jwale ho thweng ka rona? Na re nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona, kapa eo batho ba nahanang ka yona? Ke nnete hore jwalo ka Bakreste, re ile ra sebetsa ka thata ho etsa dintho tse thabisang Modimo. Empa ho thweng ka tsela eo re nahanang ka yona? Na re nahana le ho sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona? Ho etsa jwalo ho hloka boiteko bo matla. Lebaka la sena ke hore haeba re dutse feela re sa etse boiteko, ho bonolo hore re iphumane re se re nahana jwalo ka batho ba laolwang ke Satane. Etswe re potolohilwe ke bona hohle mona. (Baef. 2:2) Ho feta moo, ka ha batho ba lefatshe ba re kgothalletsa hore re itjhebe borona feela, re ka qetella re se re tshwasehile habonolo hore re ba etsise. Nnete eo re ke keng ra iphapanyetsa yona ke hore ho thata ho nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona, empa ho iketsahalla feela hore re iphumane re se re nahana ka tsela eo batho ba lefatshe lena ba nahanang ka yona.

4. (a) Ho tla etsahalang haeba re dumella ho susumetswa ke tsela eo batho ba nahanang ka yona? (b) Re tlo ithutang sehloohong sena?

4 Haeba re dumella ho susumetswa ke tsela eo batho ba nahanang ka yona, re ka qetelletse re se re itjheba borona feela ebile re sa batle le ho bolellwa hore na se setle le se sebe ke sefe. (Mar. 7:21, 22) Ka lebaka leo, ke ha bohlokwa hore re nahane jwalo ka Modimo, eseng jwalo ka batho. Ke sona seo re tlo ithuta sona sehloohong sena. Re tlo ithuta hore ho sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona, ha ho bolele hore re itima menyetla, empa ho re tswela molemo. Re tla boela re tshohle ka moo re ka qobang ho susumetswa ke batho ka teng. Athe ha e le sehloohong se latelang, re tlo ithuta ka moo re ka nahanang ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona dintlheng tse itseng.

TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA YONA E MOLEMO

5. Ke hobaneng ha batho ba bang ba sa batle ho bolellwa hore na ba etseng?

5 Batho ba bang ha ba batle ho bolellwa ke mang kapa mang hore na ba etseng. O tla utlwa ba re: “Ke mang a itseng ha ke tsebe ho inahanela!” Ha e le hantle seo ba se bolelang ke hore ba batla ho iketsetsa diqeto hobane ba re ba na le tokelo ya ho etsa jwalo. Ka mantswe a mang, ha ba batle ho laelwa kapa hona hore ba qobellwe ho etsa dintho ka tsela eo batho bohle ba di etsang ka yona. *

6. (a) Jehova o re file bolokolohi bofe? (b) Na bolokolohi boo ke bo se nang moedi?

6 Le ha ho le jwalo, ho a thabisa ho tseba hore ha re na le pono ya Jehova ka dintho, seo ha se bolele hore jwale re tlanngwe maoto le matsoho hore re se ke ra ntsha le maikutlo a rona. Hobane jwalo ka ha 2 Bakorinthe 3:17 e bolela, “moo moya wa Jehova o leng teng, ho na le tokoloho.” Jehova o re file bolokolohi ba hore re ikgethele hore na re batla ho ba batho ba mofuta ofe. Re ka kgona ho ikgethela dintho tseo re di ratang le tseo re di thabelang. Ha e le hantle ke ka moo Jehova a re entseng ka teng. Empa sena ha se bolele hore re ka nna ra iketsetsa borata feela. (Bala 1 Petrose 2:16.) Ha re tlameha ho etsa qeto ka hore na ke sefe se setle kapa se sebe, Jehova o batla re sebedise Bibele ho re thusa hore re etse diqeto tse molemo. Na see ke ho re kwalla menyetla kapa se tla re tswela molemo?

7, 8. Ke hobaneng ha re sa lokela ho nahana hore ho ba le pono ya Jehova ka dintho ho re kwalla menyetla? Hlalosa.

7 Ka mohlala. Re a tseba hore batswadi ba sebetsa ka thata ho ruta bana ba bona hore ba be le mekgwa e metle. Ba ba ruta hore ba tshepahale, e be bana ba sebetsang ka thata mme ba kgathalle ba bang. Sena ha se bolele hore ba ba kwalla menyetla. Ho e na le hoo, ba ba kwetlisetsa bokamoso e le hore e tle e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo. Ha bana ba se ba phuruseditse mme ba tloha hae, ba tla ba le bokgoni ba ho iketsetsa diqeto. Haeba ba kgetha ho phela ka ditekanyetso le melaomotheo eo batswadi ba ba rutileng yona, ba tla tseba ho etsa diqeto tseo ba ke keng ba ikwahlaela tsona le ka moso. Ka lebaka leo, ba tla qoba mathata le masisapelo a tliswang ke ho se mamele.

