Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTWANG SA 48

Nahana ka Bokamoso

Nahana ka Bokamoso

“Ha e le mahlo a hao, a lokela ho tadima pele ka ho toba, e, mahlo a hao a kganyang a lokela ho tadimisisa ka ho toba ka pela hao.”​—LIPROV. 4:25.

PINA YA 77 Lesedi Lefatsheng le Lefifing

SEO RE TLO ITHUTA SONA *

1, 2. Re ka mamela keletso e ho Liproverbia 4:25 jwang? Fana ka mohlala.

NAHANA ka mehlala ena e meraro. Moradiwabo rona ya hodileng o hopola dinako tse fetileng tse monate. Le hoja ho le thata hona jwale o ntse a etsa sohle seo a ka se kgonang ho sebeletsa Jehova. (1 Bakor. 15:58) Ka mehla o dula a nahana a se a le Paradeiseng le ba lelapa le metswalle ya hae. Moradiwabo rona o hopola ka moo Mokrestemmoho le yena a ileng a mo utlwisa bohloko ka teng empa o kgetha ho se dule a nahana ka seo. (Bakol. 3:13) Morabo rona o hopola diphoso tseo a di entseng empa o dula a nahanne ka seo a ka se etsang hore a dule a tshepahalla Jehova.​—Pes. 51:10.

2 Ke dintho dife tse tharo tseo Bakreste bana ba tshwanang ka tsona? Kaofela ha bona ba hopola dintho tse ba etsahalletseng nakong e fetileng empa ha ba dule ba nahana ka tsona. Ho e na le hoo ba “tadima pele” bakeng sa bokamoso.​—Bala Liproverbia 4:25.

3. Ke hobaneng ha re lokela ho “talima pele” bakeng sa bokamoso?

3 Ke hobaneng ha e le ha bohlokwa ho “talima pele” bakeng sa bokamoso? Motho ya tsamayang a shebile morao, a ke ke a kgona ho tsamaya hantle. Ho jwalo le ka ho sebeletsa Jehova. Re ke ke ra kgona ho sebeletsa Jehova hantle haeba re dula re nahana haholo ka dintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng kapa tseo re di entseng.​—Luka 9:62.

4. Re tlo bua kang sehloohong see?

4 Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tse ka etsang hore re dule re nahana ka dintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Tsona ke: (1) ho lakatsa e ka bophelo ba rona bo ka kgutlela morao, (2) ho halefa le (3) ho ikutlwa o le molato. Re tlo hlokomela ka moo melaomotheo ya Bibele e ka re thusang ka teng hore re se ke ra nahana ka “dintho tse ka morao” empa re nahane ka “dintho tse ka pele.”​—Bafil. 3:13.

KOTSI YA HO LAKATSA E KA BOPHELO BA RONA BO KA KGUTLELA MORAO

Keng e ka re sitisang ho nahana ka bokamoso? (Sheba serapa sa 5, 9 le 13) *

5. Moeklesia 7:10 e re ha re a lokela ho etsang?

5 Bala Moeklesia 7:​10. Hlokomela hore temana ena ha e re ho phoso ha motho a re: “Ke hobaneng ha matsatsi a pele a bile monate?” Dinako tse monate tse fetileng e ne e le mpho e tswang ho Jehova. Ho e na le hoo temana ena e re: “O se ke wa re: ‘Ke hobaneng ha matsatsi a pele a bile molemo ho feta aa?’” Ka mantswe a mang, ha re a lokela ho bapisa bophelo ba rona ba nakong e fetileng le ba hona jwale le ho nahana hore bophelo ba rona bo boima ho feta ba pele. Bibele e nngwe ha e bua ka temana ena e re: “Se re: ‘Ke kang ha matsatsi a kgale a bile molemo ho a kajeno?’ Le ha o botsa taba e jwalo, ha se potso e hlalefileng.”

Ke phoso efe eo Baiseraele ba ileng ba e etsa ka mora ho tloha Egepeta? (Sheba serapa sa 6)

6. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dula re nahana ka hore bophelo ba rona ba nakong e fetileng bo ne bo le monate ho feta ba hona jwale? Fana ka mohlala.

