Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Reka Nnete Mme o se ke wa e Rekisa”

“Reka Nnete Mme o se ke wa e Rekisa”

“Reka nnete mme o se ke wa e rekisa, bohlale le tayo le kutlwisiso.”—LIPROV. 23:23.

DIPINA: 94, 96

1, 2. (a) Ke ntho efe ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re nang le yona? (b) Ke nnete efe eo re e nkang e le letlotlo, hona hobaneng? (Sheba setshwantsho se qalong.)

KE NTHO efe ya bohlokwa ka ho fetisisa eo o nang le yona? Na o ka rata ho fapanyetsana ka yona ka ntho e nngwe eo e seng ya boleng bo bokaalo? Bahlanka ba Modimo ha ba thatafallwe ke ho araba dipotso tsena. Ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re nang le yona ke kamano ya rona le Jehova mme re ke ke ra fapanyetsana ka yona ka ntho le ha e le efe. Ho ekeletsa moo, re nka nnete ya Bibele e le letlotlo hobane e re thusitse hore re be le kamano e ntle le Ntate wa rona ya lehodimong.—Bakol. 1:9, 10.

2 Ako nahane feela ka dintho tseo Morupedi wa rona e Moholo a re rutang tsona ka Lentswe la hae e leng Bibele. O re manollela nnete e mabapi le se bolelwang ke lebitso la hae le makgabane a hae a matle. O re bolella le ka thekollo eo ka lerato a re fileng yona ha a fana ka Mora wa hae Jesu. Jehova o boetse hape o re bolella ka Mmuso wa Bomesia. Hape, o re bolella hore o tla fa botlotsuwa moputso wa ho ya phela lehodimong, athe dinku tse ding tsona, di tla phela lefatsheng le letle. (Joh. 10:16) O re ruta le ka moo re lokelang ho itshwara ka teng. Ka hoo, dintho tsena kaofela, re di nka e le letlotlo hobane di re atametsa haufi le Mmopi wa rona. Ebile di etsa hore re be re tsebe le hore na re phelelang.

3. Ho reka nnete ha ho boleleng?

3 Jehova ke Modimo ya fanang ka seatla se bulehileng. Ha a hanele batho ba batlang nnete ka se molemo. O ile a ba a fana ka Mora wa hae eo a mo ratang mahala e le mpho. Ho a utlwahala hore re re Modimo a ke ke a batla hore re patale tjhelete hore a re fe nnete. Ke ka lebaka leo eitseng ha monna e mong ya bitswang Simone a re o tla fa Petrose tjhelete e le hore a mo fe matla a ho fodisa, Petrose a ileng a re ho yena: “E se e ka silevera ya hao e ka timela le wena, hobane o nahanne ho ruwa mpho e sa lefellweng ya Modimo ka tjhelete.” (Lik. 8:18-20) Jwale he, ha e le hantle Bibele e bolelang ha e re: “Reka nnete”?

HA E LE HANTLE HO “REKA” NNETE HO BOLELANG?

4. Keng seo re tlo ithuta sona mabapi le nnete sehloohong sena?

4 Bala Liproverbia 23:23. Ho ke ke ha iketsahalla feela tjee hore re fumane nnete e ka Lentsweng la Modimo. Re lokela ho ikemisetsa ho itela e le hore re e fumane. Feela jwalo ka ha Solomone a bontsha, ha re se re ‘rekile’ “nnete” kapa re e fumane, re lokela ho ela hloko hore re se ke ra e “rekisa” kapa ra lahlehelwa ke yona. Jwale, a re ke re tshohleng hore na ho “reka” nnete ho bolelang le hore na re ka e reka kang. Sena se tla re thusa hore re e ananela re be re ikemisetse le ho feta hore re se ke ra e “rekisa.” Jwalo ka ha re tla ithuta, ho reka nnete ho a tura.

5, 6. (a) Re ka reka nnete jwang e seng ka tjhelete? Hlalosa. (b) Nnete e ka re tswela molemo jwang?

