Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48

‘O Phethe Seo o se Qadileng’

‘O Phethe Seo o se Qadileng’

‘O phethe seo o se qadileng.’​—2 BAKOR. 8:11.

PINA YA 35 “Nepisisa Dintho Tsa Bohlokwa Haholo”

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Jehova o dumella hore re etseng?

JEHOVA o dumella hore re etse qeto ya hore na re tla phele jwang. O re ruta ho etsa diqeto tse nepahetseng mme o re thusa hore re di phethe haeba re etsa tse mo thabisang. (Pes. 119:173) Ka hoo haeba re sebedisa seo re ithutileng sona ka Bibeleng, re tla etsa diqeto tse nepahetseng.​—⁠Baheb. 5:14.

2. Ke bothata bofe boo re ka kopanang le bona ka mora hore re etse qeto?

2 Le hoja re entse qeto e nepahetseng, ho ka ba thata hore re phethe seo re se qadileng. Nahana ka mehlala ena: Morabo rona o etsa qeto ya ho bala Bibele kaofela. O e bala ka dibeke tse mmalwa ebe ka mora moo o a kgaotsa. Moradiwabo rona o etsa qeto ya ho ba pulamadiboho empa o dieha ho bo nka. Ka lehlakoreng le leng, sehlopha sa baholo se etsa qeto ya ho etsa maeto a bodisa a eketsehileng, empa se nka dikgwedi tse ngata pele se ka qala ho etsa seo. Maemo ao re qetang ho bua ka ona a fapane empa ho na le ntho eo a tshwanang ka ona, ho entswe qeto empa ha e ya ka ya phethahatswa. Bakreste ba Korinthe, ba ile ba kopana le bothata bo tshwanang. Hlokomela seo re ka ithutang sona ho bona.

3. Ke qeto efe eo Bakreste ba Korinthe ba ileng ba e etsa, empa ho ile ha etsahalang?

3 Hoo e ka bang ka selemo sa 55, Bakreste ba Korinthe ba ile ba etsa qeto ya bohlokwa. Ba ile ba hlokomela hore barababo bona ba Jerusalema le Judea, ba ne ba ena le mathata ebile ba sotleha le hore diphutheho tse ding di ne di bokella tjhelete hore di ba thuse. Ka lebaka leo, Bakreste ba Korinthe ba ile ba bontsha mosa le hoba le seatla se bulehileng ka hore ba etse qeto ya ho thusa bara bana babo bona. Ka hoo, ba ile ba botsa moapostola Pauluse hore na ba ka etsang e le hore ba thuse. O ile a fana ka tataiso ka phuthehong mme a kgetha Tite hore a thuse ka ho bokella tjhelete. (1 Bakor. 16:1; 2 Bakor. 8:6) Le ha ho le jwalo, ka mora dikgwedi tse mmalwa Pauluse o ile a hlokomela hore phutheho eo, ha ya ka ya ntsha monehelo jwalo ka ha e ne e tshepisitse. Ka lebaka leo, monehelo wa bona o ne o sa tlo ba nakong hore o ka iswa Jerusalema ha mmoho le menehelo ya diphutheho tse ding.​—2 Bakor. 9:4, 5.

4. Jwalo ka ha 2 Bakorinthe 8:​7, 10, 11 e bontsha, keng seo Pauluse a ileng a kgothalletsa Bakreste ba Korinthe hore ba se etse?

4 Bakreste ba Korinthe ba ne ba entse qeto e nepahetseng mme Pauluse o ile a ba babatsa ka tumelo e matla eo ba nang le yona le ka ho ikemisetsa ho fana. Empa o ne a boetse a lokela ho ba kgothalletsa hore ba qetelle seo ba se qadileng. (Bala 2 Bakorinthe 8:7, 10, 11.) Se ileng sa ba etsahalla se re ruta hore esita le Bakreste ba tshepahalang, ho ka ba thata hore ba phethe qeto eo ba e entseng.