6 Ke hobaneng ha re sa lokela ho dula re nahana hore bophelo ba rona ba nakong e fetileng bo ne bo le molemo ho feta ba hona jwale? Ho lakatsa e ka bophelo ba rona bo ka kgutlela morao ho ka etsa hore re dule re nahana dintho tse molemo feela tse re etsahalletseng nakong e fetileng empa ra lebala dintho tse mpe tse ileng tsa re etsahalla. Nahana ka mohlala wa Baiseraele. Ka mora hore ba tlohe Egepeta kapele ba ile ba lebala hore ba ne ba phela ka thata jwang ha ba ne ba le moo. Ho e na le hoo ba ile ba dula ba nahana ka dijo tseo ba neng ba di ja ha ba ne ba le moo. Ba ile ba re: “Re hopotse hakaakang tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta, dikomkomere le mahapu le diliki le dieiye le konofolo.” (Num. 11:5) Empa na ba ne ba ja dijo tseo “mahala”? Tjhe. Ka nako eo Baiseraele e ne e le makgoba Egepeta mme ba sebetsa ka thata. (Ex. 1:13, 14; 3:6-9) Le ha ho le jwalo ba ile ba lebala hore ba ne ba tshwerwe hampe mme ba batla ho kgutlela morao. Ba ile ba dula ba nahana ka dintho tseo ba neng ba di thabela, ba sa nahane ka dintho tseo Jehova a ba etseditseng tsona. Jehova ha a a ka a thabela seo.​—Num. 11:10.

7. Keng e thusitseng moradiwabo rona hore a se ke a dula a nahana ka hore bophelo ba hae ba nakong e fetileng bo ne bo le molemo ho feta ba hona jwale?

7 Keng e ka re thusang hore re se ke ra lakatsa e ka bophelo ba rona bo ka kgutlela morao? Nahana ka mohlala wa moradiwabo rona ya ileng a qala ho sebetsa Bethele e Brooklyn ka 1945. Dilemo ha morao o ile a nyalwa ke morabo rona ya neng a le Bethele mme ba ile ba sebeletsa moo dilemo tse ngata ha mmoho. Le ha ho le jwalo, ka 1976 monna wa hae o ile a kula. Moradiwabo rona o re ha monna wa hae a hlokomela hore o haufi le ho hlokahala, monna wa hae o ile a mo fa keletso e molemo. O ile a re: “Re bile le nako e monate lenyalong la rona, e leng ntho eo batho ba bangata ba sa kgonang ho ba le yona.” Monna wa hae o ile a boela a re: “O ke ke wa lebala dinako tse molemo tseo re bileng le tsona empa o se ke wa qeta nako e ngata o nahana ka tsona. Ha nako e ntse e ya o tla ba hantle. O se ke wa nyahama le ho dula o ikutlwela bohloko. O lokela ho thabela hore e be re ile ra sebeletsa Jehova re le ha mmoho. . . . Dintho tse etsahetseng nakong e fetileng ke mpho e tswang ho Jehova.”Ena e ne e le keletso e molemo.

8. Keng e thusitseng moradiwabo rona hore a mamele keletso ya monna wa hae?

8 Moradiwabo rona o ile a mamela keletso ya monna wa hae. O ile a sebeletsa Jehova ka botshepehi ho fihlela a hlokahala a le dilemo di 92. Dilemo tse mmalwa pele a hlokahala o ile a re: “Ha ke sheba dilemo tse 63 tse fetileng ke le tshebeletsong ya nako e tletseng nkare e bile nako e thabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Hobaneng? O re: “Re ka thaba bophelong hobane re le karolo ya lelapa le leholo la bara le baradibabo rona mme re na le tshepo ya ho phela le bona ka ho sa feleng Paradeiseng le ho sebeletsa Mmopi wa rona e Moholo, Modimo a le mong feela wa nnete e leng Jehova.” * Re ka ithuta dintho tse ngata ho moradiwabo rona ya ileng a dula a nahana ka ditshepiso tsa Jehova.

