Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 45

Moya o Halalelang o re Thusa Jwang?

Moya o Halalelang o re Thusa Jwang?

“Bakeng sa dintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ya mphang bonatla.”​—BAFIL. 4:13.

PINA YA 104 Moya o Halalelang ke Mpho ya Modimo

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. (a) Keng e re thusang hore re mamelle mathata a letsatsi le letsatsi? Hlalosa. (b) Re tlo tshohlang sehloohong sena?

NA o kile wa hopola bothata boo o ileng wa feta ho bona mme wa re: “Ke a tseba hore ke ne ke sa tlo kgona ho bo mamella ke le mong?” Ba bangata ba rona re hopola boemo boo. Mohlomong o ile wa bua sena ka mora hore o hopole ka moo o ileng wa mamella ho kula kapa ho hlokahallwa. Ha o nahana ka bothata boo o ileng wa feta ho bona, o a hlokomela hore o ile wa kgona ho bo mamella letsatsi le letsatsi, hobane moya o halalelang wa Jehova o ile wa o fa “matla a fetang se tlwaelehileng.”​—2 Bakor. 4:7-9.

2 Re boetse re hloka moya o halalelang ho re thusa ho hanela tshusumetso ya lefatshe lena le kgopo. (1 Joh. 5:19) Ho feta moo, re hloka matla a ho lwantsha “makgotla a moya a kgopo.” (Baef. 6:12) Ka hoo, re tla hlahloba ditsela tse pedi tsa ka moo moya o halalelang o re thusang ka teng. Hape re tla boela re hlahlobe hore na keng seo re lokelang ho se etsa, e le hore re fumane molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng.

MOYA O HALALELANG O RE FA MATLA

3. Tsela eo Jehova a re thusang ho mamella mathata ka yona ke efe?

3 Moya wa Jehova o halalelang o re thusa ka hore o re fe matla a ho phetha boikarabelo ba rona, ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona. Moapostola Pauluse o ne a hlokomela hore o kgona ho tswela pele a sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata, hobane o ne a itshetlehile ka “matla a Kreste.” (2 Bakor. 12:9) Nakong ya leeto la hae la bobedi la boromuwa Pauluse o ne a sebetsa ka thata ho bolella batho ditaba tse molemo, empa o ne a boetse a sebetsa e le hore a itlhokomele. O ne a dula Korinthe ha Aquila le Priscilla e leng baetsi ba ditente. Ka ha Pauluse le yena e ne e le moetsi wa ditente, o ne a sebetsa le bona ka matsatsi a mang. (Lik. 18:1-4) Moya o halalelang o ile wa fa Pauluse matla a ho etsa mosebetsi wa boiphediso le hore a phethe tshebeletso ya hae.

4. Ho ya ka 2 Bakorinthe 12:7b-9, ke bothata bofe boo Pauluse a neng a ena le bona?

4 Bala 2 Bakorinthe 12:7b-9. Ditemaneng tsena Pauluse o ne a bolelang ha a ne a re o na le “moutlwa nameng”? Haeba o ne o ka ba le moutlwa mmeleng wa hao, o ne o tla utlwa bohloko haholo. Ka hoo, Pauluse o ne a hlalosa hore o na le bothata bo itseng bo neng bo mo utlwisa bohloko. O ile a tshwantsha bothata bona le “lengeloi la Satane” le ntseng le mo ‘jabela.’ Mohlomong Satane le bademona ba hae ha se bona ba ileng bakela Pauluse mathata a tshwanang le moutlwa nameng. Empa ha dibupuwa tsena tse kgopo di hlokomela bothata ba Pauluse, e ka nna yaba di ile tsa leka ho bo thatafatsa le ho feta. E leng se neng se tla ba jwalo ka ha e ka motho o kenya “moutlwa” ona le ho feta mmeleng. Keng seo Pauluse a ileng a se etsa?

