Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 46

Eba Sebete Hobane Jehova o Tla o Thusa

Eba Sebete Hobane Jehova o Tla o Thusa

“Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.”​—BAHEB. 13:5.

PINA YA 55 Le se ke la ba Tshaba!

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1. Keng e tla re kgothatsa haeba re ikutlwa re le bang kapa re utlwa e ka re ke ke ra kgona ho mamella mathata? (Pesaleme ya 118:5-7)

NA O KILE wa ikutlwa e ka o mong mme ha ho na motho ya o thusang ho mamella bothata boo o nang le bona? Batho ba bangata ba kile ba ikutlwa jwalo ho akarelletsa le bahlanka ba tshepahalang ba Jehova. (1 Mar. 19:14) Haeba o kile wa ikutlwa jwalo, hopola hore Jehova o ile a re: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” Ka hoo re ka bua re kgodisehile ra re: “Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba.” (Baheb. 13:5, 6) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba neng ba dula Judea mantswe ao hoo e ka bang ka selemo sa 61. Mantswe a hae a re hopotsa seo mongodi e mong wa pesaleme a ileng a se ngola ho Pesaleme ya 118:5-7.​—E bale.

2. Re tlo bua kang sehloohong see, hona hobaneng?

2 Jwalo ka mongodi e mong wa pesaleme, Pauluse o ne a tseba hore Jehova o tla mo thusa hobane Jehova o ne a ile a mo thusa ka makgetlo a mangata nakong e fetileng. Ka mohlala, Pauluse o ile a pholoha nakong eo ho neng ho na le sefefo se matla a le ka sekepeng dilemo tse fetang tse pedi pele a ngola lengolo le yang ho Baheberu. (Lik. 27:4, 15, 20) Nakong eo le pele ho moo, Jehova o ile a thusa Pauluse ka ditsela tse ngata. Re tla bua ka ditsela tse tharo. Jehova o ile a mo thusa a sebedisa Jesu, mangeloi, Bakrestemmoho le batho ba nang le matla a bolaodi. Ho bua ka dintho tsena tse ileng tsa etsahala bophelong ba Pauluse, ho tla re thusa hore re tshepe hore Jehova o tla arabela dithapelo tsa rona ha re kopa thuso.

THUSO E TSWANG HO JESU LE HO MANGELOI

3. E ka nna ya ba Pauluse o ile a ipotsa potso efe, hona hobaneng?

3 Pauluse o ne a hloka thuso. Hoo e ka bang ka selemo sa 56, batho ba bangata ba ile ba hulela Pauluse ka ntle ho tempele Jerusalema mme ba leka ho mo bolaya. Letsatsi le hlahlamang pele a tliswa ho Sanhedrine dira tsa hae di ne di batlile di mo bolaya. (Lik. 21:30-32; 22:30; 23:6-10) Ka nako eo e ka nna ya ba Pauluse o ile a ipotsa, ‘Ke tla mamella ho sotlwa tjee ho fihlela neng?’

4. Jehova o ile a sebedisa Jesu jwang ho thusa Pauluse?

4 Jesu o ile a thusa Pauluse jwang? Bosiu ka mora hore Pauluse a tshwarwe, “Morena,” e leng Jesu, o ile a ema haufi le yena mme a re: “Eba sebete! Etswe jwalo ka ha o nnile wa fana ka bopaki bo phethahetseng dinthong tse mabapi le nna Jerusalema, ka hoo o tla boela o pake Roma.” (Lik. 23:11) Mantswe ao e ne e le a kgothatsang ho Pauluse. Jesu o ile a babatsa Pauluse ka bopaki boo a ileng a fana ka bona Jerusalema. O ile a boela a mo tshepisa hore o tla fihla Roma a sireletsehile mme a boele a fane ka bopaki. Ka mora hore Pauluse a utlwe mantswe ao a kgothatsang, e ka nna ya ba o ile a ikutlwa a sireletsehile jwalo ka ngwana ya sefubeng sa ntate wa hae.

