Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

“Jehova ha a a ka a Ntebala”

“Jehova ha a a ka a Ntebala”

KE DULA motseng wa Orealla o nang le batho ba 2 000 Guyana e South America. Motse oo o holenyana mme o ka fihla ka sefofane se senyane kapa ka sekepe.

Ke hlahile ka selemo sa 1983. Ha ke ne ke le monyane ke ne ke phetse hantle empa ha ke ba dilemo di leshome mmele wa ka o ile wa ba bohloko kaofela. Ka mora dilemo tse ka bang tse pedi, hoseng ha ke tsoha ke ne ke se ke sa kgone ho tsamaya. Ke ne ke leka ho tsamaisa maoto a ka empa ke ne ke sa kgone. Ho tloha ka letsatsi leo ha ke a ka ka hlola ke tsamaya hape. Ke ne ke se ke sa kgone ho hola ka lebaka la ho kula. Hona jwale ke ntse ke shebahala jwalo ka ha e ka ke ngwana.

Dikgwedi tse mmalwa ha ke ntse ke le ka tlung ke kula ke sa kgona ho tsamaya, Dipaki Tsa Jehova tse pedi di ile tsa fihla lapeng. Hangata ha baeti ba tla lapeng ke ne ke ipata empa ka letsatsi leo ke ile ka dumela hore Mme eo a bue le nna. Ha ba ntse ba mpolella ka Paradeise ke ile ka hopola seo ke ileng ka se utlwa ha ke le dilemo di hlano. Ka nako eo moromuwa ya bitswang Jethro ya neng a dula Suriname o ne a etela motse oo re neng re dula ho wona hanngwe kgweding mme o ne a ithuta le ntate wa ka Bibele. Ntate eo o ne a nthata mme le nna ke ne ke mo rata haholo. Hape ke ile ka ya dibokeng le nkgono le ntatemoholo wa ka motseng oo re dulang ho wona. E mong wa bomme bao ba neng ba tlile ho nna, e leng Florence o ile a mpotsa hore na nka thabela ho ithuta Bibele, ke ile ka re eya.

Florence o ile a kgutlela ho nna a na le monna wa hae Justus mme ba ile ba ithuta Bibele le nna. Ba ile ba hlokomela hore ha ke tsebe ho bala mme ba ile ba nthusa hore ke tsebe ho bala. Ka mora nako e seng kae ke ne ke se ke tseba ho ipalla. Ka letsatsi le leng banyalani bao ba ile ba mpolella hore ba kopilwe ho ilo bolela ditaba tse molemo Suriname. Ka maswabi, ho ne ho se na motho ya tla tswela pele ho ithuta Bibele le nna mona Orealla. Empa ntho e thabisang ke hore Jehova o ile a dula a nkgopola.

Ka mora nako e seng kae, pulamadiboho ya bitswang Floyd o ile a fihla Orealla mme a kopana le nna ha a ntse a bolela ditaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Ha a ne a nkopa ho ithuta Bibele le nna ke ile ka bososela. O ile a mpotsa a re: “O tshehang jwale?”. Ke ile ka mo bolella hore ke ne ke se ke ithutile bukana e reng Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? mme ke ne ke se ke qadile ho ithuta buka e reng Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. * Ke ile ka mo hlalosetsa hore ke hobaneng ha ke ile ka tlohela ho ithuta Bibele. Nna le Floyd re ile ra qeta ho ithuta buka ya Tsebo mme ha morao le yena o ile a kopuwa hore a ilo bolela ditaba tse molemo sebakeng se seng. Ke ile ka hloka motho ya nthutang Bibele hape.

Le ha ho le jwalo, ka 2004 ho ile ha romelwa bopulamadiboho ba babedi ba kgethehileng, e leng Granville le Joshua hore ba tlo bolela ditaba tse molemo Orealla. Ba ile ba bolela ditaba tse molemo ka ntlo le ntlo mme ba ile ba fihla moo ke dulang. Ha ba mpotsa hore na ke batla ho ithuta Bibele ke ile ka tsheha. Ke ile ka ba kopa hore re qale fatshe ho bala buka ya Tsebo. Ke ne ke batla ho bona hore na ba tla nthuta dintho tse tshwanang le tseo batho ba ileng ba nthuta Bibele pele ba ileng ba nthuta tsona. Granville o ile a mpolella hore diboka di ne di tshwarelwa motseng. Ke ne ke batla ho ya dibokeng le hoja ke ne ke so ka ke tswa ka tlung dilemo tse ka bang leshome kaofela. Granville o ile a tla moo ke dulang mme a nkisa Holong ya Mmuso a nkganna ka wheelchair.