8 Jwalo ka motswadi ya molemo, Jehova le yena o batla hore bana ba hae ba kgotsofalle bophelo. (Esa. 48:17, 18) Ka lebaka leo, o re file melaomotheo ya ka moo re lokelang ho itshwara le ho tshwara ba bang ka teng. Ka hoo, sena se re thusa hore re shebe dintho ka tsela eo a di shebang ka yona mme re be le mekgwa e metle eo a e batlang. Empa sena ha se bolele hore Jehova o re thibela ho thabela bophelo. Ho e na le hoo, o re thusa hore re be le matla a ho nahana mme re a sebedise e le hore re etse dintho hantle. (Pes. 92:5; Liprov. 2:1-5; Esa. 55:9) Ho ekelletsa moo, ho nahana jwalo ka Jehova ho tla re thusa hore re etse diqeto tse hantle mme re thabe. (Pes. 1:2, 3) Ruri tsela eo Jehova a nahanang ka yona e molemo.

TSELA EO JEHOVA A NAHANANG KA YONA E PHAHAME

9, 10. Tsela eo Jehova a nahanang ka yona e phahametse ya batho jwang?

9 Lebaka le leng le etsang hore barapedi ba Jehova ba labalabele ho nahana jwalo ka yena ke hore, tsela eo a nahanang ka yona e phehametse hole ya batho. Hona jwale ho se ho na le dikeletso mabapi le boitshwaro, dikamano tse ntle tsa lelapa, mosebetsi o kgotsofatsang le dintho tse ding tse jwalo. Empa dikeletso tse ngata ha di dumellane le tsela eo Jehova a nahanang ka yona. Ka mohlala, kajeno lefatsheng ho thwe ha wena o thabile feela ho lekane. Athe ha e le boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano bona ha re sa bua. Ebile banyalani ba kgothalletswa le hore ba arohane kapa ba hlalane ka mabaka a bosawana feela haeba seo se tla etsa hore ba thabe. Dikeletso tsena di kgahlanong le seo Bibele e se rutang. O e bona jwang, Na ho na le keletso eo o ka e fumanang lefatsheng lena e molemo ho feta eo Bibele e fanang ka yona?

10 Jesu o kile a re: “Bohlale bo pakwa ke mesebetsi ya bona hore bo lokile.” (Mat. 11:19) Ke nnete hore lefatshe le leka ka hohle ho ntshetsa pele theknoloji, empa ha le kgone ho rarolla mathata a maholo a etsang hore batho ba se ke ba thaba. Mathata a bakwang ke ntwa, kgethollo ya morabe le tlolo ya molao. Boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano ke koboanela lefatsheng kajeno. Batho ba a hlokomela hore tsela ena ya bophelo ha e rarolle mathata. Ho e na le hoo, e thuba malapa, e baka malwetse, e bile e baka le mathata a mang a eketsehileng. Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba thabela ho ba le kamano e ntle le ba malapa a bona, bophelo botle ka lebaka la boitshwaro ba bona bo hlwekileng hammoho le kgotso le badumedimmoho le bona lefatsheng ka bophara. (Esa. 2:4; Lik. 10:34, 35; 1 Bakor. 6:9-11) Na see ha se bontshe hore tsela eo Jehova a nahanang ka yona e phahametse ya batho?

11. Tsela eo Moshe a neng a nahana ka yona e ne e susumetswa keng, hona ditlamorao e bile dife?

11 Bahlanka ba Jehova ba mehleng ya ha ho ne ho ngolwa Bibele, ba ne ba hlokomela hore tsela eo Jehova a nahanang ka yona e phahame. Le hoja Moshe a ne a ile “a rupelwa ka bohlale bohle ba Baegepeta,” o ile kopa Modimo hore a mo fe “pelo e bohlale.” (Lik. 7:22; Pes. 90:12) O ile a mo kopa ka matla a re: “Ntsebise ditsela tsa hao.” (Ex. 33:13) Ka lebaka la hore ebe Moshe o ile a dumella Jehova hore a mo tataise, Jehova o ile a mo sebedisa ka tsela e ikgethang ho phethahatsa thato ya hae. A ba a boela a mo tlotla ka ho mo bitsa monna ya nang le tumelo e matla ka ho fetisisa.—Baheb. 11:24-27.

12. Moapostola Pauluse o ne a theha mabaka a hae hokae?

12 Moapostola Pauluse o ne a le bohlale a bile a rutehile, bonyane a tseba dipuo tse pedi. (Lik. 5:34; 21:37, 39; 22:2, 3) Le ha ho le jwalo, ha a ne a lokela ho etsa qeto ka se setle le se sebe o ne a hana ho susumetswa ke bohlale ba lefatshe. Ho fapana le hoo, o ne a theha mabaka a hae Lentsweng la Modimo. (Bala Liketso 17:2; 1 Bakorinthe 2:6, 7, 13.) Ka lebaka leo, o ile a thabela tshebeletso ya hae mme a dula a tadimile moputsong wa ho phela ka ho sa feleng.—2 Tim. 4:8.