5. Jehova o ile a arabela thapelo ya Pauluse jwang?

5 Qalong Pauluse o ne a batla hore Jehova a tlose “moutlwa” ona. O re: “Ke ile ka kopa Morena [Jehova] ka tiyo ka makgetlo a mararo mabapi le sena e le hore o ka tloha ho nna.” Le ha ho le jwalo, ho sa tsotellehe dithapelo tsa hae o ile a dula a ntse a ena le moutlwa nameng. Na see se bolela hore Jehova ha a ka a araba dithapelo tsa Pauluse? Ha ho jwalo. O ile a di arabela. Jehova ha a ka a tlosa bothata ba Pauluse, empa o ile a mo fa matla e le hore a bo mamelle. Jehova o ile a re: “Matla a ka a ntse a etswa a phethahetseng bofokoding.” (2 Bakor. 12:8, 9) Ka hoo ka thuso ya Modimo, Pauluse o ile a kgona ho dula a kgobile matshwafo ebile a thabile.​—Bafil. 4:4-7.

6. (a) Jehova a ka arabela dithapelo tsa rona jwang? (b) Ke ditshepiso dife tse hlahang mangolong a serapeng tse o matlafatsang?

6 Na le wena jwalo ka Pauluse o kile wa kopa Jehova ka tiyo hore a tlose bothata ba hao? Mohlomong o rapetse Jehova ka makgetlo a mangata le ha ho le jwalo bothata ba hao ha bo a ka ba tloha empa bo ntse bo mpefala le ho feta. Na see se ile sa etsa hore o nahane hore Jehova o o kwatetse? Haeba o ikutlwa jwalo, hopola mohlala wa Pauluse. Jwalo ka ha Jehova a ile a araba dithapelo tsa hae, ka ho tshwanang le wena o tla arabela tsa hao. A ka nna a se ke a tlosa bothata empa ka moya o halalelang, o tla o fa matla ao o a hlokang hore o mamelle bothata boo. (Pes. 61:3, 4) O ka nna wa “akgelwa fatshe,” empa Jehova a ke ke a o lahla.​—2 Bakor. 4:8, 9; Bafil. 4:13.

MOYA O HALALELANG O RE THUSA HO SEBELETSA JEHOVA

7, 8. (a) Ke ka tsela e efe moya o halalelang o tshwanang le moya? (b) Petrose o ile a re moya o halalelang o sebetsa jwang?

7 Moya o halalelang o re thusa ka tsela efe e nngwe? Re ka tshwantsha moya o halalelang le moya wa sebele. Haeba ho ena le sefefo lewatle, sekepe se ka kgona ho fihla moo se yang haeba se tsamaya ka tsela eo moya o fokang ka yona. Ka tsela e tshwanang, moya o halalelang o re thusa ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe mathata ao re kopanang le ona ho fihlela re be re kena lefatsheng le letjha.

8 Ka ha moapostola Petrose e ne e le motshwasi wa ditlhapi, o ne a tseba haholo ka dikepe. Ke ka hoo ha a ne a hlalosa tsela eo moya o halalelang o sebetsang ka yona, a ileng a sebedisa mantswe a amanang le ho tsamaisa dikepe. O ile a ngola a re: “Ha ho nako eo ka yona boprofeta bo ileng ba tliswa ke thato ya motho, empa batho ba ile ba bua ho tswa ho Modimo ha ba ntse ba kgannwa ke moya o halalelang.” Lentswe la Sekgerike le fetoletsweng e le “kgannwa” le bolela ho “tsamaiswa ha mmoho.”​—2 Pet. 1:21.

