Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na o Nahana ka Tsela e Tshwanang le eo Jehova a Nahanang ka Yona?

Na o Nahana ka Tsela e Tshwanang le eo Jehova a Nahanang ka Yona?

“Le fetohe ka ho fetola dikelello tsa lona.”—BAR. 12:2.

DIPINA: 56, 123

1, 2. Keng eo re ithutang yona ha re ntse re atamela haufi le Jehova? Hlalosa.

AKO nahane ka ngwana e monyenyane ya fuwang mpho. Jwale batswadi ba hae ba re: “E re tanki.” Ngwana o etsa jwalo hobane feela ho thwe a etse. Empa ha a ntse a hola, o se a utlwisisa hore na ke hobaneng ha batswadi ba hae ba ne ba mo ruta bohlokwa ba ho leboha ha a fuwa dintho. Qetellong, ho se ho itlela feela hore a lebohe ha a fuwa ntho e itseng. Hobaneng? Hobane o se a ithutile ho leboha mme jwale e se ele ntho e mading.

2 Ka tsela e tshwanang, le rona ha re ne re qala ho ithuta ka Jehova, re ile ra bona ka moo ho leng molemo ka teng ho mo mamela. Empa ha re ntse re atamela haufi le yena, re ithuta haholwanyane ka dintho tseo a di ratang le tseo a sa di rateng haesitana le pono ya hae ka dintho tse fapaneng. Ha re dumella tsela eo Jehova a nahanang ka yona hore e susumetse diqeto le diketso tsa rona, re tla nahana jwalo ka yena.

3. Ke hobaneng ha ho ka ba thata hore re nahane ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona?

3 Le hoja e le ntho e thabisang ho nahana jwalo ka Jehova, empa ho na le diphephetso. Lebaka le leng le etsang hore ho be thata, ke hobane ha re a phethahala. Ka mohlala, re ka nna ra thatafallwa ke ho utlwisisa pono ya Jehova ka maruo, mosebetsi wa boboledi, tshebediso ya madi, boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano le dintho tse ding tse jwalo. Jwale re ka etsang maemong a jwalo? Ke jwang re ka nahanang ka tsela e tshwanang le eo Modimo a nahanang ka yona maemong a jwalo? Hona ho ba le pono e tshwanang le ya Modimo ho tla re thusa jwang hore re etse diqeto hona jwale le nakong e tlang?

HO NAHANA KA TSELA E TSHWANANG LE EO JEHOVA A NAHANANG KA YONA

4. Ha Pauluse a ne a re: ‘Re fetole dikelello tsa rona’ o ne a bolelang?

4 Bala Baroma 12:2. Moapostola Pauluse mona o hlalosa se bolelwang ke ho nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona. Jwalo ka ha re se re ithutile sehloohong se fetileng, re thusitswe ho bona hore re lokela ho qoba ho tshwaetswa ke mekgwa ya batho ba sa rateng Modimo. Empa hape Pauluse o re re ‘fetole dikelello tsa rona.’ O ne a bolela hore re lokela ho ithuta Bibele, re utlwisise tsela eo Jehova a nahanang ka yona, re nahanisise ka yona mme re be le pono e tshwanang le ya hae ka dintho.

5. Phapang ke efe pakeng tsa ho okola dintho ka hodimo feela ha o bala le ho ithuta?

5 Ho ithuta ha ho bolele ho otla dintho mabalankwe kapa ho sehella mela feela ha o lokisetsa dikarabo. Ha re ithuta, re lokela ho nahana ka hore na taba ena eo re ntseng re e bala e re rutang ka Jehova. Re boetse hape re lokela ho nahana ka tsela eo a etsang dintho ka yona le eo a nahanang ka yona. Hape re lokela ho leka ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha Jehova a re re etse dintho tse itseng mme re qobe tse itseng. Re boetse hape re lokela ho nahanisisa ka diphetoho tseo re lokelang ho di etsa bophelong. Ke nnete hore ho ka nna ha se ke ha kgonahala hore re nahanisise ka dintlha tsena tseo re satswa bua ka tsona kaofela nako le nako ha re ithuta. Empa e ka ba hantle haeba bonyane re nka halofo ya nako eo re e qetang re ithuta, hore re nahanisise ka seo re ntseng re se bala.—Pes. 119:97; 1 Tim. 4:15.