Nakong ya sefefo se matla lewatleng, lengeloi le ile la kgodisa Pauluse hore motho e mong le e mong ya ka sekepeng o tla pholoha (Sheba serapa sa 5)

5. Jehova o ile a sebedisa lengeloi jwang ho thusa Pauluse? (Sheba setshwantsho se ka ntle.)

5 Ke mathata afe hape ao Pauluse a neng a na le ona? Hoo e ka bang dilemo tse pedi ka mora diketsahalo tse ileng tsa mo hlahela Jerusalema, Pauluse o ile a palama sekepe se yang Italy mme ho ile ha ba le sefefo se tshabehang hoo batho ba neng ba le ka hara sona ba ileng ba tshoha hore ba ka nna ba shwa. Le ha ho le jwalo, Pauluse o ne a sa tshoha. Hobaneng? O ile a bolella bohle ba ka sekepeng a re: “Etswe bosiung bona haufi le nna ho ile ha ema lengeloi la Modimo eo ke leng wa hae le eo ke mo etsetsang tshebeletso e halalelang, le re, ‘Pauluse, o se ke wa tshaba. O tla ema ka pela Cesare, mme, bona! ka bolokolohi Modimo o o file bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’” Jehova o ile a sebedisa lengeloi ho kgothatsa Pauluse jwalo ka ha a ile a sebedisa Jesu nakong e fetileng. Pauluse o ile a fela a fihla Roma feela jwalo ka ha Jehova a tshepisitse.​—Lik. 27:20-25; 28:16.

6. Ke tshepiso efe ya Jesu e ka re kgothatsang, hona hobaneng?

6 Jesu o re thusa jwang? Jesu o tla re tshehetsa jwalo ka ha a ile a tshehetsa Pauluse. Ka mohlala, Jesu o ile a tshepisa balatedi bohle ba hae a re: “Ke na le lona ka matsatsi ohle ho fihlela qetellong ya tsamaiso ya dintho.” (Mat. 28:20) Mantswe a Jesu a ka re kgothatsa. Hobaneng? Hobane ka dinako tse ding ho ka ba thata ho mamella mathata. Ka mohlala, ha motho eo re mo ratang a hlokahala, ha re utlwe bohloko ka matsatsi a mmalwa feela, empa re utlwa bohloko ka dilemo tse ngata. Ba bang ka lebaka la ho hola ba ba le mathata a ho kula. Ba bang ba na le kgatello ya maikutlo. Le ha ho le jwalo, re kgona ho mamella hobane re a tseba hore Jesu o na le rona ka “matsatsi ohle,” esita le dinakong tse thata.​—Mat. 11:28-30.

Mangeloi a a re thusa ha re bolela ditaba tse molemo (Sheba serapa sa 7)

7. Ho ya ka Tšenolo 14:6, Jehova o re thusa jwang kajeno?

7 Lentswe la Modimo le a re kgodisa hore Jehova o re thusa a sebedisa mangeloi a hae. (Baheb. 1:7, 14) Ka mohlala, mangeloi a a re thusa ha re bolela “ditaba tsena tse molemo tsa mmuso” ho “setjhaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng.”​—Mat. 24:13, 14; bala Tšenolo 14:6.

THUSO E TSWANG HO BA NANG LE MATLA A BOLAODI

8. Jehova o ile a thusa Pauluse jwang a sebedisa molaodi wa sesole?

8 Pauluse o ile a thuswa jwang? Ka selemo sa 56, Jesu o ile a kgodisa Pauluse hore o tla fihla Roma. Le ha ho le jwalo, Bajuda ba bang Jerusalema ba ile ba rera ho hlasela Pauluse le ho mo bolaya. Ha molaodi wa sesole wa Roma e leng Claudiase Lysiase a utlwa ka taba ena, o ile a thusa Pauluse. Kapele ka potlako Claudiase, o ile a isa Pauluse Cesarea e bohole ba dikhilomithara tse 105 ho tswa Jerusalema a sireleditswe ke masole a mangata. Ha Pauluse a le Cesarea, Mmusisi Felix o ile a laela hore ‘a lebelwe ka tlung ya mmuso ya moemphera ya Heroda.’ Bajuda ba neng ba batla ho bolaya Pauluse, ba ne ba ke ke ba kgona ho etsa seo.​—Lik. 23:12-35.