9. Petrose o ne a batla hore batho ba nahane kang ha a ne a sebedisa lentswe ho “kgannwa”?

Petrose o ne a batla hore batho ba nahane kang ha a ne a sebedisa lentswe ho “kgannwa”? Ka tsela e tshwanang mongodi wa lengolo la Liketso e leng Luka, o ile a sebedisa lentswe le tshwanang la Sekgerike ha a hlalosa sekepe se ‘kgannwang’ ke moya. (Lik. 27:15) Mongodi e mong wa Bibele o ile a re ha Petrose a re bangodi ba Bibele ba ne ba “kgannwa” ke moya o halalelang, o ile a sebedisa lentswe le neng le tla etsa hore batho ba nahane ka ho tsamaiswa ha dikepe. Ha e le hantle Petrose o ne a re jwalo ka ha moya o kganna sekepe hore se fihle moo se yang, ka ho tshwanang moya o halalelang o ile wa tataisa bangodi ba Bibele hore ba etse mosebetsi wa bona. Mongodi eo wa Bibele o ile a tswela pele ho re: “Ho ne ho tshwana le ha e ka bangodi bao ba Bibele ba phahamisitse diseile tsa bona ka ha ba ne ba ikemiseditse ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo moya o halalelang o neng o ba susumelletsa hore ba e etse.” Ka hoo, Jehova o ile a etsa seo a neng a hloka ho se etsa ka hore a fane ka “moya” kapa moya o halalelang. Bangodi ba Bibele le bona ba ile ba phetha karolo ya bona, ka hore ba latele tataiso ya moya.

MOHATO WA 1: Ka mehla etsa mosebetsi oo Jehova a o fileng bahlanka ba hae

MOHATO WA 2: Etsa mosebetsi wa Jehova ka hohle ka moo o ka kgonang (Sheba serapa sa 11) *

10, 11. Ke dintho dife tse pedi tseo re lokelang ho di etsa ho bontsha hore re kgannwa ke moya o halalelang? Fana ka mohlala.

10 Ke nnete hore Jehova ha a sa sebedisa moya o halalelang ho etsa hore batho ba ngole Bibele ka ha kgale Bibele e ngotswe. Le ha ho le jwalo, Jehova o ntse a sebedisa moya o halalelang ho tataisa bahlanka ba hae. O ntse a phetha karolo ya hae. Jwale keng eo re lokelang ho e etsa e le hore moya o halalelang o re tataise? Re lokela ho etsa bonnete ba hore re phetha karolo ya rona. Re ka etsa seo jwang?

11 Nahana ka mohlala ona. Haeba mosesisi wa sekepe a batla hore moya o mo thuse, o lokela ho etsa dintho tsena tse pedi. Ya pele, o lokela ho beha sekepe sa hae moo moya o fokelang teng, haeba a sa etse jwalo sekepe se ke ke sa tsamaya. Ya bobedi, o hloka ho bula le ho phahamisa diseile tsa sekepe sa hae. Ho hlakile hore le hoja moya o ka foka, ke ha feela ha diseile tsa sekepe sa hae di ka tlala moya, sekepe se ka kgonang ho tsamaya. Ka tsela e tshwanang re tla kgona ho tswela pele ho sebeletsa Jehova haeba feela re thuswa ke moya o halalelang. E le hore re rue molemo wa moya o halalelang, re tlameha ho etsa dintho tsena tse pedi. Ya pele, re tlameha ho etsa dintho tseo moya wa Modimo o susumelletsang bahlanka ba hae hore ba di etse. Ya bobedi, re lokela ho etsa dintho tseo moya wa Modimo o reng re di etse ka hohle ka moo re ka kgonang. (Pes. 119:32) Ha re etsa dintho tsena tse pedi, moya o halalelang o tla re fa matla a ho tswela pele re mamelletse mathata le ho sebeletsa Jehova ka botshepehi ho fihlela re kena lefatsheng le letjha.

12. Re tlo hlahlobang?

12 Ho fihlela ha kana re se re tshohlile ditsela tse pedi tseo moya o halalelang o re thusang ka tsona. Moya o halalelang o re fa matla hape o re thusa hore re dule re tshepahala nakong ya mathata. O boetse o re tataisa le ho re thusa hore re etse mosebetsi oo Jehova a reng re o etse, e leng se tla etsa hore re fumane bophelo bo sa feleng. Hona jwale re tla hlahloba dintho tse 4 tseo re tlamehang ho di etsa, e le hore re rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng.