6. Ho etsahalang ha re nahanisisa ka seo re se badileng Bibeleng?

6 Ka mehla ha re nahanisisa ka seo re ithutang sona ka Bibeleng, ho na le ntho e ikgethang e etsahalang. Re ipakela e le rona, ka mantswe a mang, re a ikgodisa hore ruri tsela eo Jehova a nahanang ka yona e phethahetse. Ha re nahanisisa ka seo re se balang, jwale re qala ho utlwisisa tsela eo Jehova a tadimang dintho ka yona hoo qetellong re kgonang ho di tadima ka tsela e tshwanang. Dikelello tsa rona di a fetoha mme re se re nahana ka tsela e ntjha. Hanyane ka hanyane, re se re nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona.

TSELA EO RE NAHANANG KA YONA E AMA DIKETSO TSA RONA

7, 8. (a) Pono ya Jehova ke efe ka maruo? (Sheba ditshwantsho tse qalong.) (b) Haeba re ba le pono e tshwanang le ya Jehova, keng eo re tla e nka e le ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong?

7 Tsela eo re nahanang ka yona ha e ame maikutlo a rona feela empa e ama le diketso tsa rona. (Mar. 7:21-23; Jak. 2:17) E le hore re tle re utlwisise taba ena hantle, a re ke re bueng ka mehlala e seng mekae. Mohlala o mong o bontshang pono ya Jehova ka maruo, ke wa ha Jesu a ne a tswalwa. Jehova o ile a kgetha hore Mora wa hae Jesu a hlahele lelapeng le neng le sa rua la Josefa le Maria. (Lev. 12:8; Luka 2:24) Ha Jesu a ne a tswalwa, Maria o ile a “mo beha ka sejelong, kahobane ba ne ba se na sebaka ka kamoreng ya ho phomola.” (Luka 2:7) Ha Jehova a ne a rata, o ne a ka nna a etsa hore Mora enwa wa hae ya ratwang a hlahele mabothobothong. Empa ho hlakile hore ntho e neng e le ka sehloohong ho Jehova, e ne e le hore Jesu a hlahele lelapeng le nkang dintho ka botebo le le nang le kamano e ntle le yena.

8 Jwale, ha re nahanisisa ka tlaleho ena ya Bibele e mabapi le tswalo ya Jesu, re ka ithuta hore na pono ya Jehova ke efe ka maruo. Batswadi ba bang ba tsepamisitse maikutlo tabeng ya ho bokelletsa dintho tse ngata bakeng sa bana ba bona, ho fapana le ho ba thusa hore ba be le kamano e ntle le Modimo. Empa jwalo ka ha re se re bone, ntho ya bohlokwahadi ho Jehova ke hore re lwanele ho ba le kamano e ntle le yena. Na o na le pono e tshwanang le ya Jehova tabeng ena? Hona na diketso tsa hao di dumellana le pono eo?—Bala Baheberu 13:5.

9, 10. Re ka bontsha jwang hore re na le pono e tshwanang le ya Jehova mabapi le ho kgopisa ba bang?

9 Mohlala o mong ke wa ka moo Jehova a tadimang batho ba kgopisang ba bang ka teng. Jesu o kile a re: “Empa mang kapa mang ya kgopisang e mong wa ba banyenyane bana ba dumelang, ho ne ho tla ba molemo haeba lelwala le kang le sothwang ke esele le ne le ka tlamellwa molaleng wa hae mme a lahlelwa ka lewatleng.” (Mar. 9:42) Mantswe ana a Jesu a bontsha hore ehlile ho kgopisa ba bang ke ntho e tebileng. Ka ha Jesu o bonahatsa botho ba Ntate wa hae hantle, re ka kgodiseha hore le Jehova ha a batle motho ya kgopisang motho e mong ka boomo.—Joh. 14:9.