KOTSI YA HO HALEFA

9. Jwalo ka ha Levitike 19:18 e bontsha, ke maemong afe ao ho ka bang thata ho tshwarela motho ya re utlwisitseng bohloko?

9 Bala Levitike 19:18. Ka dinako tse ding ho ka ba thata ho tshwarela motho e mong ka phuthehong, motswalle kapa e mong wa leloko haeba a re utlwisitse bohloko. Ka mohlala, moradiwabo rona e mong o ile a utlwa bohloko ha moradiwabo rona e mong a re o utswitse tjhelete ya hae. Ha morao moradiwabo rona o ile a kopa tshwarelo empa moradiwabo rona eo ho itsweng o utswitse tjhelete o ile a dula a nahana ka taba eo. Na le wena o kile wa ba boemong bo tshwanang? Le haeba ha o so ka o ba boemong bo jwalo, o kile wa utlwiswa bohloko mme wa ikutlwa e ka o ke ke wa tshwarela motho eo.

10. Keng e ka re thusang haeba re ikutlwa re halefile?

10 Keng e ka re thusang haeba re ikutlwa re halefile? Re lokela ho hopola hore Jehova o bona ntho e nngwe le e nngwe. Ka mohlala, o a bona ha batho ba sa re tshware hantle. (Baheb. 4:13) O utlwa bohloko ha a bona re sotleha. (Esa. 63:9) Hape o re tshepisa hore o tla fedisa dintho tsohle tse re utlwisang bohloko.​—Tšen. 21:3, 4.

11. Re tla ikutlwa jwang haeba re kgaotsa ho halefela batho ba bang?

11 Re lokela ho hopola hore haeba re tshwarela batho ba bang re tla thaba. Sena ke seo moradiwabo rona eo ho ileng ha thwe o utswitse tjhelete a ileng a ithuta sona. Ha nako e ntse e ya o ile a tshwarela moradiwabo rona ya ileng a re o utswitse tjhelete yaba ha a sa mo kwatela. O ile a hlokomela hore haeba re tshwarela batho ba bang, Jehova le yena o tla re tshwarela. (Mat. 6:14) O ne a tseba hore seo moradiwabo rona e mong a mo entseng sona se ne se fosahetse empa o ile a kgaotsa ho halefa. Qetellong moradiwabo rona o ile a thaba mme a tswela pele a sebeletsa Jehova.

KOTSI YA HO IKUTLWA O LE MOLATO

12. Re ithutang ho 1 Johanne 3:19, 20?

12 Bala 1 Johanne 3:19, 20. Kaofela ha rona re na le ho ikutlwa re le molato. Ka mohlala, ba bang ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la dintho tseo ba di entseng pele ba ithuta Bibele. Ba bang ba ikutlwa ba le molato ka lebaka la diphoso tseo ba ileng ba di etsa ka mora hore ba kolobetswe. Ho tlwaelehile hore motho a ikutlwe jwalo. (Bar. 3:23) Ke nnete hore re batla ho etsa se nepahetseng. Le ha ho le jwalo, “kaofela re kgoptjwa hangata.” (Jak. 3:2; Bar. 7:21-23) Le hoja re sa thabele ho ikutlwa re le molato, seo se ka nna sa ba molemo. Hobaneng? Hobane ho ikutlwa re le molato ho tla etsa hore re fetole tsela eo re neng re etsa dintho ka yona pele mme re ikemisetse hore re se ke ra hlola re pheta diphoso tseo.​—Baheb. 12:12, 13.