13. Ke boikarabelo ba mang ho etsa hore re nahane jwalo ka Jehova?

13 Ka sebele, tsela eo Modimo a nahanang ka yona e phahametse hole ya lefatshe lena. Haeba re latela tataiso ya hae, re tla thabela bophelo re be re atlehe. Empa le ka mohla Jehova a ke ke a re qobella hore re be le pono e tshwanang le ya hae. Esita le lona “lekgoba le tshepahalang le le masene” kapa bona baholo, ba ke ke ba re qobella hore re nahane ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona. (Mat. 24:45; 2 Bakor. 1:24) Ho e na le hoo, ke boikarabelo ba Mokreste e mong le e mong ho etsa bonnete ba hore o nahana ka tsela e tshwanang le eo Modimo a nahanang ka yona. Empa re ka etsa seo jwang?

QOBA HO NAHANA JWALO KA BATHO BA SA RATENG MODIMO

14, 15. (a) E le hore re tsebe ho sheba dintho ka tsela eo Jehova a di shebang ka yona, re lokela ho nahanisisa ka eng? (b) Re nahanne ka lengolo la Baroma 12:2, ke hobaneng ha re lokela ho qoba ho susumetswa ke batho ba sa rateng Modimo? Hlalosa.

14 Ha re bala Baroma 12:2, re fuwa keletso e reng: “Le kgaotse ho ba ka sebopeho sa tsamaiso ena ya dintho, empa le fetohe ka ho fetola dikelello tsa lona, e le hore le ka ipakela e le lona thato ya Modimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” Lengolo lena le re ruta hore ho sa tsotellehe hore na re ne re le ka sebopeho sefe pele re ithuta nnete, re ntse re ka kgona ho fetoha e le hore re nahane ka tsela e tshwanang le eo Modimo a nahanang ka yona. Ke nnete hore e ka nna yaba re ne re tena re nahana ka tsela e itseng ka lebaka la lefutso kapa dintho tse ileng tsa re etsahalla pele. Empa ka ha kelello ya fetofetoha, re ka kgona ho fetoha. Le ha ho le jwalo, ho tla itshetleha ka hore na keng seo re dulang re nahana ka sona. Haeba re nahanisisa ka tsela eo Jehova a shebang dintho ka yona, re tla bona bonnete ba hore ka mehla pono ya hae e lokile. Jwale re tla nolofallwa ke ho sheba dintho le ho nahana ka tsela e tshwanang le eo a nahanang ka yona.

15 Le ha ho le jwalo, ela hloko hore re lokela ho kgaotsa ho nahana ka tsela eo batho ba nahanang ka yona e le hore re tsebe ho ba le pono ya Jehova ka dintho. Sena se bolela hore re lokela ho kgaotsa ho shebella, ho bala le ho mamela ntho le ha e le efe eo Modimo a sa e rateng. E le hore re utlwisise bohlokwa ba sena hantle, a re ke re etseng papiso ka dijo. Haeba motho a batla ho phela hantle mmeleng, o tla lokela ho ja dijo tse nang le phepo e ntle. Empa thuso e ne e tla ba efe ha ka nqena a ntse a ja dijo tse bodileng kapa tse nang le tjhefo? Ka tsela e tshwanang, boiteko boo re bo etsang ba ho ithuta ho nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona e tla ba ba lefeela haeba ka nqena re dumella ho susumetswa ke batho ba sa mo rateng.

16. Re lokela ho itsherelletsa ho eng?

16 Na re ka kgona ho qoba ka ho felletseng tsela eo batho ba sa rateng Modimo ba nahanang ka yona? Lekgale, ha ho bolele hore re tla lokela ho qoba ho phela lefatsheng lena. Hona le dintho tse ngata mona lefatsheng tseo re ke keng ra kgona ho di qoba ka ho felletseng. (1 Bakor. 5:9, 10) Ka mohlala, ha re le tshebeletsong ya tshimo, re kopana le batho ba dumelang dintho tse se nang kelello. Le ha ho le jwalo, le hoja re hlokomela hore re ke ke ra qoba dintho tsena ka ho felletseng, re lokela ho itlhokomela hore di se ke tsa tloha tsa re hahlamela. Jwalo ka Jesu, le rona re lokela ho potlakela ho hanela menahano ya Satane. Ho feta moo, re ka kgona ho itshirelletsa mme ra qoba ho iphumana ntle ho mabaka a utlwahalang, re na le batho ba sa rateng Modimo.—Bala Liproverbia 4:23.

