Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 44

Eba le Setswalle se Matla Pele Bofelo bo Fihla

Eba le Setswalle se Matla Pele Bofelo bo Fihla

“Motswalle wa nnete o lerato ka dinako tsohle.”​—LIPROV. 17:17.

PINA YA 101 Ho Sebetsa Mmoho

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

Re tla hloka metswalle e molemo nakong ya “matshwenyeho a maholo” (Sheba serapa sa 2) *

1, 2. Ho ya ka 1 Petrose 4:7, 8, keng e tla re thusa ho mamella maemo a thata?

HA re ntse re atamela bofelong ba “matsatsing a ho qetela,” re ka nna ra kopana le maemo a thata. (2 Tim. 3:1) Ka mohlala ka mora hore ho be le dikgetho naheng e ka Bophirimela Africa, ho ile ha eba le dintwa tse ngata. Ka hoo ho ne ho le kotsi ho bara le baradibabo rona, hobane hoo e ka bang dikgwedi tse fetang tse 6 batho ba ne ba lwana hohle. Keng e ileng ya thusa bara le baradibabo hore ba mamelle maemo ana a thata? Ba ile ba dula le Bakrestemmoho ba neng ba dula sebakeng se sireletsehileng. Morabo rona e mong ha a hlalosa o re: “Maemong ana, ke ile ka thaba hobane re ne re le metswalle. Ka hoo, re ile ra kgothatsana.”

2 Re tla thabela ho ba le metswalle e molemo le e re ratang, ha ‘matshwenyeho a maholo’ a qala. (Tšen. 7:14) Ka hoo, ke ha bohlokwa hore re be le setswalle se matla hona jwale. (Bala 1 Petrose 4:7, 8.) Re tla ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahalla Jeremia, eo metswalle ya hae e ileng ya mo thusa hore a pholohe pele Jerusalema e timetswa. * Jwale re ka etsisa Jeremia jwang?

ITHUTE MOHLALENG WA JEREMIA

3. (a) Keng e neng e ka etsa hore Jeremia a ikarole ho batho ba bang? (b) Keng seo Jeremia a ileng a se bolella mongodi wa hae Baruke, hona ditlamorao e bile dife?

3 Jeremia o phetse dilemo tse ka hodimo ho 40 le batho ba sa tshepahaleng, ba akarelletsang baahisane, mohlomong le ba leloko ba tswang motseng wa habo o Anathothe. (Jer. 11:21; 12:6) Le ha ho le jwalo, ha a ka a ikarola ho bona. Ha e le hantle o ile a bolella mongodi wa hae Baruke hore na o ikutlwa jwang mme le rona re a tseba ka sena ka ha se ile sa ngolwa. (Jer. 8:21; 9:1; 20:14-18; 45:1) Ha Baruke a ntse a ngola dintho tsohle tse ileng tsa etsahalla Jeremia, ba ile ba ithuta ho hlomphana le ho ratana haholo.​—Jer. 20:1, 2; 26:7-11.

4. Jehova o ile a kopa Jeremia hore a etseng, hona sena se ile sa matlafatsa setswalle sa hae le Baruke jwang?

4 Ka dilemo tse ngata ka sebete Jeremia o ne a eletsa Baiseraele ka se neng se tla etsahalla Jerusalema. (Jer. 25:3) Jehova o ile a boela a kgothalletsa batho hore ba fetohe mme o ile a kopa Jeremia hore a ngole ditemoso tsa hae moqolong. (Jer. 36:1-4) Ka hoo ha Jeremia le Baruke ba ntse ba sebetsa ha mmoho kabelong eo Jehova a ba fileng yona, eo e ka nnang ya ba e nkile dikgwedi tse mmalwa, ba ile ba eba le moqoqo o ileng wa matlafatsa tumelo ya bona.

5. Re tseba jwang hore Baruke e ne e le motswalle ya molemo wa Jeremia?

5 Ha ba qetile ho ngola moqolo, Jeremia o ne a lokela ho tshepa Baruke hore o tla bolella batho molaetsa oo. (Jer. 36:5, 6) Ka sebete Baruke o ile a phetha mosebetsi oo ho neng ho se bonolo ho o etsa. O se o ka inahanela feela hore na Jeremia o ne a le motlotlo hakakaang ha Baruke a ne a ya tempeleng mme a balla batho moqolo. (Jer. 36:8-10) Ka mora hore dikgosana tsa Juda di utlwe seo Baruke a se entseng, di ile tsa mo laela hore a di balle moqolo ka lentswe le phahameng. (Jer. 36:14, 15) Ka hoo, dikgosana di ile tsa etsa qeto ya ho ilo bolella Morena Jojakime ka seo Jeremia a se buileng. Ka ho ba nahanela, ba ile ba re ho Baruke: “Eya, o ipate, wena le Jeremia, e le hore ho se ke ha eba le ya tla tseba moo le leng teng.” (Jer. 36:16-19) Ka nnete ena e ne e le keletso e molemo.