Ha morao Granville o ile a nkgothalletsa hore ke ngodise Sekolo sa Tšebeletso. O ile a re: “Le hoja o holofetse empa o kgona ho bua. Ka letsatsi le leng o tla fana ka puo ya phatlalatsa. Seo se tla etsahala ke a o bolella.” Seo a ileng a se bua se ile sa nkgothatsa.

Ke ile ka qala ho bolela ditaba tse molemo le Granville. Le ha ho le jwalo ditsela di ne di se hantle bakeng sa wheelchair. Ke ile ka kopa hore Granville a nkganne ka kiribae. Seo se ile sa re sebelletsa. Ka April 2005 ke ile ka kolobetswa. Nakwana ka mora moo barababo rona ba ile ba nkwetlisetsa hore ke sebetse dibukeng le ho hlokomela modumo Holong ya Mmuso.

Ka mora moo, ka maswabi, ka 2007 ntate wa ka o ile a hlokahala ka mora hore enjene ya sekepe e mo ntshe kotsi. Re ne re utlwile bohloko. Granville o ile a rapela le rona mme a re balla ditemana tse kgothatsang. Dilemo tse pedi ha morao, re ile ra tshoha ha ho ne ho etsahala ketsahalo e nngwe e mpe. Granville o ile a hlokahala ka mora hore sekepe se tebe ka yena.

Phuthehong ya rona ho ne ho se ho se na baholo mme ho ne ho setse mohlanka ya sebeletsang a le mong. Ke ne ke utlwile bohloko haholo hobane motswalle wa ka Granville o ne a hlokahetse. Ka mehla o ne a dula a nthusa hore ke be le setswalle se setle le Jehova le ho nthusa hore ke be le dintho tseo ke di hlokang. Ka mora lefu la hae dibokeng tse latelang e ne e le nna ya neng a bala dirapa tsa Tora ya ho Lebela. Ke ile ka bala dirapa tse pedi feela yaba ka mora moo ka qala ho lla. Ke ile ka tlameha ho tloha sethalleng.

Ke ile ka thaba ha barababo rona ba tla Orealla ho tlo re thusa. Hape ofisi ya lekala e ile ya romela morabo rona Kojo eo e neng e le pulamadiboho e kgethehileng. Ke ile ka thaba ha Mme wa ka le ngwaneso ba qala ho ithuta Bibele mme ha morao ba kolobetswa. Ka mora moo ka March 2015 ke ile ka ba mohlanka ya sebeletsang. Ka mora nako e itseng ke ile ka fana ka puo ya ka ya pele ya phatlalatsa. Ka letsatsi leo ke ile ka thaba haholo hoo ke ileng ka ba ka lla ha ke hopola seo Granville a ileng a mpolella sona dilemo tse fetileng ha a ne a re: “Ka letsatsi le leng o tla fana ka puo ya phatlalatsa seo se tla etsahala ke a o bolella.”

Mananeong a JW Broadcasting® ke ile ka ithuta ka bara le baradibabo rona ba boemong bo tshwanang le ba ka. Le hoja ba holofetse ba kgona ho etsa dintho tse ngata mme ba thabile. Le nna nka kgona ho etsa dintho tse ding. Ka ha ke ne ke batla ho etsetsa Jehova sohle seo nka se kgonang ke ile ka ba pulamadiboho ya ka mehla. Ka September 2019 ke ile ka utlwa ditaba tse thabisang. Kgweding yona eo ke ile ka kgethwa hore ke be moholo phuthehong ena e nang le bahweletsi ba 40.

Ke leboha bara le baradibabo rona ba ileng ba ithuta Bibele le nna le ho nthusa hore ke sebeletse Jehova. Ka hodimo ho dintho tsohle, ke thabetse hore ebe Jehova o ile a dula a ntse a nkgopola.

^ par. 8 E hatisitswe ke Dipaki Tsa Jehova empa hona jwale ha e sa hatiswa.