9. Mmusisi Festase o ile a thusa Pauluse jwang?

9 Dilemo tse pedi ha morao, Pauluse o ne a ntse a le teronkong Cesarea. Festase e ile ya ba yena mmusisi ka mora Felix. Bajuda ba ile ba kopa Festase hore Pauluse a kgutlele Jerusalema hore a ilo ahlolwa, empa Festase o ile a hana. E ka nna ya ba mmusisi Festase o ne a hlokometse hore Bajuda “ba ne ba laletse [Pauluse] ho mo bolaya tseleng.”​—Lik. 24:27–25:5.

10. Mmusisi Festase o ile a etsang ha Pauluse a mo kopa hore a ilo ahlolwa ke Cesare?

10 Ha morao, nyewe ya Pauluse e ile ya tshwarelwa Cesarea. Ka ha Festase o ne a batla “ho fumana kamohelo ho Bajuda,” o ile a botsa Pauluse a re: “Na o lakatsa ho nyolohela Jerusalema mme o ahlolwe ka pela ka hona teng?” Pauluse o ne a tseba hore Jerusalema Bajuda ba ne ba tla batla ho mo bolaya hape o ne a tseba hore na o lokela ho etsang e le hore a tle a pholose bophelo ba hae le hore a fihle Roma mme a tswele pele ho bolela ditaba tse molemo. O ile a re: “Ke ipiletsa ho Cesare.” Ka mora ho bua le moeletsi wa hae, Festase o ile a re ho Pauluse: “O ipileditse ho Cesare; o tla ya ho Cesare.” Festase o ile a pholosa Pauluse ho dira tsa hae ka ho mo romela Roma.’ Haufinyane Pauluse o ne a tla ba Roma e leng hole le Bajuda ba neng ba batla ho mo bolaya.​—Lik. 25:6-12.

11. E ka nna ya ba Pauluse o ile a nahana ka mantswe afe a kgothatsang a ngotsweng ke Esaia?

11 Nakong eo Pauluse a neng a tlo ya Italy ka sekepe, e ka nna ya ba o ile a nahana ka keletso eo moprofeta Esaia a ileng a e fa batho ba kgahlanong le Jehova. Jehova o ile a re Esaia a ngole mantswe a reng: “Etsang morero, mme o tla senngwa! Buang lentswe le ha e le lefe, mme le ke ke la ema, etswe Modimo o na le rona!” (Esa. 8:10) Pauluse o ne a tseba hore Modimo o tla mo thusa mme sena se ile sa mo thusa hore a mamelle mathata ao a neng a tla ba le ona.

Nakong e fetileng, Jehova o ile a sebedisa batho ba nang le matla a bolaodi ho sireletsa bahlanka ba hae mme le kajeno o tla etsa se tshwanang (Sheba serapa sa 12)

12. Juliase o ile a tshwara Pauluse jwang, hona e ka nna ya ba Pauluse o ile a hlokomelang?

12 Ka selemo sa 58, Pauluse o ile a ya Italy ka sekepe. Ka ha Pauluse e ne e le motshwaruwa, o ile a iswa ho molaodi wa lebotho la Roma e leng Juliase. Ka ha ka nako eo Juliase o ne a na le matla, o ne a ka tshwara Pauluse hampe kapa ka mosa. O ile a sebedisa matla a hae jwang? Letsatsi le latelang Juliase o ile “a tshwara Pauluse ka mosa mme a mo dumella ho ya ho metswalle ya hae.” Ha morao Juliase o ile a pholosa Pauluse. O ile a etsa seo jwang? Masole a ne a batla ho bolaya batshwaruwa bohle ba neng ba le ka sekepeng empa Juliase o ile a ba thiba. Hobaneng? “O ne a lakatsa ho pholosa Pauluse a sireletsehile.” E ka nna ya ba Pauluse o ile a hlokomela hore Jehova o sebedisa molaodi enwa wa lebotho ho mo sireletsa.​—Lik. 27:1-3, 42-44.