6. Jeremia le Baruke ba ile ba etsang ha ba ne ba hloriswa?

6 Morena Jojakime o ile a kwata haholo ha a utlwa molaetsa oo Jeremia a neng a o ngotse moqolong yaba o a o tjhesa, a ba a fana ka taelo ya hore Jeremia le Baruke ba kwallwe. Le ha ho le jwalo, Jeremia o ne a sa tshoha, ka ha o ile a nka moqolo o mong mme a o fa Baruke. Ka hoo, o ile a mo bolella molaetsa wa Jehova mme Baruke o ile a ngola “mantswe ohle a buka eo Jojakime Morena wa Juda a neng a e tjhesitse mollong.”​—Jer. 36:26-28, 32.

7. Keng se ileng sa etsahala ha Jeremia le Baruke ba sebetsa ha mmoho?

7 Hangata batho ba ileng ba mamella teko ba le ha mmoho ba ba le setswalle se matla. Ho ka etsahala hore ha Jeremia le Baruke ba ntse ba sebetsa ha mmoho, ho ngola moqolo o neng o tla nkela sebaka oo Morena Jojakime a o fedisitseng, ba ile ba tsebana haholwanyane mme ya eba metswalle e haufi. Ka hoo, re ka ithutang mohlaleng wa banna bana ba babedi ba tshepahalang?

PHETLELA MOTSWALLE WA HAO SEFUBA

8. Keng e ka re thibelang ho ba le setswalle se haufi, hona ke hobaneng ha re sa lokela ho tela?

8 Ho ka ba thata hore re bolelle batho ba bang ka moo re ikutlwang ka teng, haholoholo haeba ho ena le motho ya kileng a re utlwisa bohloko nakong e fetileng. (Liprov. 18:19, 24) Kapa re ka nna ra ikutlwa e ka ha re na nako le matla a ho ba le metswalle e haufi. Le ha ho le jwalo, ha re a lokela ho tela. Haeba re batla hore bara le baradibabo rona ba re thuse ha re ena le mathata, re lokela ho ithuta ho ba tshepa hona jwale ka hore re ba bolelle ka moo re nahanang le ho ikutlwa ka teng. Ka hoo, ona ke mohato wa bohlokwa wa hore re be metswalle ya sebele.​—1 Pet. 1:22.

9. (a) Jesu o ile a bontsha jwang hore o tshepa metswalle ya hae? (b) Ho ntsha maikutlo a hao ho ka o thusa hore o matlafatse setswalle sa hao le batho bang jwang? Fana ka mohlala.

9 Jesu o ile a bontsha hore o tshepa metswalle ya hae ka hore a ba bolelle ntho e nngwe le e nngwe. (Joh. 15:15) Le rona re ka mo etsisa ka hore re bolelle metswalle ya rona dintho tse re thabisang, tse re tshwenyang le tse re utlwisang bohloko. Ka hoo, ha motho a ntsha maikutlo a hae mo mamele ka hloko mme o ka nna wa hlokomela hore le na le dintho tseo le tshwanang ka tsona. Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona Cindy ya dilemo di 29. E ile ya eba motswalle wa pulamadiboho e mong ya bitswang Marie-Louise ya dilemo di 67. Hoseng ho hong le ho hong ha Labone, Cindy le Marie-Louise ba ne ba sebetsa ha mmoho mosebetsing wa boboledi mme ba bua ka ntho e nngwe le e nngwe. Cindy o re: “Ke thabela ho bua dintho tsa bohlokwa le metswalle ya ka mme sena se nthusa hore ke ba utlwisise.” Haeba re bolella metswalle ya rona hore na re ikutlwa jwang ebile le rona re ba mamela, setswalle sa rona se tla ba matla.​—Liprov. 27:9.

SEBETSANG HA MMOHO

Metswalle e molemo e sebetsa ha mmoho tshimong (Sheba serapa sa 10)

10. Ho ya ka Liproverbia 27:17, ho tla etsahalang haeba re sebetsa le bara le baradibabo rona?

10 Jwalo ka ha ho ile ha etsahala ho Jeremia le Baruke, haeba re sebetsa ha mmoho le bara le baradibabo rona re tla ithuta makgabane a bona mme seo se tla etsa hore re be haufi le bona. (Bala Liproverbia 27:17.) Ka mohlala, o ikutlwa jwang ha o le tshimong le motswalle wa hao mme o bona a emela seo a se dumelang ka sebete kapa a bua a kgodisehile ka Jehova le ka ditshepiso tsa hae? Ka nnete o mo rata le ho feta.