5 Esita le yona ntho ya mahala, e ka nna ya re hloka hore re etse matsapa a itseng hore re e fumane. Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “reka” ho Liproverbia 23:23, le ka boela la bolela “ho fumana.” Mantswe ana ka bobedi a ka bolela ho etsa boiteko kapa ho fapanyetsa ntho e itseng ka e nngwe ya boleng. Mohlomong re ka etsa mohlala o na o latelang ho hatisa taba ena ya ho reka nnete. A re nke hore mmakete ke ona o bapatsa “Dipanana Tsa Mahala.” Na re ne re tla bona ka mohlolo feela dipanana tseo di se di re balakatha tafoleng lapeng? Le letho. Ho hlokahala hore re etse matsapa a ho ya mmaketeng re ilo di lata. Feela na dipanana tseo ke mahala? Ee ho jwalo, empa re hloka ho etsa boiteko mme re iphe nako ya ho ya mmaketeng. Ka tsela e tshwanang, ha re hloke le sente ena e ntsho hore re reke nnete. Le ha ho le jwalo, re hloka ho etsa matsapa e le hore re e fumane.

6 Bala Esaia 55:1-3. Mantswe a Jehova a tlalehilweng lengolong la Esaia, a fana ka lesedi le hlakileng la se bolelwang ke ho reka nnete. Lengolong lena, Jehova o tshwantsha lentswe la hae le metsi, lebese le waene. Feela jwalo ka metsi a hlwekileng le a phodileng ha monate, lentswe la Modimo le lona le a kgatholla. Hape, jwalo ka ha lebese le re matlafatsa le bile le thusa le bana hore ba hole, mantswe a Jehova le ona a a re matlafatsa mme a re thusa hore re be le kamano e ntle le yena. Ho phaella ho seo, mantswe a Jehova a boetse hape a tshwantshwa le waene. Empa ka tsela efe? Bibele e amahanya waene le ho thaba. (Pes. 104:15) Ka hoo, ha Jehova a ne a re bahlanka ba hae ba reke waene, o ne a ba tiisetsa hore ha ba phela ka tsela eo a e batlang, ba tla thaba. (Pes. 19:8) Ena ke tsela e ntle ya ho hlalosa melemo e tliswang ke ho ithuta le ho sebedisa lentswe la Modimo la nnete. Re ka nna ra tshwantsha boiteko boo re bo etsang hore re fumane nnete le ho patala. Ka hona he, a re tshohleng dintho tse hlano tseo re ka patalang ka tsona ha re reka nnete.

O TETSE ENG E LE HORE O ITHEKELE NNETE?

7, 8. (a) Ke hobaneng ha re lokela ho sebedisa nako ho reka nnete? (b) Keng seo moithuti e mong a ileng a kgetha ho reka nnete ka sona, hona ditlamorao e ile ya ba dife?

7 Nako. Ena ke tefo eo bohle ba rekang nnete ba lokelang ho patala ka yona. Ho nka nako ho mamela molaetsa wa Mmuso, ho bala Bibele le dingolwa tse thehilweng Bibeleng, ho ithuta Bibele o le mong, haesitana le ho lokiselletsa diboka le ho ya ho tsona. Re lokela ho ithekela nako mme re e sebedisetse ho etsa dintho tsa bohlokwa haholo. (Bala Baefese 5:15, 16.) Ebe ho tla re nka nako e kae hore re be le tsebo ya dithuto tsa motheo tsa Bibele? Tjhe ho itshetlehile ka maemo a rona. Ha ho na meedi e beilweng hore re ithute ka bohlale ba Jehova, ditsela tsa hae le mesebetsi ya hae. (Bar. 11:33) Makasine ya pele ya Tora ya ho Lebela e ile ya tshwantsha nnete le palesa e nyenyane e fokolang mme ya re: “O se ke wa kgotsofalla palesa e le nngwe feela ya nnete. Haeba e le nngwe e ne e lekane, ho ne ho ke ke ha ba le tse ding tse eketsehileng. Dula o na le tsona ka mehla, batla tse eketsehileng.” Mohlomong re ka ipotsa, ‘ebe nna dipalesa tsa ka tsa nnete di ngata hakae?’ Taba ke hore re tla dula re ithuta ka Jehova ka ho sa feleng. Empa ha jwale, ntho ya bohlokwa eo re lokelang ho ikemisetsa ho e etsa, ke ho sebedisa nako ka bohlale e le hore re ithekele nnete e ngata ka moo maemo a rona a ka re dumellang ka teng. A re ke re hlahlobeng mohlala wa motho e mong ya neng a nyoretswe nnete.