Sheba serapa sa 13

13. Jehova a ka sebedisa batho ba nang le matla a bolaodi jwang?

13 Ke thuso efe eo re e fumanang? Jehova a ka sebedisa moya o halalelang ho susumetsa batho ba nang le matla a bolaodi ho etsa seo a se batlang. Morena Solomone o ile a re: “Pelo ya morena e jwalo ka melapo ya metsi letsohong la Jehova. O e retelletsa hohle moo a ratang.” (Liprov. 21:1) Mantswe ana a bolelang? Batho ba ka kgona ho tjheka foro ho laola metsi a mangata hore a ye moo ba batlang hore a ye teng. Ka tsela e tshwanang, Jehova a ka kgona ho sebedisa moya wa hae o halalelang ho susumetsa batho ba nang le matla a bolaodi ho etsa dintho tseo a batlang hore ba di etse. Ha seo se etsahala, batho ba nang le matla a bolaodi ba susumelletseha ho etsa diqeto tse thusang batho ba Modimo.​—Bapisa le Esdrase 7:21, 25, 26.

14. Ho ya ka Liketso 12:5, ke bo mang bao re lokelang ho ba rapella?

14 Keng seo re ka se etsang? Re ka rapela “malebana le marena le bohle ba boemong bo phahameng” ha ba etsa diqeto tse amanang le ho bolelwa ha ditaba tse molemo le ho ya dibokeng. (1 Tim. 2:1, 2; Neh. 1:11) Jwalo ka Bakreste ba mehleng ya pele, le rona re kopa Modimo hore a thuse bara le baradibabo rona ba diteronkong. (Bala Liketso 12:5; Baheb. 13:3) Re ka boela ra rapella balebedi ba diteronko ba shebileng bara le baradibabo rona. Re ka kopa Jehova hore a susumetse dikelello tsa batho ba nang le bolaodi hore jwalo ka Juliase ba tshware bara le baradibabo rona ba diteronkong “ka mosa.”​—Lik. 27:3.

THUSO E TSWANG HO BAKRESTEMMOHO

15, 16. Jehova o ile a sebedisa Luka le Aristakase jwang ho thusa Pauluse?

15 Pauluse o ile a fumana thuso efe? Hangata ha Pauluse a ne a ya Roma, Jehova o ne a sebedisa bara le baradibabo rona ho mo thusa. A re ke re boneng e meng ya mehlala.

16 Metswalle e mmedi e tshepahalang ya Pauluse, e leng Aristakase le Luka, ba ile ba etsa qeto ya ho tsamaya le yena ho ya Roma. * Le hoja Bibele e sa re bolelle hore Jesu o ile a tshepisa Aristakase le Luka hore ba tla fihla Roma ba sireletsehile empa ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba be le Pauluse. Ha Aristakase le Luka ba kena ka sekepeng Cesarea, e tlameha e be Pauluse o ile a rapela Jehova a mo leboha hore e be o mo thusitse ka ho mo fa barababo rona ba sebete.​—Lik. 27:1, 2, 20-25.

17. Jehova o ile a sebedisa bara le baradibabo rona jwang ho thusa Pauluse?

17 Bara le baradibabo rona ba ile ba thusa Pauluse ka makgetlo a mangata ha a ne a nka leeto. Ka mohlala ha a ne a ema motseng wa Sidone, Juliase o ile a mo dumella “ho ya ho metswalle ya hae le ho thabela tlhokomelo ya yona.” Ha morao ha a le motseng wa Puteoli, Pauluse le metswalle ya hae ba ile ba fumana barababo rona mme barababo rona ba ba kopa ka tiyo hore ba dule le bona matsatsi a supileng. Ha bara le baradibabo rona ba dibakeng tseo ba ntse ba hlokometse Pauluse le metswalle ya hae ka dintho tseo ba di hlokang, ha ho pelaelo hore Pauluse o ile a ba bolella ka dintho tse mo etsahalletseng tse kgothatsang. (Bapisa le Liketso 15:2, 3.) Ka mora ho kgothatsa bara le baradibabo rona, Pauluse le metswalle ya hae ba ile ba tswela pele ka leeto.​—Lik. 27:3; 28:13, 14.