10 Na le rona re na le pono e tshwanang le ya Jehova le Jesu tabeng ena? Hona na diketso tsa rona di dumellana le pono eo? Ka mohlala, ha re re o rata setaele se itseng sa ho apara. Ebe jwale o ne o tla etsang haeba tsela eo o aparang ka yona e kgopisa ba bang ka phuthehong, kapa esita le hona ho etsa hore ba bang ba tsohelwe ke takatso ya ho etsa boitshwaro bo bobe? Na lerato leo re ratang bara le baradibabo rona ka lona le ne le ke ke la re susumelletsa hore re tlohele ditaele tseo re di ratang?—1 Tim. 2:9, 10.

11, 12. Ho hloya seo Jehova a se hloileng le ho ba le boitshwaro ho ka re sireletsa jwang?

11 Mohlala wa boraro ke ona: Jehova o hloile bobe. (Esa. 61:8) Ke nnete hore Jehova o a tseba hore ka dinako tse ding ho ka ba thata hore re etse dintho tse hantle hobane ha re a phethahala. Ho ntse ho le jwalo, o batla hore re nahane jwalo ka yena ka hore re hloye seo a se hloileng. (Bala Pesaleme ya 97:10.) Haeba re nahanisisa ka lebaka leo Jehova a hloileng dintho tse mpe ka lona, sena se tla re thusa hore re be le pono e tshwanang le ya hae mme re be le matla a ho hlola se sebe.

12 Haeba re ithuta ho hloya se sebe, seo se tla re thusa hore re lemohe esita le dintho tse mpe le hoja Bibele e sa bue ka tsona ka ho toba. Ka mohlala, boitshwaro bo bong bo bobe bo atileng kajeno ke mofuta o mong wa tantshi o bitswang Lap dancing moo motho a itsokang a dutse seropeng sa e mong. Ba bang ba ka nna ba ipuella ka hore empa e le tantshi feela, ha se hore ba entse thobalano. * Empa na ho ipehela mabaka ka tsela ena ho bontsha hore motho o hloile se sebe jwalo ka Jehova? A re etseng sohle seo re ka se kgonang ho hloya se sebe jwalo ka Jehova mme re be le boitshwaro.—Bar. 12:9.

HO ETSA QETO HONA JWALE MABAPI LE SE KA NNANG SA ETSAHALA KA MOSO

13. Ke hobaneng ha re lokela ho nahana ka pono ya Jehova esale pele e le hore re tle re tsebe ho etsa diqeto ka moso?

13 Ha re ithuta, re lokela ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a shebang ditaba ka yona mme sena se tla re thusa hore re etse diqeto tse hantle ka moso. Jwale, etlare haeba re tlameha ho etsa qeto hanghang, re ke ke ra iphumana re eme le monna wa mateneng. (Liprov. 22:3) A re ke re tshohleng mehlala e hlahang ka Bibeleng.

14. Re ithutang tlalehong ya ha Josefa a baleha mosadi wa Potifaro?

14 Ha mosadi wa Potifaro a hokahoka Josefa hore a robale le yena, Josefa o ile a hana. Sena se bontsha hore Josefa o ne a ile a nahanisisa ka botebo ka pono ya Jehova mabapi le lenyalo. (Bala Genese 39:8, 9.) Ho feta moo, ha a re ho mosadi wa Potifaro: “Nka etsa bobe bona bo boholo jwang mme ka sitelwa Modimo?” o ne a bontsha hore o ne a se a nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona. Jwale ho thweng ka rona? Ha re re mosebetsimmoho le wena o a o fereha. Kapa ho thweng haeba o romellwa molaetsa kapa setshwantsho sa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano? * Ho tla ba bonolo ho qoba dintho tse jwalo haeba re ile ra ithuta esale pele ho hloya seo Jehova a se hloileng le ho lwanela ho ba le pono ya hae ka dintho tse mpe.