13. Ke hobaneng ha re sa lokela ho dula re ikutlwa re le molato?

13 Re ntse re ka ikutlwa re le molato le ha re baketse diphoso tsa rona mme Jehova a re tshwaretse. Ho ikutlwa jwalo ho ka ba kotsi. (Pes. 31:10; 38:3, 4) Hobaneng? Nahana ka moradiwabo rona ya neng a dula a ikutlwa a le molato ka lebaka la diphoso tseo a di entseng nakong e fetileng. O re: “Ke bona ho se na thuso ho sebeletsa Jehova hobane ke a tseba hore nke ke ka fumana bophelo bo sa feleng.” Kaofela ha rona re ka nna ra ikutlwa ka tsela e tshwanang. Ka hoo, re lokela ho hlokomela hore re se ke ra dula re ikutlwa re le molato. Hobaneng? Hobane Satane o tla thaba haeba re tlohela ho sebeletsa Jehova le hoja Jehova a se a re tshwaretse.​—Bapisa le 2 Bakorinthe 2:5-7, 11.

14. Re ka tseba jwang hore Jehova o batla ho re tshwarela?

14 Re ka nna ra ipotsa, ‘Nka tseba jwang hore Jehova o ntshwaretse?’ Haeba o ipotsa potso eo, seo se a bontsha hore Jehova a ka o tshwarela. Dilemo tse fetileng Tora ya ho Lebela e ile ya re: “Re ka nna ra dula re etsa phoso e le nngwe hangata. Lebaka e ka nna ya ba ha re kgone ho tlohela dintho tseo re neng re di etsa pele re sebeletsa Jehova. . . . O se ke wa nyahama. O se ke wa nahana hore o entse phoso e ka etsang hore Jehova a se ke a o tshwarela. Ke seo Satane a batlang hore o se nahane. Taba ya hore o utlwa bohloko ha o entse phoso e bontsha hore ha o motho ya mobe ebile Jehova a ka o tshwarela. Dula o ikokobeditse mme o rapele Jehova hore a o tshwarele, a o thuse hore letswalo la hao le boele le sebetse hantle le hore a o thuse hore o se ke wa phetha phoso eo. Ho sa tsotelle hore na ngwana o dula a na le bothata bo tshwanang ka mehla, o dula a kopa ntate wa hae hore a mo thuse. Ka hoo, tswela pele ho kopa hore Jehova a o thuse mme o tla o thusa hobane ke Modimo ya mohau.” *

15, 16. Batho ba bang ba ile ba ikutlwa jwang ha ba hlokomela hore Jehova o ba tshwaretse?

15 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba ile ba kgothatswa ke ho hlokomela hore Jehova o ba tshwaretse. Ka mohlala, morabo rona e mong o ile a kgothatswa ke seo a ileng a se bala dihloohong tse neng di re “Bibele e Fetola Batho.” Sehloohong se seng, moradiwabo rona o ile a re ho ne ho le thata ho dumela hore Jehova a ka mo rata ka lebaka la dintho tse mpe tseo a ileng a di etsa nakong e fetileng. O ile a dula a ikutlwa jwalo le ka mora dilemo tse ngata a kolobeditswe. Empa ka mora hore a nahanisise ka thekollo, seo se ile sa mo thusa hore a kgodisehe hore Jehova o a mo rata. *

16 Se ileng sa etsahalla moradiwabo rona se ile sa thusa morabo rona jwang? O re: “Ke ne ke rata ho shebella pornography mme ho ne ho le thata ho tlohella ho e shebella. Haufinyane tjena ke ile ka e shebella hape. Ke ile ka kopa baholo hore ba nthuse mme ka etsa diphetoho ho hlola bothata bona. Ba ile ba nkgodisa hore Jehova o a nthata le hore o batla ho ntshwarela. Le ha ho le jwalo ka dinako tse ding ke ikutlwa e ka ha ke wa bohlokwa le hore Jehova a ke ke a nthata. Ho bala ka se ileng sa etsahalla moradiwabo rona ho ile ha nthusa haholo. Hona jwale ke a utlwisisa hore haeba ke re Jehova a ke ke a ntshwarela, seo se bolela hore ke dumela hore sehlabelo sa Mora wa hae se ke ke sa kgona ho kwahela diphoso tsa ka. Ke ile ka etsa kopi ya sehlooho seo e le hore nka se bala le ho nahanisisa ka sona nakong eo ke ikutlwang e ka Jehova ha nthate.”