5. Re tlo araba dipotso dife?

5 Jwalo ka Bakreste ba Korinthe, ho ka ba thata hore re etse seo re neng re itse re tla se etsa. Hobaneng? Ka lebaka la ho se phethahale, re ka nna ra dieha ho etsa seo re neng re itse re tla se etsa. Kapa re ka hlahelwa ke ntho eo re sa e lebellang, e ka re sitisang ho phetha seo re neng re rerile ho se etsa. (Moek. 9:11; Bar. 7:18) Keng seo re tlamehang ho se etsa, haeba re hloka ho hlahloba qeto eo re ileng ra e etsa nakong e fetileng le ho bona hore na re ka e fetola jwang? Hona ke jwang re ka etsang bonnete ba hore re qetella seo re se qadileng?

PELE RE ETSA QETO

6. Ke neng moo re hlokang ho fetola qeto ya rona?

6 Ho na le diqeto tsa bohlokwa tseo re ke keng ra di fetola. Ka mohlala, re ke ke ra fetola qeto eo re entseng ya ho sebeletsa Jehova le ya ho tshepahalla molekane. (Mat. 16:24; 19:6) Le ha ho le jwalo, ho na le diqeto tseo re ka hlokang ho di fetola. Hobaneng? Hobane maemo a a fetoha. Ke mehato efe eo re ka e nkang e le hore re phethe diqeto tseo re di entseng?

7. Keng seo re lokelang ho se rapella, hona hobaneng?

7 Rapella bohlale. Jehova o ile a etsa hore Jakobo a ngole sena: “Haeba mang kapa mang wa lona a haellwa ke bohlale, a nne a kope Modimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.” (Jak. 1:5) Ka tsela e itseng, kaofela re “haellwa ke bohlale.” Ka hoo, kopa Jehova hore a o thuse ha o etsa qeto le haeba o batla ho e fetola. Ka tsela eo, Jehova o tla o thusa hore o etse qeto e nepahetseng.

8. Re lokela ho etsa dipatlisiso dife pele re etsa qeto?

8 Etsa dipatlisiso. Bala Lentswe la Modimo le dingolwa tse thehilweng Bibeleng mme o kope keletso ho batho bao o ba tshepang. (Liprov. 20:18) Ho etsa dipatlisiso tsena ke ha bohlokwa pele o ka etsa qeto ya ho falla, ho kgetha mosebetsi le hore na ke thuto efe eo o tla e etsa hore e o thuse ho fumana tjhelete e lekaneng ha o ntse o sebeletsa Jehova.

9. Re tla fumana molemo ofe haeba re sa ithetse?

9 Hlahloba mabaka ao o entseng qeto ka ona. Jehova o nka mabaka ao re etsang qeto ka ona e le a bohlokwa. (Liprov. 16:2) O batla hore re tshepahale dinthong tsohle. Ka lebaka leo, mabaka ao re etsang diqeto ka ona a lokela ho bontsha hore re na le nnete ebile re tshepahalla batho ba bang. Haeba re sa tshepahale, ho ka ba thata hore re phethahatse seo re itseng re tla se etsa. Ka mohlala, morabo rona ya motjha a ka etsa qeto ya hore o batla ho ba pulamadiboho ya ka mehla. Le ha ho le jwalo, ka mora nako e itseng o thatafallwa ke ho finyella dihora tse hlokehang mme sena se etsa hore a se ke a thabela tshebeletso. E ka nna ya ba o ne a nahana hore lebaka le entseng hore a nke bopulamadiboho, ke hobane a batla ho thabisa Jehova. Empa mohlomong lebaka le neng le etsa hore a nke bopulamadiboho, ke hobane o ne a batla ho thabisa batswadi ba hae kapa motho e mong ya itseng.

10. Keng se hlokahalang hore re etse diphetoho?

10 Nahana ka moithuti wa Bibele ya batlang ho tlohela ho tsuba. Qalong le hoja ho le thata hore a se ke a tsuba, o kgona ho nka beke kapa tse pedi a sa tsube empa ka mora moo o boela a tsuba hape. Le ha ho le jwalo, qetellong o kgona ho tlohela ho tsuba ka ho felletseng. O kgonne ho etsa sena hobane a ne a rata Jehova ebile a batla ho mo thabisa.​—Bakol. 1:10; 3:23.