Jwalo ka Pauluse, Jehova o sebedisa Bakrestemmoho ho re thusa (Sheba serapa sa 18)

18. Keng e ile ya etsa hore Pauluse a lebohe Modimo le ho ba sebete?

18 Ha Pauluse a ne a ya Roma, e tlameha e be o ile a nahana ka seo a ileng a se ngolla phutheho ya motse oo dilemo tse tharo tse fetileng ha a ne a re: “Ka dilemo tse itseng ke nnile ka ba le tlholohelo ya ho fihla ho lona.” (Bar. 15:23) Ho ntse ho le jwalo, o ne a sa lebella hore o tla fihla e le motshwaruwa. E tlameha e be Pauluse o ile a kgothala ha a ne a bona bara le baradibabo rona ba tswang Roma ba mo emetse tseleng ho tla mo dumedisa. “Ha Pauluse a re hedi! mme a ba bona, a leboha Modimo mme a ba sebete.” (Lik. 28:15) Hlokomela hore Pauluse o ile a leboha Modimo hore bara le baradibabo rona ba ne ba le teng moo. Hobaneng? Hobane Pauluse o ile a hlokomela hore Jehova o ne a mo thusa a sebedisa Bakrestemmoho.

Sheba serapa sa 19

19. Jwalo ka ha 1 Petrose 4:10 e bontshitse, ke jwang Jehova a re sebedisang ho thusa batho ba hlokang?

19 Keng seo re ka se etsang? Na o tseba bara le baradibabo rona phuthehong ya heno ba kulang kapa ba nang le mathata? E ka nna ya ba ba hlokahalletswe ke batho bao ba ba ratang. Haeba re hlokomela hore ho na le mora kapa moradiwabo rona ya hlokang thuso, re ka kopa Jehova hore a re thuse hore re bue ho hong kapa re mo bontshe lerato. Seo re se etsang kapa re se buang e ka ba kgothatso eo mora kapa moradiwabo rona a e hlokang. (Bala 1 Petrose 4:10.) * Haeba re ba thusa, ba tla boela ba hopole tshepiso ya Jehova e reng: “Ho hang nke ke ka o tlohela kapa ka o furalla.” Ka nnete seo se tla o thabisa haholo.

20. Ke hobaneng ha ka kgodiseho re ka re: “Jehova ke mothusi wa ka”?

20 Jwalo ka Pauluse le metswalle ya hae, le rona re ba le mathata. Ka tsela e tshwanang re a tseba hore re ka ba sebete hobane Jehova o na le rona. O re thusa a sebedisa Jesu le mangeloi. Hape a ka re thusa a sebedisa batho ba nang le matla a bolaodi. Jwalo ka ha bongata ba rona re hlokometse ha a re thusa, Jehova o sebedisa moya o halalelang ho kgothalletsa bara le baradibabo rona ho re thusa. Ka hoo, jwalo ka Pauluse le rona re na le lebaka le utlwahalang la hore ka kgodiseho re re: “Jehova ke mothusi wa ka; nke ke ka tshaba. Motho a ka nketsang?”​—Baheb. 13:6.

PINA YA 38 O Tla le Matlafatsa

^ par. 5 Sehlooho sena se bua ka ditsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a ileng a thusa moapostola Pauluse ho mamella mathata. Re tlo bua ka moo Jehova a ileng a thusa bahlanka ba hae ka teng ba nakong e fetileng mme seo se tlo etsa hore le rona re kgodisehe hore Jehova o tla re thusa kajeno ha re na le mathata.

^ par. 16 Aristakase le Luka ba ne ba kile ba tsamaya le Pauluse. Banna bana ba tshepahalang ba ile ba boela ba ba le Pauluse ha a ne a le teronkong Roma.​—Lik. 16:10-12; 20:4; Bakol. 4:10, 14.