HO RUA MOLEMO WA MOYA O HALALELANG KA HO FELLETSENG

13. Ho ya ka 2 Timothea 3:16, 17, keng seo mangolo a ka re etsetsang sona empa keng seo rona re tlamehang ho se etsa?

13 Ntlha ya pele, ithute Lentswe la Modimo. (Bala 2 Timothea 3:16, 17.) Modimo o sebedisitse moya wa hae ho kenya menahano ya hae dikelellong tsa bangodi ba Bibele. Ka hoo, ha re bala Bibele e bile re nahanisisa ka seo re se badileng, ditaelo tsa Modimo di tla kena dikelellong le dipelong tsa rona. Di tla etsa hore re etse diphetoho tse tla thabisa Jehova. (Baheb. 4:​12) Empa e le hore re rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng, re tlameha ho ipha nako ya ho ithuta Bibele ka mehla le ho nahanisisa ka seo re se badileng. Jwale, ka ho etsa jwalo Lentswe la Modimo le tla susumetsa ntho e nngwe le e nngwe eo re e etsang kapa re e buang.

14. (a) Ke hobaneng ha re ka re moya o halalelang o teng dibokeng tsa Bokreste? (b) Keng e ka re thusang hore re rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng dibokeng tsa Bokreste?

14 Ntlha ya bobedi, rapela Modimo le Bakrestemmoho. (Pes. 22:22) Moya wa Jehova o teng dibokeng tsa Bokreste. (Tšen. 2:29) Ke hobaneng ha re ka re jwalo? Hobane ha re le dibokeng le Bakrestemmoho, re rapella moya o halalelang, re bina dipina tsa Mmuso tse thehilweng Lentsweng la Modimo. Hape re mamela ditaelo tse thehilweng Bibeleng tse fanwang ke barababo rona ba kgethilweng ke moya o halalelang. Moya o halalelang o boetse o thusa baradibabo rona hore ba lokisetse le ho fana ka dipuo. Le ha ho le jwalo, e le hore re rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng re lokela ho lokisetsa diboka le ho nka karolo ho tsona. Ka hoo ha re ya dibokeng re lokiseditse, re tla be re tshwana le sekepe se butseng diseile tsa sona ka ha re tlabe re ikemiseditse ho rua molemo wa moya o halalelang.

15. Moya o halalelang o re thusa jwang ho etsa mosebetsi wa boboledi?

15 Ntlha ya boraro, bolella batho ditaba tse molemo. Ha re sebedisa Bibele ha re ruta le ha re bolela ditaba tse molemo, re tla be re dumella moya o halalelang hore o re thuse. (Bar. 15:18, 19) Ka hoo e le hore o rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng, o tlameha hore o bolelle batho ditaba tse molemo ka mehla mme o sebedise Bibele ha ho kgonahala. Ntho e nngwe eo o ka e etsang e le hore o be le moqoqo o atlehileng le batho, ke ka ho sebedisa mehlala ya seo o ka se buang le batho, e hlahang ho Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona.

16. Ke tsela efe e tobileng ya hore re fumane moya o halalelang?

16 Ntlha ya bone, rapela Jehova. (Mat. 7:7-11; Luka 11:13) Tsela e tobileng ya hore o fumane moya o halalelang, ke ka hore o kope Jehova hore a ofe wona. Ha ho na letho le ka thibelang dithapelo tsa rona hore di fihle ho Jehova kapa ya re thibela hore re fumane moya wa Modimo. Moya o halalelang o ka re thusa esita le ha re le teronkong mme Satane a ke ke a thibela hore re o fumane. (Jak. 1:17) Re lokela ho rapela jwang e le hore re rue molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng? E le hore re fumane karabo ya potso ena a re ke re ithute mohlaleng o tlalehilweng feela Kosepeleng ya Luka, * o mabapi le hore na re rapele jwang.