8 Ngwanana e mong ya bitswang Mariko * ya tswang Japan, o ile a ya New York City, U.S.A ho ilo kena sekolo teng. Ka nako eo, o ne a joenne mokgatlo wa bodumedi o neng o sa tswa thehwa Japan ho elella mafelong a bo 1950. Ka letsatsi le leng, moradi e mong wabo rona wa pulamadiboho o ile a kopana le Mariko ha a ntse a bolela ka ntlo le ntlo. Eitse hang ha a utlwa nnete ya Bibele feela, thabo ya hae ya kgaphatseha hoo a ileng a ba a kopa moradiwabo rona hore ba mpe ba ithute Bibele habedi ka beke. O se ke wa lebala hore Mariko o ne a phathahane ka sekolo ebile ka nqena a theohela ka matsatsi. Empa ho sa tsotellehe seo, o ile a qalella ho ya dibokeng hanghang. O ile a kgaotsa ho senya nako ka boithabiso le boikgathollo e le hore a ithekele nako ya ho ithuta nnete. Tswelopele ya hae e ile ya bonahala ka pele ka lebaka la boitelo boo a ileng a bo etsa. Eitse le pele selemo se fela, ke ha a se a kolobeditswe. Dikgwedi tse 6 ha morao ka 2006, e ile ya ba pulamadiboho ho fihlela lena le hodimo.

9, 10. (a) Ho reka nneta ho ama pono ya rona ka maruo jwang? (b) Ke dintho dife tseo ngwanana e mong a ileng a di tela, hona o ikutlwa jwang ka seo?

9 Menyetla ya ho rua. E le hore o reke nnete, o ka nna wa lokela hore o tele mosebetsi o patalang hantle. Ha Jesu a re Petrose le Andrease bao e neng e le batshwasi ba ditlhapi ba mo sale morao mme e be “batshwasi ba batho,” ba ile “ba tlohela matlowa” a bona mme ba mo latela. (Mat. 4:18-20) Tjhe sena ha se bolele hore bohle ba ithutang nnete ba tla lokela ho tlohela mesebetsi ya bona. Hobane Bibele e re ba lokela ho sebetsa e le hore ba hlokomele malapa a bona. (1 Tim. 5:8) Le ha ho le jwalo, hangata batho ba ithutang Bibele ba lokela ho fetola pono ya bona ka maruo le se lokelang ho tla pele bophelong. Jesu o ile a hlakisa taba ena ha a re: “Kgaotsang ho ipolokela matlotlo lefatsheng . . . Ho e na le hoo, le ipolokele matlotlo lehodimong.” (Mat. 6:19, 20) Nahanisisa ka mohlala wa ngwanana e mong.

10 Maria o ne a se a ipabola ka ho bapala kolofo le pele a kena sekolo. O ile a nna a ntlafatsa bokgoni ba hae ba ho bapala kolofo le ha a se a le high school, hoo qetellong a ileng a fuwa tjhelete ya ho ntshetsa pele dithuto tsa hae yunivesithi. Kolofo e ne e le bophelo ba hae, a ikemiseditse ho e hahamalla e le hore e be morui, a bile a batla ho ba sebapadi sa kolofo sa profeshenale. Yaba o qalella ho ithuta Bibele mme a rata nnete eo a neng a ithuta yona Bibeleng. O ile a thabela diphetoho tseo nnete e ileng ya mo thusa hore a di etse bophelong ba hae. O di beha tjena: “Ka mehla thabo ya ka e ne e eketseha ha ke bona ka moo melaomotheo ya Bibele e neng e nthusa ka teng hore ke etse diphetoho bophelong ba ka.” Maria o ile a hlokomela hore a ke ke a kgona ho sebeletsa marena a mabedi. (Mat. 6:24) O ile a tela ho ba sebapadi sa kolofo sa profeshenale, e leng mosebetsi o neng o ka mo etsa moruihadi le seleborithi. Le ha ho le jwalo, ka lebaka la ho reka nnete, hona jwale ke pulamadiboho mme o re o phela “bophelo bo monate ka ho fetisisa.”

11. Ho ka nna ha etsahalang ka dikamano tsa rona le ba bang ha re reka nnete?

11 Dikamano tsa rona le ba bang. Ha re kgetha ho phela ho latela nnete eo re ithutileng yona Bibeleng, dikamano tsa rona le beng ka rona di ka nna tsa fetoha. Hobaneng? Re fumana karabo mantsweng a Jesu ha a ne a rapella balatedi ba hae. O ile a re: “Ba halaletse ka nnete; lentswe la hao ke nnete.” (Joh. 17:17) Polelwana ena “ba halaletse,” e ka boela ya bolela “ba arole ho ba bang.” Ha re amohela nnete, ho tshwana le ha re arolwa ho batho ba sa rateng Modimo, hobane jwale ha re sa etsa ditho tseo ba di ratang. Ebile ha ba sa re rata le ho re rata hobane mekgwa ya rona e fetohile. Re se re phela ka melaomotheo ya nnete ya Bibele. Le hoja re leka ho boloka dikamano tsa rona le beng ka rona le metswalle di le ntle, ho ntse ho le jwalo, ba bang ba ka nna ba se ke ba re rata jwalo ka pele, ba ba ba re hanyetsa kapa ba nyatsanyatsa tumelo ya rona e ntjha. Empa sena ha se re makatse. Etswe Jesu o itse: “Ka sebele, dira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ya hae.” (Mat. 10:36) O ile a ba a re tiisetsa hore meputso eo re tla e fumana ka ho reka nnete, e feta hole ntho efe kapa efe eo re ka rekang nnete ka yona.—Bala Mareka 10:28-30.