11. Ke hobaneng ha o tlameha ho tseba seo o lokelang ho se finyella?

11 Tseba dintho tseo o batlang ho di finyella. Ha o tseba dintho tseo o batlang ho di finyella ho tla ba bonolo hore o di etse. Ka mohlala, o ka nna wa etsa qeto ya ho bala Bibele kgafetsa. Empa haeba o sa tsebe hore na o tla e bala neng, ho tla ba thata hore o e bale jwalo ka ha o ne o rerile. * Kapa baholo ka phuthehong ba ka nna ba etsa qeto ya ho etsa maeto a bodisa a eketsehileng, empa ho feta nako e telele pele ba ka qala ho etsa seo. E le hore ba atlehe ba ne ba lokela ho ipotsa dipotso tsena: “Na re ngotse mabitso a bara le baradibabo rona ba hlokang ho etsetswa maeto a bodisa? Na re behile nako eo re tla ba etela ka yona?”

12. Ho ka nna ha hlokahala hore re etseng, hona hobaneng?

12 Sheba dintho ka tsela ya sebele. Ha ho na motho ya nang le nako, dintho tseo a di hlokang le matla a ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo a rerileng ho e etsa. Ka hoo, sheba dintho ka tsela ya sebele mme o utlwisise maemo. Ka dinako tse ding ho ka hlokahala hore o fetole qeto eo o ileng wa e etsa, ha o hlokomela hore o ke ke wa kgona ho e phetha. (Moek. 3:6) A re re o se o hlahlobile qeto eo o e entseng, wa etsa diphetoho tse hlokahalang mme jwale o a bona hore o se o ka kgona ho e phetha. Jwale keng e ka o thusang hore o kgone ho e phetha? A re ke re hlahlobeng mehato e 5 e ka o thusang hore o qetelle seo o se qadileng.

MEHATO E KA O THUSANG HORE O PHETHAHATSE DIQETO TSA HAO

13. Ke hokae moo o ka fumanang matla a ho phethahatsa seo o se rerileng?

13 Rapella matla a ho phetha qeto ya hao. Modimo a ka o fa matla a hore o nke bohato ba ho phethahatsa qeto ya hao. (Bafil. 2:13) Ka hoo, kopa Jehova a o fe moya wa hae o halalelang e le hore o be le matla ao o a hlokang. Le hoja thapelo ya hao e sa arajwe ka nako eo, tswela pele ho rapela. Jesu o ile a re: “Le nne le kope, mme le tla fuwa [moya o halalelang].”​—Luka 11:9, 13.

14. Molaomotheo o ho Liproverbia 21:​5, o ka o thusa jwang hore o phethe seo o se rerileng?

14 Rera dintho tseo o batlang ho di etsa. (Bala Liproverbia 21:5.) O lokela ho rera seo o batlang ho se etsa, e le hore o kgone ho se phetha. Ka mora moo, o latele seo o se rerileng. Ka tsela e tshwanang ha o etsa qeto, ngola mehato eo o ikemiseditseng ho e nka e le hore o e phethe. Haeba mosebetsi oo o lokelang ho o etsa o le mongata, qala pele ka ho etsa karolo e itseng ya wona. Sena se tla etsa hore ho be bonolo ho bona tswelopele ya hao. Pauluse o ile a kgothalletsa Bakreste ba Korinthe hore “letsatsi le leng le le leng la pele la beke” ba behe monehelo ka thoko ho ena le hore ba emele mohlang a tlang, e be ke hona ba o ntshang. (1 Bakor. 16:2) Ka hoo haeba o ena le mosebetsi o mongata, qala pele ka ho etsa karolo e itseng ya wona mme sena se tla etsa hore o se ke wa nahana hore o ke ke wa kgona ho o phetha.