15. Re ka dula re tshepahalla Jehova jwalo ka Baheberu ba bararo jwang?

15 A re ke re tshohleng mohlala wa Baheberu ba bararo, e leng Shadrake, Meshake le Abednego. Ha Morena Nebukadnezare a ne a laela hore ho rapelwe setshwantsho sa kgauta seo a neng a se entse, ba ile ba hana ba sa hlathe kwana le kwana. Ka hona, sena se ile sa bontsha hore ba ne ba ile ba nahana ka seo ba tla lokela ho se etsa ha botshepehi ba bona bo lekwa. (Ex. 20:4, 5; Dan. 3:4-6, 12, 16-18) Ha re re mohiri wa hao o re le ntshe tjhelete e itseng bakeng sa mokete o tlang o amanang le bodumedi ba bohata. O ne o tla etsang? Ho e na le hore o tle o emele mohla monene, ke hobaneng ha o sa nahane hona jwale hore na ha maemo a jwalo a hlaha o tla sebetsa ditaba jwang. Jwale etlare ha ho hlaha ntho e tshwanang le eo feela, o tla nolofallwa ke ho etsa se nepahetseng jwalo ka Baheberu bane ba bararo.

Na o se o entse dipatlisiso, o tlatsitse foromo ya madi kapa o se o buile le ngaka ya hao? (Sheba serapa sa 16)

16. Ho utlwisisa tsela eo Jehova a nahanang ka yona ho tla re thusa jwang ha ho ka etsahala hore re kule ka tshohanyetso?

16 Ho nahanisisa ka tsela eo Jehova a tadimang dintho ka yona, ho tla re thusa hore re mo tshepahalle esita le ha ho ka etsahala hore re kule ka tshohanyetso. Ke nnete hore re ikemiseditse ho ila madi le dikarolwana tse kgolo tsa ona. Ka ha ho na le ditsela tse ding tsa phekolo tse amang madi, Mokreste e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto e thehilweng melaomothehong ya Bibele e bontshang hore o nahaha ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona. (Lik. 15:28, 29) Ho hlakile hore nako e nepahetseng ya ho etsa qeto tabeng ena, ha se ha re se re le ngakeng re opelwa kapa re le tlasa kgatello, empa ke pele maemo a tshohanyetso a hlaha. Ka hona he, ena ke nako ya hore o etse dipatlisiso, o tlatse foromo ya madi o be o bue le ngaka ya hao. *

17-19. Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa hore hona jwale re hle re qalelle ho ithuta ho nahana jwalo ka Jehova? Fana ka mohlala.

17 Qetellong, a re ke re tshohleng karabo eo Jesu a ileng a e fa Petrose ha a ne a re ho yena: “Ikgauhele, Morena.” Ho hlakile hore Jesu o ne a ile a ja masapo a hlooho, a nahanisisa ka seo Modimo a batlang hore a se etse. O ile a ba a nahanisisa le ka boprofeta bo buang ka bophelo ba hae le lefu la hae. Sena se ile sa mo fa matla a ho dula a tshepahala ho fihlela a tela bophelo ba hae e le sehlabelo bakeng sa dibe tsa rona.—Bala Matheu 16:21-23.

18 Kajeno, Modimo o batla hore re be metswalle ya hae mme re etse sohle seo re ka se kgonang ho bolela ditaba tse molemo. (Mat. 6:33; 28:19, 20; Jak. 4:8) Empa batho ba bang ka sepheo se setle, ba ka nna ba re le rona re ikgauhele jwalo ka ha Petrose a ile a etsa ho Jesu. Ka mohlala, ho thweng haeba mohiri wa hao a o tshepisa ho o phahamisa mosebetsing le ho o nyollela moputso, empa o fumane hore jwale sena se tla kenakenana le kamano ya hao le Modimo? Kapa haeba o ntso kena sekolo, o ka etsang ha o fuwa monyetla wa hore o ye hole le hae hore o ilo ntshetsa dithuto tsa hao pele? Na pele o etsa qeto, o tla kgona ho rapela, ho etsa dipatlisiso, o be o bue le ba lelapa kapa baholo? Ke ha bohlokwa hore o hlo qalelle hona jwale ho nahana jwalo ka Jehova e le hore o tle o tsebe ho etsa diqeto tse hantle. Sena se tla o thusa hore ha diteko tse tshwanang le ena di hlaha, o se ke wa utlwa o le tlasa kgatello. O tla tseba hantle seo o lokelang ho se etsa ka ha o ile wa etsa qeto esale pele hore ho sebeletsa Jehova, ke yona ntho ya bohlokwa.