17. Ke ditsela dife tseo ka tsona re ka qobang ho ba hara batho ba sa rateng Modimo ho sa hlokahale?

17 Ka mohlala, re lokela ho ba sedi ha re kgetha metswalle. Bibele e re lemosa hore haeba re dula re fothakelana le batho ba sa rateng Modimo, re tla qetelletse re nahana jwalo ka bona. (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:12, 32, 33) Hape re lokela ho ba sedi ka boithabiso boo re bo kgethang. Haeba re qoba boithabiso bo buang ka hore dintho di iphetotse, ntwa le boitshwaro bo bobe, re tla be re bontsha hore ha re batle dintho tse “kgahlanong le tsebo ya Modimo.”—2 Bakor. 10:5.

Na re thusa bana ba rona hore ba hloye boithabiso bo kotsi? (Sheba serapa sa 18, 19)

18, 19. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho itebela hore re se ke ra tloha ra tshwaswa ke menahano e potelletseng ya batho ba sa rateng Modimo? (b) Re lokela ho ipotsa dipotso dife, hona hobaneng?

18 Re lokela ho lemoha menahano ya lefatshe e ka tliswang ho rona ka tsela e potelletseng. Ka mohlala, e ka nna yare ha o ntse o re o shebelletse kapa re mametse ditaba, o fumane hore di thoholetsa dipolotiki. Kapa ka dinako tse ding o fumane hore ditori tse ding di kgothalletsa batho hore ba hlahelle le ho matha ka mora maruo. Athe dimovi le dibuka tse ding, di kgothalletsa batho ho inahana bobona le ho rata ba lelapa ho feta tekano. Ebile ho bona, bona ke bophelo bo monate le bo nang le kelello. Dikgopolo tse jwalo ha di dumellane le seo Bibele e se rutang. Hobane Bibele e ruta hore ha re rata Jehova ho feta dintho tsohle, dikamano tsa rona le ba malapa di tla tiya hape re tla ikutlwa re le ba bohlokwa. (Mat. 22:36-39) Re lokela ho hlokomela le tsona dipopo tseo bana ba ratang ho di shebella, hobane tse ding tsa tsona di bontsha mekgwa e mebe eo Jehova a e hloileng.

19 Empa sena ha se bolele hore ke phoso ho ithabisa. Le ha ho le jwalo, re lokela ho ipotsa dipotso tsena: ‘Na ke kgona ho lemoha seo batho ba sa rateng Modimo ba se rutang le haeba ba etsa seo ka tsela e potelletseng? Na ke a itsirelletsa le ho sirelletsa bana ba ka mananeong a TV le dingolweng tse kotsi? Na ke thusa bana ba ka hore ba be le pono ya Jehova, e le hore ba se ke ba susumetswa ke batho dinthong tseo ba di mamelang kapa ba di shebellang?’ Haeba re lemoha phapang pakeng tsa tsela eo batho ba nahanang ka yona le eo Modimo a nahanang ka yona, re ke ke ra susumetswa ke tsela eo batho ba nahanang ka yona.

HONA JWALE KE MANG YA SUSUMETSANG TSELA EO O NAHANANG KA YONA?

20. Re tlo tseba jwang haeba tsela eo re nahanang ka yona e susumetswa ke batho kapa ke Modimo?

20 Hopola hore ho na le mehlodi e mmedi feela ya tlhahisoleseding, ke Jehova le lefatshe le buswang ke Satane. Jwale wena o wela ka lehlakoreng lefe? Karabo e bonolo. Ho tswa ka hore na ke lefe leo o nkang ditaba ho lona. Haeba re amohela maikutlo a batho, re tla nahana jwalo ka bona re be re etse dintho jwalo ka bona. Ke ka hona e leng ha bohlokwa hore re hlokomele dintho tseo re dulang re nahana ka tsona.

21. Sehloohong se latelang re tlo ithuta ntho efe ya bohlokwa?

21 Jwalo ka ha re se re ithutileng sehloohong sena, e le hore re nahane jwalo ka Jehova, re lokela ho etsa ho fetang feela ho qoba tshusumetso e mpe. Re lokela ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a etsang dintho ka yona e le hore re tsebe ho nahana jwalo ka yena. Sehloohong se latelang, re tla ithuta hore na re ka kgona jwang ho nahana jwalo ka Jehova.

^ par. 5 Ha re toba taba feela, esita le bona batho bao re reng ba na le boikarabelo, ba ke ke ba qoba ka ho felletseng ho susumetswa ke ba bang. Ka mohlala, re rata kapa re sa rate, ebang re nahana ka hore na bophelo bo qadile hokae, hore na re apara eng, batho ba tla dula ba re susumetsa ka tsela e itseng. Le ha ho le jwalo, re ka kgona ho ikgethela hore na re batla ho susumetswa ke mang.