PHEHELLA THAPELONG

17. Re ithutang mabapi le thapelo mohlaleng wa Jesu o ho Luka 11:​5-9, 13?

17 Bala Luka 11:5-9, 13. Mohlala wa Jesu o re bontsha ka moo re lokelang ho rapella moya o halalelang ka teng. Monna ya hlahang mohlaleng oo, o fumana seo a neng a se hloka, “ka lebaka la ho qophella ha hae ho sebete.” O ne a sa tshabe ho kopa thuso ho motswalle wa hae le hoja e ne e le bosiu haholo. * Jesu o ile a re see se re rutang ka ho rapela? O ile a re: “Le nne le kope, mme le tla fuwa; le nne le batle, mme le tla fumana; le nne le kokote, mme le tla bulelwa.” Jwale keng seo re ithutang sona? E le hore re fumane thuso ya moya o halalelang, re tlameha ho phehella ho o rapella.

18. Ho ya ka mohlala wa Jesu ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore Jehova o tla re fa moya o halalelang?

18 Mohlala wa Jesu o boetse o re thusa ho bona hore na ke hobaneng ha Jehova a tla re fa moya o halalelang. Monna ya hlahang mohlaleng wa Jesu o ne a batla ho hlokomela moeti wa hae. O ile a utlwa ho hlokahala hore a fe moeti wa hae ya fihlileng bosiu haholo dijo le hoja a ne a sena letho. Jesu o ile a re moahelani wa monna eo, o ile a mo fa bohobe hobane o ne a phehella ho bo kopa. Jesu o ne a rutang? Haeba motho ya sa phethahalang a ikemiseditse ho thusa moahelani ya phehellang, na Ntate wa rona ya mohau wa lehodimo, a ke ke a thusa ba kopang moya o halalelang ka ho phehella! Ka hoo, re ka kgodiseha hore Jehova o tla arabela dithapelo tsa rona ha re mo kopa moya o halalelang.​—Pes. 10:17; 66:19.

19. Ke hobaneng ha re ka kgodiseha hore re ka kgona ho mamella?

19 Re ka kgodiseha hore ho sa tsotellehe ditlhaselo tsa Satane, re tla kgona ho mamella. Hobaneng? Hobane moya o halalelang o re thusa ka ditsela tsena tse pedi. Ya pele, o re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle mathata. Ya bobedi, ke matla a re thusang hore re tswele pele ho sebeletsa Jehova ho fihlela re kena lefatsheng le letjha. Ka hoo, a re ikemisetseng ho rua molemo wa moya o halalelang ka ho felletseng.

PINA YA 41 Ka Kopo, Utlwa Thapelo ya Ka

^ par. 5 Sehlooho sena se hlalosa ka moo moya o halalelang wa Modimo o ka re thusang ho mamella mathata ka teng. Se boetse se bontsha seo re lokelang ho se etsa e le hore re fumane melemo ya moya o halalelang ka ho felletseng.

^ par. 16 Ho bangodi bohle ba Dikosepele, Luka ke yena ya re thusang ho utlwisisa hore thapelo e ne e le ntho ya bohlokwa ka ho fetisisa bophelong ba Jesu.​—Luka 3:21; 5:16; 6:12; 9:18, 28, 29; 18:1; 22:41, 44.

^ par. 17 Sheba study note se reng “ho qophella” ho Ditshupiso Tsa Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso ya Rona ya July 2018, leq. 8.

^ par. 60 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: MOHATO WA 1: Mora le moradiwabo rona ba kena ka Holong ya Mmuso. Ka ha ba kopane le Bakrestemmoho ba thabela diboka, moo moya wa Modimo o leng teng. MOHATO WA 2: Ba lokiseditse e le hore ba nke karolo dibokeng. Mehato ena e mmedi, e sebetsa le dinthong tse ding tseo ho buuweng ka tsona sehloohong sena e leng: ho ithuta Lentswe la Modimo, ho bolela ditaba tse molemo le ho rapela Jehova.