12. Monna e mong wa Mojuda o ile a reka nnete kang?

12 Ha Aaron e leng rakgwebo e mong wa Mojuda a sa le monyane, o ile a rutwa hore lebitso la Modimo ha le bitswe. Ka ha o ne a nyoretswe nnete, o ile a thaba ha Paki e nngwe ya Jehova e mo bontsha hore ditlhaku tse nne tsa Seheberu tsa lebitso la Modimo, di ka bitswa “Jehova” ha di kentswe didumanotshi. Aaron o ne a sa tsebe a iketseng ke thabo hoo a ileng a ba a ya synagogeng ho ya hlalosetsa borabi ka seo a se fumaneng. Ba ile ba mo phoqela kwana. Ho e na le hore ba thabe le yena ka hore ebe o ithutile nnete ka lebitso la Modimo, ba ile ba mo tshwela ka mathe ba ba ba mo tshwara jwalo ka mmutladintjeng. Esita le dikamano tsa lelapa tsa senyeha. Ho sa tsotellehe seo, o ile nna a reka nnete mme ya ba Paki ya Jehova e sebete bophelo bohle ba hae. Jwalo ka Aaron, e le hore le rona re tsamaye nneteng, re ikemiseditse ho tela dikamano tsa rona le beng ka rona kapa metswalle haeba ho hlokahala mme re amohele diphephetso le ha e le dife.

13, 14. E le hore re reke nnete, ke diphetoho dife tseo re lokelang ho di etsa tseleng eo re itshwarang le eo re nahanang ka yona? Fana ka mohlala.

13 Boitshwaro le tsela ya ho nahana eo Modimo a e hloileng. E le hore re amohele nnete mme re phele ka ditekanyetso tsa Bibele tsa boitshwaro, re lokela ho ikemisetsa ho etsa diphetoho tseleng eo re itshwarang le eo re nahanang ka yona. Ela hloko seo Petrose a se boletseng mabapi le diphetoho tsena: “Jwalo ka bana ba mamelang, le kgaotse ho ba ka sebopeho sa ditakatso tseo le neng le na le tsona pele ho hlokeng tsebo ha lona, empa . . . le halalele boitshwarong bohle ba lona.” (1 Pet. 1:14, 15) Ka ha motse wa Korinthe o ne o tumme ka boitshwaro bo bodileng, motho o ne a lokela hore a hle a etse diphetoho tse kgolo bophelong ba hae e le hore a reke nnete. (1 Bakor. 6:9-11) Ka tsela e tshwanang, batho ba bangata kajeno ba ile ba lokela ho tlohella mekgwa le boitshwaro boo Modimo a sa bo rateng e le hore ba reke nnete. Petrose o ile a boela a hopotsa Bakreste ba mehleng ya hae, a re: “Etswe nako e fetileng e lekane hore ebe le phethile thato ya ditjhaba ha le ne le tswela pele diketsong tsa boitshwaro bo hlephileng, ditakatsong tse feteletseng, ho fetelleng ka veine, meketeng e lerata, ditlhodisanong tsa ho nwa, le borapeding ba ditshwantsho bo sa dumellwang.”—1 Pet. 4:3.