15. Ka mora ho rera ho etsa ntho e itseng, keng eo re lokelang ho e etsa?

15 Ho tla ba bonolo hore o phethe dintho tseo o batlang ho di etsa haeba o di ngola fatshe. (1 Bakor. 14:40) Ka mohlala, dihlopha tsa baholo di laelwa hore di kgethe moholo a le mong ya tla ngola qeto eo sehlopha sa baholo se e etsang le hore na ke mang ya tla e etsa mme a e etse neng. Ha baholo ba latela tokisetso ena, ho tla ba bonolo hore ba phethe seo ba se rerileng. (1 Bakor. 9:26) O ka leka ho etsa se tshwanang bophelong ba hao. Ka mohlala, o ka ngola dintho tseo o hlokang ho di etsa letsatsi ka leng mme o ngole eo o batlang ho qala ka yona pele. Ha o etsa jwalo o tla kgona ho phetha seo o se qadileng.

16. Keng seo o lokelang ho se etsa e le hore o phethe seo o se rerileng, hona Baroma 12:11 e tshehetsa seo jwang?

16 Eba le boikemisetso. Ho hlokeha boiteko e le hore motho a rere le ho phetha seo a se rerileng. (Bala Baroma 12:​11.) Pauluse o ile a bolella Timothea hore a “tswele pele ho ikitlaetsa” le ho “dula” a batla ho ba mosuwe ya molemo. Re ka sebedisa keletso ya Pauluse nthong e nngwe le e nngwe eo re batlang ho e etsetsa Jehova.​—1 Tim. 4:13, 16.

17. Baefese 5:15, 16 e ka re thusa jwang hore re phethe seo re se rerileng?

17 Sebedisa nako ya hao hantle. (Bala Baefese 5:15, 16.) Beha nako eo ka yona o batlang ho phetha seo o se rerileng mme o se ke wa e fetola. O se ke wa emela hore dintho di be hantle pele o ka phetha seo o se rerileng, ka ha ho ka etsahala hore di se ke tsa ba hantle. (Moek. 11:4) Ka hoo, hlokomela hore dintho tseo eseng tsa bohlokwa di se ke tsa o jella nako le matla ao o a hlokang hore o etse dintho tsa bohlokwa. (Bafil. 1:10) O ka etsa sena ka hore o kgethe nako eo ka yona batho ba ke keng ba o sitisa ho etsa seo o se rerileng. Ba bolelle hore o hloka nako e eitseng. Kwala founu ya hao mme o se ke wa sheba e-⁠mail le melaetsa ya hao ho fihlela o qeta seo o se etsang. *

18, 19. Keng e ka o thusang hore o tswele pele ho phethahatsa seo o se rerileng le hoja ho se bonolo?

18 Nahana ka ditlamorao. Ditlamorao tsa diqeto tsa hao di ka tshwana le ho fihla sebakeng seo o neng o batla ho ya ho sona. Haeba o batla ho fihla sebakeng se itseng, o ke ke wa emisa leeto la hao hobane feela tsela eo o tsamayang ka yona e kwetswe empa o tla nka tsela e nngwe. Ka tsela e tshwanang, ha o nahana ka ditlamorao tsa qeto eo o e entseng, sena se tla o thusa hore o se ke wa tela ha o kopana le mathata.​—Bagal. 6:9.

19 Ho etsa diqeto tse nepahetseng le ho di phetha ho thata. Empa ka thuso ya Jehova o ka ba le bohlale le matla ao o a hlokang e le hore o qetelle seo o se qadileng.

PINA YA 65 Hatelang Pele!

^ par. 5 Na o ikwahlaela tse ding tsa diqeto tseo o ileng wa di etsa? Kapa na ka dinako tse ding, o utlwa ho le thata hore o etse qeto e nepahetseng le ho e phetha? Sehlooho sena se tla o thusa hore o hlole dintho tsena mme o qetelle seo o se qadileng.

^ par. 11 E le ho o thusa hore o atlehe ho bala Bibele o le mong, o ka sebedisa “Lenane la ho Bala Bibele” le fumanehang ho jw.org®.

^ par. 17 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng mabapi le hore o ka sebedisa nako ya hao jwang, sheba sehlooho se reng “Ditsela Tse 20 Tsa ho Ipha Nako e Eketsehileng” ho Tsoha! ya April 2010.