11, 12. Fana ka mohlala wa ka moo ho bolela ditaba tse molemo le metswalle ho ka ntlafatsang setswalle sa rona.

11 Nahana ka mehlala ena e mmedi ya ka moo ho sebetsa ha mmoho tshimong ho ka re thusang hore re ratane haholwanyane. Moradiwabo rona Adeline ya dilemo tse 23, o ile a kopa motswalle wa hae Candice hore ba sebetse ha mmoho tshimo e sa sebetsweng hangata. Adeline o re: “Re ne re batla ho bolela ka mafolofolo e bile re thabile, re ne re hloka kgothatso e le hore re fe Jehova sohle seo re ka se kgonang.” Ho sebetsa ha mmoho ho ile ha ba tswela molemo jwang? O boetse o re: “Ka mora tshimo re ne re buisana ka se re kgothaditseng, ka meqoqo eo re bileng le yona le batho le ka moo Jehova a ileng a re tataisa ha re ntse re etsa mosebetsi ona. Ho qoqa ka dintho tse kang tsena ho ne ho re thabisa mme re ile ra tsebana haholwanyane.”

12 Laïla le Marianne e leng baradibabo rona ba masoha ba dulang France, ba ile ba lo bolela ditaba tse molemo ka dibeke tse hlano Bangui e leng motse moholo o sephethephethe wa Central African Republic. Laïla o re: “Nna le Marianne re ile ra kopana le mathata empa ho buisana le ho bontshana lerato ho ile ha matlafatsa setswalle sa rona. Ha ke bona ka moo Marianne a neng a le mafolofolo le ho rata batho ba moo ka teng, sena se ile sa etsa hore ke mo hlomphe le ho feta.” Le ha ho le jwalo, ha ho hlokahale hore o ye naheng e nngwe e le hore o thabele melemo ena. Ka mehla ha o bolela ditaba tse molemo le mora kapa moradiwabo rona o na le monyetla wa hore o mo tsebe haholwanyane.

TSHWARELA BA BANG MME O SHEBE MAKGABANE A BONA

13. Keng se ka nnang sa etsahala ha re sebetsa le metswalle ya rona?

13 Ka dinako tse ding ha re sebetsa le metswalle ya rona re bona diphoso le makgabane a bona. Empa keng e ka re thusang hore re dule re le metswalle ho sa tsotellehe diphoso tsa bona? A re ke re boele re bue ka mohlala wa Jeremia. Keng e ileng ya mo thusa hore a bone makgabane ho batho ba bang e seng a shebe diphoso tsa bona?

14. Jeremia o ithutileng ka Jehova, hona sena se mo thusitse jwang?

14 Jeremia o ngotse buka ya Bibele e ileng ya bitswa ka yena, e leng lengolo la Jeremia. Hape ho ka etsahala hore ebe o ngotse le lengolo la Marena a pele le a bobedi. E tlameha ebe kabelo ena e ile ya mo thabisa haholo, ka ha e ile ya mo bontsha ka moo Jehova a leng mohau ho batho ba sa phethahalang ka teng. Ka mohlala, o ne a tseba hore ha Morena Akabe a ka tlohela mekgwa ya hae Jehova o ne a tla etsa hore a se ke a bona ha lelapa lohle la hae le fediswa. (1 Mar. 21:27-29) Ka ho tshwanang, Jeremia o ne a tseba hore Manase o ne a entse dintho tse mpe ho feta tsa Akabe, tse ileng tsa utlwisa Jehova bohloko. Ho ntse ho le jwalo, Jehova o ile a tshwarela Manase hobane o ile a fetola mekgwa ya hae. (2 Mar. 21:16, 17; 2 Likron. 33:10-13) Ka hoo, ditlaleho tsena di ile tsa thusa Jeremia hore a etsise Modimo ka ho bontsha metswalle ya hae mamello le mosa.​—Pes. 103:8, 9.

15. Jeremia o ile a etsisa Jehova jwang ka hore a be le mamello ha Baruke a ne a sitiseha?

15 Hlokomela ka moo Jeremia a ileng a thusa Baruke ha a ne a sitiseha kabelong ya hae. Jeremia ha a ka a fella Baruke pelo a nahana hore a ke ke a fetoha, empa o ile a mo thusa ka hore a mo bolelle molaetsa o tswang ho Modimo o tobileng empa o le mosa. (Jer. 45:1-5) Re ithutang tlalehong ena?