19 A ko nahane ka maemo a mang a ka nnang a hlaha ka tshohanyetso o sa a lebella. Ke nnete hore re ke ke ra dula re letetse boemo bo bong le bo bong bo ka hlahang. Empa haeba re na le kemiso ya ho ithuta re le bang, re tla kgona ho sebedisa seo re ithutileng sona mme re be le pono e tshwanang le ya Jehova nthong e nngwe le e nngwe. Ka hona, haeba re leka ka hohlehohle ho nahana ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona, re tla bona ka moo a ka re thusang ka teng ho etsa diqeto tse nepahetseng hona jwale le nakong e tlang.

HO NAHANA KA TSELA E TSHWANANG LE EO JEHOVA A NAHANANG KA YONA HO TLISA DITLHOHONOLOFATSO

20, 21. (a) Ke hobaneng ha re tla thabela bolokolohi lefatsheng le letjha? (b) Re ka thabela bolokolohi boo jwang hona jwale?

20 Re lebelletse ka tjantjello e kgolo ho phela lefatsheng le letjha. Bongata ba rona re lebelletse ho tla phela lefatsheng le letle ka ho sa feleng. Ha Mmuso wa Modimo o se o busa, bohle re tla lokoloha dinthong tse re utlwisang bohloko hona jwale. Re tla boela re be le bolokolohi ba ho ikgethela seo re se ratang.

21 Empa le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho nahana hore bolokolohi ba rona ha bo na moedi. Jehova o tla dula a re tataisa ka melao ya hae e le hore re tsebe ho kgetholla se setle ho se sebe mme re nahane jwalo ka yena. Ka lebaka leo, thabo ya rona e tla kgaphatseha mme ho rene kgotso feela lefatsheng ka nako eo. (Pes. 37:11) Ha re ntse re letetse nako eo, re ka kgona ho latswa thabo eo ka hore re nahane ka tsela e tshwanang le eo Jehova a nahanang ka yona hona jwale.

^ par. 12 Tantshi ena e bitswa Lap dancing. Ke mofuta wa tantshi oo motho ya apereng aparo tsa ka hare feela, a dulang hodima serope sa e mong ebe o etsa diketso tsa thobalano. Ho itshetlehile ka dintlha kaofela tsa se etsahetseng, komiti ya boahlodi e ka thehwa mme motho a qoswa ka hore o entse boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. Mokreste ya kileng a ameha ka tsela le ha e le efe ketsong ena, o lokela ho kopa thuso ho baholo.—Jak. 5:14, 15.

^ par. 14 Ho romela melaetsa, dinepe kapa divideo tsa thobalano ka founo ho bitswa Sexting. Ka hona, komiti ya boahlodi e ka nna ya thehwa ho itshetlehile ka dintlha kaofela. Maemong a mang, ba boholong pusong ba se ba ile ba qosa bana ba tlase dilemong ka hore ba hlekefeditse ba bang ka thobalano ka lebaka feela la ho kenella nthong ena e bitswang Sexting. E le hore o fumane tlhahisoleseding e eketsehileng, kena websaeteng ya jw.org ebe o bala sehlooho se reng “Batjha ba a Botsa—Keng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Romela Melaetsa, Dinepe Kapa Divideo Tsa Thobalano ka Founo?” (Sheba tlasa SEO BIBELE E SE RUTANG >BATJHA.) Kapa sehloohong se reng “Ka Moo o ka Buang le Ngwana wa Hao ka ho Romela Melaetsa, Dinepe Kapa Divideo Tsa Thobalano ka Founo.” makasineng ya Fadimehang! ya November 2013, leq. 4-5.

^ par. 16 E le hore o fumane tlhahisoleseding e eketsehileng mabapi le melaomotheo ya Bibele e ka o thusang tabeng ena, sheba buka ya Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo, leq 246-249.