17. Pauluse o ile a thuswa keng hore a se ke a dula a ikutlwa a le molato?

17 Se etsahalletseng mora le moradiwabo rona se re hopotsa moapostola Pauluse. Pele e ba Mokreste o ile a etsa dintho tse ngata tse mpe. Pauluse o ne a hopola dintho tseo a di entseng empa ha a a ka a dula a nahana ka tsona. (1 Tim. 1:12-15) O ne a kgodisehile hore o tla tshwarelwa ka lebaka la sehlabelo sa thekollo le hore thekollo ke mpho eo Modimo a mo fileng yona. (Bagal. 2:20) Pauluse ha a a ka a dula a ikutlwa a le molato empa o ile a ameha haholo ka ho sebeletsa Jehova.

NAHANA KA BOKAMOSO

A re ikemisetseng ho dula re nahana ka bokamoso (Sheba serapa sa 18 le 19) *

18. Keng seo re ithutileng sona sehloohong see?

18 Keng seo re ithutileng sona ka dikotsi tseo re buileng ka tsona sehloohong see? (1) Dintho tse etsahetseng nakong e fetileng ke mpho e tswang ho Jehova. Empa ho sa tsotellehe hore na re ne re phela ha monate nakong e fetileng, re tlo phela ha monate le ho feta lefatsheng le letjha. (2) Batho ba bang ba ka re utlwisa bohloko empa haeba re ba tshwarela, re tla ameha haholo ka ho sebeletsa Jehova hona jwale. (3) Ho dula re ikutlwa re le molato ho ka etsa hore re se ke ra sebeletsa Jehova re thabile. Ka hoo, jwalo ka Pauluse re lokela ho kgodiseha hore Jehova o re tshwaretse.

19. Re tseba jwang hore lefatsheng le letjha re ke ke ra nahana ka dintho tse re etsahelletseng nakong a fetileng?

19 Re na le tshepo ya ho phela ka ho sa feleng. Ha re se re phela lefatsheng le letjha, re ke ke ra hopola ntho le ha e le efe e etsahetseng nakong e fetileng e ka etsang hore re utlwe bohloko. Ha Bibele e bua ka nako eo e re: “Dintho tsa pele di ke ke tsa hopolwa.” (Esa. 65:17) Ba bang ba se ba sebeleditse Jehova ka dilemo tse ngata mme ba se ba hodile empa lefatsheng le letjha ba tla ba batjha hape. (Jobo 33:25) Ka hoo, a re ikemisetseng hore re se ke ra dula re nahana ka dintho tse etsahetseng nakong e fetileng. Ho e na le hoo, a re nahaneng ka lefatshe le letjha le ho etsa sohle seo re ka se kgonang hona jwale hore re tle re phele ho lona.

PINA YA 142 Ho Tshwarella ka Tiyo Tshepong ya Rona

^ par. 5 Ke hantle ho nahana ka dintho tse re etsahalletseng nakong e fetileng. Le ha ho le jwalo, haeba re nahana haholo ka dintho tse fetileng, re ka tlohela ho sebeletsa Jehova. Re ka boela ra tlohela ho nahana ka dintho tse ntle tseo Jehova a re tshepisitseng tsona e leng Paradeise. Sehloohong sena re tlo bua ka dintho tse tharo tse ka etsang hore re dule re nahana haholo ka dintho tse fetileng. Re tla boela re bone hore na Bibele le mehlala ya bara le baradibabo rona e ka re thusa jwang.

^ par. 14 Sheba Tora ya ho Lebela ya senyesemane ya February 15, 1954, leq. 123.

^ par. 58 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Ho lakatsa e ka bophelo ba rona bo ka kgutlela morao, ho halefa le ho ikutlwa re le molato, ho jwalo ka mojaro o boima o re sitisang ho tsamaya tseleng e re isang bophelong bo sa feleng.

^ par. 65 DITSHWANTSHO DI A HLALOSWA: Haeba re tlohela mojaro oo, re tla ikutlwa re imolohile, re thabile ebile re na le matla. Ka hoo, re tla nahana ka bokamoso.