14 Devynn le Jasmine, e bile matahwa ka dilemo tse ngata. Le hoja Devynn e ne e le motshwaramatlotlo ya ipabolang, ka maswabi o ne a sa tshwarelle mosebetsing ka lebaka la botahwa. Ka lehlakoreng le leng Jasmine yena, o ne a tumme ka ho ba hlaha le ka ho ba ntwa dumela. Ka letsatsi le leng tjena ha Jasmine a ntse a tsamaya tseleng a tauwe, o ile a kopana le baromuwa ba babedi ba Dipaki Tsa Jehova. Yaba baromuwa bana ba dumellana le yena ka hore ba tla tla lapeng ba tlo ithuta Bibele le bona. Eitse ha ba fihla lapeng beke e latelang, ba fumana Jasmine le Devynn ba phunkgane ke botahwa. Ba ne ba sa lebella hore baromuwa bana ba ka ba kgathalla jwalo, hoo ba ka bang ba tla le ha bona. Empa baromuwa bana ba ile ba fumana maemo a fetohile ha ba kgutla lekgetlong le latelang. Jasmine le Devynn e ile ya ba baithuti ba hlwahlwa ba Bibele ho tloha thutong ya pele feela mme ba qala ho sebedisa seo ba neng ba ithuta sona. Dikgweding tse tharo feela, ba ile ba fihlela qeto ya ho tlohella jwala mme ha morao ba nyalana ka molao. Diphetoho tseo ba ileng ba di etsa, di ile tsa tsebahala hohle motseng mona hoo batho ba bangata ba ileng ba batla ho inwesa ka nkgo mme ba ithuta Bibele.

15. Ke ntho efe eo ho ka bang thata ka ho fetisisa hore re reke nnete ka yona, hona hobaneng?

15 Meetlo le ditlwaelo tse kgahlanong le Bibele. Ntho e nngwe eo ho ka bang thata ka ho fetisisa hore re reke nnete ka yona, ke meetlo le ditlwaelo tse kgahlanong le Bibele. Le hoja tjhe ho ba bang ho ka ba bonolo hore ba tlohele meetlo le ditlwaelo tsena, ba bang bona ba ka tsilatsila hore ba tele dintho tsena hobane ba tshaba ba malapa, basebetsimmoho le metswalle eo ba ntshanang se inong le yona. Maemo a ka ba mabe le feta haholoholo haeba motho a lokela ho tlohela ditlwaelo tse kang ho hlompha beng ka yena ba hlokahetseng. (Deut. 14:1) Mohlala wa batho ba bang wa ho bontsha sebete, o ka re thusa hore re etse diphetoho tse hlokahalang. Ke sona seo baahi ba Efese ya mehleng ya kgalekgale ba ileng ba etsa.

16. Keng seo baahi ba bang ba Efese ba ileng ba se etsa e le hore ba reke nnete?

16 Efese e ne e tsebahala haholo ka batho ba yona ba neng ba na le tsebo ya boselamose. Keng seo Bakreste ba neng ba sebedisa boselamose pele ba sokoloha, ba ileng ba lokela ho se etsa ho tlohella meetlo le ditlwaelo tse kgahlanong le Bibele e le hore ba reke nnete? Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba sebedisa tsebo ya boselamose ba bokella dibuka tsa bona mme ba di tjhesa ka pela bohle. Ba kopanya theko ya tsona mme ba fumana di ka rekwa ka dikotwana tsa silevera tse dikete tse mashome a mahlano. Ka hoo ka tsela e matla lentswe la Jehova la nna la hola le ho hlola.” (Lik. 19:19, 20) Bakreste bana ba tshepahalang, ba ile ba ikemisetsa ho tela dintho tsa bona tse turang e le hore ba reke nnete.

17. (a) Ke dintho dife tseo re ka rekang nnete ka tsona? (b) Re tlo araba dipotso dife sehloohong se latelang?

17 Wena o tetseng e le hore o reke nnete? Kaofela ha rona re sebedisa nako e le hore re bokelle dipalesa tsa nnete. Ba bang bona ba reka nnete ka hore ba tele menyetla ya ho rua le ho etsa diphetoho tse itseng dikamanong tsa bona le ba bang. Ha ba bangata bona ba lokela ho fetola tsela eo ba itshwarang le ho nahana ka yona, haesitana le ho tela meetlo le ditlwaelo tseo Modimo a di hloileng. Empa ho sa tsotellehe hore na re lokela ho tela eng, re kgodisehile hore boleng ba nnete ya Bibele, bo feta hole ntho le ha e le efe eo re ka e telang hore re reke nnete. Nnete ena, e re thusa hore re be metswalle ya Jehova, e leng ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa eo re ka bang le yona. Ha re nahana ka ditlhohonolofatso tseo re nang le tsona ka lebaka la ho reka nnete, ha ho utlwahale hore na ke hobaneng ha motho a ka batla ho e rekisa. Empa motho a ka rekisa nnete jwang, hona re ka qoba ho etsa sebe se tshabehang hakaalo jwang? Re tla tshohla dipotso tsena sehloohong se latelang.

^ par. 8 Mabitso a mang a fetotswe sehloohong sena.