Metswalle e molemo e ya tshwarelana (Sheba serapa sa 16)

16. Ho ya ka Liproverbia 17:9, keng seo re lokelang ho se etsa e le hore setswalle sa rona se se ke sa fela?

16 Re ke ke ra lebella hore bara le baradibabo rona ba phethahale. Ka hoo, ha o eba le motswalle o lokela ho sebetsa ka thata hore setswalle sa lona se se ke sa fela. Ha metswalle ya rona e entse phoso, ho ka hlokahala hore re e fe keletso e tobileng e tswang ka Bibeleng empa e le mosa. (Pes. 141:5) Hape haeba e re utlwisa bohloko re lokela ho e tshwarela. Ha re se re e tshwaretse, re lokela ho qoba ho bua ka diphoso tseo e ileng ya re etsetsa tsona. (Bala Liproverbia 17:9.) Ka hoo nakong ena e thata, ke ha bohlokwa hore re shebe makgabane a bara le baradibabo rona e seng diphoso tsa bona. Ha re etsa sena setswalle sa rona se tla matlafala, hape re tla hloka metswalle e haufi nakong ya matshwenyeho a maholo.

BONTSHA BATHO LERATO

17. Jeremia o ile a bontsha jwang hore ke motswalle ya molemo nakong ya mathata?

17 Moprofeta Jeremia o ile a bontsha hore ke motswalle ya molemo nakong ya mathata. Ka mohlala, ka mora hore molaodi wa lekgotla Ebede-meleke a pholose Jeremia sekoting se seretse, o ne a tshohile hore dikgosana di tla mo ntsha kotsi. Ha Jeremia a utlwa ka seo, ha a ka a thola a tshepile hore motswalle wa hae o tla kgona ho mamella sena a le mong. Le hoja Jeremia a ne a le teronkong, o ile a etsa sohle seo a ka se kgonang ho kgothatsa motswalle wa hae Ebede-meleke ka ho mo bolella ka tshepiso ya Jehova.​—Jer. 38:7-13; 39:15-18.

Metswalle e molemo e thusa bara le baradibabo rona ha ba hloka thuso (Sheba serapa sa 18)

18. Ho ya ka Liproverbia 17:17, keng eo o lokelang ho e etsa ha motswalle wa hao a hlahelwa ke mathata?

18 Kajeno bara le baradibabo rona ba hlahelwa ke mathata a sa tshwaneng. Ka mohlala, batho ba bangata ba anngwa ke dikoduwa tsa tlhaho kapa dintwa. Ha sena se etsahala, re ka amohela metswalle ena ya rona mahaeng a rona. Ba bang ba ka kgona ho ba thusa ka ditjhelete. Empa kaofela ha rona re ka kgona ho kopa Jehova hore a thuse bara le baradibabo rona. Le ha ho le jwalo, haeba mora kapa moradiwabo rona a nyahame re ka nna ra se ke ra tseba hore na re etseng. Empa kaofela ha rona ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang ho thusa. Ka mohlala re ka ipha nako ya ho ba le mora kapa moradiwabo rona. Re ka mo mamela ka hloko ha a bua mme ra arolelana le yena mangolo a re kgothatsang. (Esa. 50:4) Ha bohlokwa le ho feta ke hore o ipha nako ya metswalle ya hao ha e o hloka.​—Bala Liproverbia 17:17.

19. Ho ba le setswalle se matla hona jwale ho ka re thusa jwang nakong e tlang?

19 Re lokela ho ikemisetsa ho ba le setswalle se matla le bara le baradibabo rona hona jwale. Hobaneng? Hobane dira tsa rona di tla leka ho re arola ka hore di bue mashano le ho etsa hore re se ke ra tshepana. Le ha ho le jwalo, ba ke ke ba atleha ka ha ha ba na kgona ho re thibela ho ratana. Ka hoo, ha ho na ntho eo ba ka e etsang ho senya setswalle sa rona. Ha e le hantle setswalle sa rona e tla ba sa ka ho sa feleng e seng sa nakwana feela.

PINA YA 24 Tloong Thabeng ya Jehova

^ par. 5 Kaofela ha rona re lokela ho matlafatsa setswalle sa rona le bara le baradibabo rona, ka ha bofelo bo ntse bo atamela. Sehloohong sena, re tlo bona hore na re ka ithutang ho se ileng sa etsahalla Jeremia. Re tla boela re hlahlobe hore na ho ba le setswalle se matla, ho ka re thusa jwang nakong eo re kopanang le mathata.

^ par. 2 Diketsahalo tse hlahang bukeng ya Jeremia ha di a ngolwa ka ho latellana.

^ par. 57 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Setshwantsho sena se bontsha se ka nnang sa etsahala nakong ya “matshwenyeho a maholo.” Bara le baradibabo rona ba mmalwa ba bokane ha mmoho ntlong ya morabo rona. Ka hobane ke me-tswalle ba a kgothatsana nakong ena e thata. Dinepe tsena tse tharo, di bontsha hore bara bana babo rona e ile ya eba metswalle pele matshwenyeho a maholo a qala.